Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 2/1 maq. 13-18
  • ‘Ka Lebitso la Moea o Halalelang’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Ka Lebitso la Moea o Halalelang’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Kolobetsoa ka Moea o Halalelang
  • Ho Kolobetsoa “ka Lebitso la . . . Moea o Halalelang”
  • Litholoana tsa Moea
  • Ho Khethoa ke Moea o Halalelang
  • E-ba ea Tataisoang ke Moea
  • Moea le Mosebetsi oa Boboleli
  • Ho Phelela Kolobetso ea Rōna
  • Tsamaea ka Moea ’me U Phelele Boinehelo ba Hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Kamoo Moea oa Molimo o ka U Amang ka Teng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Ho Tataisoa ke Moea oa Molimo Lekholong la Pele la Lilemo le Kajeno
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Ho Tseba Moea o Halalelang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 2/1 maq. 13-18

‘Ka Lebitso la Moea o Halalelang’

“Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse ka lebitso la . . . moea o halalelang.”—MATTHEU 28:19, NW.

1. Johanne Mokolobetsi o ile a sebelisa tšobotsi efe e ncha mabapi le moea o halalelang?

SELEMONG sa 29 sa Mehla ea rōna e Tloaelehileng, Johanne Mokolobetsi o ne a tšoarehile Iseraeleng a betla tsela bakeng sa Messia, ’me nakong ea tšebeletso ea hae, o ile a tsebahatsa ho hong ho hocha ka moea o halalelang. Ha e le hantle, Bajode ba ne ba se ba ntse ba tseba hore na Mangolo a Seheberu a re’ng ka moea. Leha ho le joalo, mohlomong ba ne ba maketse ha Johanne a re: “Ha e le ’na, ke le kolobelletsa pako ka metsi feela; empa ea tlang ka morao ho ’na . . . ke eena ea tla le kolobetsa ka Moea o Halalelang.” (Mattheu 3:11) ‘Ho kolobetsoa ka moea o halalelang’ e ne e le ntho e ncha.

2. Jesu o ile a hlahisa tšobotsi efe e ncha e amanang le moea o halalelang?

2 Ea neng a tla tla ke Jesu. Nakong ea tšebeletso ea hae lefatšeng, Jesu ha aa ka a kolobetsa motho le a mong ka moea o halalelang ka tsela ea sebele, le hoja ka makhetlo a mangata a ne a bua ka moea. Ho feta moo, ka mor’a tsoho ea hae, o ile a bua ka moea o halalelang ka tsela e ’ngoe hape e ncha. O ile a bolella barutuoa ba hae: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang.” (Mattheu 28:19, NW) Polelo e reng “ka lebitso la” e bolela “ka ho hlokomela.” Ho kolobetsoa metsing ka tsela e bontšang ho hlokomela Ntate, Mora, le moea o halalelang ho ne ho tla fapana le ho kolobetsoa ka moea o halalelang. Le hona e ne e le ntho e ncha e amang moea o halalelang.

Ho Kolobetsoa ka Moea o Halalelang

3, 4. (a) Kolobetso ea pele ka moea o halalelang e etsahetse neng? (b) Moea o halalelang o ile oa etsetsa barutuoa ba Jesu eng ka Pentekonta 33 C.E., ka ntle le ho ba kolobetsa?

3 Mabapi le ho kolobetsoa ka moea o halalelang, Jesu o ile a tšepisa barutuoa ba hae pejana a nyolohela leholimong: “Le tla kolobetsoa ka Moea o Halalelang, ha ho fetile matsatsi a se makae.” (Liketso 1:5, 8) Nakoana ka mor’a moo, tšepiso eo e ile ea phethahala. Moea o halalelang o ile oa theohela holim’a barutuoa ba ka bang 120 ba neng ba bokane ka kamoreng e ka holimo Jerusalema ha Jesu a sebelisa kolobetso ea hae ea pele ka moea o halalelang a le leholimong. (Liketso 2:1-4, 33) Ka phello efe? Barutuoa ba ile ba fetoha karolo ea ’mele oa Kreste oa moea. Ho joalokaha moapostola Pauluse a hlalosa, “bohle [ba] kolobelitsoe Moeeng o le mong, hore [e] be ’mele o le mong.” (1 Ba-Korinthe 12:13) Ka nako e tšoanang, ba ile ba tlotsoa hore e be marena le baprista ba ka moso ’Musong oa Molimo o leholimong. (Ba-Efese 1:13, 14; 2 Timothea 2:12; Tšenolo 20:6) Moea o halalelang o ile oa boela oa sebeletsa joaloka letšoao la pele le tebeletso ea lefa leo le khanyang la nako e tlang, empa e ne e se hoo feela.—2 Ba-Korinthe 1:21, 22.

4 Lilemo tse seng kae pejana, Jesu o ne a itse ho Nikodema: “Motho ha a sa tsoaloe la bobeli, o sitoa ho bona ’muso oa Molimo. . . . Motho ha a sa tsoaloe ka metsi le ka Moea, o sitoa ho kena ’musong oa Molimo.” (Johanne 3:3, 5) Joale e ne e se e le batho ba 120 ba tsoetsoeng la bobeli. Ka moea o halalelang, ba ne ba amohetsoe joaloka bara ba moea ba Molimo, baena ba Kreste. (Johanne 1:11-13; Ba-Roma 8:14, 15) Mesebetsi ena eohle ea moea o halalelang e ikhethile ka hore e babatseha haholoanyane ho feta mehlolo. Ho feta moo, ho fapana le mehlolo e etsahalang hanngoe feela, moea o halalelang ha oa ka oa khaotsa ka mor’a ho shoa ha baapostola empa o ’nile oa tsoela pele ho sebetsa ka tsela ena ho tla fihlela mehleng ea rōna. Ke tokelo ho Lipaki tsa Jehova hore e be har’a tsona ho na le litho tse kolobelitsoeng ka moea tsa ho qetela tsa ’mele oa Kreste, ’me li sebeletsa joaloka “mohlanka ea khabane, ea bohlale” bakeng sa ho fana ka lijo tsa moea ka nako e loketseng.—Mattheu 24:45-47.

Ho Kolobetsoa “ka Lebitso la . . . Moea o Halalelang”

5, 6. Kolobetso ea pele e entsoeng ka moea o halalelang e ile ea lebisa kolobetsong ea metsi joang?

5 Empa ho thoe’ng ka ho kolobetsoa metsing ho tšepisitsoeng ho etsoang ka lebitso la Ntate, la Mora, le la moea o halalelang? Barutuoa bao ba pele ba ileng ba kolobetsoa ka moea ha baa ka ba kolobetsoa ka metsi ka tsela eo. Ba ne ba se ba ntse ba kolobelitsoe ke Johanne ka metsi, ’me kaha seo se ne se amoheleha ho Jehova nakong eo, ho ne ho sa hlokahale hore ba kolobetsoe hape. Empa ka Pentekonta 33 C.E., letšoele le leholo la liphefumolohi le ile la fela la fumana kolobetso e ncha ea metsi. See se etsahetse joang?

6 Ho kolobetsoa ha batho ba 120 ka moea o halalelang ho ne ho ile ha lateloa ke lerata le leholo le ileng la hapa tlhokomelo ea matšoele. A ne a maketse ha a utloa barutuoa ba bua lipuo lisele, ke hore, ba bua lipuo tsa balichaba tseo ba leng teng ba li utloisisang. Moapostola Petrose o ile a hlalosa hore mohlolo ona e ne e le bopaki ba hore Jesu, ea neng a se a tsositsoe bafung ’me joale a se a lutse ka letsohong le letona la Molimo leholimong, o tšollotse moea oa Molimo. Petrose o ile a khothalletsa ba mo mametseng: “Ntlo eohle ea Iseraele e ke e tsebe ka ’nete, hobane Jesu eo le mo thakhisitseng, Molimo o mo entse Morena le Kreste.” Joale o ile a phetha ka ho re: “Bakang, ’me e mong le e mong oa lōna a kolobeletsoe ka lebitso la Jesu Kreste tšoarelong ea libe, ’me le tla nka neo ea Moea o Halalelang.” Ho ile ha arabela batho ba ka bang 3 000.—Liketso 2:36, 38, 41.

7. Ke ka tsela efe batho ba 3 000 ba ileng ba kolobetsoa ka Pentekonta 33 C.E. ba ileng ba kolobetsoa ka lebitso la Ntate, la Mora, le la moea o halalelang?

7 Na ho ka boleloa hore ba ile ba kolobetsoa ka lebitso la (ka ho hlokomela) Ntate, Mora, le moea o halalelang? E. Le hoja Petrose a sa ka a ba bolella hore ba kolobetsoe ka lebitso la Ntate, ba ne ba se ba ntse ba hlokomela Jehova joaloka ’Musi Morena, kaha e ne e le Bajode ba tlhaho, litho tsa sechaba se inehetseng ho Eena. Petrose o itse: ‘Le kolobetsoe ka lebitso la Mora.’ Kahoo ho kolobetsoa ha bona ho ne ho bontša ho hlokomela Jesu joaloka Morena le Kreste. Joale e ne e se e le barutuoa ba hae ’me ba ne ba lumela hore ho tloha nakong eo tšoarelo ea libe e ne e se e tla fumaneha ka eena. Qetellong, kolobetso e ne e tla etsoa motheong oa ho hlokomela moea o halalelang, ’me e ile ea etsahala phethahatsong ea tšepiso ea hore ba ne ba tla fumana moea e le mpho e sa lefelloeng.

8. (a) Bakreste ba tlotsitsoeng ba ’nile ba fumana kolobetso ea mofuta ofe ho phaella kolobetsong ea metsi? (b) Ka ntle ho ba 144 000 ke bo-mang ba kolobetsoang metsing ka lebitso la moea o halalelang?

8 Ba ileng ba kolobetsoa ka metsi letsatsing la Pentekonta 33 C.E. ba ile ba boela ba kolobetsoa ka moea, ba tlotsoa joaloka marena le baprista ba ka moso ’Musong oa leholimo. Ho latela buka ea Tšenolo, ba 144 000 feela ka palo. Kahoo ba kolobetsoang ka moea o halalelang le bao qetellong ‘ba fuoang letšoao’ la ho ba majalefa a ’Muso, palo ea bona ke 144 000 feela. (Tšenolo 7:4; 14:1) Leha ho le joalo, barutuoa ba bacha kaofela—ho sa tsotellehe hore na tšepo ea bona ke efe—ba kolobetsoa metsing ka lebitso la Ntate, la Mora, le la moea o halalelang. (Mattheu 28:19, 20, NW) Joale, ho kolobetsoa ka lebitso la moea o halalelang ho bolela eng ho Bakreste bohle, ebang ke ba “mohlatsoana” kapa ba “linku tse ling”? (Luka 12:32; Johanne 10:16) Pele re arabela potso eo, a re ke re hlokomeleng e meng ea mesebetsi eo moea o e entseng mehleng ea Bokreste.

Litholoana tsa Moea

9. Ke mosebetsi ofe o etsoang ke moea o halalelang oo e leng oa bohlokoa ho Bakreste kaofela?

9 Mosebetsi oa bohlokoa oa moea o halalelang ke ho re thusa ho hlaolela botho ba Bokreste. Ke ’nete hore ka baka la ho se phethahale re ke ke ra qoba ho etsa sebe. (Ba-Roma 7:21-23) Empa haeba re bontša pako e hlokang boikaketsi, Jehova oa re tšoarela motheong oa sehlabelo sa Kreste. (Mattheu 12:31, 32; Ba-Roma 7:24, 25; 1 Johanne 2:1, 2) Ho feta moo, Jehova o lebelletse hore re loantše tšekamelo ea rōna ea ho etsa sebe, ’me moea o halalelang o re thusa ho etsa joalo. Pauluse o itse: “Tsamaeang ka Moea, ’me le se ke la kholisa litakatso tsa nama.” (Ba-Galata 5:16) Pauluse o ile a tsoela pele ho bontša hore moea o ka hlahisa litšoaneleho tse ntle ka ho fetisisa ka hare ho rōna. O ngotse: “Litholoana tsa moea ke lerato, thabo, khotso, mamello, mosa, molemo, tumelo, bonolo, boitšoaro.”—Ba-Galata 5:22, 23, NW.

10. Mokreste a ka hlaolela litholoana tsa moea joang?

10 Moea o etsa hore Mokreste a be le litholoana tse joalo joang? Sena ha se iketsahalle ka bosona hobane feela re le Bakreste ba inehetseng le ba kolobelitsoeng. Re lokela ho se hlaolela. Empa haeba re tloaelana le Bakreste ba bang ba bonahatsang litšoaneleho tsena, haeba re rapella hore Molimo o re fe moea oa oona bakeng sa ho re thusa ho hlaolela litšoaneleho tse itseng, haeba re qoba litloaelano tse mpe ’me re ithuta Bibele bakeng sa ho fumana keletso le mehlala e metle, joale litholoana tsa moea li tla hōla ka hare ho rōna.—Liproverbia 13:20; 1 Ba-Korinthe 15:33; Ba-Galata 5:24-26; Ba-Heberu 10:24, 25.

Ho Khethoa ke Moea o Halalelang

11. Baholo ba khethoa ke moea o halalelang ka tsela efe?

11 Ha Pauluse a bua le baholo ba Efese, o ile a bua ka mosebetsi o mong oa moea o halalelang ha a re: “Itlhokomeleng ’me le hlokomele le mohlape kaofela, oo moea o halalelang o le khethileng ho ba balebeli har’a oona, ho alosa phutheho ea Molimo, eo o e rekileng ka mali a Mor’a oona.” (Liketso 20:28, NW) E, balebeli, kapa baholo, ba phutheho ba khethoa ke moea o halalelang. Ka tsela efe? Ka hore baholo ba khethiloeng ba tlameha ho finyella litšoaneleho tse boletsoeng ka har’a Bibele e bululetsoeng. (1 Timothea 3:1-13; Tite 1:5-9) Ba ka hlaolela litšoaneleho tseo ka thuso ea moea o halalelang feela. Ho phaella moo, sehlopha sa baholo se buellang moholo e mocha se rapella tataiso ea moea o halalelang e le hore se ka hlokomela hore na o finyella litšoaneleho kapa che. ’Me khetho ea sebele e etsoa tlas’a tataiso ea mohlanka ea khabane le ea bohlale ea khethiloeng ka moea.

E-ba ea Tataisoang ke Moea

12. Moea o ka re susumetsa joang ka Bibele?

12 Bakreste baa hlokomela hore Mangolo a Halalelang a ngotsoe tlas’a tšusumetso ea moea o halalelang. Ka hona, ba a bala hore ba fumane bohlale bo bululetsoeng ka moea, joaloka lipaki tsa Jehova tsa pele ho Bokreste. (Liproverbia 2:1-9) Baa a bala, ba thuisa ka ’ona, ’me ba a lumella hore a tataise bophelo ba bona. (Pesaleme ea 1:1-3; 2 Timothea 3:16) Ka tsela ena moea o ba thusa ‘ho batlisisa lintho tse tebileng tsa Molimo.’ (1 Ba-Korinthe 2:10, 13; 3:19) Ho tataisa bahlanka ba Molimo ka tsela ena ke mosebetsi oa bohlokoa o etsoang ke moea oa Molimo mehleng ea rōna.

13, 14. Jesu o ile a sebelisa eng bakeng sa ho rarolla mathata ka phuthehong, ’me o etsa se tšoanang joang kajeno?

13 Ho phaella moo, bukeng ea Tšenolo, Jesu ea tsositsoeng o ile a romela melaetsa liphuthehong tse supileng tse Asia Minor. (Tšenolo, likhaolo 2 le 3) Melaetseng eo o ile a senola hore o lekotse liphutheho tseo ’me o hlokometse boemo ba tsona ba moea. O ile a fumana hore tse ling tsa tsona li beha mohlala o motle oa tumelo. Ho tse ling, baholo ba ne ba lumelletse lihlotšoana tsa bokhelohi, boitšoaro bo bobe, le boemo ba ho ba foofo hore li silafatse mohlape. Phutheho e Sarda e ne e shoele moeeng ntle ho mekhelo ea liphefumolohi tse seng kae tse tšepahalang. (Tšenolo 3:1, 4) Jesu o ile a rarolla mathata aa joang? Ka moea o halalelang. Ha Jesu a fana ka keletso ho liphutheho tse supileng, ka lekhetlo le leng le le leng molaetsa oa hae o ile oa qetella ka polelo e reng: “Ea nang le litsebe a utloe seo Moea o se bolellang likereke.”—Tšenolo 2:7, 11, 17, 29; 3:6, 13, 22.

14 Le kajeno, Jesu o lekola liphutheho. ’Me ha a hlokomela mathata, o sa ntsane a a rarolla ka moea o halalelang. Moea o ka re thusa ho hlokomela mathata le ho a hlōla ka ho toba ha re bala Bibele. Thuso e ka boela ea fumaneha ho lingoliloeng tsa Bibele tse hatisoang ke mohlanka ea khabane le ea bohlale ea tlotsitsoeng ka moea. Kapa e ka fumaneha ho baholo ba khethiloeng ke moea ka har’a phutheho. Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, ho sa tsotellehe hore na keletso e fanoa ho batho ka bomong kapa ho phutheho ka kakaretso, na re utloa mantsoe a Jesu: ‘Ea nang le litsebe a utloe seo moea o se bolelang’?

Moea le Mosebetsi oa Boboleli

15. Moea o ile oa etsetsa Jesu eng mabapi le mosebetsi oa boboleli?

15 Ka lekhetlo le leng ha Jesu a ntse a bolela ka synagogeng e Nazaretha, o ile a bontša mosebetsi o mong hape oa moea. Tlaleho ea re bolella: “Ha a phutholotse buka, a fihlela sebaka moo ho ngoliloeng, ho thoe: Moea oa Morena o ho ’na, kahobane o ntlotsitse; o nthomile ho bolella mafutsana Evangeli, ho folisa ba pelo tse bohloko, ho bolella ba holehiloeng hore ba tla lokolloa, le ba foufetseng hore ba tla boela ba bone, ho nea ba hlorisoang sebaka sa ho ikela. Eaba o qala ho ba bolella, a re: Kajeno, lengolo leo le etsahetse, le ikutloela.” (Luka 4:17, 18, 21; Esaia 61:1, 2) E, Jesu o ile a tlotsoa ka moea o halalelang bakeng sa ho bolela litaba tse molemo.

16. Lekholong la pele la lilemo, moea o halalelang o ile oa tšoareha ka ho teba joang ho boleloeng ha litaba tse molemo?

16 Pejana ho lefu la hae, Jesu o ile a bolela esale pele ka phutuho e khōlō ea boboleli e neng e tla finyelloa ke balateli ba hae. O itse: “E ka khona Evangeli e bolelloe lichaba tsohle.” (Mareka 13:10) Mantsoe ana a ile a phethahala ka lekhetlo la pele lekholong la pele la lilemo, ’me karolo e ileng ea phethoa ke moea o halalelang e bile e ikhethang. Ke moea o halalelang o ileng oa tataisa Filipi hore a e’o bolella leqhalaha la Moethiopia. Moea o halalelang o ile oa lebisa Petrose ho Kornele, ’me moea o halalelang o ile oa laela hore Pauluse le Barnabase ba romeloe joaloka baapostola ba tloha Antioke. Hamorao, ha Pauluse a batla ho bolela Asia le Bythinia, ka tsela e itseng moea o halalelang o ile oa mo thibela. Molimo o ne o batla hore mosebetsi oa bopaki o fetisetsoe Europe.—Liketso 8:29; 10:19; 13:2; 16:6, 7.

17. Kajeno, moea o halalelang o tšoarehile joang mosebetsing oa boboleli?

17 Kajeno, moea o halalelang o boetse o tšoarehile haholo mosebetsing oa boboleli. Phethahatsong e tsoelang pele ea Esaia 61:1, 2, moea oa Jehova o tlotsitse baena ba Jesu bakeng sa boboleli. Phethahatsong e qetellang ea Mareka 13:10, batlotsuoa bana, ba thusoa ke bongata bo boholo ba batho, ba ’nile ba bolela litaba tse molemo ‘lichabeng tsohle’ ka kutloisiso ea sebele. (Tšenolo 7:9) ’Me moea o ba tšehetsa kaofela ho sena. Joaloka lekholong la pele la lilemo, o bula masimo ’me o tataisa khatelo-pele e akaretsang ea mosebetsi. O matlafatsa batho ka bomong, o ba thusa ho hlōla tšabo le ho hōlisa tsebo ea bona ea ho ruta. Ho feta moo, Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae: “Le tla isoa pel’a babusisi, le pel’a marena, ka baka la ka, le be lipaki tsa ka ho ’ona le ho lichaba. Empa mohla ba le neelang bona, le se ke la belaella mokhoa oo le tla bua ka oona, le seo le tla se bolela . . . Hobane e ke ke ea e-ba lōna le buang, empa e tla ba Moea oa Ntat’a lōna o buang ka lōna.”—Mattheu 10:18-20.

18, 19. Ke ka tsela efe moea o ikopanyang le monyaluoa ho memeng batho ba lipelo li ikokobelitseng hore ba “inkele metsi a bophelo ntle ho tefo”?

18 Bukeng ea Tšenolo, Bibele e boetse e hatisa ho tšoareha ha moea o halalelang mosebetsing oa boboleli. Moapostola Johanne o tlaleha sena: “Moea le monyaluoa ba ntse ba re: ‘Tloo!’ Le e mong le e mong ea utloang a ke a re: ‘Tloo!’ Le e mong le e mong ea nyoriloeng a ke a tle; e mong le e mong ea lakatsang a ke a inkele metsi a bophelo ntle ho tefo.” (Tšenolo 22:17, NW) Monyaluoa, ea emeloang ke masala a ba 144 000 ba sa ntsaneng ba le lefatšeng, o mema bohle hore ba tl’o inkela metsi a bophelo ntle ho tefo. Empa hlokomela, moea o halalelang le oona o re “Tloo!” Ka tsela efe?

19 Ka hore molaetsa o ntseng o boleloa ke sehlopha sa monyaluoa—seo kajeno se thusoang ke bongata bo boholo ba linku tse ling—o tsoa ka har’a Bibele, e ngotsoeng tlas’a tšusumetso e tobileng ea moea o halalelang. ’Me moea oona oo o butse lipelo le likelello tsa sehlopha sa monyaluoa e le hore se utloisise Lentsoe le bululetsoeng le ho le hlalosetsa ba bang. Ba kolobetsoang joaloka barutuoa ba bacha ba Jesu Kreste ba thabela ho inkela metsi a bophelo ntle ho tefo. ’Me ba thabela ho sebelisana hammoho le moea le monyaluoa ha ba ntse ba re “Tloo!” ho ba bang hape. Kajeno, ke batho ba fetang limillione tse ’nè ba kopanelang le moea mosebetsing ona.

Ho Phelela Kolobetso ea Rōna

20, 21. Re ka phelela ho kolobetsoa ha rōna ka lebitso la moea o halalelang joang, ’me re lokela ho talima kolobetso ee joang?

20 Ho kolobetsoa ka lebitso la moea o halalelang ke polelo ea phatlalatsa e bontšang hore re hlokomela moea o halalelang ’me re amohela karolo eo o e phethang mererong ea Jehova. Ho bolela hore re tla sebelisana ’moho le moea, re sa etse letho le ka o sitisang ho sebetsa har’a batho ba Jehova. Ka hona, re hlokomela mohlanka ea khabane le ea bohlale ’me re sebelisana le eena ka botšepehi. Re sebelisana ’moho le tokisetso ea baholo ka har’a phutheho. (Ba-Heberu 13:7, 17; 1 Petrose 5:1-4) Re phela ka bohlale ba moea, eseng ba nama, ’me re lumella moea ho fetola botho ba rōna, o bo etse hore bo tšoane le ba Kreste haholoanyane. (Ba-Roma 13:14) ’Me ka pelo eohle re kopanela le moea hammoho le monyaluoa ha ba ntse ba re “Tloo!” ho batho ba limillione ba sa ntsaneng ba ka arabela hamolemo.

21 Ke ntho e tebileng hakaakang ho kolobetsoa ‘ka lebitso la moea o halalelang’! Empa, sena se ka tlisa mahlohonolo a maholo hakaakang! E se eka palo ea ba kolobetsoang ka tsela eo e ka tsoela pele ho hōla. ’Me e se eka kaofela ha rōna re ka tsoela pele ho phelela seo kolobetso eo e se bolelang, ha re ntse re sebeletsa Jehova ’me re tsoela pele ho ba le “cheseho moeeng.”—Ba-Roma 12:11.

Ke’ng Seo U se Hopolang ka Moea o Halalelang?

◻ Moea o halalelang o ile oa tšoareha ka litsela life ka Pentekonta 33 C.E.?

◻ Re ka hlahisa litholoana tsa moea joang?

◻ Baholo ba khethoa ke moea o halalelang ka tsela efe?

◻ Jesu o rarolla mathata a ka har’a phutheho joang a sebelisa moea o halalelang?

◻ Moea o tšoarehile ka ho teba joang mosebetsing oa boboleli?

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Kolobetso eo Petrose a neng a e bolela le eona e ne e etsoa ka lebitso la Ntate le la moea o halalelang

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Moea o tšoarehile ka ho teba ho boleloeng ha litaba tse molemo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela