Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 8/1 leq. 31
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha Batho ba E-shoa?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Jesu oa Pholosa—Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Sebe
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Ha Sebe se se se le Sieo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 8/1 leq. 31

Lipotso tse Tsoang ho Babali

◼ Jesu o itse, “Hojane le lifofu, le ka be le se na sebe.” (Johanne 9:41) Na o ne a bolela hore batho ba bang ha ba na sebe?

Che, kajeno batho bohle ke baetsa-libe, joalokaha bohle e ne e le baetsa-libe lekholong la pele la lilemo, ntle le Jesu ka boeena. Mantsoeng ana a hlahang ho Johanne 9:41 Jesu o ne a bua ka mofuta o khethehileng oa sebe.

Moholo-holo oa rōna bohle Adama o ile a jarisa litloholo tsohle tsa hae sebe. Adama o ne a bōpiloe a phethahetse, a se na sebe. (Deuteronoma 32:4; 2 Samuele 22:31) Ha a tlōla litaelo tsa motheo tsa Jehova, Adama o ile a fetoha ea sa phethahalang. Hantle ho etsa sebe ho bolela “ho fosa pakane.” Kannete Adama o ile a etsa hona hoo. Kahoo ka ho tlōla taelo ea Molimo, Adama a fetoha moetsa-libe.

Kaofela ha rōna re ile ra ameha hobane bohle re tsoile ho Adama. U ne u ka etsa mohlala ka tsela ena: Monna ea tsoetsoeng a e-na le bofokoli bo matla liseleng tsa hae tsa lefutso boo a bo fetiselitseng ho bana ba hae kaofela; ba ne ba tla futsa bofokoli bo tšoanang. Bo-ramahlale ba kajeno ba ka fumana hore na ngoana ea ka popelong kapa ea sa tsoa tsoaloa o na le mefokolo e itseng likaroloaneng tsa sele tse fetisang lefutso kapa che, empa Jehova o etsa ho fetang hoo. O senola hore bofokoli bo kotsi le ho feta bo ile ba e-ba teng ho Adama le hore bo fetiselitsoe ho rōna kaofela. Bofokoli bona ke sebe. “Sebe se kene lefatšeng ka motho a le mong [Adama], ’me lefu le kene ka sebe, ka mokhoa o joalo lefu le aparetse batho bohle, kahobane ba sitiloe bohle.” (Ba-Roma 5:12) Boemo bona ba boetsalibe bo tlositse batho tumellanong le ’Mōpi, ’me ba ba tlisetsa ho kula le lefu. Ha e sa le ho tloha ka nako eo ha ho motho e mong ntle le Jesu ea neng a phethahetse a bile a lokolohile kahlōlong ea lefu.—Ba-Roma 5:18-21; 6:23; 2 Likronike 6:36.

Leha ho le joalo, ka Bibeleng, ka linako tse ling batho ba itseng ba bitsoa “baetsalibe” ka baka la ho hlokomeloa e le ba etsang sebe ka mokhoa o hlahelletseng kapa ka baka la mofuta oa sebe sa ka boomo. (Luka 19:2-7; Mareka 2:16, 17; 14:41) Ke ’nete hore hoo ha ho bolele hore batho ba bang kaofela ba ne ba phethahetse, ba se na sebe. Haeba ho ne ho le joalo, ba ka be ba sa ka ba tsofala ’me ba qetella ba shoele.

Tlaleho e ho Johanne khaolo ea 9 e ne e ama monna ea neng a tsoetsoe e le sefofu empa eo Jesu a ileng a etsa hore a bone. Monna eo ka boeena o ne a sa khona ho bala Mangolo, empa o ne a e-na le tsebo e fokolang. O ne a tseba hore Molimo ha o utloe likōpo tsa baetsa-libe ba ka boomo. ’Nete ea hore Jehova o ile a nea Jesu matla a ho etsa mohlolo oa ho etsa hore motho eo a bone ho pakile hore Jesu e ne e le moprofeta. Leha ho le joalo, Bafarisi ba ikhohomosang ba ile ba hana ho amohela bopaki bo utloahalang ba monna enoa eaba baa mo leleka.—Johanne 9:13-17, 26-34.

Kamor’a sena, Jesu a re: “Ke tlile lefatšeng lena ho etsa kahlōlo ea hore ba sa boneng ba bone, ’me ba bonang ba fetohe lifofu.” (Johanne 9:39) E, motheong oa boboleli ba hae, mesebetsi ea hae, le karolo eo a neng a e phetha mererong ea Molimo, batho ba ne ba tla khona ho bona moeeng le ho tsamaea leseling, kapa ba ne ba tla ba lefifing la moea. (Esaia 9:1, 2; 42:6, 7; Mattheu 4:13-17; 6:23; 2 Petrose 1:9; 2 Ba-Korinthe 4:4) Haeba baeta-pele bao ba bolumeli e ne e le Bajode ba sa tsebeng letho ba nang le mojaro o tloaelehileng oa sebe sa botho, ho se amohele ha bona Messia ho ne ho ka ’na ha e-ba le lebaka. Empa bona, ba neng ba bolela hore baa “bona,” kapa baa utloisisa, ba ne ba le molato haholo-holo hobane ba ne ba e-na le tsebo e kholoanyane ea Molao le ea Lentsoe la Molimo la boprofeta. Kahoo ho hana ha bona Jesu e ne e le sebe se tebileng se neng se ba ahlōla ho feta mefokolo ea bona e tloaelehileng ea ho se phethahale le sebe. Ke ka hona Jesu a ileng a bolella Bafarisi: “Hojane le lifofu, le ka be le se na sebe; empa joale le re: Rea bona; sebe sa lōna se sala ke hona.”—Johanne 9:41.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela