Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 5/1 maq. 15-20
  • Batho ba Tsamaeang Mehlaleng ea Jesu

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Batho ba Tsamaeang Mehlaleng ea Jesu
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Khalalelo ea Mali
  • Boitšoaro bo Botle
  • Ho se Nke Lehlakore
  • Ka Lapeng
  • Lia Utloa ka Baka la Lerato
  • Phephetso ea Ho Latela Mehlaleng ea Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • ‘Latelang Mehato ea Hae Haufi-ufi’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
  • Re Hlokomeloa ka Boitšoaro ba Rōna
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Tlhompho ea Bomolimo bakeng sa Mali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 5/1 maq. 15-20

Batho ba Tsamaeang Mehlaleng ea Jesu

“Na ha rea ka ra tsamaea le eena ka moea o le mong, ka mehlala e le meng feela na?”—2 BA-KORINTHE 12:18.

1. Ke hobane’ng ha hangata ho se thata ho hlokomela e mong oa Lipaki tsa Jehova?

“ELE sehlopha, baa hlompha, ba na le boikarabelo, ’me ba ithuta hantle sekolong. Ho ke ke ha boleloa tjena ka lihlopha tse ling.” Ho buile joalo mookameli oa sekolo se seng sa mathomo United States. O ne a bua ka bo-mang? Ka bana ba Lipaki tsa Jehova bao e neng e le barutoana sekolong sa hae. Ka sebele, ba bangata ba hlokometse hore Lipaki tsa Jehova, ho akareletsa bana ba tsona, hangata li tšoana ka litsela tse itseng. Ho theosa le lilemo, ho ’nile ha totobala ka ho eketsehileng hore li na le bonngoe bo hlollang mabapi le litumelo tsa tsona le boitšoaro ba tsona. Kahoo ha ho thata ho hlokomela Lipaki.

2. Ke tšobotsi efe e neng e khetholla phutheho ea pele ea Bokreste, ’me Pauluse o ne a ka re’ng ka see?

2 Bonngoe ba Lipaki tsa Jehova ke ntho e ’ngoe e sa tloaelehang lefatšeng lena le arohaneng. Empa ha ho thata ho utloisisa hoo haeba re hopola hore kaofela ha tsona li loanela ho tsamaea mehlaleng ea Jesu. (1 Petrose 2:21) Bonngoe bo joalo e ne e boetse e le tšobotsi e khethollang Bakreste ba lekholong la pele la lilemo. Ka lekhetlo le leng, Pauluse o ile a eletsa phutheho ea Korinthe: “Kea le rapela, banab’eso, ka lebitso la Morena oa rōna Jesu Kreste, ke re: Le ke le bolele bohle taba e le ’ngoe; likhaohano li se ke tsa e-ba teng har’a lona, le mpe le phethehe boikutlong bo le bong le khopolong e le ’ngoe.” (1 Ba-Korinthe 1:10) Pauluse o ile a boela a fana ka keletso e bululetsoeng ea hore na batho ba neng ba sa utloisise ho boloka bonngoe ba Bokreste ba ne ba lokela ho tšoaroa joang.—Bona Ba-Roma 16:17; 2 Ba-Thessalonika 3:6.

3, 4. Pauluse o ile a hlalosa bonngoe bo neng bo le teng pakeng tsa hae le Tite joang, ’me motheo oa bonngoe boo e ne e le ofe?

3 Hoo e ka bang ka selemo sa 55 C.E., Pauluse o ile a rōmela Tite Korinthe ho ea thusa ho bokella lithuso bakeng sa baena ba Judea ba hlokang mohlomong le ho bona kamoo phutheho e neng e arabela kateng keletsong ea Pauluse. Ha a ngolla Bakorinthe hamorao, Pauluse o ile a bua ka ketelo eo Tite a neng a sa tsoa e etsa ’me a botsa: “Na Tite o kile a rua letho ka lōna na? Na ha rea ka ra tsamaea le eena ka moea o le mong, ka mehlala e le meng feela na?” (2 Ba-Korinthe 12:18) Pauluse o ne a bolela eng ho re ba tsamaea “ka moea o le mong” le “ka mehlala e le meng feela”?

4 O ne a bontša bonngoe bo neng bo le teng pakeng tsa hae le Tite. Tite o ne a ee a tsamaee le Pauluse ka linako tse ling, ’me ha ho pelaelo hore o ile a ithuta ho hongata ho Pauluse ka tsela ena. Empa bonngoe bo neng bo le teng pakeng tsa bona ba le babeli bo ne bo theiloe nthong e ’ngoe e matla ho feta hoo. Bo ne bo theiloe kamanong ea bona e ntle le Jehova le ’neteng ea hore ka bobeli ba ne ba latela mehlaleng ea Kreste. Tite o ne a etsisa Pauluse feela joalokaha Pauluse le eena a ne a etsisa Kreste. (Luka 6:40; 1 Ba-Korinthe 11:1) Kahoo ba ne ba tsamaea ka moea oo Jesu a neng a e-na le oona le ka mehlala ea hae.

5. Ho ka lebelloa eng ka batho ba etsisang Pauluse le Tite kajeno kamoo ba ‘tsamaeang ka moea o le mong’ le “ka mehlala e le meng”?

5 Kahona ha ho makatse hore Bakreste ba lekholong lena la bo20 la lilemo, ba ‘tsamaeang ka moea o le mong’ le ka “mehlala e le meng” le eo Pauluse le Tite ba neng ba tsamaea ka eona, ba thabela bonngoe boo ho seng bo lekanang le bona. Ha e le hantle, ho hloka bonngoe ha ba ipitsang Bakreste ho ba hlahatsa hore ke Bakreste ba bolotsana, ha ba tsamaee ka mehlala ea Moeta-pele eo ba ipolelang hore baa mo latela. (Luka 11:17) Phapang ena e khōlō pakeng tsa Bakreste ba ’nete le ba ipitsang Bakreste e ka tšoantšetsoa ka litsela tse fapaneng. Ere re bolele tse ’nè.

Khalalelo ea Mali

6, 7. (a) Pono e nepahetseng ka mali e amehang ho tsamaeeng mehlaleng ea Jesu ke efe? (b) Phapang ke efe pakeng tsa Lipaki tsa Jehova le ba bang kajeno ba hanang litšelo tsa mali?

6 Hoo e ka bang ka selemo sa 49 C.E., sehlopha se busang sa phutheho ea lekholong la pele la lilemo se ile sa rōmela lengolo le neng le arabela potso: Na Bakreste bao e seng Bajode ba lokela ho utloa Molao oa Moshe? Lengolo le ne le re: “Ho hopotsoe ke Moea o Halalelang le ke rōna, hore re se ke ra le jarisa boima bo fetisang, ha e se ba litaba tsena tse tšoanelang, e leng ho tela tse hlabetsoeng melimo, le mali, le tse fenethiloeng, le bofebe.” (Liketso 15:28, 29) Hlokomela hore har’a “litaba tsena tse tšoanelang” ho ne ho akarellelitsoe ho tela mali. Ho tsamaea mehlaleng ea Jesu ho ne ho tla bolela ho se kenye mali ’meleng e-bang ke ka ho a ja kapa ka tsela leha e le efe e ’ngoe.

7 Bokreste-’mōtoana bo ’nile ba tlōla molao-motheo ona ka boomo ka mokhoa oa litšelo tsa mali. Ke ’nete hore lilemong tsa morao tjena batho ba ’maloa ba ’nile ba hlokomela likotsi tsa litšelo tsa mali bophelong ’me ba li hanne ka mabaka a ho ipaballa bophelong. Hona ke ’nete haholo-holo kaha batho ba bangata ba se ba tšoaelitsoe AIDS ka mali ao ba a tšetsoeng. Empa ke bo-mang ba phahamisang khalalelo ea mali ka baka la ho hlompha molao oa Molimo, ba etsa joalo e le sehlopha? Ha mokuli a hana tšelo ea mali, hang-hang ngaka e nahana hore ke eng? Na hangata ngaka ha e re: ‘E tlameha e be u e mong oa Lipaki tsa Jehova’?

8. Paki e ’ngoe ea Italy e ile ea hlohonolofatsoa joang bakeng sa boikemisetso ba eona ba ho boloka molao oa Molimo ntlheng ee?

8 Antonietta o phela Italy. Hoo e ka bang lilemo tse robeli tse fetileng o ile a kula haholo, ’me mali a hae a ne a fokola hoo lingaka li ileng tsa hatella hore ho ne ho hlokahala hore a tšeloe mali e le ho boloka bophelo ba hae. O ile a hana ’me a hanyetsoa ke lingaka ’moho le beng ka eena. Esita le bashemane ba hae ba babeli ba banyenyane ba ile ba ipiletsa: “’Mè, haeba kannete ua re rata, amohela mali.” Empa Antonietta o ne a ikemiselitse ho lula a tšepahala, ’me ka thabo ha aa ka a shoa. Empa, boemo ba hae bo ne bo ntse bo le kotsing hoo ngaka e ileng ea re: “Re sitoa ho hlalosa hore na ke hobane’ng ha a ntse a phela.” Empa hang ha mofuta oa phekolo o se nang makhokeletso o qala ho sebelisoa, o ile a hlaphoheloa ka potlako hoo ngaka e ’ngoe e ileng ea khōtsa: “Ke sitoa ho ho lumela—e ke ke be eaba u se u hlaphohetsoe ka nako e khutšoanyane hakana, esita le haeba re ne re u pompetse mali letsatsi lohle.” Hona joale, ke pula-maliboho oa kamehla, ’me bara ba hae ba babeli, e mong joale a le lilemo li 12 e mong 14, ba tsoela pele hantle ’neteng. Ka sebete Antonietta o ile a boloka ‘taba eo e tšoanelang,’ khalalelo ea mali. Lipaki tsa Jehova kaofela li na le pono e tšoanang ha li tsamaea mehlaleng ea Jesu.

Boitšoaro bo Botle

9. ‘Taba e ’ngoe e tšoanelang’ e amehang ho lateleng mehlaleng ea Jesu ke efe, ’me ho etsahala joang ka ba sitoang ho boloka see?

9 ‘Taba e ’ngoe e tšoanelang’ e ileng ea totobatsoa ke lengolo leo le tsoang ho sehlopha se busang sa lekholong la pele la lilemo e ne e le “ho tela . . . bofebe.” Lengolong la hae la pele le eang ho Bakorinthe, Pauluse o ile a hlakisa sena haholoanyane, ha a re: “Ha e le ba litšila, ha e le ba rapelang litšoantšo, ha e le babōki le bafebi, le ha e le basodoma . . . ba ke ke ba rua lefa la ’muso oa Molimo.” (1 Ba-Korinthe 6:9, 10) Bakreste ba thusa batho ba lakatsang ho sebeletsa Jehova hore ba itlhatsoe mekhoa ena e litšila. Esita le litho tsa phutheho tse tšoasoang ke eona li thusoa hore li itlhoekise haeba li furalla mekhoa eo ’me li baka. (Jakobo 5:13-15) Empa haeba Mokreste ofe kapa ofe a oela mekhoeng e joalo e litšila ’me a hana ho baka, molao o tobileng oa Bibele oa sebetsa. Pauluse o ile a bululeloa ke Molimo hore a re: “Le se ke la kopana le ea ipitsang moena, e leng mofebi. . . . Tlosang e mobe har’a lōna.”—1 Ba-Korinthe 5:11, 13.

10, 11. (a) Ke bo-mang ba tlamehang ho jara boikarabelo bakeng sa litekanyetso tse tlaase tsa boitšoaro Bokreste-’mōtoaneng, hona hobane’ng? (b) Phihlelo ea monna e mong oa Philippines e paka joang hore, e le sehlopha, Lipaki tsa Jehova li boloka litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro?

10 Ho sa tsotellehe thuto ena e hlakileng, Bokreste-’mōtoana bo tletse boitšoaro bo bobe. Baruti ba tšelang litekanyetso tsa bomolimo ka metsi ba molato bakeng sa boemo bona, joalokaha ho le joalo ka ba phethang tšebeletso ea molomo litekanyetsong tsa Bibele empa ba sitoa ho li sebelisa ka sebete liphuthehong tsa habo bona. Leha ho le joalo, ho sena hape, Lipaki tsa Jehova e le sechaba li tsamaea mehlaleng ea Jesu.

11 Nahana ka Jose, oa Philippines. A le lilemo li 17 o ne a se a ntse a tsebjoa e le motho ea bakang likhathatso le ea bechang. Hangata o ne a tahoa, a phela bophelo ba boitšoaro bo bobe, ’me a kena teronkong khafetsa ka baka la bosholu. Eaba o kopana le Lipaki tsa Jehova. O re: “Thuto ea Bibele e fetotse bophelo ba ka ka ho feletseng. Ha ke sa noa ’me ha ke sa tsuba, hape ke ithutile ho laola bohale ba ka. Hona joale ke na le letsoalo le hloekileng, kaha ke e-na le mosali a le mong feela. Hape ke hlomphuoa ke baahisani ba ka, ba neng ba tloaetse ho mpitsa, ‘Jose, mohlola-a-li-etsa’ le ‘Jose, ea tšabehang.’ Joale ba mpitsa ‘Jose, Paki ea Jehova.’ Mora oa ka le mochana oa ka ke bahlanka ba sebeletsang phuthehong eo hona joale ke sebeletsang ho eona ke le moholo ke bile ke le pula-maliboho oa kamehla.” Jose le lipaki tsa Jehova tsa Bakreste tse ling tse limillione ba tsamaea mehlaleng ea Jesu e le Bakreste ba hloekileng boitšoarong.

Ho se Nke Lehlakore

12. Ke boikutlo bofe ba Bakreste ba ’nete boo Jesu a bo totobalitseng thapelong ea hae e tlalehiloeng ho Johanne khaolo ea 17?

12 Thapelong e telele eo Jesu a ileng a e etsa bosiung ba hae ba ho qetela a e-na le barutuoa ba hae, o ile a bolela tsela e ’ngoe eo ka eona balateli ba hae ba neng ba ka ‘tsamaea mehlaleng ea hae.’ Ha a bua ka barutuoa ba hae, o itse: “Hase ba lefatše, joale ka ha le ’na ke se oa lefatše.” (Johanne 17:16) Hona ho bolela hore Bakreste ha ba nke lehlakore. Ho e-na le ho kopanela lipolotiking kapa likhohlanong tsa lichaba, ba bolella ba bang ka ’Muso oa Molimo, e le oona feela tharollo mathateng a lefatše lena.—Mattheu 6:9, 10; Johanne 18:36.

13, 14. (a) Bokreste-’mōtoana bo fapana le Lipaki tsa Jehova joang tabeng ea ho se nke lehlakore? (b) Ho boloka ho se nke lehlakore lipolotiking ha Paki e ’ngoe Japane ho ile ha sebeletsa molemo oa boena bohle joang?

13 Litho tsa Bokreste-’mōtoana tse ngata li lebetse molao-motheo ona, ho tsona lichaba tseo li tsoang ho tsona hangata ke tsa bohlokoa ho feta hore na ke tsa bolumeli bofe. Mongoli oa taba e ’ngoe koranteng, Mike Royko, eo e leng setho sa mokhatlo oa likoranta o bontša hore ha ho mohla “matsoalo a Bakreste a ileng a ba thibela ho kenella lintoeng le Bakreste ba bang,” a phaella: “Haeba matsoalo a bona a ne a ile a ba thibela hoo, ha ho mohla lintoa tse ngata tse mahlo-mafubeli ka ho fetisisa Europa li ka beng li ile tsa etsahala.” Ke ’nete e tsebahalang hore Lipaki tsa Jehova li boloka ho se nke lehlakore ho tiileng ha Bokreste linakong tsa ntoa. Empa joaloka balateli ba tsamaeang mehlaleng ea Jesu, hape ha li nke lehlakore litsekong tsa boahisani le tsa bopolotiki. Kahona, ha ho letho le ferekanyang bonngoe ba tsona bo hlollang ba lefatše ka bophara.—1 Petrose 2:17.

14 Ka linako tse ling ho se nke lehlakore ha tsona ho tlisa liphello tse sa lebelloang. Ka mohlala, seterekeng sa Tsugaru Japane leboea, likhetho li ne li nkoa ka mokhoa o tebileng haholo. Empa Toshio, motlatsi oa mohlokomeli oa Lekala la Lichelete ofising ea ’muso e sebakeng seo, o ile a hana ka mabaka a letsoalo la hae ho kenella ha ho khethoa ’musi e mocha oa sebaka seo. Sena se ile sa fella ka hore a theoleloe boemong bo tlaase ba mosebetsi Lekaleng la ho Ntša Metsi a Litšila. Leha ho le joalo, selemo hamorao, ’musi eo oa sebaka o ile a tšoaroa ’me a qobelloa hore a tsoe mosebetsing ka baka la mekhoa e silafetseng. Ho ile ha khethoa ’musi e mocha oa sebaka. Ha a utloa ka ho theoleloa ha Toshio boemong bo tlaase ba mosebetsi, o ile a mo khutlisetsa boemong bo phahameng ba tsamaiso, ’me sena se ile sa tlisetsa baena ba Toshio ba Bakreste mahlohonolo. Joang? Toshio o hlalosa hore ho thata haholo ho fumana tumello ea ho sebelisa mabala a lipapali bakeng sa liboka tse ling ntle le lipapali tsa mabelo. Empa boemong boo a leng ho bona hona joale, ha re qotsa mantsoe a Toshio—“Jehova o khonne ho ntšebelisa, ho fumana mabala a joalo a lipapali bakeng sa likopano tse tharo tsa setereke le likopano tse ’nè tsa potoloho.” O qetella ka ho re: “Haeba re lula re tšepahala, Jehova o tla bula litsela tseo re neng re ke ke ra li nahana tsa ho re sebelisa.”

Ka Lapeng

15. Jesu o ile a siela balateli ba hae ba tsamaeang mehlaleng ea hae mohlala ofe tabeng ea likamano tsa lelapa?

15 Karolo e ’ngoe eo ho eona Bakreste ‘ba latelang mehlaleng ea Jesu’ ke ka lapeng. Bibele e totobatsa mohlala oa Jesu e le mohlala o lokelang ho etsisoa bakeng sa likamano tsa lelapa ha e re: “Ikokobetseng e mong ho e mong, le ntse le tšaba Kreste. Lōna basali, le ikokobetse ka tlas’a banna ba lōna, joale ka ha le ikokobetsa ho Morena; hobane monna ke hloho ea mosali, joale ka ha Kreste le eena e le hloho ea Kereke . . . Joale ka ha Kereke e ikokobetsa ka tlas’a Kreste, basali le bona ba ikokobetse ho banna ba bona joalo nthong tsohle. Lōna banna, ratang basali ba lōna, joale ka ha Kreste le eena a ratile Kereke, ’me a iteletse lefu ka baka la eona.”—Ba-Efese 5:21-25.

16, 17. (a) Ho na le boemo bofe bo bobe Bokreste-’mōtoaneng mabapi le likamano tsa lelapa? (b) Ke ka tsela efe feela likamano tsa lelapa li ka ntlafatsoang, joalokaha ho bontšoa ke phihlelo ea banyalani ba bang Brazil?

16 Kajeno ka kakaretso Bokreste-’mōtoana bo iphapanyetsa keletso ena ’me kahona bo tletse malapa a tsekolohileng. Ho tloaelehile hore ho be le malapa a qhalaneng, ’me likhohlano tsa batsoali le bana li atisa ho fetoha tse tebileng haholo. Moprofesa e mong oa thuto ea kelello o kile a bua tjena lilemong tse seng kae tse fetileng: “Lelapa le arohana likoto.” Liithuti tsa likelello tsa bana, baeletsi ba manyalo, le lingaka tsa mafu a kelello li bile le katleho e fokolang feela ho bolokeng malapa a kotsing a le ’moho. Empa Lipaki tsa Jehova li leka ka matla ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ’me li tsebjoa ka ho ba le likamano tsa lelapa tse molemo ho feta tse tloaelehileng.

17 Ka mohlala, Aldemar e ne e le ofisiri ea sepolesa-sesole sa Brazil ’me o ne a e-na le mathata a lelapa. Mosali oa hae o ile a mo siea ’me a batla karohano ea molao. Aldemar o ile a qala ho noa haholo ’me a ba a leka ho ipolaea. Hamorao, beng ka eena, bao e leng Lipaki tsa Jehova, ba bua le eena ka Bibele. O ile a rata seo a neng a se utloa ’me a qala ho ithuta. Ka ho batla ho lumellanya bophelo ba hae le boemo ba ho se nke lehlakore boo Lipaki tsa Jehova li tsebjoang ka bona, o ile a kōpa ho itokolla sesoleng. Aldemar le mosali oa hae ba ile ba lokisa mathata a bona a lenyalo ka ho sebelisa melao-motheo ea Bibele eo Aldemar a neng a ithuta eona. Kajeno, ba latela mehlaleng ea Jesu, ba sebeletsa Jehova ’moho e le bo-pula-maliboho ba kamehla.

Lia Utloa ka Baka la Lerato

18. (a) Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li hlohonolofatsoa moeeng kajeno? (b) Esaia 2:2-4 e phethahatsoa joang hona joale?

18 Ho totobetse hore Lipaki tsa Jehova li tsamaea li kopane mehlaleng ea Kreste Jesu le moeeng oo a neng a e-na le oona. E le batho ka bomong hape e le sehlopha, li hlohonolofatsoa moeeng ka ho etsa joalo. (Pesaleme ea 133:1-3) Bopaki bo totobetseng ba tlhohonolofatso ea Molimo ho tsona bo susumelitse matšoele-tšoele a batho ba lipelo li tšepahalang hore ba nke bohato tumellanong le boprofeta bo ho Esaia 2:2-4. Lilemong tse hlano feela tse fetileng, ba 987 828 ba nkile mehato e hlokahalang ea boinehelo ’me ba itlhahisa bakeng sa kolobetso ea metsing. Ka lerato, Jehova ha aa beha moeli lenaneng la batho ba ka etsang sena pele “mahlomola a maholo” a qala!—Tšenolo 7:9, 14.

19. (a) Ke melemo efe e neng e sa lebelloa e ka ’nang ea hlaha ka ho sebeletsa Jehova, ’me e lokela ho talingoa joang? (b) Lebaka la rōna la motheo la ho utloa litaelo tsa Jehova ke lefe?

19 Joalokaha liphihlelo tse kaholimo li bontša, hangata mahlohonolo a moea a thabeloang ke batho ba Jehova a tsamaea le melemo e neng e sa lebelloa. Ka mohlala, ka ho tela ho tsuba, ka ho phela bophelo ba boitšoaro bo botle, le ka ho hlompha khalalelo ea mali, li ka ’na tsa qoba ho hlaseloa ke mafu a itseng. Kapa ka baka la ho phela tumellanong le ’nete, li ka ’na tsa fumana molemo ka tsela e ’ngoe licheleteng, kahisanong, kapa lapeng. Melemo leha e le efe e joalo e neng e sa lebelloa e talingoa e le tlhohonolofatso ea Jehova, ’me e paka hore melao ea Jehova ke e sebetsang. Empa monyetla oa ho fumana melemo e joalo e sebetsang ka booona hase lebaka le ka sehloohong la ho utloa melao ea Molimo. Bakreste ba ’nete ba utloa Jehova hobane ba mo rata, hobane a tšoaneloa ke borapeli ba bona, le hobane ho etsa thato ea hae e le eona feela ntho e nepahetseng. (1 Johanne 5:2, 3; Tšenolo 4:11) Ke Satane ea pheang khang ea hore batho ba sebeletsa Jehova feela ka baka la melemo ea boithati.—Bona Jobo 1:9-11; 2:4, 5.

20. Lipaki tsa Jehova kajeno li tsamaea ka moea o le mong le lipaki tse tharo tse tšepahalang tsa Baheberu tsa mehleng ea boholo-holo joang?

20 Lipaki tsa Jehova tsa kajeno li tsamaea ka moea o le mong le lipaki tse nyenyane tsa Baheberu tsa mehleng ea Daniele. Ha li tšosoa ka ho akheloa ka sebōping sa mollo, lipaki tsena li ile tsa re: “Bona, Molimo oa rōna, oo re o sebeletsang, o na le matla a ho re lokolla seboping sa mollo o bohale, ’me o fela o tla re lokolla letsohong la hao, morena. Leha ho se joalo [hona ho bolela hore, esita le haeba o re tlohella hore re shoe], u tsebe, morena, hobane re ke ke ra sebeletsa melimo ea hao, re ke ke ra khumamela setšoantšo sa gauda seo u se emisitseng.” (Daniele 3:17, 18) Ho sa tsotellehe melemo e tlang hang-hang e neng e sa lebelloa kapa liphello tse joalo, Lipaki tsa Jehova li tla tsoela pele ho latela haufi-ufi mehlaleng ea Jesu, li tseba hore li tiiselitsoe bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha la Molimo! E le batho ba kopaneng, li tla tsoela pele ho tsamaea “ka moea o le mong” le “ka mehlala e le meng,” ho sa tsotellehe hore na ho ka hlaha eng!

Na U Ka Hlalosa:

◻ Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li kopane?

◻ Lipaki tsa Jehova li fapana le ba ipitsang Bakreste lintlheng life?

◻ Lebaka le ka sehloohong leo ka lona Bakreste ba ’nete ba sebeletsang Jehova ke lefe?

◻ Batho ba Jehova ba talima melemo e tlang ka ho utloa Jehova joang?

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Ha mokuli a hana ho tšeloa mali, hangata ho nkoa hore ke e mong oa Lipaki tsa Jehova

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Matsoalo a ba bangata ba ipolelang hore ke Bakreste ha aa ka a ba thibela ho kenella ntoeng e mong khahlanong le e mong—ka tlhohonolofatso ea baruti ba bona

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela