Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Ke boikutlo bofe bo lokelang ho bontšoa ha Bakreste ba kolobetsoa?
Eo ke potso e thahasellisang, hobane le hoja bongata ba babali ba rōna bo se bo kolobelitsoe, boa ameha, joaloka ba kolobetsoang. Pele a re hlaloseng ka ba kolobetsoang, ba qoelisoang ka ho feletseng. Boikutlo ba bona e lokela ho ba bofe?
Ho Mattheu 28:19, 20, Jesu o ile a laela balateli ba hae hore ba ee ’me ba etse batho barutuoa, ba ba rute le ho ba kolobetsa. Ha aa ka a hlahisa kolobetso e le phihlelo ea maikutlo a thabo e tlōtseng, ketso e hlahisoang ke ho susumetseha maikutlo ka nakoana. Ke bohato bo tebileng, joalokaha re bona mohlaleng oa Jesu. Luka 3:21 e re: “Jesu a kolobetsoa le eena; ha a ntse a rapela, leholimo la phetloa.” E, ’Mehi-Mohlala oa rōna o ile a nka kolobetso ka ho teba, ka thapelo. Re ke ke ra nahana ka eena a etsa pontšo ea tlhōlo ka mor’a hore a tsoe metsing, a etsa lerata la tlhōlo, kapa matsoho a hae a fokaela moeeng, le hoja ba bang morao tjena ba entse lintho tse kang tseo. Che, a e-na le Johanne Mokolobetsi feela, Jesu o ile a retelehela ho Ntate oa hae ka thapelo.
Leha ho le joalo, Bibele ha e fane ka maikutlo a hore kolobetso e lokela ho ba ketsahalo ea ho hlonama kapa ea ho hloka thabo, e hlokang moemo o khethehileng kapa ho pheta lintho tseo motho a ithutileng tsona ka hlooho, joalokaha likereke tse ling tsa Bokreste-’mōtoana li batla joalo kajeno. Nahana ka letsatsi la Pentekonta, ha likete tsa Bajode le basokolohi ba kolobetsoa ka kolobetso ea Bokreste. Ba ne ba se ba ile ba ithuta Molao oa Molimo ’me ba e-ba le kamano le eena. Kahoo ho ne ho hlokahala feela hore ba ithute le ho amohela Messia, Jesu. Hang ha ba entse joalo, ba ne ba ka kolobetsoa.
Liketso 2:41 e-ea tlaleha: “Ba amohetseng polelo ea hae ka thabo ba kolobetsoa.” Phetolelo ea Bibele ea Weymouth e-ea baleha: “Ka hona, bao, ka thabo ba amohetseng lentsoe la hae ba ile ba kolobetsoa.” Ba ile ba thabisoa ke litaba tse thabisang ka Messia, ’me ka sebele thabo eo e tlohang botebong ba pelo e ile ea fetela kolobetsong ka boeona, kolobetso eo ntle ho pelaelo e neng e etsoa ka pel’a makholo-kholo a bashebelli ba thabileng. Esita le mangeloi leholimong a ne a shebelletse ’me a thabile. Hopola mantsoe a Jesu: “Kea le bolella, ka mokhoa o joalo thabo e teng pel’a mangeloi a Molimo ka moetsalibe a le mong ea bakang.”—Luka 15:10.
Ho na le litsela tse ngata tseo e mong le e mong oa rōna a ka bontšang botebo le thabo ea kolobetso ka tsona. Likerekeng tse ling ba kolobetsoang ba apara liaparo tse telele tse tšoeu kapa tse ntšo. Ho hang Mangolo ha a tšehetse tlhokahalo e joalo. Ho ntse ho le joalo, liaparo tsa ho sesa tse bonaletsang ho hang ha lia lokela, bakeng sa banna kapa basali. ’Me joalokaha ho hlokometsoe, Mokreste e mocha ha a e-tsoa ka metsing ha aa lokela ho etsa boitšisinyo bo khethehileng ba ’mele kapa ho itšoara ka tsela e sa lokelang joalokaha eka o hapile tlhōlo e khōlō. Mokhatlo oohle oa Bakreste ba bang oa thaba hore e mong e mocha o kolobelitsoe. O lokela ho ela hloko hore pontšo ena ea tumelo e mpa feela e le mohato oa ho qala tseleng e telele ea botšepehi bakeng sa ho fumana kamohelo ea Molimo.—Mattheu 16:24.
Rōna, re le bashebelli kolobetsong ea phatlalatsa, re kopanela thabong ea ketsahalo ena, haholo-holo haeba ea kolobetsoang ke mong ka rōna kapa eo re neng re ithuta Bibele le eena. Leha ho le joalo, hore re kopanele ka botlalo, re lokela ho mamela puo eohle le ba eang kolobetsong, re ba utloe ha ba arabela phatlalatsa lipotso tseo ba li botsoang, ’me re kopanele le bona thapelong. Ho etsa joalo ho tla re thusa hore re lule re e-na le pono e loketseng ka kolobetso; re tla ba le pono e tšoanang le ea Molimo ka eona. Ka mor’a kolobetso, ha ho hlokahale hore thabo ea rōna e be ea mponeng ke hlōtse, ka sehlopha sa lipalesa, kapa moketjana oa ho tlotlisa ea kolobelitsoeng. Empa re ka atamela moena kapa khaitseli oa rōna e mocha ho hlalosa thabo ka mohato o babatsehang oo a o nkileng le ho mo amohela ka mofuthu mokhatlong oa rōna oa Bokreste.
Joale, ka kakaretso, kaofela ha rōna, ho akarelletsa le ba qoelisoang metsing, re lokela ho tšoara kolobetso ka botebo bo loketseng. Hase nako ea ho phasoloha ka lipolelo tsa kameho ea maikutlo, ho etsa meketjana, kapa marata a ho bontša ho thaba haholo. Leha e le hore ke nako ea ho hlonama kapa ho hloka thabo. Ka ho loketseng re ka thaba hore ebe ba bacha ba ikopantse le rōna tseleng e eang bophelong bo sa feleng. ’Me ka thabo re ka amohela baena le bo-khaitseli ba rōna ba bacha.
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 31]