Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 10/1 maq. 28-31
  • Ho Matlafaletsoa ho Hana ho Etsa Phoso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Matlafaletsoa ho Hana ho Etsa Phoso
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Hana ho Bohlokoa Haholo Kajeno
  • Ho Ithuta ho Mohlankana ea Ileng a Hana
  • Ho Hana Khatello ea Lithaka
  • Ho Hana ke Taba e Amang Lefu le Bophelo
  • “Nka Etsa Bobe Bona bo Boholo Joang?”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Pono ea Bomolimo ka ho Hloeka Boitšoarong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • U se Kopanele Libeng tsa ba Bang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Jehova oa U Thusa ha U E-na le Mathata
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 10/1 maq. 28-31

Ho Matlafaletsoa ho Hana ho Etsa Phoso

TIMOTHY oa hlalosa: “Ha ke le lilemo li 15 ’me ke sebetsa lebenkeleng la korosari, mosebetsi-’moho le ’na o ile a ’memela habo. O ile a bolela hore batsoali ba hae ba tla be ba le sieo, banana ba tla ba teng le hore ho tla ba le monyetla oa ho kopanela liphate.” Kajeno bacha ba bangata ba ne ba tla potlakela ho amohela memo e joalo. Empa Timothy o ile a arabela joang? “Ke ile ka mo bolella hona hoo hore nke ke ka ea le hore ka lebaka la letsoalo la ka la Bokreste, ke ne ke sa batle ho kopanela liphate le motho eo ke sa nyalanang le eena.”

Ha Timothy a ntse a hlalosa hore na o hana hobane’ng, o ne a sa hlokomela hore mosali e mong e mocha ea sebetsang le bona o ntse a mametse. Bohloeki ba hae bo ile ba tsosa thahasello ea mosali eo, kapele feela Timothy o ile a talimana le ho mo latolela le eena—ka makhetlo a mangata, joalokaha re tla bona hamorao.

Ha e le hantle, ho oeloa ke liteko, hase ntho ea nakong ea rōna feela. Lilemong tse fetileng tse ka bang 3 000, Morena Solomone o ile a ngola: “Mor’a ka, ekare ha baetsalibe ba rata ho u hoka, u se ke ua ba ua lumela. . . . U fapose leoto la hao ’mileng oa bona.” (Liproverbia 1:10, 15) Jehova ka boeena o ile a laela sechaba sa Iseraele: “U se ke ua latela bongata ho ea etsa tse mpe.” (Exoda 23:2) E, ka linako tse ling re tlameha ho hana, re hanele teko ea ho etsa phoso, le hoja ho etsa joalo e ka ’na ea e-ba tsela e sa rateheng.

Ho Hana ho Bohlokoa Haholo Kajeno

Ha ho mohla ho hana ho etsa phoso ho kileng ha e-ba bonolo, ’me kajeno ho ka ba thata haholo, hobane re phela ho seo Bibele e se bitsang ‘mehla ea qetello’ ea tsamaiso ena ea lintho. Tumellanong le boprofeta ba Bibele, batho ka kakaretso ba fetohile ba ratang menate le pefo, ha ba na bomoea le boitšoaro. (2 Timothea 3:1-5) Mopresidente e mong oa univesithi ea Majesute o ile a re: “Re bile le litekanyetso tsa boitšoaro tsa neano tse behiloeng tekong ’me tsa fumanoa li fokola kapa li se li sa amohelehe. Hona joale ho bonahala ho hang ho se melao e tataisang ea boitšoaro.” Ka mokhoa o tšoanang, moahloli oa lekhotla le phahameng o ile a re: “Lintho ha li sa totobetse hore na li mpe kapa li ntle. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe ha ea hlaka. . . . Ke batho ba ’maloa ba elelloang phapang pakeng tsa se nepahetseng le se fosahetseng. Hona joale sebe ke ho tšoaroa, eseng tlōlo.”

Moapostola Pauluse o ile a ngola ka batho ba nang le maikutlo a joalo, a re: ‘Ba lefifing likelellong, ’me ba arohile bophelong boo e leng ba Molimo, ka lebaka la ho hloka tsebo ho leng ho bona, ka lebaka la ho hloka boikutlo ha lipelo tsa bona. E le ba feletsoeng ke kutlo eohle ea boitšoaro, ba ineheletse boitšoarong bo hlephileng ho sebetsa ho se hloeke ha mofuta o mong le o mong ka meharo.’ (Baefese 4:18, 19) Empa ba emetsoe ke khathatso. Esaia o ile a re: “Ho malimabe ba bitsang bobe botle, le botle ba bo bitsa bobe; ba etsang lefifi leseli, le leseli ba le etsa lefifi.” (Esaia 5:20) Bana ha ba kotule feela seo ba se jalang hona joale empa haufinyane ba tla utloa “malimabe” a maholo ka ho fetisisa—kahlolo ea boiphetetso e tsoang ho Jehova.—Bagalata 6:7.

Pesaleme ea 92:7 (NW) e re: “Ha ba khopo ba hlōmela joaloka limela ’me bohle ba tloaetseng ho etsa se kotsi ba thunya, ke hore ba felisoe ka ho sa feleng.” Ka mantsoe a mang, ngatafalo ena ea bokhopo e ke ke ea tsoela pele ka ho sa feleng, e thatafalletsa bohle bophelo. Ha e le hantle, Jesu o ile a bolela hore “moloko” o tšehetsang bokhopo bona ke oona oo Molimo a tla o felisa “matšoenyehong a maholo.” (Matheu 24:3, 21, 34) Kahoo, haeba re batla ho bolokoa matšoenyehong ao, ho hlokahala hore re tsebe ho khetha se nepahetseng ho se fosahetseng ho latela litekanyetso tsa Molimo; ’me, ha e le hantle, re boetse re hloka matla a boitšoaro a ho hana ho etsa liphoso ka mefuta eohle ea tsona. Le hoja sena se se bonolo, Jehova o re file mehlala e khothatsang mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele le hona joale.

Ho Ithuta ho Mohlankana ea Ileng a Hana

Ho hana bohlola le bofebe ho bonahala ho le thata ka ho khethehileng, esita le ho ba bang ba ka phuthehong ea Bokreste. Timothy, eo ho boletsoeng ka eena serapeng sa pele, o ile a nka ka botebo mohlala oa Josefa e monyenyane o tlalehiloeng ka Mangolong ho Genese 39:1-12. Josefa o ile a bontša hore o na le matla a ho itšoara ha mosali oa ofisiri ea Moegepeta e bitsoang Potifaro a ne a mo kōpa a sa phetse hore a kopanele liphate le eena. Tlaleho e re Josefa o ne a ee ‘a hane, a re . . . ”Nka etsa joang bobe bo boholo hakalo, ka siteloa Molimo na?”’

Josefa o ile a fumana matla a boitšoaro joang hore a latolele mosali oa Potifaro ka makhetlo a se nang palo? Ntho ea pele, o ne a nka kamano ea hae le Jehova e le ea bohlokoa ho feta boithabiso ba nakoana. Ho phaella moo, le hoja a ne a se tlas’a letoto la melao ea bomolimo (e ne e le hona Molao oa Moshe o tla tla), Josefa o ne a hlaketsoe ke melao-motheo ea boitšoaro; o tsebile hore ho etsa bohlola le mosali oa Potifaro ea tletseng lerato la booatla e ne e sa tl’o ba ho siteloa monna oa hae feela empa e ne e tla ba ho siteloa le Molimo.—Genese 39:8, 9.

Ho totobetse hore Josefa o ne a utloisisa bohlokoa ba hore a se ke a tsosa le tlhasenyana feela ea takatso e neng e ka qalisa takatso e sekhahla e sa laoleheng. Ke bohlale hore Mokreste a latele mohlala oa Josefa. Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa July 1, 1957, o ile oa re: “O lokela ho elelloa bofokoli ba hae ba nama ’me a se ke a nahana hore a ka khotsofatsa litakatso tsa nama ho fihlela moo Mangolo a fihlang a mo sehela moeli eaba ke hona a khaotsang. Esita le haeba a ka atleha ho etsa joalo ka nakoana, qetellong o tla tlōla moeli oo ebe o oela sebeng. Sena se tla etsahala kannete, kaha litakatso tse nontšoang lia matlafala ebe li khomarela motho haholoanyane. Joale o ba le bothata bo boholoanyane ba ho li tlosa kelellong ea hae. O itšireletsa hamolemo ha a li hanela li sa qala.”

Ho li hanela li sa qala ho ba bonolo haholoanyane ha re ntse re hōlisa lerato la rōna la se nepahetseng le ha lehloeo la rōna la se fosahetseng le ntse le hōla. (Pesaleme ea 37:27) Empa ho hlokahala hore re ’ne re sebeletse ntlheng eo, re phehelle. Ha re etsa joalo, ka thuso ea Jehova lerato la rōna la se nepahetseng le ho nyonya ha rōna se fosahetseng li tla matlafala haholoanyane. Ho sa le joalo, ho hlakile hore re lokela ho lula re falimehile, feela joalokaha Jesu a ile a laela, kamehla re ntse re rapela hore re sireletsoe molekong re be re lopolloe ho ea khopo.—Matheu 6:13; 1 Bathesalonika 5:17.

Ho Hana Khatello ea Lithaka

Se seng se susumelletsang ho etsa liphoso ke khatello ea lithaka. Mocha e mong o ile a re: “Ke phela bophelo bo habeli—ba ha ke le sekolong le ba ha ke le lapeng. Sekolong ke matha le bana ba rohakanang ka nako e ’ngoe le e ’ngoe ha ba ahlamisa melomo. Ke se ke tšoana le bona. Ke lokela ho etsa joang?” Se hlokahalang ke sebete sa ho ba ea fapaneng, ’me tsela e ’ngoe ea ho se fumana ke ho bala le ho thuisa ka litlaleho tsa Bibele tse re bolellang ka bahlanka ba tšepahalang ba Molimo ba kang Josefa. Mehlala e meng e metle ke Daniele, Shadrake, Meshake le Abednego—bahlankana ba bane ba ileng ba ba le sebete sa ho ba ba fapaneng le lithaka tsa bona.

Ha ba ntse ba rutoa le bahlankana ba bang ka lekhotleng la morena la Babylona, ho ne ho hlokahala hore Baiseraele bana ba banyenyane ba bane ba je ‘seo ho laetsoeng hore ba se fuoe ka tsatsi le leng le le leng lijong tse hlabosang tsa morena.’ Kaha ba ne ba sa batle ho fosa litaelo tsa Molao oa Moshe tse mabapi le lijo, ba ile ba hana lijo tsena. Seo se ne se batla matla—haholo-holo kaha lijo tseo e ne e le “tse hlabosang tsa morena,” mohlomong e ne e le tse behang motho tekong. Bahlankana baa ba ile ba beha mohlala o motle hakaakang bakeng sa Bakreste ba kajeno bao e ka ’nang eaba ba litekong, mohlomong ba bile ba khatellong ea hore ba noe ho tlōla kapa ba sebelise lithethefatsi kapa koae!—Daniele 1:3-17.

Shadrake, Meshake le Abednego le bona ba ile ba bontša ’nete ea seo Jesu Kreste a ileng a se bolela hamorao: “Motho ea tšepahalang ho se senyenyane ka ho fetisisa o tšepahala le ho se seholo.” (Luka 16:10) Ho ema ha bona ka sebete tabeng ea lijo eo ha ho bapisoa ho bonahalang e le nyenyane, le phello e ntle eo Jehova a ileng a fana ka eona, ha ho pelaelo hore e ile ea ba matlafaletsa teko e ileng ea tla hamorao le e neng e le matla haholoanyane. (Daniele 1:18-20) Teko ena e ile ea tla ha ba ne ba laeloa ho kopanela borapeling ba bohata ’me ba tšepisoa ho bolaoa ka mollo haeba ba sa etse joalo. Ka sebete, bahlankana bao ba bararo ba ile ba lula ba ikemiselitse ho rapela Jehova feela, ba mo tšepile ka ho feletseng ho sa tsotellehe hore na phello e ka ba efe. Le lekhetlong lena Jehova o ile a ba hlohonolofatsa ka lebaka la tumelo ea bona le sebete—ka lekhetlo lena ka ho ba sireletsa ka mohlolo malakabeng ha ba ne ba akhetsoe ka sebōping se besitsoeng ka ho fetisisa.—Daniele 3:1-30.

Lentsoe la Molimo le na le mehlala e meng e mengata ea ba ileng ba hana ho etsa phoso. Moshe “o ile a hana ho bitsoa mora oa morali oa Faro,” le hoja sena se ka be se ile sa mo fa monyetla o moholo oa ho ikhotsofatsa ka ho ‘thabela sebe ka nakoana’ Egepeta. (Baheberu 11:24-26) Ka ho hana ho amohela tjotjo, moprofeta Samuele o ile a hana ho sebelisa matla a hae hampe. (1 Samuele 12:3, 4) Baapostola ba Jesu Kreste ba ile ba araba ka ho hana ka sebete ha ba laeloa hore ba khaotse boboleli. (Liketso 5:27-29) Jesu o ile a hana a tiile ho etsa liphoso tsa mofuta ofe kapa ofe—ho theosa ho fihlela metsotsong ea ho qetela ea bophelo ba hae ha masole a mo fa “veine e entsoeng sethethefatsi ka myra.” Ho e amohela ho ne ho ka ’na ha fokolisa qeto ea hae ka nako eo e mahlonoko.—Mareka 15:23; Matheu 4:1-10.

Ho Hana ke Taba e Amang Lefu le Bophelo

Jesu o itse: “Kenang ka heke e moqotetsane; hobane e sephara ebile e batsi tsela e isang timetsong, ’me ba bangata ke ba kenang ka eona; athe heke e moqotetsane le tsela e patisane e isang bophelong, ’me ke ba seng bakae ba e fumanang.”—Matheu 7:13, 14.

Tsela e sephara ea rateha hobane ho bonolo ho tsamaea ho eona. Ba tsamaeang ho eona baa ikhotsofatsa, ba sekametse monahanong le litseleng tsa nama, ’me ha ba batle ho ba ba fapaneng, empa ba batla ho lumellana le lefatše la Satane. Ba ikutloa hore melao ea Molimo le melao-motheo ea hae e ba qotelitse. (Baefese 4:17-19) Leha ho le joalo, Jesu o boletse ka ho toba hore tsela e sephara ‘e isa timetsong.’

Empa ke hobane’ng ha Jesu a itse ke ba ’maloa feela ba khethang tsela e qotetsaneng? Ke hobane hantle-ntle ke ba ’maloa feela ba batlang hore melao le melao-motheo ea Molimo e laole bophelo ba bona le hore e ba thuse ho hanela menyetla le likhoheli tse ngata tse ba pota-potileng tsa ho etsa liphoso. Ho feta moo, ke ba seng bakae feela ha ho bapisoa ba itokiselitseng ho loantša takatso e sa lumelloang, khatello ea lithaka le tšabo ea ho songoa tse ba tlelang ka lebaka la tsela eo ba e khethileng.—1 Petrose 3:16; 4:4.

Bana ba utloisisa ka ho feletseng kamoo moapostola Pauluse a ileng a ikutloa kateng ha a hlalosa ntoa eo a neng a e-na le eona ha a ne a lokela ho hana sebe. Lefatše la Roma le Greece tsa mehleng ea Pauluse, joaloka lefatše la kajeno, le ne le butse monyetla o moholo haholo oa ho ikhotsofatsa ka ho etsa liphoso. Pauluse o hlalositse hore kelello ea hae, e neng e tseba se nepahetseng, e ne e loana ‘ntoa’ e sa khaotseng le nama ea hae, e neng e sekametse ho etseng liphoso. (Baroma 7:21-24) E, Pauluse o ne a tseba hore ’mele oa hae ke mohlanka ea molemo leha e mpa e le monghali ea mobe, ka hona o ile a ithuta ho o latolela. O ile a ngola: “Ke teteka ’mele oa ka ’me ke o tšoara joaloka lekhoba.” (1 Bakorinthe 9:27) O ile a khona joang hore a o laole? Ka thuso ea moea oa Molimo, eseng ka matla a hae, a neng a fokola bakeng sa mosebetsi oo.—Baroma 8:9-11.

Ka lebaka leo, le hoja Pauluse a ne a sa phethahala, o ile a tšepahala ho Jehova ho fihlela qetellong. Pejana ho lefu la hae, o ne a ka ngola hore: “Ke loanne ntoa e ntle, ke mathile tseleng ea peiso ho fihlela qetellong, ke bolokile tumelo. Ho tloha nakong ena ho ea pele ho bolokiloe moqhaka oa ho loka bakeng sa ka.”—2 Timothea 4:7, 8.

Ha re ntse re loana le ho se phethahale ha rōna, re na le mehlala e khothatsang hakaakang, eseng ho Pauluse feela, empa hape le ho ba ileng ba sebeletsa e le mehlala ho eena—Josefa, Moshe, Daniele, Shadrake, Meshake, Abednego le ba bang ba bangata! Le hoja e ne e le batho ba sa phethahalang, e mong le e mong oa banna bana ba tumelo o ile a hana ho etsa liphoso, eseng ka lebaka la manganga kapa hlooho e thata, empa ka lebaka la matla a boitšoaro a hlahisoang ke moea oa Jehova. (Bagalata 5:22, 23) E ne e le banna ba moea. Ba ne ba lapela polelo e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang molomong oa Jehova. (Deuteronoma 8:3) Lentsoe la hae le ne le bolela bophelo ho bona. (Deuteronoma 32:47) Ho feta moo, ba ne ba rata Jehova ebile ba mo tšaba, ’me ka thuso ea hae, ka tiisetso ba ile ba hlaolela ho hloea ho etsa phoso.—Pesaleme ea 97:10; Liproverbia 1:7.

E se eka re ka tšoana le bona. Ka sebele, ho tsoela pele re hana ho etsa liphoso ka mefuta eohle ea tsona, re hloka moea oa Jehova feela joalokaha ba ne ba o hloka. Jehova o re fa moea oa hae ka seatla se bulehileng haeba re o kōpa ka tieo, re ithuta Lentsoe la hae, ’me kamehla re e-ba teng libokeng tsa Bokreste.—Pesaleme ea 119:105; Luka 11:13; Baheberu 10:24, 25.

Timothy ea boletsoeng qalong, o ile a thabela hore ebe ha aa ka a hlokomoloha litlhoko tsa hae tsa moea. Mosali e mocha ea sebetsang le eena ea ileng utloa moqoqo oa hae le mosebetsi-’moho le bona eaba o hoheloa ka phoso ke bohloeki ba Timothy, hamorao o ile a mema Timothy boinotšing hore a ee ha hae ha monna oa hae a ne a le sieo. Timothy o ile a hana. A sa nyahame habonolo, o ile a mo mema ka makhetlo, joaloka mosali oa Potifaro. Ka lekhetlo le leng le le leng Timothy o ile a hana ka tieo empa e le ka mosa. O bile a pakela mosali enoa hamolemo a sebelisa Lentsoe la Molimo. A tletse teboho ho Jehova ka ho mo fa matla a boitšoaro a hore a hane, hona joale Timothy o kene lenyalong le thabileng le Mokreste-’moho le eena ea thabeloang. Ka sebele, Jehova o tla hlohonolofatsa le ho tiisa bohle ba batlang ho boloka botšepehi ba bona ba Bokreste ka ho hana ho etsa phoso.—Pesaleme ea 1:1-3.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela