Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • jy khao. 8 leq. 24
  • Ba Phonyoha ka Lesobana la Nale

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Phonyoha ka Lesobana la Nale
  • Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Baleha Mohatelli ea Sehlōhō
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Ho Baleha Motlatlapi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • O Ile a Sireletsa Lelapa la Hae, a le Hlokomela a ba a Tiisetsa
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • O Ile a Sireletsa, a Hlokomela a ba a Tšoara ka Tieo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
jy khao. 8 leq. 24
Morena Heroda o laela hore bana bohle ba bashanyana ba Bethlehema ba bolaoe

KHAOLO EA 8

Ba Phonyoha ka Lesobana la Nale

MATHEU 2:​13-23

  • LELAPA LA JOSEFA LE BALEHELA EGEPETA

  • LELAPA LA JOSEFA LE FALLELA NAZARETHA

Lengeloi le hlaha ho Josefa torong le re: “Tsoha, u nke ngoana e monyenyane le ’m’ae u balehele Egepeta, ’me u lule moo ho fihlela ke u laela, etsoe Heroda o haufi le ho batla ngoana eo e monyenyane hore a mo timetse.” (Matheu 2:​13) Ha Josefa a utloa litaba tsena, o tsosa Maria hang-hang ’me o mo bolella tsona.

Maria le Josefa ba balehela Egepeta le mor’a bona bosiung bona boo. Morena Heroda o loloma ke bohale hobane linohe tsa linaleli li mo tsoile tlaase, li khutletse habo tsona li sa mo bolella hore na Jesu o hokae. Kahoo o laela hore bana bohle ba bashanyana ba Bethlehema le ba haufi le eona, ba lilemo li peli ho ea tlaase ba bolaoe. O hakanya hore mohlomong Jesu o lilemong tseo a ipapisitse le seo linohe tsa linaleli li mo boleletseng sona.

Lesole le hlothola lesea ho ’ma lona

Ha re tsebe hore na ho bolailoe bashanyana ba bakae empa re se re ka inahanela hore na ba shoele lefu le sehloho hakae. Seboko sa bo ’ma bona se otla pelo ’me taba ena e phethahatsa boprofeta ba Jeremia.​—Jeremia 31:15.

Ka mor’a nako ha Maria le Josefa ba ntse ba le Egepeta, lengeloi le hlaha ho Josefa torong le re: “Tsoha, u nke ngoana e monyenyane le ’m’ae ’me u tsamaee u kene naheng ea Iseraele, kaha ba neng ba batla moea oa ngoana e monyenyane ba shoele.” (Matheu 2:​20) Joale Josefa o etsa qeto ea ho khutlela ha habo ’me boprofeta ba Bibele boa phethahala bo reng: “Ke bitsitse mora oa ka Egepeta.”​—Hosea 11:1.

Josefa o etsa qeto ea ho khutlela ha habo Judea, mohlomong haufi le Bethlehema moo ba neng ba lula teng pele ba balehela Egepeta. Leha ho le joalo, oa utloela hore mora ea khopo oa Heroda ea bitsoang Arkelause e se e le morena Judea. Torong e ’ngoe, Jehova o lemosa Josefa ka kotsi e ka hlahang ha a ka ea Judea. Joale Josefa o ea le lelapa la hae Nazaretha, seterekeng sa Galilea ’me Jesu o holela teng. Kahoo, ho phethahala boprofeta bo reng: “O tla bitsoa Monazaretha.”​—Matheu 2:​23.

  • Morena Heroda o etsa’ng ha linohe tsa linaleli li sa khutlele ho eena, hona Jesu o sireletsoa joang?

  • Ke hobane’ng ha Josefa le lelapa la hae ba sa khutlele Bethlehema ha ba tsoa Egepeta?

  • Ke boprofeta bofe ba Bibele bo phethahalang nakong ee?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela