Moea oa Jehova o Tataisa Bahlanka ba Hae
“Moea oa hao o molemo; o ke o ntataisetse naheng ea ho loka.”—PESALEME EA 143:10, NW.
1, 2. Ke eng se ka etsang hore bahlanka ba tšepahalang ba Jehova ba tsielehe?
‘KE IKUTLOA ke tepelletse maikutlo haholo! Nka fumana matšeliso hokae? Na Molimo o ntahlile?’ Na ho ke ho etsahale hore u ikutloe ka tsela eo? Haeba ho joalo, ha u mong. Le hoja bahlanka ba tšepahalang ba Jehova ba lula paradeiseng e tlokomang ea moea, ka linako tse ling ba tobana le mathata, liteko, le meleko e bakang ho tsieleha e tloaelehileng ho batho.—1 Ba-Korinthe 10:13.
2 Mohlomong u hlasetsoe ke teko ea nako e telele kapa ntho e etsang hore u be khatellong e khōlō. Mohlomong u hlomoha ka baka la lefu la motho eo u mo ratang ’me u ikutloa u tšoeroe ke bolutu haholo. Kapa e ka ’na eaba pelo ea hao e khathatsehile ka baka la ho kula ha motsoalle eo u mo ratang. Maemo a joalo a ka ’na a u amoha thabo le khotso ’me a beha tumelo ea hao kotsing. U lokela ho etsa joang?
Kōpa Molimo Hore a u fe Moea oa Hae
3. Haeba ho na le ntho e etsang hore u se ke ua ba le litšoaneleho tse kang khotso le thabo, ho tla ba bohlale ho etsa joang?
3 Haeba ho na le ntho e u amohang khotso, thabo, kapa tšoaneleho e ’ngoe ea bomolimo, e tla ba bohlale hore u rapelle moea o halalelang oa Molimo, kapa matla a sebetsang. Hobane’ng? Hobane moea oa Jehova o hlahisa litholoana tse molemo tse thusang Mokreste hore a tobane le mathata, liteko, le meleko. Ka mor’a ho lemosa ka “mesebetsi ea nama,” moapostola Pauluse o ile a ngola: “Ka lehlakoreng le leng, litholoana tsa moea ke lerato, thabo, khotso, mamello, mosa, molemo, tumelo, bonolo, boitšoaro. Ha ho molao o khahlanong le lintho tse joalo.”—Ba-Galata 5:19-23.
4. Ha u tobane le teko e itseng kapa moleko, ke hobane’ng ha e ka ba ho loketseng hore u tobe lintho lithapelong tsa hao?
4 Ka baka la teko eo u tobaneng le eona, u ka ’na ua hlokomela hore u kotsing ea hore u lahleheloe ke bonolo kapa botho bo bonolo. Joale u tobe lintho ka ho rapela Jehova Molimo bakeng sa tholoana ea moea ea bonolo. Haeba u tobane le teko e itseng, u hloka tholoana ea boitšoaro ka ho khethehileng. Ha e le hantle, e tla ba ho loketseng hore u rapelle thuso ea Molimo hore u hanele teko, hore u lopolloe ho Satane, le hore u fumane bohlale bo hlokahalang bakeng sa ho mamella teko.—Mattheu 6:13; Jakobo 1:5, 6.
5. Haeba ho na le maemo a bakang tsieleho hoo u sa tsebeng hore na u rapelle litholoana life tsa moea, u ka etsa joang?
5 Leha ho le joalo, ka linako tse ling maemo e ka ba a bakang tsieleho kapa a ferekanyang hoo u sa tsebeng hore na u hloka tholoana efe ea moea. Ha e le hantle, thabo, khotso, bonolo, le litšoaneleho tse ling tsa bomolimo kaofela li ka ba kotsing. Joale ho tla etsahala joang? Ke hobane’ng u sa kōpe hore Molimo a u fe moea o halalelang ’me a etse hore litholoana tse hlokahalang li tlokome boemong ba hao? Litholoana tse hlokahalang e ka ba lerato kapa thabo kapa khotso kapa litholoana tsa moea li kopane. Hape rapella hore Molimo a u thuse hore u laoloe ke moea oa hae, hobane o o sebelisa ho tataisa batho ba hae.
Jehova O Ikemiselitse ho Thusa
6. Jesu o ile a hatisa joang ho balateli ba hae tlhokahalo ea hore ba rapele ba sa phetse?
6 Ha barutuoa ba Jesu Kreste ba batla tataiso tabeng ea thapelo, ho na le moo a ileng a ba khothalletsa hore ba rapelle moea oa Molimo. Pele Jesu o ile a sebelisa papiso e neng e etselitsoe ho ba susumelletsa hore ba rapele ba sa phetse. O itse: “Ekare ha e mong ho lōna a e-na le motsoalle, ’me a ea ho eena bosiu bo boholo, a re ho eena: Motsoalle, nkalime mahobe a mararo; hobane molekan’a ka oa moeti o fapohetse ha ka, ’me ke hloka see nka se beang pel’a hae; ’me eo, ea leng kateng, ha a ka mo fetola, a re: Se nkhathatse, hobane monyako o se o koetsoe, ’me bana ba ka ba banyenyane ba robetse le ’na liphateng, ke sitoa ho tsoha ho u fa; ke re ho lōna: Leha a na a ke ke a tsoha ho mo fa kahobane ke motsoalle oa hae, o tla tsoha, a mo fe hohle hoo a ho hlokang ka baka la phehello ea hae.”—Luka 11:5-8.
7. ’Moko-taba oa mantsoe a Jesu ho Luka 11:11-13 ke ofe, ’me a re neha tiisetso efe mabapi le Molimo le moea oa hae?
7 Jehova o ikemiselitse ho thusa e mong le e mong oa bahlanka ba hae ba inehetseng, ’me o utloa likōpo tsa bona. Empa haeba motho ea joalo ‘a ntse a kōpa,’ joalokaha Jesu a khothallelitse, sena se bontša takatso e tsoang botebong ba pelo hape ke pontšo ea tumelo. (Luka 11:9, 10, NW) Kreste o ile a phaella: “Ana ke ntate ofe ho lōna, eo ekareng ha mora oa hae a kōpa tlhapi, ebe o mo nea nōha bakeng sa tlhapi? Kapa haeba a kōpa lehe, ebe o mo nea phepheng na? Ha ho le joalo, ha lōna ba khopo le tseba ho fa bana ba lōna limpho tse molemo, Ntate ea leholimong o tla fana haholo hakaakang ka Moea o Halalelang ho ba mo kōpang!” (Luka 11:11-13, BPN) Haeba motsoali oa lefatšeng, le hoja ka tsela e itseng a le khopo ka baka la sebe se futsitsoeng, a fa ngoana oa hae lintho tse ntle, ka sebele Ntate oa rōna oa leholimo o tla tsoela pele ho fana ka moea oa hae o halalelang ho bahlanka ba hae ba tšepahalang ba o kōpang ka boikokobetso.
8. Pesaleme ea 143:10 e sebetsa joang ho Davida, Jesu, le bahlanka ba Molimo ba kajeno?
8 E le hore re rue molemo moeeng oa Molimo, re tlameha ho ikemisetsa ho latela tataiso ea ’ona joaloka Davida. O ile a rapela: “U nthute ho etsa ho ratoang ke uena, hobane u Molimo oa ka. Moea oa hao o molemo o ke o ntsamaise [“ntataisetse,” NW] naheng ea ho loka!” (Pesaleme ea 143:10) Davida, eo morena Saule oa Iseraele a ileng a bolela hore ha a sa le tšireletsong ea molao, o ne a batla hore moea oa Molimo o mo tataise e le hore a ka kholiseha hore tsela ea hae e lokile. Ka mor’a nako Abiathare o ile a tla a nkile efoda e neng e sebelisetsoa ho tseba thato ea Molimo. Joaloka moemeli oa Molimo oa moprista, Abiathare o ile a laela Davida hore na a etse joang hore a thabise Jehova. (1 Samuele 22:17–23:12; 30:6-8) Joaloka Davida, Jesu o ne a tataisoa ke moea oa Jehova, ’me sena se ile sa etsahala le tabeng ea balateli ba Kreste ba tlotsitsoeng e le sehlopha. Ka 1918 ho ea ho 1919, batho ba ne ba ba nka e le melahloa, ’me lira tsa bona tsa bolumeli li ne li nahana hore li tla ba felisa. Batlotsuoa ba ile ba rapella tsela ea ho tsoa boemong ba bona ba ho se be mafolo-folo, ’me ka 1919, Molimo o ile a utloa lithapelo tsa bona, a ba lopolla, ’me a ba kenya matla tšebeletsong ea hae. (Pesaleme ea 143:7-9) Ka sebele, moea oa Jehova ka nako eo o ne o thusa batho ba hae e bile o ba tataisa, joalokaha o etsa ho fihlela le kajeno lena.
Kamoo Moea o Thusang ka Teng
9. (a) Moea o halalelang o sebetsa joaloka “mothusi” joang? (b) Re tseba joang hore moea o halalelang hase motho? (Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe.)
9 Jesu Kreste o ile a bitsa moea o halalelang “mothusi.” Ka mohlala, o ile a bolella balateli ba hae: “Ke tla kōpa Ntate, ’me o tla le nea Mothusi e mong, hore a be le lōna ka ho sa feleng, e leng Moea oa ’nete, oo lefatše le ke keng la o amohela, hobane ha le o bone leha e le ho o tseba; lōna lea o tseba hobane o lula le lōna, ’me o ka ho lōna.” Har’a lintho tse ling, “mothusi” eo e ne e tla ba tichere, hobane Kreste o ile a tšepisa: “Mothusi, Moea o Halalelang oo Ntate a tla o rōmela lebitsong la ka, eena o tla le ruta tsohle, a le hopotse tsohle tseo ke le boleletseng tsona.” Moea o ne o tla boetse o pakele Kreste, ’me o ile a tiisetsa barutuoa ba hae: “Ho molemo ho lōna hore ke ee, hobane ha ke sa ee, Mothusi a ke ke a tla ho lōna; athe ha ke e-ea, ke tla mo rōmela ho lōna.”—Johanne 14:16, 17, 26; 15:26; 16:7.a
10. Moea o halalelang o ipakile e le mothusi joang?
10 A le leholimong, Jesu o ile a tšollela moea o halalelang o tšepisitsoeng holim’a balateli ba hae letsatsing la Pentekonta ea 33 C.E. (Liketso 1:4, 5; 2:1-11) Joaloka mothusi, moea o ile oa ba neha kutloisiso e eketsehileng ea thato ea Molimo le morero oa hae ’me oa ba senolela Lentsoe la hae la boprofeta. (1 Ba-Korinthe 2:10-16; Ba-Kolosse 1:9, 10; Ba-Heberu 9:8-10) Mothusi enoa o boetse a fa barutuoa ba Jesu matla a hore e be lipaki lefatšeng lohle. (Luka 24:49; Liketso 1:8; Ba-Efese 3:5, 6) Kajeno, moea o halalelang o ka thusa Mokreste ea inehetseng hore a hōle tsebong haeba a sebelisa litokisetso tsa moea tse etsoang ke Molimo ka “mohlanka ea khabane, le ea bohlale.” (Mattheu 24:45-47) Moea oa Molimo o ka fana ka thuso ka ho fana ka sebete le matla a hlokahalang hore motho a fane ka bopaki joaloka e mong oa bahlanka ba Jehova. (Mattheu 10:19, 20; Liketso 4:29-31) Leha ho le joalo, moea o halalelang o boetse o thusa batho ba Molimo ka litsela tse ling.
“Ka Mefehelo e ke Keng ea Boleloa”
11. Haeba ho bonahala hore teko ea sithabetsa, Mokreste o lokela ho etsa eng?
11 Haeba Mokreste a hlaseloa ke teko e bonahalang e sithabetsa, o lokela ho etsa joang? O lokela ho rapella moea o halalelang, ’me a o tlohelle hore o etse mosebetsi oa ’ona! Pauluse o itse: “Moea o re tlatsa mefokolong ea rōna; hobane ha re tsebe seo re tšoanetseng ho se kōpa ka tšoanelo; empa Moea oona o re rapella ka mefehelo e ke keng ea boleloa. ’Me ea lekolang botebo ba lipelo, o tseba khopolo ea Moea, hobane o ntse o rapella bahalaleli ka mokhoa o ratoang ke Molimo.”—Ba-Roma 8:26, 27.
12, 13. (a) Ba-Roma 8:26, 27 e sebetsa joang lithapelong tse etsoang maemong a lekang ka ho khethehileng? (b) Pauluse le metsoalle ea hae ba ile ba etsa joang ha ba le tlas’a khatello e matla seterekeng sa Asia?
12 Bahalaleli bana bao moea oa Molimo o ba rapellang ke balateli ba Jesu ba tlotsitsoeng, ba nang le tšepo ea leholimo. Empa ebang u na le pitso ea leholimo kapa tšepo ea lefatšeng, joaloka Mokreste u ka fumana thuso ea moea o halalelang oa Molimo. Ka linako tse ling Jehova o fana ka karabelo e tobileng thapelong e tobileng. Leha ho le joalo, ka linako tse ling, u ka tsieleha hoo u sa khoneng ho hlalosa maikutlo a hao ’me u khone feela ho rapela Jehova ka mefehelo u sa bue. Ha e le hantle, u ka ’na ua se tsebe se molemo ho uena ’me u ka ’na ua kōpa ntho e fosahetseng ntle leha u ka kōpa moea o halalelang. Molimo oa tseba hore u batla hore thato ea hae e etsoe, ’me o hlokomela seo u se hlokang e le ruri. Ho feta moo, ka thuso ea moea oa hae o halalelang, o ile a etsa hore lithapelo tse ngata li tlalehoe Lentsoeng la hae, ’me lithapelo tsena ke tse entsoeng maemong a lekang. (2 Timothea 3:16, 17; 2 Petrose 1:21) Ka hona, Jehova a ka nka a mang a mantsoe a boletsoeng lithapelong tse joalo tse bululetsoeng e le mantsoe ao u ka ratang ho a bua joaloka e mong oa bahlanka ba hae, ’me a ka li arabela molemong oa hao.
13 E ka ’na eaba Pauluse le metsoalle ea hae ba ne ba sa tsebe hore na ba rapelle eng ha ba ne ba le tlas’a mahloriso seterekeng sa Asia. Kaha ‘ba ne ba hatelletsoe ho fetisa matla a bona, ba ile ba ba ba felloa ke tšepo ea ho phela.’ Empa ba ile ba kōpa lithapelisiso tsa ba bang ’me ba tšepa Molimo, ea ka tsosang bafu, ’me o ile a fela a ba pholosa. (2 Ba-Korinthe 1:8-11) Ke ho tšelisang hakaakang ho tseba hore Jehova Molimo oa utloa ’me o arabela lithapelo tsa bahlanka ba hae ba tšepahalang!
14. Ho ka hlaha molemo ofe ha Jehova a lumella hore teko e tsoele pele ka nako e itseng?
14 Hangata batho ba Molimo ba hlaheloa ke liteko e le mokhatlo o hlophisitsoeng. Joalokaha ho hlokometsoe pejana, ba ile ba hlorisoa nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše. Le hoja ba ne ba sa utloisise ka ho hlakileng boemo ba bona ’me ka hona ba sa tsebe hore na ba rapelle eng, Lentsoe la Jehova le na le lithapelo tsa boprofeta tseo a ileng a li arabela molemong oa bona. (Lipesaleme 69, 102, 126; Esaia, khaolo 12) Empa ho thoe’ng haeba Jehova a lumella teko hore e tsoele pele ka nako e itseng? Sena se ka fella ka bopaki, se ka susumelletsa ba bang hore ba amohele ’nete, ’me sa fa Bakreste monyetla oa hore ba bontše lerato la boena ka ho rapella balumeli-’moho ba utloang bohloko kapa ho ba thusa. (Johanne 13:34, 35; 2 Ba-Korinthe 1:11) Hopola hore Jehova o tataisa batho ba hae ka moea oa hae, o ba etsetsa se molemo, ’me ka mehla o sebetsa lintho ka tsela e tla tlisa tlhompho lebitsong la hae ’me e le halaletse.—Exoda 9:16; Mattheu 6:9.
Le ka Mohla U se ke Ua Soabisa Moea
15. Bakreste ba ka itšetleha ka moea oa Jehova hore o ba etsetse eng?
15 Ka hona, haeba u mohlanka oa Jehova, rapella moea o halalelang linakong tsa teko le ka linako tse ling. Joale tiisa hore u latela tataiso ea ’ona, hobane Pauluse o ngotse: “Le se ke la soabisa Moea o Halalelang oa Molimo, oo le tšoaetsoeng letsatsi la topollo ke oona.” (Ba-Efese 4:30) Moea oa Molimo e ne e le letšoao ’me le kajeno e ntse e le lona, kapa ‘tiiso ea tse tlang,’ bakeng sa Bakreste ba tšepahalang ba tlotsitsoeng—e leng, bophelo ba ho se shoe leholimong. (2 Ba-Korinthe 1:22; Ba-Roma 8:15; 1 Ba-Korinthe 15:50-57; Tšenolo 2:10) Bakreste ba tlotsitsoeng hammoho le ba nang le tšepo ea lefatšeng ba ka itšetleha ka moea oa Jehova hore o phethe karolo e khōlō molemong oa bona. O ka ba tataisa bophelong ba botšepehi le ho ba thusa hore ba qobe mesebetsi ea boetsalibe e fellang ka hore Molimo o se ba amohele, e etsang hore ba lahleheloe ke moea oa hae o halalelang, le ho hlōleha ho fumana bophelo bo sa feleng.—Ba-Galata 5:19-21.
16, 17. Mokreste a ka soabisa moea joang?
16 Ke joang Mokreste, a tseba kapa a sa tsebe, a ka soabisang moea? Jehova o sebelisa moea oa hae ho etsa hore ho be le bonngoe le hore ho khethoe banna ba ikarabellang ka phuthehong. Ka hona, haeba setho sa phutheho se ka korotla ka baholo ba khethiloeng, sa tlatsa-tlatsa litšebo tse tletseng ketselletso, joalo-joalo, se tla be se sa latele tataiso ea moea oa Molimo e isang khotsong le bonngoeng. Ka mantsoe a mang, se tla be se soabisa moea.—1 Ba-Korinthe 1:10; 3:1-4, 16, 17; 1 Ba-Thessalonika 5:12, 13; Juda 16.
17 Ha Pauluse a ngolla Bakreste ba Efese, o ile a fana ka temoso khahlanong le ho sekamela mashanong, ho halefa ka nako e telele, puo e sa tšoaneleng, ho hlanyetsa bohlola, boitšoaro bo lihlong, le mesoaso e litšila. Haeba Mokreste a ka itumella hore a hoheloe ke lintho tse joalo, o tla be a le khahlanong le keletso ea Bibele e bululetsoeng ke moea. (Ba-Efese 4:17-29; 5:1-5) E, ho isa bohōleng bo itseng o tla be a soabisa moea oa Molimo.
18. Ho ka etsahala eng ka Mokreste leha e le ofe ea qalang ho iphapanyetsa keletso ea Lentsoe la Molimo le bululetsoeng ke moea?
18 Ha e le hantle, Mokreste leha e le ofe ea qalang ho iphapanyetsa keletso ea Lentsoe la Jehova e bululetsoeng ke moea a ka qala ho hōlisa boikutlo kapa litšobotsi tse ka fellang ka sebe sa ka boomo le ho lahleheloa ke kamohelo ea Molimo. Le hoja hona joale a sa etse sebe, ho ka etsahala hore o tseleng e isang sebeng. Mokreste ea joalo ea khahlanong le moea o tla be a o soabisa. Ka hona o tla be a hanyetsa Jehova a bile a mo soabisa, joaloka Mohloli oa moea o halalelang. Ha ho mohla motho ea ratang Molimo a tla batla ho etsa joalo!
Le ’Ne le Rapelle Moea o Halalelang
19. Ke hobane’ng ha batho ba Jehova haholo-holo ba hloka moea oa hae kajeno?
19 Haeba u mohlanka oa Jehova, tsoela pele ho rapella moea oa hae o halalelang. Haholo-holo ‘mehleng ena ea qetello,’ e nang le linako tse mahlonoko tseo ho leng thata hakana ho sebetsana le tsona, Bakreste ba hloka thuso ea moea oa Molimo. (2 Timothea 3:1-5) Diabolose le bademona ba hae, ba ntšitsoeng leholimong ’me joale ba le tikolohong ea lefatše, ba letšolong la ho hlasela mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. Ka hona, hona joale ho feta leha e le neng pele, batho ba Molimo ba hloka moea oa hae o halalelang hore o ba tataise, le ho ba nolofalletsa hore ba mamelle mathata le mahloriso.—Tšenolo 12:7-12.
20, 21. Ke hobane’ng ha u tlameha ho latela tataiso ea Lentsoe la Jehova, moea oa hae, le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng?
20 Bontša kananelo ka mehla bakeng sa thuso eo Jehova Molimo a fanang ka eona ka moea oa hae o halalelang. Latela tataiso ea Lentsoe la hae le bululetsoeng ke moea, Bibele. Sebelisana-’moho ka ho felletseng le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo oa lefatšeng o tataisoang ke moea. Le ka mohla u se ke ua itumella hore u kene tseleng eo e seng ea mangolo e tla tšoana le ho soabisa moea o halalelang, hobane qetellong sena se ka fella ka hore o tlohe ’me ho hlahe koluoa ea moea.—Pesaleme ea 51:11.
21 Ho tataisoa ke moea oa Jehova ke eona feela tsela ea ho mo thabisa le ho ba le bophelo bo thabileng, bo nyakallisang. Hopola hape hore, Jesu o ile a bitsa moea o halalelang “mothusi,” kapa “motšelisi.” (Johanne 14:16, NW mongolong o botlaaseng ba leqephe) Ka ’ona, Molimo o tšelisa Bakreste ’me oa ba tiisa hore ba tobane le liteko. (2 Ba-Korinthe 1:3, 4) Moea o halalelang o fa batho ba Jehova matla a ho bolela litaba tse molemo ’me o ba thusa ho hopola lintlha tsa Mangolo tse hlokahalang ho fana ka bopaki bo botle. (Luka 12:11, 12; Johanne 14:25, 26; Liketso 1:4-8; 5:32) Ka thapelo le tataiso ea moea, Bakreste ba ka thulana le liteko tsa tumelo ka bohlale ba leholimo. Ka baka leo, maemong ’ohle a bophelo, ba lula ba ntse ba rapella moea o halalelang oa Molimo. Ka hona, moea oa Jehova o tataisa batho ba hae.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Le hoja o mothofatsoa joaloka “mothusi,” moea o halalelang ha se motho, hobane seemeli sa Segerike se seng botoneng kapa botšehaling (se fetoletsoeng e le “o” [“it”]) se sebelisoa ho moea. Liemeli tsa Seheberu tse ka botšehaling le tsona li sebelisoa ho bohlale ha bo mothofalitsoe. (Liproverbia 1:20-33; 8:1-36) Ho feta moo, moea o halalelang o ile oa ‘tšolloa,’ e leng se ke keng sa etsoa ka motho.—Liketso 2:33.
Likarabelo Tsa Hao ke Life?
◻ Ke hobane’ng ha re lokela ho rapella moea o halalelang oa Jehova?
◻ Moea o halalelang ke mothusi joang?
◻ Ho soabisa moea ho bolela eng, ’me ke joang re ka qobang ho etsa joalo?
◻ Ke hobane’ng ha re lokela ho lula re ntse re rapella moea o halalelang ’me re latela tataiso ea ’ona?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Joalokaha ntate ea lerato a fa mora oa hae lintho tse ntle, le Jehova o fana ka moea o halalelang ho bahlanka ba hae ba o rapellang
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Na u tseba kamoo moea oa Molimo o kōpelang Bakreste ba rapelang ka teng?