Ho Fela ha Tlōlo ea Molao Joale ho Atametse!
MAFOKISI a batla ho rarolla bothata ba litlōlo tsa molao ka ho hlahloba mehlala e senolang linokoane le merero ea tsona. Mekhoa le litsebo tsa bofokisi ke taba eo ho buuoang ka eona libukeng tse ngata tse ratoang tsa lipale lefatšeng ka bophara. Le hoja qetellong le ka ’na la atleha ho fumana motlōli oa molao, ka kakaretso mosebetsi oa lefokisi o qaleha ka mor’a ketsahalo, ka mor’a hore tlōlo ea molao e etsoe.
Joalokaha ho ka bonoa bophahamong ba tlōlo ea molao, bakeng sa motlōli e mong le e mong oa molao ea tšoaroang, ho na le ba bang ba bangata ba retelehelang tlōlong ea molao. Kahoo hore tlōlo ea molao e felisoe ho hlokahala ho fetang feela ho rarolla bothata ba litlōlo tse seng li entsoe. Ke eng e tla thibela batho ho fetoha batlōli ba molao?
Tlōlo ea molao e amana le boitšoaro. Ha re na bothata ba ho lumela hore polao, peto, le liketso tse ling tse mabifi ke litlōlo tsa molao. Empa ho thoe’ng ka ho qhekella ha motho a tlatsa tlaleho ea lekhetho? Ketso e joalo le eona ke tlōlo ea molao, hobane e khahlanong le litekanyetso tsa boitšoaro tsa botšepehi. Hore tlōlo ea molao e felisoe ka ho felletseng ho lokela ho bolela ho felisa liketso tsohle tse khahlanong le boitšoaro ba motheo.
Nahana ka mehlala e meraro ea Bibele e sa totobatseng sesosa sa tlōlo ea molao feela empa hape le tsela eo e tla felisoa ka eona.
Tšabo ea Bomolimo ha e Bapisoa le Mohono
Ka kōpo hlokomela mantsoe a mopesaleme Asafe: “Ke ne ke honohela baikakasi, ha ke bona lehlohonolo la banyefoli.” (Pesaleme ea 73:3) E, ho honohela katleho ea motlōli oa molao le tsela eo a phelang ka eona ho eka ba bangata hore ba amohele litsela tse sa hlompheng molao. Ho tlotlisa tlōlo ea molao thelevisheneng le likoranteng ho e etsa e amohelehang haholoanyane ho fapana le ho tsosa lehloeo la se sebe.
Ho ntse ho le joalo, sengoli se bululetsoeng sa Liproverbia se fana ka khothatso: “Pelo ea hao e se ke ea honohela ba babe, u mpe u hlole u tšaba Jehova ka mehla.” Morero le takatso tsa motho ka botsona ke motso oa bothata. Tsela e sebetsang ka ho fetisisa ea ho li thibela ke ho haha tšabo ea bomolimo ea ho halefisa Jehova Molimo. “Hobane efela moputso o teng, ’me tšepo ea hao e ke ke ea etsoa lefeela.”—Liproverbia 23:17, 18.
Tumelo ha e Bapisoa le Meharo
Nakong ea selemo ka 33 C.E., Jesu o ne a feta motseng oa Jeriko. Mono e ne e le hahabo Zakea, eo sengoli sa Tlaleho ea Molaetsa Luka se mo hlalosang e le “molaoli oa ba-lekhetho,” se phaella ka hore “e ne e le morui.” Setereke se nonneng se potileng Jeriko e ne e le tikoloho ea sehlooho eo ho bokelloang lekhetho ho eona, ’me joalokaha ho bontšitsoe ke mantsoe a Zakea ka boeena, mosebetsi oa hae e le ’mokelli oa lekhetho e moholo o ne o mo fa menyetla ea ho qhekella. Empa Zakea ha aa ka a lula e le motlōli oa molao.—Luka 19:1-8.
Zakia o ile a fetela ka pel’a letšoele le neng le potolohile Jesu ’me ka baka la hore o ne a fokola haholo ka seemo o ile a batla sebaka se phahameng ka ho hloella sefateng sa sykomora. Jesu o ile a ’mona ’me a bolella Zakea hore a theohe, hobane O ne a tla lula le eena ha a ntse a le Jeriko. Hamorao, mantsoe a Zakea a ile a bonahatsa boikutlo bo fetohileng: “Leruo la ka ke le arolela mafutsana ka lehare; ’me ha ke amohile motho ntho e ’ngoe ka thetso, ke busetsa ho eena tse ’ne.” Ho khutlisa lichelete tse nkiloeng ka ho qhekella ho ne ho tla akarelletsa litšenyehelo tse khōlō. Ka ho tšepisa ho etsa sena, Zakea o ile a bonahatsa tumelo ea hae ho Jesu. E, pono ea hae e fetohileng ea litaba e ile ea tlisa phello ea sebele, ho khutlisa se neng se nkiloe ka bolotsana hammoho le ho mena theko ea ntho eo ka makhetlo a mararo, ho neng ho etsa puseletso e mennoeng hane. Ka hona Zakea o ile a lokisa phoso eo a neng a e entse ’me a fetela pejana, ho paka hore tsela ea hae ea bophelo e ne e fetohile kannete.—2 Ba-Korinthe 7:11.
Batho ke ba Bohlokoa ho Feta Maruo
’Musisi oa Roma Pilato o ile a re ka Jesu Kreste ea neng a qositsoe: “Ha ke fumane molato ho motho eo.” (Luka 23:4) Ho e-na le ho retelehela boitšoarong ba batlōli ba molao hore a fumane maruo, nakong eohle ea tšebeletso ea hae lefatšeng, Jesu o ile a bontša thahasello e lerato ho batho. “Ha a bona matšoele, a a utloela bohloko, hobane ba ne ba khathetse, ba saretsoe joale ka linku tse se nang molisa. Ebile moo a reng ho barutuoa ba hae: Kotulo e kholo ruri, empa basebetsi ha ba bakae. Rapelang ke hona Morena oa kotulo, hore a romele basebetsi kotulong ea hae.” (Mattheu 9:36-38) Ka ho hlakileng, Jesu o ne a etelletsa batho ka pele ho maruo, esita le ka pele ho boiketlo le lithahasello tsa hae. Re boetse re bona sena boikemisetsong ba hae ba ho itella ho hlokomela barutuoa ba hae le matšoele a neng a tlile ho eena bakeng sa thuto le thuso. (Mattheu 8:20; 14:13-16) Ho sena, Jesu o ile a re siela mohlala oo re lokelang ho o latela.—1 Petrose 2:21.
Na kajeno ho ka etsahala hore batho ba latele mohlala oo, ho tšoara batho ba bang e le ba bohlokoa ho feta lintho tse bonahalang? Re ka arabela potso eo ka e. Nahana ka Lipaki tsa Jehova, tseo hona joale li seng li feta limillione tse tharo le kotara ka lenane. Li batla ho ba le mohopolo oa Kreste le ho bonahatsa hoo ka mokhoa oa sebele. Ka mehla li sebeletsa ho felisa ka lipelong tsa tsona litakatso tse khopo tse lebisang ba bang ba bangata tlōlong ea molao. Pele ba fetoha Lipaki, ha ba ntse ba ithuta Bibele ’me ba hlaolela lerato ho Molimo, sena se ile sa ama ba bang ba bona bao e neng e le batlōli ba molao; se ile sa susumelletsa ba bangata ho bona ho lefa bakeng sa liketso tsa tlōlo ea molao tseo ba neng ba li entse pele. Che, batho ba joalo ha baa ka ba etsa sena bakeng sa mponeng empa e ne e le hore ba be le likamano tsa khotso le Jehova Molimo ’me ka ho etsa joalo ba rue molemo moseng oa hae o sa tšoanelang o bontšitsoeng ka sehlabelo sa topollo sa Jesu Kreste.—1 Ba-Korinthe 2:16; 6:11; 2 Ba-Korinthe 5:18-20.
Ka lerato ho baahisani ba bona, Bakreste ba joalo ba ipha nako ea ho etela batho ba bang le ho ba hlalosetsa kamoo malapa a joalo a ka lebellang bophelo maemong a Paradeise tlas’a ’Muso oa Molimo. Beke e ’ngoe le e ’ngoe Lipaki tsa Jehova li tšoara liboka tsa ka mehla Liholong tsa tsona tsa ’Muso. Motho e mong ea ileng a ipolela hore e ne e le lesholu o ile a amohela memo ea hore a tl’o ba teng ho bona hore na liboka li joang. Oa pheta: “Ha ke bolela ho honyenyane feela, ke ile ka makala haholo. Ho ne ho se bolutu kapa ho sa tene le hanyenyane feela joalokaha ke ne ke lebelletse. Mofuthu le lerato, tse totobetseng haholo, ka ho hlakileng e ne e le tsa sebele. ’Me kananelo eo Lipaki tsohle li neng li bonahala li e-na le eona bakeng sa lintho tsa moea e ne e le e hlahelletseng.” O ile a khahloa haholo hoo a ileng a tsoela pele ho kopanela, ’me sena se ile sa mo thusa ho fetoha. Ho sa tsotellehe hore na u kile ua ameha tlōlong ea molao kapa che, ha u kopanela le bahlanka ba Molimo, le uena u tla fumana thahasello ea sebele e tšoanang ho batho ho fapana le maruo.—Mattheu 22:39.
Tlōlo ea Molao—Na e se e Ntse e Felisitsoe?
Haeba batho ba se ba sa itšoare joaloka batlōli ba molao, na see se bolela hore ba phethahetse? Le hanyenyane! Lipaki tsa Jehova, joaloka motho e mong le e mong, li hlaseloa ke sebe se futsitsoeng ho motsoali oa rōna oa pele oa motho, Adama. (Ba-Roma 5:12; 1 Johanne 1:8) Empa hona joale li kopane ho sebeletsa Molimo, joalokaha ho bontšoa boboleling ba tsona le mosebetsing oa tsona oa ho ruta lefatšeng lohle. Sena se fana ka bopaki bo matla ba phethahatso ea boprofeta ba Esaia: “Ho tla etsahala mehleng ea bofelo, hoba thaba ea ntlo ea Jehova e tla beoa hlorong ea lithaba, . . . ’me lichaba kaofela li tla phallela teng.” (Esaia 2:2) Ka sebele, ba limillione ba phallela borapeling ba Jehova bo phahamisitsoeng, ba batla ho rutoa ka litsela tsa hae. U ka ba e mong oa ba ruang molemo ka ho kopanela le batho ba qobang tlōlo ea molao.
Ho Felisa Tlōlo ea Molao—Litebello
Ha e le hantle tlōlo ea molao e eketsehileng mehleng ea rōna ke temoso ea ho atamela ha nako ea ho kenella ha Molimo ho tlosa bohle ba khopo, ho akarelletsa linokoane tsohle tse etsang tlōlo ea molao. “Hobane ba bolotsana ba tla felisoa . . . Ho se ho se hokae, ’me molotsana o tla ba sieo; u tla qamaka tulo tsa hae, empa o tla be a setse a le sieo.” (Pesaleme ea 37:9, 10) Ka sebele ho fela ha tlōlo ea molao joale ho atametse, hobane re ntse re atamela nako eo ka eona motlōli oa molao oa ho qala, Satane Diabolose, a tla tlangoa ’me a koalloe sekoting. (Tšenolo 20:1-3) E lokela e be ke ho thabisang hakaakang ho tseba hore tšabo ea tlōlo ea molao le bohloko boo batho ba hlaseloang ke eona ba fetang har’a bona haufinyane e tla ba lintho tsa nako e fetileng!
Empa, ho thoe’ng ka limillione tsa batho ba tla khutlela bophelong lefatšeng tsohong? (Liketso 24:15) Haeba ba qophella botho le litsela tse tšoanang le tseo ba neng ba e-na le tsona pele ba e-shoa, na ba ke ke ba qalisa leqhubu le lecha la tlōlo ea molao? Ha ho hlokahale hore re tšohe hoo. Jesu o ile a tšepisa lesholu tsoho, a re: “Kannete kea u bolella kajeno, U tla ba le ’na Paradeiseng.” (Luka 23:43, NW) Ruri sena se bontša hore batho ba tsositsoeng ba tla lokela ho etsa liphetoho; ho seng joalo lefatše le lecha e ne e ke ke ea e-ba paradeise.
Feela joalokaha batlōli ba molao ba seng ba tiile lipelo ba hloka thupelo ea ho khutlisetsoa bothong pele ba ka khona ho lula ka har’a sechaba ba sa hlahise mathata, kahoo tlas’a ’Muso oa Molimo, lenaneo le pharalletseng la thuto le tla thusa bafo ho utloa molao. (Tšenolo 20:12, 13) Ka molemo o totobetseng oa ho likolohuoa ke baahi ba Paradeise, ba utloang melao ea Molimo, batho ba tsositsoeng ba tla latsoa maemo a moruo a lokisitsoeng hantle. (Esaia 65:21-23) Ho tla ba le babusi ba lokileng litulong, ’me bafosi leha e le bafe ba sa bakeng ba tla talimana le ho amohuoa bophelo. (Esaia 32:1; 65:20) Kahoo ho na le mabaka a mangata a ho tšepa hore, qetellong, tlōlo ea molao e tla fela.
Le hoja re ntse re phela ka har’a lefatše le khetholloang ka tlōlo ea molao, ka kholiseho u ka bontša tšepo ho Jehova, ea tšepisang ho putsa bahlanka ba hae ba tšepahalang ka bophelo bo phethahetseng Paradeiseng. Etsa joalo hona joale ka ho sebelisa monyetla oa tokisetso ea thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng e fanoang ke Lipaki tsa Jehova. (Johanne 17:3) Lekhetlong le latelang ha u kopana le tsona, ke hobane’ng ha u sa li botse ka lintlha tse eketsehileng? Kapa u ka ngolla atereseng e haufi le uena ka ho fetisisa ea tse thathamisitsoeng leqepheng la 2 la makasine ona. Ka sebele hoo ho tšoanela boiteko, hobane ho fela ha tlōlo ea molao joale ho atametse!
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Tumelo ea Zakea e ile ea mo susumelletsa ho khutlisa seo a neng a se nkile ka qhekello
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Lenaneo la thuto le tla ruta bafo ba ’Muso oa Molimo ho utloa molao