Khaolo ea 8
“Hobane ke Rometsoe Sena”
1-4. (a) Jesu o ruta mosali oa Mosamaria ka masene joang, hona ka phello efe? (b) Baapostola ba hae ba etsa’ng ha ba bona seo?
BA QETILE lihora ba tsamaea. Jesu le baapostola ba hae ba tseleng e tsoang Judea ’me ba lebile nģ’a leboea, Galilea. Tsela e khaoletsang—e leng leeto la matsatsi a ka bang mararo—e etsa hore ba fete le Samaria. Ba fihla motsaneng o bitsoang Sikare ha letsatsi le batla le le hloohong tsa mengala, ’me ba emisa moo ho nka khefu.
2 Ha baapostola ba il’o reka lijo, Jesu o phomola selibeng se ka thōko ho motse. Mosali e mong oa tla o tlil’o kha metsi. Jesu o ne a ka ’na a khetha ho mo hlokomoloha. O ne a “khathetse ka lebaka la leeto.” (Johanne 4:6) E ne e tla be e le ho utloahalang haeba a ne a ka koala mahlo feela a tlohella mosali eo oa Mosamaria a iphetela. Joalokaha re bone Khaolong ea 4 ea buka ena, ho ka etsahala hore ebe mosali eo o ne a lebeletse hore Mojuda leha e le ofe a mo khese. Empa Jesu o qala ho qoqa le eena.
3 O qala ka ho etsa papiso ka seo mosali eo a se etsang letsatsi le chabang le le likelang—ha e le hantle, seo a neng a bile a ntse a se etsa ka oona motsotso oo. O ne a le moo a tlil’o kha metsi; Jesu o bua ka metsi a phelisang a tla tima lenyora la hae la moea. Ka makhetlo a ’maloa mosali eo o bua lintho tse neng li ka ’na tsa tsosa khang.a Ka masene Jesu o hlokomoloha seo ’me o ntšetsa moqoqo pele. O tsepamisa maikutlo litabeng tsa moea—e leng borapeli bo hloekileng le Jehova Molimo. Seo a se buang se ama ba bangata, kaha mosali eo o se phetela banna ba motse, ’me le bona ba batla ho mamela Jesu.—Johanne 4:3-42.
4 Baapostola ba ikutloa joang ha ba khutla ba fumana Jesu a ntse a fana ka bopaki ka tsela ee e babatsehang? Ha ho letho le bontšang hore ba thahasella seo. Ba bile ba maketse hore ebe Jesu o ntse a bua le mosali eo, ’me kamoo ho bonahalang kateng ha ba re letho ho mosali eo. Ha a se a tsamaile, ba phehella Jesu hore a je lijo tseo ba li rekileng. Empa Jesu o re ho bona: “Ke na le lijo tseo ke lokelang ho li ja tseo le sa tsebeng ka tsona.” Qalong ba maketse, ba nka hore Jesu o bua ka lijo tsa sebele. Ka mor’a moo, Jesu oa hlalosa, o re: “Lijo tsa ka ke hore ke etse thato ea ea nthomileng le hore ke qete mosebetsi oa hae.” (Johanne 4:32, 34) Ka tsela eo, Jesu o ba ruta hore mosebetsi o ka sehloohong oo a o etsang ke oa bohlokoa ho feta ho ja. O batla hore le bona ba ikutloe ka tsela e tšoanang ka oona. Mosebetsi oo ke ofe?
5. Mosebetsi oo Jesu a neng a o etsa ke ofe, hona re tlil’o tšohla eng khaolong ee?
5 Jesu o kile a re: “Ke tla bolela litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo . . . , hobane ke rometsoe sena.” (Luka 4:43) E, Jesu o ne a rometsoe ho tla bolela le ho ruta litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo.b Balateli ba Jesu kajeno le bona ba lokela ho etsa mosebetsi oo. Kahoo, ke habohlokoa hore re hlahlobe hore na ke hobane’ng ha Jesu a ne a bolela, seo a neng a bolela ka sona le hore na o ne a ikutloa joang ka kabelo eo a e fuoeng.
Lebaka Leo Jesu a Neng a Bolela ka Lona
6, 7. Jesu o ne a batla hore “morupeli e mong le e mong oa sechaba” a ikutloe joang ka ho bolella ba bang litaba tse molemo? Bontša.
6 A re ke re hlahlobeng tsela eo Jesu a neng a ikutloa ka eona ka linnete tseo a neng a li ruta; re ntan’o tšohla tsela eo a neng a ikutloa ka eona ka batho bao a neng a ba ruta. Jesu o ile a etsa papiso e hlakileng ho bontša kamoo a ikutloang kateng ka ho bolella ba bang linnete tseo Jehova a mo rutileng tsona. O ile a re: “Morupeli e mong le e mong oa sechaba, ha a rutiloe mabapi le ’muso oa maholimo, o joaloka motho, mong’a ntlo, ea ntšang pokellong ea hae ea letlotlo lintho tse ncha le tsa khale.” (Matheu 13:52) Ke hobane’ng ha mong’a ntlo papisong ee a ntša lintho pokellong ea hae ea letlotlo?
7 Mong’a ntlo ha a ntše lintho tseo a nang le tsona ho etsa mponeng ka tsela eo Morena Ezekiase oa boholo-holo a kileng a etsa ka eona—’me a kotula litholoana tse babang. (2 Marena 20:13-20) Ke’ng se susumelletsang mong’a ntlo ho etsa seo? Nahana ka mohlala ona: U etetse ha mosuoe eo u mo ratang. O ntša mangolo a mabeli ka deskeng—le leng le thuntse ’mala ha le leng lona le sa le lecha. Mangolo ao ka bobeli a tsoa ho ntate oa hae—le leng le ngotsoe lilemong tse mashome tse fetileng ha e ne e sa ntse e le moshemane, le leng lona le sa tsoa ngoloa. Sefahleho sa hae sea ela ke thabo ha a u phetela kamoo a ananelang mangolo ana kateng le kamoo keletso e ngotsoeng ho ’ona e fetotseng bophelo ba hae kateng le kamoo le uena e ka u thusang kateng. Ho hlakile hore mosuoe enoa o nka mangolo ana e le letlotlo, le sa tloheng pelong ea hae. (Luka 6:45) Ha a u bontše ’ona e le ho ikhantšetsa uena kapa ho itsoela molemo ka tsela e itseng, empa o u bontša ’ona ho u thusa le ho u bontša kamoo e leng a bohlokoa kateng.
8. Ke hobane’ng ha re e-na le lebaka le utloahalang la ho nka hore linnete tseo re ithutang tsona Lentsoeng la Molimo ke letlotlo?
8 Jesu, Mosuoe e Moholo, le eena o ne a susumetsoa ke boikutlo bo tšoanang ha a bolella ba bang linnete tse mabapi le Molimo. O ne a nka linnete tseo e le letlotlo leo ho seng letho le ka bapisoang le lona. O ne a li rata a bile a labalabela ho li bolella ba bang. O ne a batla hore balateli ba hae, ke hore “morupeli e mong le e mong oa sechaba,” ba ikutloe ka tsela eo. Na ke kamoo re ikutloang kateng? Re na le lebaka le utloahalang la ho rata linnete tsohle tseo re ithutang tsona Lentsoeng la Molimo. Re nka ’nete e le lehakoe la bohlokoa, ebang ke linthong tseo e leng khale re li lumela re bile re li ananela kapa lintlheng tse sa tsoa qaqisoa. Ha re bua ka cheseho e tsoang botebong ba pelo ’me re tsoela pele ho rata seo Jehova a re rutang sona, re bonahatsa lerato leo Jesu a le bonahalitseng.
9. (a) Jesu o ne a ikutloa joang ka batho bao a neng a ba ruta? (b) Re ka etsisa tsela eo Jesu a neng a ikutloa ka eona ka batho ba bang joang?
9 Jesu o ne a boetse a rata batho bao a neng a ba ruta, ’me re tla tšohla taba eo haholoanyane Karolong ea 3. Ho ne ho profetiloe esale pele hore Mesia o ne a tla “utloela ea tlaase bohloko le ea futsanehileng.” (Pesaleme ea 72:13) Ruri Jesu o ne a tsotella batho. O ne a tsotella tsela eo ba nahanang ka eona le lintho tse ba susumetsang; a amehile ka lintho tse ba hatellang le tse ba sitisang ho utloisisa ’nete. (Matheu 11:28; 16:13; 23:13, 15) Ka mohlala nahana ka mosali eloa oa Mosamaria. Ha ho pelaelo hore o ile a khahloa ka ho teba ke taba ea hore Jesu o ile a bontša hore oa mo thahasella. Ho lemoha ha Jesu boemo ba hae ho ile ha susumelletsa mosali eo hore a amohele Jesu e le moprofeta ’me a bolelle ba bang ka eena. (Johanne 4:16-19, 39) Ke ’nete hore balateli ba Jesu kajeno ba ke ke ba bona se ka lipelong tsa batho bao ba ba pakelang. Empa re ka thahasella batho ba bang, joalokaha Jesu a ne a ba thahasella; re ka bontša hore re amehile ka bona; ’me re ka etsa hore seo re se buang se lumellane le lintho tseo ba amehileng haholo ka tsona, mathata ao ba nang le ’ona le seo ba se hlokang.
Seo Jesu a Neng a Bolela ka Sona
10, 11. (a) Jesu o ne a bolela ka eng? (b) Ke hobane’ng ha ho ile ha hlokahala ’Muso oa Molimo?
10 Jesu o ne a bolela ka eng? Haeba u batla ho araba potso eo ka ho hlahloba lithuto tse rutoang ke likereke tse ngata tse reng lia mo emela, u ka ’na ua etsa qeto ea hore o ne a buella hore ho sebelisoe melao ea Bokreste ho rarolla mathata a sechaba. Kapa u ka ’na ua ba le maikutlo a hore o ne a buella hore ho fetoloe tsamaiso ea lipolotiki kapa a hatella taba ea hore pholoho ke ea bohlokoa ho feta ntho leha e le efe e ’ngoe. Empa joalokaha ho boletsoe pejana, Jesu o ile a re ka ho hlaka: “Ke tla bolela litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo.” Ha e le hantle seo se ne se akarelletsa eng?
11 Hopola hore Jesu o ne a le teng leholimong ha Satane a qala ho belaella taba ea ho tšoaneleha ha bobusi ba Jehova. E tlameha ebe Jesu o ile a utloa bohloko ka ho tebileng hakaakang ha a utloa Ntate oa hae ea lokileng a etselletsoa a bile a qosoa ka hore ke ’Musi ea leeme ea hanelang libōpuoa tsa Hae ka lintho tse molemo! Mora oa Molimo o tlameha a ile a utloa bohloko hakaakang ha Adama le Eva, ba neng ba tlil’o hlahisa moloko oohle oa batho, ba kholoa leshano leo la Satane! Mora o ile a bona hore bofetoheli boo bo tliselitse lelapa la motho sebe le lefu. (Baroma 5:12) Empa e tlameha ebe o ile a thaba hakaakang ha a utloa hore ka le leng Ntate oa hae o tla lokisa litaba!
12, 13. ’Muso oa Molimo o tla lokisa ho hloka toka hofe, hona Jesu o ile a etsa hore ’Muso e be taba e ka sehloohong joang tšebeletsong ea hae?
12 Ke taba efe e ka sehloohong ho feta tse ling tsohle e neng e lokela ho rarolloa? Lebitso la Jehova le halalelang le lokela ho halaletsoa, ho tlosoe mosaletsa leha e le ofe oa thohako eohle eo Satane le bohle ba mo tšehetsang ba ’nileng ba e phakhella lona. Ho lokela hore ho tlosoe qoso tabeng ea ho tšoaneleha ha bobusi ba Jehova, e leng tsela eo a busang ka eona. Jesu o ne a utloisisa lintlha tsena tse ka sehloohong hamolemo ho feta motho leha e le ofe e mong. Thapelong ea mohlala, o ile a ruta balateli ba hae hore ntho ea pele eo ba lokelang ho e kōpa ke hore lebitso la Ntate oa hae le halaletsoe, ba ntan’o kōpa hore ’Muso oa Ntate oa hae o tle, ’me ho latelang ba kōpe hore thato ea Molimo e etsahale lefatšeng. (Matheu 6:9, 10) Haufinyane ’Muso oa Molimo, oo Kreste Jesu e leng ’Musi oa oona, o tla felisa tsamaiso e silafetseng ea Satane lefatšeng ’me o thehe bobusi bo tšoanelehang ba Jehova ba ka ho sa feleng.—Daniele 2:44.
13 ’Muso oo e ne e le taba e ka sehloohong eo Jesu a neng a bua ka eona ha a le tšebeletsong. Sohle seo a neng a se bua le seo a neng a se etsa se ile sa thusa ho hlakisa hore na ’Muso oo ke eng le hore na o tla finyella morero oa Jehova joang. Jesu ha aa ka a lumella letho ho mo khelosa thōmong ea hae ea ho bolela ka litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Mehleng ea hae, ho ne ho e-na le mathata ao batho ba tobaneng le ’ona ’me ho hloka toka ho ne ho jele setsi, empa o ile a tsepamisa maikutlo ho haseng molaetsa le ho phetheng mosebetsi oa hae. Na taba ea hore Jesu o ile a lula a tsepamisitse maikutlo ho seo e bolela hore o ne a sa shebe lintho ka mahlakoreng ’ohle, a se na taba le lintho tse etsahalang a bile a etsa ntho e le ’ngoe mocha-o-chele? Che!
14, 15. (a) Jesu o ipakile e le “ho hong ho fetang Solomone” joang? (b) Re ka etsisa Jesu joang tabeng ea molaetsa oo re o hasang?
14 Joalokaha re tla bona karolong ena, Jesu o ne a ruta ka tsela e ipiletsang a bile a bua ka lintho tse sa tšoaneng. O ne a ipiletsa pelong. Re ka ’na ra hopola Morena Solomone ea bohlale, ea ileng a batla mantsoe a thabisang le mantsoe a nepahetseng a ’nete, e le hore a fetise likhopolo tseo Jehova a mo bululetseng hore a li ngole. (Moeklesia 12:10) Jehova o ile a fa motho eo ea sa phethahalang “pelo e pharaletseng,” a mo nolofalletsa hore a bue ka lintho tse ngata, ho akarelletsa linonyana, litlhapi, lifate le libata. Batho ba ne ba tloha libakeng tse hōle ba tlela ho tla mamela Solomone. (1 Marena 4:29-34) Empa Jesu e ne e le “ho hong ho fetang Solomone.” (Matheu 12:42) O ne a mo feta ka bohlale, a e-na le “pelo e pharaletseng” ho mo feta. Ha a ne a ruta batho, Jesu o ne a sebelisa tsebo e tebileng ea Lentsoe la Molimo eo a neng a e-na le eona hammoho le seo a se tsebang ka linonyana, liphoofolo, litlhapi, temo, boemo ba leholimo, lintho tse neng li etsahala ka nako eo, histori le maemo a bophelo sechabeng. Leha ho le joalo, ha ho mohla Jesu a kileng a ithorisa ka tsebo eo a nang le eona ho ba bang e le hore a ba khahle. O ne a beha molaetsa oa hae ka tsela e bonolo le e hlakileng. Hase feela batho ba neng ba thabela ho mo mamela!—Mareka 12:37; Luka 19:48.
15 Bakreste kajeno ba leka ho latela tataiso ea Jesu. Ha re na bohlale le tsebo e tebileng joaloka eena, empa kaofela ha rōna re na le tsebo le phihlelo e itseng eo re ka e sebelisang ha re bolella ba bang linnete tse ka Lentsoeng la Molimo. Ka mohlala, batsoali ba ka ’na ba sebelisa phihlelo eo ba bileng le eona ha ba ntse ba hōlisa bana ba bona ho bontša kamoo Jehova a ratang bana ba Hae kateng. Ba bang ba ka ’na ba etsa mehlala kapa lipapiso ka se etsahalang mosebetsing, sekolong kapa ka seo ba se tsebang ka batho ba itseng le ka lintho tse ling tse etsahalang. Empa re ela hloko hore re se ke ra lumella ntho leha e le efe hore e fapose likelello tsa batho molaetseng oo re o hasang—oa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo.—1 Timothea 4:16.
Boikutlo ba Jesu ka Tšebeletso ea Hae
16, 17. (a) Jesu o ne a ikutloa joang ka tšebeletso ea hae? (b) Jesu o ile a bontša joang hore tšebeletso ea hae ke eona e ka sehloohong bophelong ba hae?
16 Jesu o ne a nka tšebeletso ea hae e le letlotlo la bohlokoa. O ne a thabela ho thusa batho hore ba bone seo Ntate oa hae A hlileng a leng sona, ba sa siroa ke lithuto le lineano tse ferekanyang tsa batho. Jesu o ne a rata ho thusa batho hore ba be le kamano e amohelehang le Jehova le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng. O ne a thabela ho tšelisa batho le ho ba bolella litaba tse molemo tse thabisang. O ile a bontša joang hore o ikutloa ka tsela eo? Nahana ka litsela tse tharo tseo a ileng a bontša seo ka tsona.
17 Ea pele, Jesu o ile a etsa hore tšebeletso e be eona e ka sehloohong bophelong ba hae. Ho bua ka ’Muso e ne e le mosebetsi oa hae oa letsatsi le letsatsi, e ne e le eona ntho e ka sehloohong eo a e thahasellang. Ke kahoo joalokaha ho hlalositsoe Khaolong ea 5, Jesu a ileng a bontša bohlale ka hore a khethe ho phela ka tsela e itekanetseng. Joalokaha a ne a lemosa ba bang hore ba tsepamise mohopolo tabeng ea bohlokoa ka ho fetisisa le eena o ne a etsa joalo. Ha aa ka a faposoa ke lintho tse ngata tse neng li tla hloka hore a li lefelle, a li lokise le hore a batle tse ling tse tla li nkela sebaka ha nako e ntse e feta. O ne a phela ka tsela e itekanetseng hoo ho neng ho se letho le ka mo khelosang tšebeletsong ea hae ho sa hlokahale.—Matheu 6:22; 8:20.
18. Jesu o ne a ikitlaetsa ka litsela life ha a le tšebeletsong?
18 Ea bobeli, Jesu o ne a ikitlaetsa tšebeletsong ea hae. O ile a sebetsa ka matla, a tsamaea lik’hilomithara tse makholo ho pholletsa le Palestina, a batla batho bao a ka ba bolellang litaba tse molemo. O ne a bua le bona malapeng a bona, mapatlelong a motse, limmarakeng le libakeng tse ling tse bulehileng. O ne a bua le bona esita le ha ho ne ho hlokahala hore a phomole, ha a lapile, a nyoriloe, kapa a hloka nako ea ho ikhutsa ho se hokae le metsoalle ea hae e haufi. Esita le ha a ne a le makhatheng a lefu, o ile a ’na a tsoela pele ho bolella ba bang litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo!—Luka 23:39-43.
19, 20. Jesu o ile a bontša joang hore mosebetsi oa ho bolela o lokela ho etsoa ka potlako?
19 Ea boraro, Jesu o ne a ho nka ho potlakile hore a be tšebeletsong. Hopola ha a ne a buisana le mosali oa Mosamaria selibeng se haufi le Sikare. Ha ho bonahale eka baapostola ba Jesu ba ne ba nka hore boemong boo ho potlakile hore ba bang ba bolelloe litaba tse molemo. Jesu o ile a re ho bona: “Na ha le re ho sa ntse ho e-na le likhoeli tse ’nè pele kotulo e tla? Bonang! Ke re ho lōna: Phahamisang mahlo ’me le talime masimo, hore a soeufetse bakeng sa kotulo.”—Johanne 4:35.
20 Jesu o ile a etsa papiso ka nako ea selemo eo ba neng ba le ho eona. Kamoo ho bonahalang kateng e ne e le ka khoeli ea Kisleve (November/December). Ho ne ho tlil’o feta likhoeli tse ling tse ’nè pele ho kotuloa harese, ho elella nakong ea Paseka ka la 14 Nisane. Kahoo lihoai li ne li nka hore ha ho letho le potlakileng ka kotulo ka nako eo. Ho ne ho sa na le nako e ngata lipakeng. Empa ho thoe’ng ka kotulo ea batho? Ba bangata ba ne ba le boemong ba ho utloa, ho ithuta, ho ba barutuoa ba Kreste ’me ba be le tšepo e babatsehang eo Jehova a ba tšepisang eona. Ho ne ho tšoana le ha eka Jesu o talimile masimo a tšoantšetso ’me oa bona hore a se a soeufetse ke harese e butsoitseng e ntseng e eketheha ke moea o fokang hasesaane, ho bontša hore e se e loketse kotulo.c Nako e ne e fihlile, ’me mosebetsi o lokela ho etsoa ka potlako! Ke kahoo ha batho ba motse o mong ba ne ba leka ho tšoarella Jesu, a ileng a re ho bona: “Ke tla bolela litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo le metseng e meng, hobane ke rometsoe sena.”—Luka 4:43.
21. Re ka etsisa Jesu joang?
21 Re ka etsisa Jesu ka litsela tsena tse tharo tseo re sa tsoa buisana ka tsona. Re ka etsa hore tšebeletso ea Bokreste e be eona e ka sehloohong bophelong ba rōna. Esita le haeba re e-na le boikarabelo ba lelapa re bile re sebetsa, re ka bontša hore re etelletsa tšebeletso ea rōna pele ka hore re kopanele kamehla ho eona ka cheseho, joalokaha Jesu a ne a etsa. (Matheu 6:33; 1 Timothea 5:8) Re ka ikitlaetsa tšebeletsong, ra nehelana ka seatla se bulehileng ka nako ea rōna, matla a rōna le ka matlotlo a rōna ho e tšehetsa. (Luka 13:24) Re ’ne re hopole hore ho potlakile ho etsa mosebetsi ona. (2 Timothea 4:2) Re lokela ho sebelisa monyetla o mong le o mong ho bolela!
22. Ho tla tšohloa eng khaolong e latelang?
22 Jesu o ile a boela a bontša hore o nka mosebetsi oo e le oa bohlokoa ka hore a netefatse hore o tla ’ne o tsoele pele le ka mor’a lefu la hae. O ile a laela balateli ba hae hore ba ntšetse pele mosebetsi oa ho bolela le oa ho ruta. Ho tla tšohloa taelo eo khaolong e latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka mohlala, ha mosali eo a botsa hore na ke hobane’ng ha Mojuda a bua le Mosamaria, o ne a bua ka lehloeo le bileng teng ka lilemo-lemo pakeng tsa merabe eo e ’meli. (Johanne 4:9) O ile a boela a hlahisa taba ea hore batho ba morabe oa habo ke litloholo tsa Jakobo, e leng taba eo Bajuda ba mehleng eo ba neng ba e hana ba tiile. (Johanne 4:12) Ba ne ba re Basamaria ke Bakutha ho bontša hore ba tsoa morabeng o mong.
b Ho bolela ke phatlalatsa molaetsa. Ho ruta ho na le moelelo o tšoanang empa ho akarelletsa ho fetisa molaetsa ka tsela e tebileng haholoanyane le e qaqileng. Ho ruta ka tsela e atlehang ho akarelletsa ho fumana litsela tsa ho finyella lipelo e le hore liithuti li susumelletsoe ho sebelisa seo li se utloang.
c Buka e ’ngoe ha e bua ka temana ena, e re: “Harese ha e se e butsoitse, e fetola ’mala ho tloha ho o motala ho ea ho o mosehla, kapa o bosehla bo khanyang, ho bontša hore e se e loketse kotulo.”
U ka Latela Jesu Joang?
● Lithapelo tsa rōna le liketso tsa rōna li ka bontša joang hore rea utloisisa hore ho potlakile hore re be tšebeletsong?—Matheu 9:35-38.
● Tsela eo Jesu a neng a ikutloa ka eona e ka ’na ea re susumetsa joang haeba re hlokomela hore cheseho ea rōna tšebeletsong ea tapa?—Mareka 1:35-39.
● Ha re ntse re bolela, re lokela ho talima batho ba tlaase, ba hateletsoeng, kapa ba khesoang ke ba bang joang?—Luka 18:35–19:10.
● Ke hobane’ng ha le ka mohla re sa lokela ho lumella hore ho iphapanya ha ba bang kapa ho re hlokela botsoalle ho tapise cheseho ea rōna?—Johanne 7:32-52.
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 78]