Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w91 2/15 maq. 10-15
  • Topollo e Lekanang le se Lahlehileng Bakeng sa Bohle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Topollo e Lekanang le se Lahlehileng Bakeng sa Bohle
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Litseko tse Lokelang ho Rarolloa
  • Topollo: Ke ho Koahela
  • Topollo e Lekanang le se Lahlehileng
  • Ke Mang ea Fanang ka Topollo?
  • “Ho Phethahetse!”
  • Jehova o Fana ka “Tefo Bakeng sa ho Lopolla Batho ba Bangata”
    Atamela ho Jehova
  • Thekollo ke Mpho ea Bohlokoa e Tsoang ho Molimo
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Thekollo ke Mpho ea Molimo e Khōlō ka ho Fetisisa
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Ke Joang Sehlabelo sa Jesu e Leng Thekollo Bakeng sa Rona?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
w91 2/15 maq. 10-15

Topollo e Lekanang le se Lahlehileng Bakeng sa Bohle

“Mor’a Motho ha a ea tlela ho sebeletsoa, empa ho tla sebeletsa le ho neelana ka bophelo ba hae hore e be topollo ea ba bangata.”—MATTHEU 20:28, “BPN.”

1, 2. (a) Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore topollo ke mpho e khōlōhali eo Molimo o e fileng batho? (b) Ho hlahlobisisa topollo ho tlisa molemo ofe?

TOPOLLO ke mpho e khōlōhali eo Molimo o e fileng batho. Re ka fumana “tšoarelo ea litšito tsa rōna” ka “tokollo e tlisoang ke topollo.” (Ba-Efese 1:7, NW) Ke motheo oa tšepo ea bophelo bo sa feleng, ebang ke leholimong kapa lefatšeng la paradeise. (Luka 23:43, NW; Johanne 3:16) ’Me ka baka la eona, Bakreste ba ka thabela boemo bo hloekileng pel’a Molimo esita le hona joale.—Tšenolo 7:14, 15.

2 Ka hona topollo hase ntho e sa hlaloseheng kapa khopolo-taba. Kaha e na le motheo oa molao melao-motheong ea Molimo, topollo e ka tlisa melemo ea sebele, e bonahalang. Litšobotsi tse itseng tsa thuto ena li ka ’na tsa e-ba “thata ho utloisisoa.” (2 Petrose 3:16, BPN) Empa u tla fumana e le boiteko bo tšoanelehang ho hlahlobisisa topollo haufi-ufi, kaha e bonahatsa lerato le fetisisang la Molimo ho batho. Ho utloisisa se boleloang ke topollo ke ho utloisisa tšobotsi ea sehlooho ea “maruo le bohlale le tsebo” tse ke keng tsa lekanngoa tsa Molimo.—Ba-Roma 5:8; 11:33, NW.

Litseko tse Lokelang ho Rarolloa

3. Ho tlile joang hore ho hlokahale hore ho be le topollo, hona ke hobane’ng ha Molimo o ne o ke ke oa tšoarela boetsalibe ba batho feela?

3 Ho ile ha hlokahala hore topollo e be teng ka baka la sebe sa motho oa pele, Adama, ea ileng a fetisetsa lefa le se nang thuso la ho kula, boloetse, mahlomola, le bohloko ho bana ba hae. (Ba-Roma 8:20) Ka baka la ho se phethahale ha tsona hoo li ho futsitseng, litloholo tsohle tsa Adama ke “bana ba bohale,” ba tšoaneloang ke lefu. (Ba-Efese 2:3; Deuteronoma 32:5) Molimo o ne o ke ke oa inehela boikutlong bo sa laoloeng ke melao-motheo ’me ebe o tšoarela batho bao ba sa laoleheng. Lentsoe la oona le bontša hore “moputso oa sebe ke lefu.” (Ba-Roma 6:23) Molimo o ne o tla lokela hore o hlokomolohe litekanyetso tsa oona tse lokileng, hore o etse toka ea oona ea molao lefeela ha o ne o ka tšoarela boetsalibe ba batho! (Jobo 40:8) Empa, “ho loka le kahlolo ke motheo oa terone ea [Molimo].” (Pesaleme ea 89:14) Ha o ne o ka kheloha ka tsela efe kapa efe ho lokeng, hoo ho ne ho tla hlohlelletsa ho hloka molao le ho nyenyefatsa boemo ba oona e le ’Musi oa Bokahohle.—Bapisa le Moeklesia 8:11.

4. Bofetoheli ba Satane bo ile ba phahamisa litseko life?

4 Hape Molimo o ne o lokela ho rarolla litseko tse ling tse neng li phahamisitsoe ke bofetoheli ba Satane, litseko tsa bohlokoahali ho feta boemo ba tsieleho ba batho. Satane o ile a senya Molimo lebitso ka ho qosa Jehova ka hore ke raleshano le mohatelli ea sehlōhō ea amohang libōpuoa tsa hae tsebo le tokoloho. (Genese 3:1-5) Ho phaella moo, Satane o ile a etsa hore ho bonahale eka Molimo o hlōlehile ho finyella seo o neng o se rerile ka hore ho bonahale eka o nyopisitse morero oa Molimo oa ho tlatsa lefatše ka batho ba lokileng. (Genese 1:28; Esaia 55:10, 11) Hape Satane o ile a ba sebete ho etselletsa bahlanka ba tšepahalang ba Molimo, a ba qosa ka hore ba ne ba O sebeletsa feela ka baka la merero ea boithati. Satane o ile a ithorisa ka hore haeba ba ne ba ka ba tlas’a khatello, ho ne ho se lea mong ho bona ea neng a tla lula a tšepahala ho Molimo!—Jobo 1:9-11.

5. Ke hobane’ng ha Molimo o ne o ke ke oa hlokomoloha liphephetso tsa Satane?

5 Liphephetso tsena li ne li ke ke tsa hlokomolohuoa. Haeba li ne li tlohetsoe li sa arabeloa, ho tšepa bobusi ba Molimo le ho bo tšehetsa ho ne ho tla qetella ho nyametse. (Liproverbia 14:28) Haeba molao le taolo li ne li le sieo, na ho ne ho ke ke ha tlala pherekano bokahohleng bohle? Ka hona Molimo o ne o tlamehile ho tlosa qoso bobusing ba oona lebitsong la oona ka booona le lebitsong la litsela tsa oona tse lokileng. O ne o tlamehile ho lumella bahlanka ba oona ba tšepahalang ho bontša botšepehi ba bona bo sa sisinyeheng ho oona. Sena se ne se bolela ho sebetsana le boemo ba tsieleho ba batho ba baetsalibe ka tsela e neng e tla etelletsa pele litseko tse khōlō. Hamorao o ile oa bolella Iseraele: “Ke ’na, ke ’na ea tlosang litlōlo tsa hao ka baka la ka.”—Esaia 43:25.

Topollo: Ke ho Koahela

6. Ke mantsoe afe a mang a sebelisitsoeng ka Bibeleng ho hlalosa mokhoa oo Molimo o o sebelisitseng ho pholosa batho?

6 Ho Pesaleme ea 92:5, rea bala: “Mesebetsi ea hao e meholo hakakang, Jehova, mehopolo ea hao e tebile hakakang!” Ka hona ho hlokahala hore re etse boiteko hore re tle re utloisise seo Molimo o se etselitseng batho. (Bapisa le Pesaleme ea 36:5, 6.) Ka thabo, Bibele e re thusa ho utloisisa litaba ka ho sebelisa mantsoe a ’maloa a hlalosang kapa a bontšang mesebetsi e meholo ea Molimo ho latela lipono tse sa tšoaneng. Bibele e bua ka topollo e le theko, poelanyo, ho busetsoa mohaung, tefello, le phekolo ea libe. (Pesaleme ea 49:8, BPN; Daniele 9:24; Ba-Galata 3:13, NW; Ba-Kolosse 1:20; Ba-Heberu 2:17, NW) Empa mohlomong lentsoe le hlalosang litaba hantle ke le ileng la sebelisoa ke Jesu ho Mattheu 20:28: “Mor’a Motho ha a ea tlela ho sebeletsoa, empa ho tla sebeletsa le ho neelana ka bophelo ba hae hore e be topollo [lyʹtron, ka Segerike] ea ba bangata.”—BPN.

7, 8. (a) Re ithuta eng mantsoeng a Segerike le a Seheberu a sebelisitsoeng bakeng sa topollo? (b) Bontša hore na ke joang topollo e akarelletsang hore ho fanoe ka ntho e lekanang le e lahlehileng.

7 Topollo ke eng? Lentsoe la Segerike lyʹtron le tsoa leetsing le bolelang “ho lokolla.” Le ne le sebelisetsoa ho hlalosa chelete e lefshoang bakeng sa ho lokolloa ha batšoaruoa ba ntoa. Leha ho le joalo, ka Mangolong a Seheberu lentsoe le sebelisitsoeng bakeng sa topollo, koʹpher, le tsoa leetsing le bolelang ho “koahela” kapa “ho pupetsa.” Ka mohlala, Molimo o ile oa bolella Noe hore a koahele (ka·pharʹ) areka ka boka. (Genese 6:14) Ka hona, ho latela pono ena, ho lopolla, kapa ho phekola libe, ho bolela ho koahela libe.—Pesaleme ea 65:3, NW.

8 Theological Dictionary of the New Testament e hlokomela hore koʹpher “ka mehla e bolela ho tšoana,” kapa ho lekana. Ka hona, ho neng ho koahetse (kap·poʹreth) areka ea selekane ho ne ho lekana le sebōpeho sa areka ka boeona. Ka ho tšoanang, ha ho phekoloa sebe, kapa ho lopolloa, toka ea Molimo e laela hore ho lefshoe ‘sephefumolohi ka sephefumolohi, leihlo ka leihlo, leino ka leino, letsoho ka letsoho, leoto ka leoto.’ (Deuteronoma 19:21, NW) Leha ho le joalo, ka linako tse ling toka e ka phethahatsoa ka hore ho nehelanoe ka ntho e tšoanang ho fapana le kotlo e boima. Ha re etsa papiso: Exoda 21:28-32 e bua ka poho e hlabang motho ho fihlela a e-shoa. Haeba mong’a poho eo a ne a tseba tšekamelo ea eona empa a sa ka a nka mehato e hlokahalang esale pele, o ne a ka laeloa hore a koahele tahlehelo ea bophelo ba motho ea bolailoeng kapa a bo lefe ka bophelo ba hae! Empa, ho thoe’ng haeba mong’a eona a ne a e-na le molato o fokolang feela ho seo? O ne a tla hloka koʹpher, ntho e ’ngoe e neng e tla koahela phoso ea hae. Baahloli ba khethiloeng ba ne ba ka mo lopolla, kapa ba mo lefisa, e le theko ea tefello.

9. Boemo bo neng bo ama matsibolo a Iseraele bo bontša joang hore ho ne ho hlokoa ntho e nepahetseng thekong ea tefello?

9 Lentsoe le leng la Seheberu le amanang le “ho lopolla” ke pa·dhahʹ, e leng leetsi leo haholo-holo le bolelang ho “lefella.” Numere 3:39-51, (NW) e bontša hore na theko ea tefello e ne e lokela ho ba e nepahetseng hakae. Kaha Molimo o ne o lopollotse matsibolo a Iseraele polaong ka Paseka ea 1513 B.C.E., e ile ea e-ba eena mong’a ’ona. Ka hona o ne o ka ’na oa laela hore mora e mong le e mong oa letsibolo oa Moiseraele a o sebeletse tempeleng. Ho e-na le hoo, Molimo o ile oa amohela “theko ea tefello” (pidh·yohmʹ, e leng lereho le nkiloeng ho pa·dhahʹ), oa fana ka taelo ena: “U nkhethele Balevi . . . bakeng sa matsibolo ’ohle a bara ba Iseraele.” Empa ho nkelang matsibolo ao sebaka e ne e lokela ho ba ho nepahetseng. Ho ile ha baloa leloko la Levi: ba batona ba 22 000. Hape, ha baloa matsibolo ’ohle a Iseraele: ba batona ba 22 273. Ke feela ka ho lefa “theko ea topollo” ea lishekele tse hlano bakeng sa motho ka mong ho neng ho ka lefelloa matsibolo a ka holimo ho lenane leo a 273, ho a lokolla tšebeletsong ea tempele.

Topollo e Lekanang le se Lahlehileng

10. Ke hobane’ng ha mahlabelo a liphoofolo a ne a ke ke a koahela libe tsa batho ka ho lekaneng?

10 Se boletsoeng ka holimo se bontša hore topollo e tlameha ho tšoana le ntho eo e e nkelang sebaka, kapa eo e e koahelang. Ha e le hantle mahlabelo a liphoofolo ao banna ba tumelo, ho tloha ka Abele ho ea pele, ba neng ba a nyehela a ne a ke ke a koahela libe tsa batho, kaha batho ba phahametse libatana. (Pesaleme ea 8:4-8) Ka hona Pauluse o ne a ka ngola tjena, “mali a lipoho le a liphooko a sitoa ruri ho tlosa libe.” Mahlabelo a joalo a ne a ka sebeletsa feela e le ntho ea tšoantšetso e koahelang, ho ntse ho lebelletsoe topollo e neng e tla tla.—Ba-Heberu 10:1-4.

11, 12. (a) Ke hobane’ng ha ho ne ho sa hlokahale hore batho ba limillione tse likete-kete ba shoe mafu a sehlabelo hore ba koahele boetsalibe ba batho? (b) Ke mang feela ea neng a ka sebeletsa e le “topollo e lekanang le se lahlehileng,” hona lefu la hae le phetha morero ofe?

11 Topollo ena e neng e tšoantšetsoa e ne e lokela hore e tšoane ka ho nepahetseng le Adama, kaha kotlo ea lefu eo Molimo o neng o e tliselitse Adama e ile ea fella ka ho ahloloa ha moloko oa batho. 1 Ba-Korinthe 15:22, (BPN) e re: “Bohle ba e-shoa ka baka la Adama.” Kahoo ho ne ho sa hlokahale hore batho ka bomong ba limillione tse likete-kete ba shoe mafu a sehlabelo hore ba lekane le batho ka bomong baneng ba Adama. “Sebe se kene lefatšeng ka motho a le mong [Adama], ’me lefu le kene ka sebe.” (Ba-Roma 5:12) “Erekaha lefu le hlahile ka motho,” tefello ea batho le eona e ne e ka tla “ka motho.”—1 Ba-Korinthe 15:21, BPN.

12 Motho eo e neng e ka ba topollo e ne e lokela hore e be motho ea phethahetseng oa nama le mali—ea lekanang hantle le Adama. (Ba-Roma 5:14) Sebōpuoa sa moea kapa “Molimo-motho,” se ne se ke ke sa etsa hore sekala sa toka se leka-lekane. Ke motho ea phethahetseng feela, ea seng tlas’a kotlo ea lefu e fuoeng Adama, ea neng a ka nehelana ka “topollo e lekanang le se lahlehileng,” e lekanang ka ho phethahetseng le Adama. (1 Timothea 2:6, NW)a Ka ho etsa sehlabelo ka bophelo ba hae ka boithatelo, ‘Adama enoa oa morao’ o ne a ka lefa moputso oa sebe sa “motho oa pele, Adama.”—1 Ba-Korinthe 15:45; Ba-Roma 6:23.

13, 14. (a) Na Adama le Eva ba rua molemo topollong? Hlalosa. (b) Topollo e ruisa litloholo tsa Adama molemo joang? Bontša.

13 Leha ho le joalo, Adama kapa Eva ha ba rue molemo topollong. Molao oa Moshe o ne o e-na le molao-motheo ona: “Le ke ke la amohela topollo bakeng sa bophelo ba ’molai ea tšoanetseng ho bolaoa.” (Numere 35:31) Adama ha aa ka a thetsoa, kahoo sebe sa hae e ne e le sa boithatelo, e ne e le sa ka boomo. (1 Timothea 2:14) Se ne se tšoana le ho bolaea bana ba hae, hobane joale ba ile ba futsa ho se phethahale ha hae, ka hona ba kena kotlong ea lefu. Ka ho hlakileng, Adama o ne a tšoanela ho shoa, hobane joaloka motho ea phethahetseng, ka boithatelo o ne a ikhethetse ho se utloe molao oa Molimo. Hore Jehova a sebelise topollo molemong oa Adama e ne e tla ba ho hohlanang le melao-motheo ea hae e lokileng. Leha ho le joalo, ho lefa moputso oa sebe sa Adama ho ne ho tla etsa hore kotlo ea lefu holim’a bana ba Adama e be e se nang thuso! (Ba-Roma 5:16) Ka kutloisiso ea molao, matla a senyang a sebe a felisoa ho tloha mohloling oa oona. Molopolli o ‘utloa lefu ka baka la bohle,’ o jara liphello tsa sebe bakeng sa bana bohle ba Adama.—Ba-Heberu 2:9; 2 Ba-Korinthe 5:21; 1 Petrose 2:24.

14 Ha re etsa papiso: Ak’u nahane ka feme e khōlō e nang le bahiruoa ba makholo-kholo. Mookameli e mong ea sa tšepahaleng oa feme o liha khoebo; feme eo ea koaloa. Joale batho ba makholo-kholo ba tsoa mosebetsing ’me ha ba khone ho lefa melato ea bona. Balekane ba bona ba lenyalo, bana, e, le batho bao feme e ba kolotang kaofela ba utloa bohloko ka baka la bolotsana ba motho eo a le mong! Joale morui e mong ea fanang oa tla ’me o lefa molato oohle oa feme eo ebile o e bula hape. Joale ho hlakoloa ha molato oo o le mong ho tlisetsa bahiruoa ba bangata topollo, malapa a bona, le batho bao feme e ba kolotang. Empa na mookameli eo oa pele oa feme o ba le monyetla oa ho kopanela katlehong e ncha ea moruo? Che, eena o teronkong ’me ka tsela ena o lahlehetsoe ke mosebetsi oa hae ’me a ke ke a hlola a o fumana! Ka ho tšoanang, ho hlakoloa ha sebe se le seng sa Adama ho tlisetsa litloholo tsa hae tse limillione melemo—empa eseng Adama.

Ke Mang ea Fanang ka Topollo?

15. Ke mang ea neng a ka fana ka topollo bakeng sa batho, hona hobane’ng?

15 Mopesaleme o ile a tletleba: “Ha ho le a mong oa bona ea ka tsebang ho lopolla ngoan’abo, leha e le ho ntšetsa Molimo topollo bakeng sa hae. Topollo [“theko ea tefello,” NW] ea bophelo ba motho e fetisa matla a hae.” The New English Bible e bolela hore theko ea topollo “ka mehla e ne e mo imela hore a ka e lefa.” (Pesaleme ea 49:7, 8) Ka hona, ke mang ea neng a tla fana ka topollo? Ke Jehova feela ea neng a ka fana ka “Konyana . . . e tlosang libe tsa lefatše” e phethahetseng. (Johanne 1:29) Molimo ha oa ka oa romela lengeloi le leng le itseng ho lopolla batho. O ile oa etsa boitelo bo phahameng ka ho romela Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši, “eo o neng o mo rata ka ho khethehileng.”—Liproverbia 8:30, NW; Johanne 3:16.

16. (a) Ho tlile joang hore Mor’a Molimo a tsoaloe e le motho ea phethahetseng? (b) Ka kutloisiso ea molao Jesu o ne a ka bitsoa’ng?

16 Ka ho nka karolo ka boithatelo tokisetsong ea Molimo, Mor’a Molimo o ile “a iketsa lefeela” ka ho lahla sebōpeho sa hae sa leholimo. (Ba-Filippi 2:7, NW) Jehova o ile a fetisetsa matla a bophelo le sebōpeho sa botho ba Mora oa hae oa leholimo oa letsibolo pōpelong ea moroetsana oa Mojode ea bitsoang Maria. Joale moea o halalelang o ile oa ‘mo khurumetsa,’ ho tiisa hore ngoana ea neng a ntse a hōla ka pōpelong ea hae e ne e tla ba ea halalelang, ea se nang sebe ka ho felletseng. (Luka 1:35; 1 Petrose 2:22) Ha e se e le motho, o ne a tla bitsoa Jesu. Empa ka kutloisiso ea molao, o ne a ka bitsoa ‘Adama oa bobeli,’ kaha o ne a lekana le Adama ka ho phethahetseng. (1 Ba-Korinthe 15:45, 47) Ka hona Jesu o ne a ka itela hore e be sehlabelo joaloka “konyana e se nang letheba le sekoli,” e le topollo bakeng sa batho ba baetsalibe.—1 Petrose 1:18, 19.

17. (a) Topollo e lefshoa ho mang, hona hobane’ng? (b) Kaha Molimo ke oona o fanang ka topollo le o e amohelang, ke hobane’ng ha e ntse e hlokahala?

17 Leha ho le joalo, topollo eo e ne e tla lefshoa ho mang? Ka lilemo tse makholo liithuti tsa thuto ea bolumeli tsa Bokreste-’mōtoana li ’nile tsa pheha khang ka hore e ile ea lefshoa ho Satane Diabolose. ’Nete ke hore batho ba “rekisitsoe tlas’a” sebe ’me ka tsela eo ba kene tlas’a taolo ea Satane. (Ba-Roma 7:14, NW; 1 Johanne 5:19) Ho ntse ho le joalo, Jehova “o fana ka kotlo” bakeng sa phoso, hase Satane ea fanang ka eona. (1 Ba-Thessalonika 4:6, NW) Ka hona, joalokaha Pesaleme ea 49:7 e bontša ka ho hlaka, topollo e lokela ho lefshoa ho “Molimo.” Jehova o etsa hore topollo e fumanehe, empa ka mor’a hore Konyana ea Molimo e etsoe sehlabelo, molemo oa topollo ea eona o lokela ho lefshoa ho Molimo. (Bapisa le Genese 22:7, 8, 11-13; Ba-Heberu 11:17.) Sena hase etse hore topollo e be phapanyetsano e se nang morero, e iketsahallang ka boeona feela, joalokaha eka motho e mong o ne a ntša chelete ’me a e fa e mong. Topollo ha e akarelletse hakaalo phapanyetsano ea lintho tse bonahalang joaloka litabeng tsa molao. Ka hore Jehova a tsitlallele hore topollo e lefshoe—ka tahlehelo e khōlō ho eena—o ile a tiisa ho khomarela ha hae melao-motheo e lokileng a sa sisinyehe.—Jakobo 1:17.

“Ho Phethahetse!”

18, 19. Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore Jesu a utloisoe bohloko?

18 Nakong ea selemo ka 33 C.E., e ne e le nako ea hore ho lefshoe topollo. Jesu Kreste o ile a tšoaroa ka liqoso tsa bohata, a ahloloa hore o molato, ’me a khokhotheloa thupeng ea polao. O ile a rapela Molimo ka tieo ka “mehoo le ka meokho” ka baka la bohloko bo matla le nyeliso tse neng li ameha. (Ba-Heberu 5:7, BPN) Na ho ne ho hlokahala hore Jesu a utloisoe bohloko joalo? E, hobane ka ho lula a “tšepahala, a se na molato, a sa silafatsoa, a arohile ho baetsalibe,” ho fihlela qetellong, Jesu o ile a rarolla tseko ea botšepehi ba bahlanka ba Molimo ka tsela e hlollang ea makhaola-khang.—Ba-Heberu 7:26, NW.

19 Mahlomola a Kreste le ’ona a ile a sebeletsa ho mo etsa hore a phethehe bakeng sa karolo ea hae e le Moprista ea Phahameng oa batho. A le boemong boo, e ne e ke ke ea e-ba molaoli ea itseng ea se nang kutloelo-bohloko, ea sa tenyetseheng. “Hobane ereka ha a utloile bohloko mohla a lekoang, ke ka hoo a tsebang ho thusa ba lekoang.” (Ba-Heberu 2:10, 18; 4:15) Ha Jesu a se a felloa ke phefumoloho ’me a e-shoa, o ne a ka hoeletsa ka tlhōlo a re, “Ho phethahetse!” (Johanne 19:30, BPN) Hase feela hore o ne a ipakile a tšepahala empa o ne a atlehile ho rala motheo bakeng sa poloko ea batho—’me habohlokoahali, o ne a ralile motheo oa ho tlotlisoa ha bobusi ba Jehova!

20, 21. (a) Ke hobane’ng ha Kreste a ile a tsosoa bafung? (b) Ke hobane’ng ha Jesu Kreste a “phelisitsoe ka nģeng ea moea”?

20 Leha ho le joalo, topollo e ne e tla sebelisoa ka mokhoa ofe molemong oa batho ba baetsalibe? Neng? Joang? Litaba tsena li ne li sa tlohelloa hore li iketsahalle feela li sa reroa. Letsatsing la boraro ka mor’a lefu la Kreste, Jehova o ile a mo tsosa bafung. (Liketso 3:15; 10:40) Ka ketso ena ea bohlokoa, e leng ’nete e tiisoang ke lipaki tse boneng ka mahlo tse makholo-kholo, hase feela hore Jehova o ile a putsa tšebeletso ea Mora oa hae ea botšepehi empa o ile a mo fa monyetla oa ho phetha mosebetsi oa hae oa tefello.—Ba-Roma 1:4; 1 Ba-Korinthe 15:3-8.

21 Jesu o “phelisitsoe ka nģeng ea moea,” setopo sa hae se lefatšeng se ile sa felisoa ka mokhoa o mong o sa boleloang. (1 Petrose 3:18; Pesaleme ea 16:10; Liketso 2:27) Ha Jesu ea tsositsoeng e se e le sebōpuoa sa moea, joale o ne a ka khutlela leholimong ka tlhōlo. E tlameha e be ho ile ha e-ba le nyakallo e fetisisang hakaakang leholimong ketsahalong eo! (Bapisa le Jobo 38:7.) Jesu o ne a sa khutlele feela hore a e’o thabela ho amoheloa. O ne a tletse ho etsa mosebetsi o mong, o akarelletsang ho nolofalletsa moloko ’ohle oa batho hore o rue molemo topollong ea hae. (Bapisa le Johanne 5:17, 20, 21.) Sehloohong se latelang ho tla tšohloa hore na o finyelletse sena joang le hore na se bolela eng bakeng sa batho.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lentsoe la Segerike le sebelisitsoeng mona, an·tiʹly·tron, ha ho kae kapa kae moo le hlahang teng ka Bibeleng. Le amana le lentsoe leo Jesu a ileng a le sebelisa bakeng sa topollo (lyʹtron) ho Mareka 10:45. Leha ho le joalo, The New International Dictionary of New Testament Theology e hatisa hore an·tiʹly·tron ‘e hatisa khopolo ea phapanyetsano.’ Ka ho nepahetseng, New World Translation e le fetolela e le “topollo e lekanang le se lahlehileng.”

Lipotso tsa Tlhahlobo

◻ Ke litseko life tseo e neng e le tsa bohlokoa haholoanyane ho feta ho bolokeha ha batho?

◻ Ho “lopolla” baetsalibe ho bolela eng?

◻ Jesu o ne a lokela ho lekana le mang, hona hobane’ng?

◻ Ke mang ea fanang ka topollo, hona e lefshoa ho mang?

◻ Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore Kreste a tsosoe bafung e le moea?

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Mahlabelo a liphoofolo a ne a sa lekana bakeng sa ho koahela libe tsa batho; a ne a tšoantšetsa sehlabelo se seholoanyane se neng se tla tla

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela