Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 10/1 maq. 26-27
  • Lilotho Tsa Bomolimo le Morero oa Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lilotho Tsa Bomolimo le Morero oa Molimo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lilotho Tsa Bibele li Ngata
  • Ho Phuthulla Liphiri Tse Halalelang
  • Ho Senola “Lipolelo Tse sa Hlakang”
  • Ho Talima Leseling
  • Fumana Bohlale ’me U Amohele Taeo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • ‘Molimo, Romela Leseli la Hao’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Sephiri Seo Bakreste ba sa Lokelang ho se Boloka!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Jehova—Molimo ea Senolang Liphiri
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 10/1 maq. 26-27

Lilotho Tsa Bomolimo le Morero oa Molimo

HA MOTHO a sa tsebe ntho, ke pharela; empa ha a e tseba, hase pharela. Ke eng eona eo? Ke selotho.

Batho ba kajeno ba talimang lintho ka tsela e tobileng, ba atisa ho nka ho lothana e le bongoana, empa mehleng ea boholo-holo selotho “se ne se nonya hore na motho o bohlale hakae,” kamoo ho bolelang The Interpreter’s Dictionary of the Bible.—Bapisa le Liproverbia 1:5, 6.

Ho e-na le ho bolela thato ea hae kapa morero ka mokhoa o bonolo feela, ka linako tse ling Jehova o entse ka morero hore lipolelo tsa hae tsa boprofeta li se ke tsa hlaka, a sebelisa lintho tse batlang li tšoana, “lipolelo tse poteletseng” tsa mohlolo, kapa lilotho tse tsietsang. (Pesaleme ea 78:2, King James Version; Numere 12:8, The Emphasized Bible) Ha e le hantle, le hoja lentsoe la Seheberu bakeng sa selotho le sebelisitsoe ka makhetlo a 17 feela ka Bibeleng, Mangolo a tletse lilotho le maele.

Lilotho Tsa Bibele li Ngata

Ho tlalehoa hore Morena Solomone o ne a khona ho qhaqholla esita le lipotso tse qakileng ka ho fetisisa kapa lilotho, tse tlisoang ho eena. (1 Marena 10:1, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Sena ka sebele o ne a se etsa ka lebaka la bohlale boo a bo filoeng ke Molimo. Haeba litlaleho tsa bo-rahistori ba boholo-holo ke ’nete ha ba re ka lekhetlo le leng Solomone o kile a hlōloa ke Morena Hirame oa Tyre tlhōlisanong ea lilotho, mohlomong e ne e le ka mor’a hore a lahleheloe ke moea oa Jehova ka lebaka la bokoenehi ba hae. Moahloli Samsone le eena o ile a bontša ho rata lilotho ka tsela e tšoanang. Ketsahalong e ’ngoe, ha a ne a fuoe matla ke moea o halalelang, selotho se ile sa mo fa monyetla oa ho tšosa lira tsa Molimo.—Baahloli 14:12-19.

Leha ho le joalo, lilotho tse ngata tsa Bibele li amana ka ho toba le merero ea Jehova. Ka mohlala, nahana ka Genese 3:15. Boprofeta bona, bo ralang motheo oa taba eo Bibele e buang ka eona, ka bobona ke ntho e kang pharela, “sephiri se halalelang.” (Baroma 16:25, 26) Ntle ho ho bontšoa lipono le litšenolo tsa matla a phahametseng tlhaho, moapostola Pauluse o ile a boela a bona litšobotsi tse itseng tsa morero oa Molimo ka mokhoa o “lerootho,” kapa ka mantsoe a tobileng, ka “pontšo e sa hlakang.” (1 Bakorinthe 13:12; 2 Bakorinthe 12:1-4) Hape, ho thoe’ng ka khopolo-taba e buuoang mabapi le palo ea mohlolo ea sebata—“makholo a tšeletseng le mashome a tšeletseng a metso e tšeletseng”—e kenngoang lesumatha le ntle ho tlhaloso ho Tšenolo 13:18? Ke mang ea ka rarollang lilotho tsee tsa bomolimo, hona li sebeletsa morero ofe?

Ho Phuthulla Liphiri Tse Halalelang

Ho ba bangata ba rōna, ho bona ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa linthong tsena tse hlano (ho fofonela, ho bona, ho utloa, ho latsoa le ho ama). Empa ha leseli le le sieo, ho bona ha motho ho ne ho sa tl’o ba le thuso. Re ne re sa tl’o bona ho hang. Ho joalo le ka kelello ea motho. E na le matla a hlollang a ho etsa hore seo motho a leng sona se tšoanelane, le monahano o sebetse ’me kahoo ho rarolloe lintho tse qakileng. Leha ho le joalo, ho hlokahala ho hong ho eketsehileng ho phuthulla liphiri tse halalelang. Le hoja ba bang ba ka ’na ba fana ka likarabo tsa lilotho tse ka Bibeleng, ke Mongoli oa tsona feela, Jehova, Molimo oa leseli, ea ka senolang hore na li ne li reretsoe ho sebetsa hokae.—1 Johanne 1:5.

Ka bomalimabe, hangata batho ba ikakasa haholo ebile ba itaola hoo ba ke keng ba letela Jehova hore a arabe. Ho na le bao ka lebaka la ho khahloa ke liphiri, ’me ba batla ho inonya kelello, empa e se hore ba batla ’nete, ba batlang likarabo tse sa tsoeng Lentsoeng la Molimo. Ka mohlala, ka khopolo-taba ea Sejuda hammoho le Cabala ea eona, ho ithutoa bohlokoa ba mohlolo ba lipalo le litlhaku tsa alfabeta ea Seheberu. Ka lehlakoreng le leng, Magnostike a lekholong la bobeli la lilemo, a ile a sebelisa Mangolo a Seheberu le a Segerike ka boiteko ba ho hlahisa litlhaloso tsa sephiri ho ’ona.

Leha ho le joalo, patlisiso ena eohle, e ile ea a tetebetsa litšebeletsong tsa bohetene kapa tumela-khoeleng le ho a suthisetsa hōle le ’nete ea Molimo. Magnostike a ile a nahana hore ‘ruri, haeba lefatše le tletse bobe, ’Mōpi oa lona, Yahweh, e ke ke eaba ke Molimo ea molemo.’ Na ee ke qeto e molemo ka ho fetisisa eo a neng a ka e fana? Motho o nahanela haufi hakaakang! Ha ho makatse hore ebe moapostola Pauluse ha a ne a loantša maikutlo a bokoenehi ao hamorao a ileng a ntšetsoa pele ke malumeli a Magnostike, o ile a lemosa ka matla lengolong la hae, a re: “Le se ke la fetela ka nģ’ane ho lintho tse ngoliloeng”!—1 Bakorinthe 4:6.

Ho Senola “Lipolelo Tse sa Hlakang”

Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha Molimo oa leseli a ne a ka bua “lipolelo tse sa hlakang?” Selotho ka bosona se nonya monahano oa motho le matla a hae a ho nahana. Kahoo, li rothelitsoe hohle ka Mangolong joaloka senōko se monate sejong se hlabosang, ka linako tse ling li ne li sebelisoa feela hore li tsose thahasello ea bamameli kapa ho fetisa molaetsa ka mokhoa o hlakileng haholoanyane. Liketsahalong tsena, litlhaloso li atisa ho fanoa hang ka mor’a moo.—Ezekiele 17:1-18; Matheu 18:23-35.

Jehova o fa batho bohlale ka seatla se bulehileng empa le ka mohla ha a bo fe mang le mang. (Jakobo 1:5-8) Nahana ka buka ea Liproverbia, e leng pokello e bululetsoeng ea lipolelo tse ngata tse qakang tseo ba bang ba ka ’nang ba li talima e le lilotho. Ho li utloisisa ho hloka nako le ho thuisa. Empa ke batho ba bakae ba ikemiselitseng ho etsa boiteko? Bohlale ba tsona bo fumanoa feela ke ba ikemiselitseng ho bo epa.—Liproverbia 2:1-5.

Jesu le eena o ile a sebelisa lipapiso ho senola boemo ba lipelo tsa bamameli ba hae. Matšoele a ne a mo bokanela. A ne a thabela litaba tsa hae. A ne a rata mehlolo ea hae. Leha ho le joalo, ke ba bakae ba neng ba ikemiselitse ho fetola mokhoa oa bona oa bophelo le ho mo latela? Ba ne ba fapane hakaakang le barutuoa ba Jesu, bao ka makhetlo-khetlo ba neng ba batla ho utloisisa lithuto tsa Jesu ’me ba itela ka boithatelo hore e be balateli ba hae!—Matheu 13:10-23, 34, 35; 16:24; Johanne 16:25, 29.

Ho Talima Leseling

Mohloli o mong oa boitsebiso o re: “Ho thahasella lilotho, ho bonahala ho tlile ka nako e le ’ngoe le ho phaphama kelellong.” Kajeno re phela nakong eo re filoeng tokelo ka tsela e phahameng ea ha “leseli ka bolona le khanyelitse” batho ba Molimo. (Pesaleme ea 97:11; Daniele 12:4, 9) Na ka mamello re ka letela Jehova hore a senole merero ea hae ho latela kemiso ea hae ea nako? Habohlokoa haholo, na re nka khato e potlakileng ho fetola bophelo ba rōna ha re hlokomela hore na re ka lumellana haholoanyane joang le thato e senotsoeng ea Molimo? (Pesaleme ea 1:1-3; Jakobo 1:22-25) Haeba re ka etsa joalo, Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba rōna e le hore joalokaha likhalase tsa mahlo li hlakisa pono e lerootho, moea o halalelang o tla hlakisa pono e feletseng ea morero oa Molimo mahlong a likelello tsa rōna, o chorise pono ea rōna ea moea.—1 Bakorinthe 2:7, 9, 10.

Ka sebele, lilotho tsa Mangolo li phahamisa Jehova e le ‘ea senolang liphiri.’ (Daniele 2:28, 29) Ho feta moo, o boetse ke Ea Batlisisang lipelo. (1 Likronike 28:9) Ho se ke ha re makatsa ho tseba hore ho phuthulloa ha leseli la linnete tsa bomolimo ho ’nile ha etsoa hanyane ka hanyane. (Liproverbia 4:18; Baroma 16:25, 26) Ho e-na le ho batla tsebo ea lintho tse tebileng tsa Molimo ka khopolo-taba kapa bohlale bo sa tebang ba motho, e leng tse isang feela lefeeleng, a re talimeng ho Jehova Molimo hore a hlakise “lipolelo tse sa hlakang” tsa hae, ’me ka nako eo a e behileng a tsebise bahlanka ba hae ba tšepahalang merero ea hae e hlollang.—Amose 3:7; Matheu 24:25-27.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 26]

Biblia Hebraica Stuttgartensia, Deutsche Bibelgesellschaft Stuttgart

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela