LITLHALOSO
1 JEHOVA
Lebitso la Molimo ke Jehova ’me le bolela “O Etsa Hore ho be.” Jehova ke Molimo ea matla ’ohle, o entse lintho tsohle ebile o na le matla a ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e batlang.
Lebitso lena le ne le ngoloa ka litlhaku tse ’nè ka Seheberu tse ileng tsa fetoleloa e le YHWH kapa JHVH. Mangolong a Seheberu lebitso la Molimo le hlaha ka makhetlo a ka bang 7 000. Lefatšeng lohle batho ba bitsa lebitso lena la Jehova ka litsela tse sa tšoaneng.
2 BIBELE KE LENTSOE LA MOLIMO
Molaetsa oa Bibele o tsoa ho Molimo, empa o ile a laela batho hore ba o ngole. Ho tšoana le ha ntate-moholo a re e mong oa litloholo tsa hae a ngole lengolo a bile a mo bolella hore na a ngole eng lengolong leo. Molimo le eena o ile a sebelisa moea oa hae o halalelang ho tataisa batho hore ba ngole maikutlo a hae. Moea ona o halalelang o ne o ba tataisa ka litsela tse fapaneng. Ka nako e ’ngoe ba ne ba ba le litoro kapa lipono tseo ba ileng ba li ngola fatše.
3 MELAO-MOTHEO
Melao-motheo ke lithuto tse hlalosang molaetsa oa Bibele. Ka mohlala, thuto ea hore “litloaelano tse mpe li senya mekhoa e metle” e hlalosa hore batho bao re tloaelaneng le bona ba ka re thusa ho ba molemo kapa ba etsa hore re etse lintho tse fosahetseng. (1 Bakorinthe 15:33) Thuto ea hore “seo motho a se jalang, o tla boela a se kotule” eona e ruta hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e etsang e na le liphello.—Bagalata 6:7.
4 BOPROFETA
Ke molaetsa o tsoang ho Molimo. Ka linako tse ling bo ka hlalosa thato ea Molimo, litaelo tsa hae, likahlolo tsa hae kapa tsela eo a batlang hore re itšoare ka eona. E ka boela ea e-ba molaetsa oa hore na ho tla etsahala’ng nakong e tlang. Ho na le boprofeta bo bangata bo hlahang ka Bibeleng bo seng bo phethahetse.
5 BOPROFETA BO BUANG KA MESIA
Boprofeta bo hlahang ka Bibeleng bo buang ka Mesia bo phethahetse ho Jesu. Sheba lebokose le nang le sehlooho se reng “Boprofeta bo Buang ka Mesia.”
▸ Khao. 2, ser. 17, mongolo o botlaaseng ba leqephe.
6 KE HOBANE’NG HA JEHOVA A BOPILE LEFATŠE?
Jehova o bopile lefatše hobane a batla hore e be paradeise eo batho ba mo ratang ba tla lula ho eona. Morero oa hae o ntse o e-s’o fetohe. Haufinyane o tla felisa batho ba sa mo mameleng ebe o fa bahlanka ba hae bophelo bo sa feleng.
7 SATANE DIABOLOSE
Satane ke lengeloi le ileng la qala borabele. Lebitso la hae le bolela “Mohanyetsi” hobane o loantša Molimo. Hape o bitsoa Diabolose, e bolelang “Moetselletsi.” O ile a bitsoa ka mabitso ana hobane o etselletsa Molimo hape o khelosa batho.
8 MANGELOI
Jehova o bopile mangeloi nako e telele pele a ka bopa lefatše. O ne a a bopetse hore a phele leholimong. A mangata haholo ka palo. (Daniele 7:10) Ha a tšoane ebile a na le mabitso a fapaneng. Mangeloi ha a batle hore batho ba a rapele. A na le maemo a sa tšoaneng hape a etsa mesebetsi e sa tšoaneng. Mesebetsi e meng eo mangeloi a e etsang ke ho sebetsa teroneng ea Molimo, ho fetisa melaetsa ea hae ho sireletsa le ho tataisa bahlanka ba hae. A boetse a phetha likahlolo tsa Jehova hape a thusa bahlanka ba Jehova ho bolela litaba tse molemo. (Pesaleme ea 34:7; Tšenolo 14:6; 22:8, 9) Ba tl’o thusa Jesu ho loana ntoa ea Armagedone.—Tšenolo 16:14, 16; 19:14, 15.
▸ Khao. 3, ser. 5; Khao. 10, ser. 1
9 SEBE
Sebe ke ntho e ’ngoe le e ’ngoe e khahlanong le thato ea Jehova, se akarelletsa tsela eo re ikutloang ka eona, lintho tseo re li nahanang kapa tseo re li etsang. Ho etsa sebe ho ka re qabanya le Molimo. Kahoo o re file melao le melao-motheo e re thusang hore re se ke ra etsa sebe ka boomo. Jehova o bopile ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetse, empa Adama le Eva ba ile ba etsa sebe eaba ha ba sa phethahetse. Ba ile ba qala ho tsofala eaba baa shoa. Kaha re futsitse sebe seo, rea tsofala ebile rea shoa.
▸ Khao. 3, ser. 7; Khao. 5, ser. 3
10 ARMAGEDONE
Ke ntoa eo Molimo a tl’o felisa Satane hammoho le batho ba sa mo mameleng ka eona.
▸ Khao. 3, ser. 13; Khao. 8, ser. 18
11 ’MUSO OA MOLIMO
’Muso oa Molimo ke puso eo Molimo a e thehileng leholimong. Morena oa ’muso oo ke Jesu. Jehova o tl’o tlisa ’muso oo lefatšeng ebe o o sebelisa ho felisa bohle ba sa mo mameleng.
12 JESU KRESTE
Jehova o bopile Jesu pele a ka bopa lintho tse ling kaofela. O ile a romela Jesu lefatšeng hore a tl’o re shoela. Batho ba ile ba bolaea Jesu empa Jehova o ile a mo tsosa. Hona joale Jesu ke Morena ’Musong oa Molimo o leholimong.
13 BOPROFETA BA LIBEKE TSE 70
Bibele e ile ea profeta hore na Mesia o tla ba teng neng. O ne a tla tla qetellong ea libeke tse 69. Nako ena e ile ea qala ka selemo sa 455 pele Jesu a tla lefatše eaba e fela ka selemo sa 29 ka mor’a hore Jesu a tle lefatšeng.
Na ho na le bopaki ba hore taba ee ke ’nete? Libeke tsena tse 69 li qalile ka selemo sa 455 pele Jesu a tla lefatšeng. E ne e le ha Nehemia a fihla Jerusalema ho ea e tsosolosa. (Daniele 9:25; Nehemia 2:1, 5-8) Ke ’nete hore beke e etsoa ke matsatsi a supileng, empa libeke tseo ho buuoang ka tsona mona Bibele e re ke “letsatsi bakeng sa selemo.” (Numere 14:34; Ezekiele 4:6) Sena se bolela hore beke e le ’ngoe e lekana le lilemo tse supileng. E leng hore libeke tse 69 ke lilemo tse 483 (69 x 7). Ha re bala lilemo tse 483 ho tloha ka selemo sa 455 pele Jesu a hlaha, re fihla selemong sa 29 ka mor’a hore Jesu a tle lefatšeng. Selemo sena sa 29 ke sona seo Jesu a kolobelitsoeng ka sona eaba e e-ba Mesia.—Luka 3:1, 2, 21, 22.
Boprofeta bona bo buile ka beke e ’ngoe hape, e leng hore ho na le lilemo tse ling hape tse supileng. Nakong ea lilemo tsena tse supileng, Mesia o ne a tla bolaoa ka selemo sa 33 ebe ka selemo sa 36 litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo li bolelloa lichaba tsohle, eseng Bajuda feela.—Daniele 9:24-27.
14 BORARO-BO-BONG
Bibele e ruta hore Jehova ke ’Mopi le hore o bopile Jesu pele ho lintho tsohle. (Bakolose 1:15, 16) Jesu ha a matla ’ohle. Ha ho mohla a kileng a re o lekana le Molimo empa o itse: “Ntate o moholo ho ’na.” (Johanne 14:28; 1 Bakorinthe 15:28) Likerekeng tse ling ho rutoa hore Molimo ke boraro bo bong, hore ke batho ba bararo ho a le mong. Ba re ke Ntate, Mora le moea o halalelang. Empa litaba tsena ha se ’nete, ebile ha li eo ka Bibeleng.
Moea o halalelang ha se motho empa ke matla ao Molimo a a sebelisang ho etsa thato ea hae. Mohlala, Bakreste ba mehleng ea Baapostola ba ile “ba tlala moea o halalelang.” Hape Jehova o ile a re: “Ke tla tšollela o mong oa moea oa ka holim’a nama ea mofuta o mong le o mong.”—Liketso 2:1-4, 17.
▸ Khao. 4, ser. 12; Khao. 15, ser. 17
15 SEFAPANO
Bakreste ba ’nete ha ba sebelise sefapano. Hobane’ng?
E se e le nako e telele likereke tsa bohata li sebelisa sefapano. Mehleng ea khale, sefapano se ne se sebelisoa ke batho ba rapelang melimo ea bohata. Ka mor’a hore Jesu a tlohe lefatšeng, Bakreste ha baa ka ba sebelisa sefapano ho hang, esita le ka mor’a lilemo tse 300 Jesu a tlohile lefatšeng. Eaba nako e telele ka mor’a moo, ’musi e mong oa Moroma ea bitsoang Constantine o etsa hore sefapano e be letšoao la Bokreste. Sefapano se ile sa sebelisoa ho khetholla Bakreste. Empa ha ho mohla Jesu a ileng a re Bakreste ba sebelise sefapano. Buka e bitsoang New Catholic Encyclopedia e re: “Sefapano se sebelisoa ke batho bao litumelo tsa bona e seng tsa Bokreste.”
Jesu ha aa ka a shoella sefapanong. Ka Segerike sefapano ke “thupa e otlolohileng,” “lepolanka” kapa “sefate.” Phetolelo e bitsoang The Companion Bible e re: “Mangolo a ngotsoeng ka Segerike a bontša sefapano e le thupa e le ’ngoe, eseng tse peli.” Jesu o ile a shoella thupeng e otlolohileng.
Jehova ha a batle hore re sebelise litšoantšo ha re mo rapela.—Exoda 20:4, 5; 1 Bakorinthe 10:14.
16 SEHOPOTSO
Jesu o ile a laela barutuoa ba hae hore ba ikhopotse lefu la hae. Ba ikhopotsa lona selemo le selemo ka letsatsi le tšoanang le leo Baiseraele ba neng ba keteka Paseka ka lona, e leng la 14 khoeling ea Nisane. Batho bohle ba bang teng Sehopotsong ba fetisetsana bohobe le veine. Bohobe bo emela ’mele oa Jesu, ha veine eona e emela mali a hae. Batho ba tl’o ea leholimong ho ea busa le Jesu ke bona ba jang bohobe le ho noa veine. Ha e le ba nang le tšepo ea ho tla phela lefatšeng ka ho sa feleng, bona ha ba je bohobe kapa hona ho noa veine.
17 MOEA
Ka Bibeleng lentsoe “moea” le bolela (1) motho, (2) phoofolo kapa (3) bophelo ba motho kapa ba phoofolo. Mehlala e latelang e tla hlakisa taba ena.
Motho. ‘Matsatsing a Noe . . . batho ba seng bakae, ke hore, meea e robeli, ba ile ba pholosoa.’ (1 Petrose 3:20) Mona ha ho thoe “meea” ho buuoa ka batho, e leng Noe le mosali oa hae, bara ba hae ba bararo le lingoetsi tsa hae.
Phoofolo. “Molimo a tsoela pele ho re: ‘Metsi a ke a nyeunye boieane ba meea e phelang ’me libōpuoa tse fofang li ke li fofe holim’a lefatše sepakapakeng sa maholimo.’ Molimo a tsoela pele ho re: ‘Lefatše le ke le hlahise meea e phelang ho ea ka mefuta ea eona, phoofolo e ruuoang le phoofolo e hahabang le sebata sa lefatše ho ea ka mofuta oa sona.’ ’Me ha e-ba joalo.”—Genese 1:20, 24.
Bophelo ba motho kapa ba phoofolo. Jehova o ile a re ho Moshe: “Batho bohle ba neng ba tsoma moea oa hao ba shoele.” (Exoda 4:19) Ha Jesu a le lefatšeng, o ile a re: “Ke ’na molisa ea khabane; molisa ea khabane o nehelana ka moea oa hae molemong oa linku.”—Johanne 10:11.
Hape, ha ho thoe motho o etsa ntho ‘ka moea oa hae oohle,’ ho boleloa hore o e etsa ka ho rata le ka pelo eohle. (Matheu 22:37; Deuteronoma 6:5) Ka Bibeleng lentsoe “moea” le boetse le sebelisoa ha ho buuoa ka lintho tse ling. Ka mohlala, le sebelisoa ha ho buuoa ka lintho tseo batho ba ke keng ba khona ho li bona, tse kang moea o fokang le moea oo batho le liphoofolo ba o hemang. Hape le sebelisoa ha ho buuoa ka mangeloi, bademona kapa moea o halalelang. Ha ho na moo Bibele e reng moea o tsoela pele o phela ka mor’a hore motho a shoe.—Exoda 35:21; Pesaleme ea 104:29; Matheu 12:43; Luka 11:13.
▸ Khao. 6, ser. 5; Khao. 15, ser. 17
18 GEHENA
Gehena ke lebitso la sebaka se neng se le Jerusalema moo ho neng ho chesetsoa lithole. Ha ho na letho le pakang hore mehleng ea Jesu liphoofolo kapa batho ba ne ba chesetsoa sebakeng sena ba phela. Kahoo, Gehena ha se sebaka seo ho sona bafu ba chang ka ho sa feleng. Ha Jesu a ne a re batho ba tla ea Gehena, o ne a bolela hore ba tla timetsoa.—Matheu 5:22; 10:28.
19 THAPELO EA MORENA
Thapelo ena ke eo Jesu a ileng a etsa mohlala ka eona ha a ruta barutuoa ba hae hore na ba rapele joang. E boetse e bitsoa thapelo ea Ntat’a Rona ea Maholimong kapa thapelo ea mohlala. Jesu o ile a re ha re rapela re re:
“Lebitso la hao le ke le halaletsoe”
Re rapelle hore Jehova a se ke a senngoa lebitso e le hore bohle ba leholimong le lefatšeng ba hlomphe lebitso la hae.
“’Muso oa hao o ke o tle”
Re rapelle hore ’Muso oa Molimo o felise batho bohle ba sa mo mameleng, o buse lefatše ’me o le etse paradeise.
“Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng”
Re rapelle hore morero oa Molimo oa hore batho bohle ba mo mamelang ba phele ka ho sa feleng Paradeiseng, o phethahale.
20 THEKOLLO
Jehova o fane ka thekollo ho re pholosa e le hore re tle re se ke ra hlola re e-ba baetsalibe le hore re tle re phele re sa shoe. Thekollo ea hlokahala e le hore re fumane bophelo boo Adama a bo lahlileng le hore re boele re be le kamano e ntle le Jehova. O ile a roma Jesu lefatšeng hore a tl’o re shoela. Kaha joale Jesu o re shoetse, re na le monyetla oa ho tla phela ka ho sa feleng lefatšeng re se re se baetsalibe.
▸ Khao. 8, ser. 21; Khao. 9, ser. 13
21 KE’NG E IKHETHANG KA SELEMO SA 1914?
Boprofeta bo hlahang ho Daniele khaolo ea 4 bo bontša hore ’Muso oa Molimo o ne o tla qala ho busa ka 1914.
Boprofeta: Jehova o ile a etsa hore Morena Nebukadnezare a lore ka sefate se seholo se ileng sa rengoa. Eaba kutu ea sefate seo e tlangoa ka lebanta le entsoeng ka tšepe le koporo e le hore ho fete “linako tse supileng” se sa hole. Ka mor’a moo, sefate seo se ne se tla boela se hole.—Daniele 4:1, 10-16.
Boprofeta boo bo bolela’ng? Sefate seo se emela ’Muso oa Molimo. Jehova o ile a khetha marena hore a buse Baiseraele. (1 Likronike 29:23) Empa kaha marena ao a ile a hloleha ho tšepahalla Jehova, puso ea bona e ile ea felisoa. Eaba Jerusalema ea timetsoa ka selemo sa 607 pele Jesu a tla lefatšeng. “Linako tse supileng” li ile tsa qala selemong sona seo. (2 Marena 25:1, 8-10; Ezekiele 21:25-27) Jesu o ile a re “Jerusalema e tla hatakeloa ke lichaba, ho fihlela linako tse behiloeng tsa lichaba li phethahala.” Ha Jesu a ne a bua ka “linako tse behiloeng tsa lichaba,” o ne a bua ka tsona “linako tse supileng.” (Luka 21:24) Kahoo, “linako tse supileng” ha lia ka tsa fela Jesu a ntse a le lefatšeng. Jehova o ile a tšepisa hore o tla hlomamisa Jesu hore e be Morena ha “linako tse supileng” li fela. Puso ea Jesu e tla etsa hore bahlanka bohle ba Molimo ba hlohonolofatsoe ka ho sa feleng.—Luka 1:30-33.
“Linako tse supileng” ke nako e kae? Ke lilemo tse 2 520. Ha re bala lilemo tseo tse 2 520 ho tloha ho selemo sa 607, re fihla selemong sa 1914. Ke sona selemo seo ka sona Jehova a ileng a hlomamisa Jesu hore e be Morena ’Musong oa hae.
Ke hobane’ng ha ho thoe “linako tse supileng” ke lilemo tse 2 520? Bibele e re linako tse tharo le halofo ke matsatsi a 1 260. (Tšenolo 12:6, 14) Kahoo, “linako tse supileng” ke matsatsi a 1 260 ha a imenne habeli, e leng matsatsi a 2 520. Matsatsi ana a 2 520 ha e le hantle ke lilemo tse 2 520 hobane Bibele e re: “Letsatsi bakeng sa selemo.”—Numere 14:34; Ezekiele 4:6.
22 MIKAELE LENGELOI LE KA SEHLOOHONG
Bibele e bua ka lengeloi le ka sehloohong leo lebitso la lona e leng Mikaele.—Daniele 12:1; Juda 9.
Mikaele ke moeta-pele oa mangeloi ’ohle a Molimo. Tšenolo 12:7 e re: “Mikaele le mangeloi a hae ba loana le . . . drakone le mangeloi a eona.” Bibele e re Jesu ke moeta-pele oa mangeloi a Molimo. Kahoo, Mikaele ke lebitso le leng la Jesu.—Tšenolo 19:14-16.
23 MEHLA EA BOFELO
Ke nako eo ho etsahalang lintho tse bontšang hore ’Muso oa Molimo o se o le haufi le ho busa lefatše. Bibele e sebelisa lipoleloana tse kang “qetello ea tsamaiso ea lintho” le “ho ba teng ha Mor’a motho” ha e bua ka mehla ea bofelo. (Matheu 24:3, 27, 37) Mehla ea bofelo e qalile ka 1914 ha ’Muso oa Molimo o qala ho busa leholimong ’me e tla fela ka Armagedone ha Molimo a felisa batho bohle ba sa mo mameleng.—2 Timothea 3:1; 2 Petrose 3:3.
24 TSOHO EA BAFU
Ke ha Molimo a etsa hore batho ba shoeleng ba boele ba phele. Bibele e bua ka bafu ba robong ba ileng ba tsosoa. Elia, Elisha, Jesu, Petrose le Pauluse kaofela ba ile ba tsosa bafu. Jehova ke eena ea ileng a ba fa matla a ho tsosa bafu. O tšepisa hore o tla tsosa “ba lokileng le ba sa lokang” hore ba tl’o phela lefatšeng. (Liketso 24:15) Bibele e boetse e bontša hore ho na le batho bao Molimo a ba khethileng ba tla tsosetsoa ho ea phela leholimong le Jesu.—Johanne 5:28, 29; 11:25; Bafilipi 3:11; Tšenolo 20:5, 6.
25 BODEMONA KAPA BOLOI
Batho ba bang ba buisana le bademona ka ho toba, ha ba bang bona ba ea ho ba lahlang litaola kapa bo-ngakana-ntšonyana. Ho etsa joalo ke bodemona kapa boloi. Batho ba buisana le bademona hobane ba lumela thuto e fosahetseng ea hore bafu ba fetoha balimo ka mor’a hore ba shoe. Bademona ba etsa hore batho ba se ke ba mamela Molimo. Litumela-khoela, boselamose, boloi le bonohe kaofela ke bodemona. Libuka, limakasine, livideo, lipina, lipapali le litšoantšo tse ngata li etsa hore ho bonahale eka boselamose le bodemona ke lintho tse se nang kotsi le tse monate. Ho na le lintho tse ngata tsa moetlo tseo batho ba li etsang tse amanang le bodemona, tse kang ho felehetsa mofu, ho beha lejoe, ho etsa mekete ea balimo, ho roala thapo, ho etsa tebelo le lintho tse ling tse kang tseo. Hangata batho ba sebelisa litlhare ha ba etsa lintho tse amanang le bodemona.—Bagalata 5:20; Tšenolo 21:8.
▸ Khao. 10, ser. 10; Khao. 16, ser. 4
26 BOBUSI BA JEHOVA
Jehova ke Molimo ea Matla ’Ohle ’me o bopile lintho tsohle tse leholimong le tse lefatšeng. (Tšenolo 15:3) Kahoo, lintho tsohle tseo a li bopileng ke tsa hae ebile o na le matla a ho li busa. (Pesaleme ea 24:1; Esaia 40:21-23; Tšenolo 4:11) O laola ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e bopileng. O bile o na le matla a ho khetha batho hore e be marena. Re bontša hore re tšehetsa bobusi ba Jehova ha re mo rata re bile re mamela melao ea hae.—1 Likronike 29:11.
27 HO NTŠA MPA
Ho ntša mpa ke ho bolaea ngoana ea e-s’o hlahe ka boomo. Ho ntša mpa ha ho etsahale ka lebaka la kotsi e ka hlahang e sa lebelloa kapa ka lebaka la bothata bo teng ’meleng. Ho tloha ha ’mè a ima, ngoana eo ha se setho sa ’mele oa ’mè oa hae, empa le eena e se e le motho.
28 HO TŠELOA MALI
Ke ha lingaka li tšela motho mali kapa likaroloana tsa mali a tsoang ’meleng oa motho e mong. Lingaka li ka boela tsa tšela motho mali ao li ileng tsa a boloka ka mor’a ho a ntša bathong ba bang. Mali a na le likaroloana tse ’nè, e leng lisele tse khubelu, lisele tse tšoeu, li-platelets le plasma.
29 KHALEMELO
Ha Bibele e re motho oa khalemeloa, ha e bolele feela hore o fuoa kotlo hobane a entse ntho e fosahetseng. Empa e boetse e bolela hore oa lauoa, oa rutoa le ho eletsoa ha a entse liphoso. Ha ho mohla Jehova a khalemelang batho ka bokhopo. (Liproverbia 4:1, 2) Jehova o behela batsoali mohlala o motle ka tsela eo a khalemelang ka eona. Likeletso tseo a re fang tsona li re tsoela molemo hoo re ka qetellang re li rata. (Liproverbia 12:1) Kaha Jehova oa re rata, oa re rupela. O re fa likeletso tse re thusang ho qoba menahano e fosahetseng e le hore re ka nahana ka lintho tse mo khahlisang le ho li etsa. Batsoali bona ba ka thusa bana ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ba lokela ho mamela. Hape ba ka ba thusa ho rata Jehova, ho rata Bibele le ho e utloisisa.
30 BADEMONA
Bademona ke mangeloi a khopo, a matla haholo ho feta batho. Mangeloi ana a khopo hobane a ile a khetha ho se mamele Molimo. (Genese 6:2; Juda 6) A ile a ikopanya le Satane eaba a hanyetsa Jehova.—Deuteronoma 32:17; Luka 8:30; Liketso 16:16; Jakobo 2:19.