Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w02 1/15 maq. 5-7
  • Tšepa Jehova Molimo oa Sebele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tšepa Jehova Molimo oa Sebele
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jehova—Mophethahatsi oa Merero ea Hae
  • Jehova a ka Phethahatsa Tšepo ea Rōna
  • Tšepo ea Sebele ka Baratuoa ba Hao ba Shoeleng
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Lebaka Leo ka Lona Jesu a sa Kang a Potlaka
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Tšepo e Tiileng Bakeng sa Bafu
    Ha Eo U Mo Ratang a E-shoa
  • Ho Tla Etsahala’ng Haeba re ka Shoa?
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
w02 1/15 maq. 5-7

Tšepa Jehova Molimo oa Sebele

Na u kile ua lahlela mahlo leholimong le elileng bosiu ’me ua bona makholo-kholo a linaleli? U re li tsoa hokae?

BOSIU ha ho le ngoese, e ne eka linaleli li bua le Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo, li mo susumelletsa hore a ngole a re: “Maholimo a bolela khanya ea Molimo; sepakapaka se bolela mosebetsi oa matsoho a hae.” (Pesaleme ea 19:1) E, ’Mōpi ke eena ea tšoanelang “ho amohela khanya le tlhompho le matla,” eseng lintho tse bōpiloeng.—Tšenolo 4:11; Baroma 1:25.

Bibele e re: “Ea hahileng lintho tsohle ke Molimo.” (Baheberu 3:4) Ka sebele, Molimo oa ’nete, ‘eo lebitso la hae e leng Jehova, ke ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle.’ (Pesaleme ea 83:18) Hape, hase thetso, hase seriti. Jesu Kreste o ile a bua ka Jehova, Ntat’ae oa leholimo, a re: “Ea nthomileng ke oa sebele.”—Johanne 7:28.

Jehova—Mophethahatsi oa Merero ea Hae

Lebitso le khethehileng la Molimo, Jehova, le hlaha ka makhetlo a ka bang 7 000 ka Mangolong a Seheberu feela. Lebitso leo ka bolona le bontša ’nete ea hore ke oa sebele. Ka ho toba lebitso la Molimo le bolela “O Etsa Hore ho Be.” Kahoo, Jehova Molimo o itlhalosa hore ke Mophethahatsi oa merero ea hae. Ha Moshe a ne a botsa Molimo lebitso la hae, Jehova o ile a qaqisa moelelo oa lona ka tsela ena: “Ke tla ba seo ke tla ba sona.” (Exoda 3:14) Ka ho toba phetolelo ea Rotherham e re: “Ke tla ba seo ke tla khahloa ho ba sona.” Jehova e ba, kapa o khetha ho ba, eng kapa eng e hlokahalang ho phethahatsa merero ea hae e lokileng le litšepiso tsa hae tse lokileng. Kahoo, o na le letoto la mabitso a khahlisang, a kang ’Mōpi, Ntate, Morena ’Musi, Molisa, Jehova oa mabotho, Ea Utloang thapelo, Moahloli, Morupeli e Moholo, Morekolli.—Baahloli 11:27; Pesaleme ea 23:1; 65:2; 73:28; 89:26; Esaia 8:13; 30:20; 40:28; 41:14.

Ke Molimo oa ’nete feela eo ho nepahetseng hore a bitsoe Jehova, hobane ha ho mohla batho ba ka tiisang hore merero ea bona e tla atleha. (Jakobo 4:13, 14) Ke Jehova feela ea ka reng: “Feela joalokaha pula e tšolohang, le lehloa, li theoha maholimong ’me li sa khutlele sebakeng seo, ntle le hore li nosetse lefatše ’me li etse hore le be le lihlahisoa ’me le hlomele, ’me mojali a fumane peō le ea jang a fumane bohobe, le lentsoe la ka le tsoang molomong oa ka le tla ba joalo. Le ke ke la khutlela ho ’na le se na litholoana, empa ka sebele le tla etsa seo ke se thabelang, ’me ka sebele le tla atleha ho seo ke le rometseng sona.”—Esaia 55:10, 11.

Jehova o phethahatsa merero ea hae ntle ho tikatiko hoo le ntho e ka bonahalang e se ea sebele ho batho e leng ea sebele ho eena. Nako e telele ka mor’a lefu la Abrahama, Isaka le Jakobo, Jesu o ile a bua ka bona ’me a re: “[Jehova] ke Molimo oa ba phelang, eseng oa bafu, kaha kaofela baa phela ho eena.” (Luka 20:37, 38) Bapatriareka bana ba bararo ba tšepahalang ba ne ba shoele, empa ho ne ho se tikatiko hore morero oa Molimo oa ho ba tsosa o tla phethahala hoo ho neng ho tšoana le ha ba phela ho eena. Feela joalokaha Jehova a sa ka a thatafalloa ke ho bōpa motho oa pele ka lerōle la lefatše, a ke ke a thatafalloa ke ho tsosa bahlanka bana ba tšepahalang ba boholo-holo.—Genese 2:7.Moapostola Pauluse o fana ka mohlala o mong oa ’nete ea hore Molimo o etsa seo a rerileng hore se phethahatsoe. Ka Mangolong, Abrahama o bitsoa “ntat’a lichaba tse ngata.” (Baroma 4:16, 17) Nakong eo Abrame a neng a se na bana ka eona, Jehova o ile a fetola lebitso la hae hore e be Abrahama, e bolelang “Ntat’a Bongata (Letšoele).” Jehova o ile a phethahatsa moelelo oa lebitso leo ka hore ka mohlolo a tsose matla a ho etsa bana a Abrahama ea hōlileng le a Sara, mosali oa hae ea hōlileng.—Baheberu 11:11, 12.Kaha Jesu Kreste o ne a filoe matla a maholo le bolaoli, ha a bua ka lintho tsa sebele, o ne a bua ka tsona ka pono e phahametseng ea batho. Le hoja motsoalle oa hae ea haufi Lazaro a ne a shoele, Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Motsoalle oa rōna Lazaro o phomotse, empa ke ea moo ho mo tsosa borokong.” (Johanne 11:11) Ke hobane’ng ha Jesu a ile a re motho ea shoeleng o mpa a robetse feela?

Ha Jesu a fihla Bethani, motseng ha habo Lazaro, o ile a ea lebitleng la hae ’me a laela hore ho tlosoe lejoe le koetseng lebitla. Hoba a rapele ka lentsoe le phahameng, o ile a laela, a re: “Lazaro, tsoa!” Mahlo a ba shebeletseng a ne a tsepame lebitleng, ’me “monna ea neng a shoele a tsoa a thatetsoe maoto le matsoho ka masela a thatelang, ’me sefahleho sa hae se ne se thatetsoe hohle ka lesela.” Eaba Jesu o re: “Mo lokolleng ’me le mo tlohele a tsamaee.” (Johanne 11:43, 44) Jesu o ile a tsosa Lazaro—a tsosa monna ea neng a e-na le matsatsi a mane a shoele! Kreste o ne a sa bue leshano ha a re motsoalle oa hae o ne a robetse. Ho Jehova le Jesu, Lazaro ea shoeleng e ne eka o ne a mpa a robetse feela. E, Jesu le Ntat’ae oa leholimo ba sebetsana le lintho tsa sebele.

Jehova a ka Phethahatsa Tšepo ea Rōna

Ho na le phapang e kaakang pakeng tsa melimo ea bohata ea litšoantšo le Molimo oa sebele! Ba rapelang melimo ea litšoantšo, ka phoso ba bolela hore lintho tseo ba li hlomphang ka borapeli li feta motho ka matla. Leha ho le joalo, tlhompho ena ea borapeli e ke ke ea neha litšoantšo tsena matla a mohlolo. Ka lehlakoreng le leng, Jehova Molimo ka nepo a ka bua ka bahlanka ba hae bao e leng khale ba shoele joalokaha eka baa phela, etsoe o khona ho ba tsosa. “Kannete Jehova ke Molimo,” ’me ha ho mohla a thetsang batho ba hae.—Jeremia 10:10.

Ho tšelisa hakaakang ho tseba hore ka nako ea Jehova e tšoanetseng, bafu ba khopolong ea hae ba tla tsoha ’me ba phele hape! (Liketso 24:15) E, tsoho e ama ho tsosolosa mokhoa oo motho a neng a phela ka oona. Ho hopola mokhoa oo batho ba shoeleng ba neng ba phela ka oona le ho ba tsosa hase bothata ho Mōpi, ea sa felloeng ke bohlale le matla. (Jobo 12:13; Esaia 40:26) Kaha Jehova o na le lerato le lengata, o tla sebelisa khopolo ea hae e phethahetseng ho tsosetsa bafu lefatšeng la paradeise ka botho boo ba neng ba e-na le bona pele ba e-shoa.—1 Johanne 4:8.

Ha bofelo ba lefatše la Satane bo ntse bo atamela, ka sebele bokamoso boa khanya ho ba tšepileng Molimo oa ’nete. (Liproverbia 2:21, 22; Daniele 2:44; 1 Johanne 5:19) Mopesaleme oa re tiisetsa: “Ho setse nakoana e seng kae, ’me ea khopo ha a sa tla hlola a e-ba teng; . . . empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.” (Pesaleme ea 37:10, 11) Tlōlo ea molao le pefo li tla be li felile. Ho tla rena toka, ’me mathata a lichelete a tla be a se a le sieo. (Pesaleme ea 37:6; 72:12, 13; Esaia 65:21-23) Mesaletsa eohle ea ho khethollana ka maemo, morabe, moloko le setso e tla be e tlositsoe ka ho feletseng. (Liketso 10:34, 35) Lintoa le libetsa tsa ntoa ha li sa tla bonoa. (Pesaleme ea 46:9) Ka nako eo, “ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” (Esaia 33:24) E mong le e mong o tla thabela bophelo bo phethahetseng le bo hlasimolohileng. (Tšenolo 21:3, 4) Haufinyane ho tla ba le paradeise lefatšeng. Ke morero oa Jehova hore ho be joalo!

E, lintho tsohle tseo Bibele e li tšepisang li tla tloha li etsahala. Ha re na ho lumella melimo ea litšoantšo e rapeloang ke lefatše lena hore e re thetse, re tla beha tšepo e feletseng ho Jehova. Ke thato ea hae hore “batho ba mefuta eohle ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Timothea 2:3, 4) Ho e-na le hore re sebelise nako ea rōna le matlotlo linthong tseo e seng tsa sebele, kapa tseo e leng seriti feela tsa tsamaiso ena ea lintho le melimo ea eona, a re hōleng tsebong ea Molimo oa sebele ’me re mo tšepe ka lipelo tsohle tsa rōna.—Liproverbia 3:1-6; Johanne 17:3.

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Ho Jehova le Jesu, Lazaro o ne a mpa a robetse feela

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Haufinyane ho tla ba le Paradeise lefatšeng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela