Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • jy khao. 52 leq. 128-leq. 129 ser. 7
  • Jesu o Fepa ba Likete ka Mahobe le Litlhapi Tse Seng Kae

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jesu o Fepa ba Likete ka Mahobe le Litlhapi Tse Seng Kae
  • Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jesu O Fepa Likete Ka Mohlolo
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Jesu O Fepa Likete Ka Mohlolo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Jesu o Fepa Batho ba Likete
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Jesu o Fepa Bongata
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
Bala Tse Ling
Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
jy khao. 52 leq. 128-leq. 129 ser. 7
Jesu o arolela barutuoa ba hae mahobe a mahlano le litlhapi tse peli e le hore ba ka li abela batho

KHAOLO EA 52

Jesu o Fepa ba Likete ka Mahobe le Litlhapi Tse Seng Kae

MATHEU 14:​13-21 MAREKA 6:​30-44 LUKA 9:​10-17 JOHANNE 6:​1-13

  • JESU O FEPA BANNA BA 5 000

Baapostola ba 12 ba thabetse letšolo la ho ruta molaetsa oa Molimo Galilea eohle, ’me ba qoqela Jesu ka ‘lintho tsohle tseo ba li entseng le ho li ruta.’ Ho hlakile hore ba khathetse. Leha ho le joalo, ha ba na nako ea ho ja ka lebaka la batho ba bangata ba fihlang le ba tsamaeang. Kahoo Jesu o re: “Tloong boinotšing sebakeng se ka thoko ’me le phomole hanyenyane.”​—Mareka 6:​30, 31.

Ba palama sekepe, mohlomong ba le haufi le Kapernauma ’me ba ea sebakeng se ka thoko se ka bochabela ho Noka ea Jordane, ka nģ’ane ho Bethsaida. Leha ho le joalo, batho ba bangata baa ba bona ha ba tsamaea, ha ba bang ba utloela ka taba ena. Joale ba tlola matjato ba matha lebopong ba ea moo sekepe se eang ’me ba se fihlela pele.

Ha Jesu a theoha sekepe, o bona batho ba bangata ’me o ba utloela bohloko hobane ba joaloka linku tse se nang molisa. Joale o qala ho ba “ruta lintho tse ngata” ka ’Muso. (Mareka 6:​34) O boetse o folisa le “ba hlokang phekolo.” (Luka 9:​11) Ha nako e ntse e-ea, barutuoa ba hae ba re ho eena: “Sebaka sena se thoko ’me nako e se e ile haholo, e-re bongata bo tsamaee, e le hore bo ka kena metsaneng ’me bo ithekele lintho tse jeoang.”​—Matheu 14:15.

Jesu o re: “Ha boa lokela ho tloha, lona bo feng se jeoang.” (Matheu 14:​16) Le hoja Jesu a tseba hore na o tl’o etsa’ng, o leka Filipi ka potso ena: “Re tla reka mahobe hokae hore bongata bona bo boholo bo je?” Filipi ke eena ea ka tsebang hobane ha habo ke haufi le moo. Leha ho le joalo, ho reka bohobe ho ntse ho ke ke ha rarolla qaka ena. Ho na le banna ba ka bang 5 000. Palo ena e ka imena habeli ha e kopana le ea basali le bana. Filipi o araba Jesu ka ho re: “Mahobe a rekoang ka lidenari tse makholo a mabeli [denari ke moputso oa letsatsi] ha aa lekana bakeng sa bona, hoo e mong le e mong a ka fumanang ho honyenyane.”​—Johanne 6:​5-7.

Jesu o bua le moshanyana ea nang le mahobe a mahlano le litlhapi tse peli tse nyenyane

Andrease o bua mantsoe a latelang, mohlomong a leka ho bontša hore ho ke ke ha khoneha ho fepa batho bana kaofela. O re: “Moshanyana ke enoa ea nang le mahobe a mahlano a harese le litlhapi tse nyenyane tse peli. Empa ana ke eng har’a batho ba bangata hakaale?”​—Johanne 6:9.

Ke nako ea selemo pele ho Paseka ea selemo sa 32, ’me joang bo botala bo koahetse leralla. Jesu o re barutuoa ba hae ba bolelle batho hore ba lule mohloeng ka lihlopha tsa batho ba 50 le tsa ba 100. O nka mahobe a mahlano le litlhapi tse peli ’me o leboha Molimo. Ha a qeta o nka bohobe oa bo qhetsola, hape o arola tlhapi. Jesu o li fa barutuoa ba hae hore ba li abele batho. Ntho e makatsang ke hore batho bohle ba ja ho fihlela ba khotsofala!

Hamorao Jesu o re ho barutuoa ba hae: “Bokellang lingoathoana tse setseng, e le hore ho se ke ha e-ba le letho le senngoang.” (Johanne 6:​12) Lijo tse setseng li tlala ka libasketeng tse 12!

  • Ke hobane’ng ha Jesu a isa barutuoa ba hae sebakeng se khutsitseng?

  • Jesu le barutuoa ba hae ba ea hokae, ’me ba fumana eng ha ba fihla moo?

  • Barutuoa ba Jesu ba mo khothalletsa hore a etse’ng, empa eena o etsa’ng?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela