Ho Tseba Moea o Halalelang
NA U ne u tseba hore moea o halalelang o ama bophelo ba e mong le e mong oa rōna? ’Me na u kile ua hlokomela hore o ka etsa lintlafatso tse khōlō bophelong ba hao? Sena se ka ’na sa u makatsa. Ha e le hantle, u ka ’na ua botsa: ‘Moea o halalelang ke mang kapa ke eng?’
Haeba u setho sa e ’ngoe ea likereke tse ipitsang tsa Bokreste, mohlomong u kile ua utloa moruti a kolobetsa lesea, “lebitsong la Ntate le la Mora le la Moea o Halalelang.” (Mattheu 28:19, The New English Bible) Ha ba kōptjoa ho hlalosa moea o halalelang, baruti ba bangata ba potlakela ho arabela ka hore: ‘Moea o halalelang ke motho oa boraro oa Boraro-bo-bong, ea lekanang ka litsela tsohle le Molimo Ntate le Morena Jesu Kreste.’
Leha ho le joalo, khopolo ena e ne e sa tšehetsoe makholong a ’maloa a lilemo a qalang a Mehla ea rōna e Tloaelehileng. Ka mohlala: Hoo e ka bang makholo a mararo a lilemo ka mor’a ho shoa ha baapostola ba Jesu Kreste, Gregory oa Nazianzus o ile a ngola: “Ba bang ba lekanya hore [moea o halalelang] ke matla (energeia), ba bang ba lekanya hore ke sebōpuoa se seng, ba bang ba lekanya hore ke Molimo, ba bang ha ba khone ho etsa qeto ea hore na ke sefe se nepahetseng ho tsena.”
Kajeno, likereke tse ngata tsa Bokreste-’mōtoana li amohela khopolo ea batšehetsi ba Boraro-bo-bong mabapi le moea o halalelang. Empa na seo ke sona seo Bibele e se tšehetsang? Kapa e mpa feela e le khopolo e theiloeng neanong? Ha e le hantle, ha ho mohla Bibele e buang ka moea o halalelang ka tsela e tšoanang le ha e bua ka Molimo kapa Jesu. Ka mohlala, ka Bibeleng, moea o halalelang ha o na lebitso la botho.
Na eo ke ntlha feela eo e seng ea bohlokoa? Che, mabitso ke a bohlokoa ka Bibeleng. Molimo o ile oa hatisa bohlokoa ba lebitso la oona ha o ne o re: “Ke ’na Jehova, ke lona lebitso la ka, nke ke ka nea e mong khanya ea ka, nke ke ka nea litšoantšo thoko e ntšoanelang.” (Esaia 42:8) Bohlokoa ba lebitso la Jesu Kreste bo ile ba hatisoa pele ho tsoalo ea hae ha lengeloi le ne le bolella Maria: “U tla mo rea lebitso la Jesu.” (Luka 1:31) Haeba mabitso a Ntate le Mora e le a bohlokoa hakaalo, ke hobane’ng ha moea o halalelang o se na lebitso la botho? Ka sebele, ntlha ena feela e lokela ho etsa hore motho a ipotse hore na ebe ka sebele moea oo o lekana le Ntate le Mora.
Mangolo le Moea o Halalelang
Ka Mangolong a Seheberu, kapa “Testamenteng ea Khale,” ho na le litšupiso tse buang ka ‘moea o halalelang’ le “moea oa ka [oa Molimo].” (Pesaleme ea 51:11; Joele 2:28, 29) Re bala hore moea o halalelang o ka tlala motho, oa theohela holim’a hae, le ho mo koahela. (Exoda 31:3; Baahloli 3:10; 6:34, NW) Karolo e ’ngoe ea moea o halalelang oa Molimo e ka nkoa ho motho e mong ’me ea fuoa e mong. (Numere 11:17, 25) Moea o halalelang o ka sebetsa ho motho e mong, oa etsa hore a khone ho etsa liketso tse ka holimo ho matla a motho.—Baahloli 14:6; 1 Samuele 10:6.
Ka ho utloahalang ho ka fihleloa qeto efe ho tsoa lipolelong tse joalo? Ka sebele ho ke ke ha fihleloa qeto ea hore moea o halalelang ke motho. Ke joang karolo ea motho e ka nkoang ho motho e mong ’me ea fuoa e mong? Ho feta moo, ha ho na bopaki ba hore ha Jesu a ne a le lefatšeng, Bajode ba tšepahalang ba ne ba nka moea o halalelang e le motho ea lekanang le Ntate. Ka sebele ba ne ba sa rapele moea o halalelang. Ho fapana le seo, borapeli ba bona bo ne bo tobisitsoe ho Jehova feela, Eena eo Jesu ka boeena a ileng a ’mitsa “Ntate” le “Molimo oa ka.”—Johanne 20:17.
Ho tšoana le se bitsoang Testamente ea Khale, karolo ea Bibele e bitsoang Mangolo a Segerike a Bakreste, kapa “Testamente e Ncha,” e bolela hore moea o halalelang o ka ‘tlala’ motho kapa oa ba “holim’a” hae. (Liketso 2:4; Luka 2:25-27, NW) Moea o halalelang o ile oa ‘fanoa,’ ‘oa tšolleloa ho,’ le ho ‘abjoa.’ (Luka 11:13, NW; Liketso 10:45; Ba-Heberu 2:4) Ka Pentekonta ea 33 C.E., barutuoa ba ile ba amohela “o mong oa” moea oa Molimo. (Liketso 2:17, NW) Mangolo a boetse a bua ka ho kolobetsoa ka moea o halalelang le ka ho tlotsoa ka oona.—Mattheu 3:11; Liketso 1:5; 10:38.
Lipolelo tse joalo tsa Bibele li paka hore moea o halalelang hase motho. Qeto ena e tiisoa ke ha re bona hore moea o halalelang o thathamisitsoe har’a lintho tse ling tse sa pheleng. Ka mohlala, Bibele e bolela hore Setefane o ne a ‘tletse tumelo le Moea o Halalelang.’ (Liketso 6:5) ’Me moapostola Pauluse o ile a ipuella joaloka mohlanka oa Molimo “ka ho hloeka, ka tsebo, ka sebete, ka mosa, ka Moea o Halalelang, ka lerato le se nang boiketsiso.”—2 Ba-Korinthe 6:4-6.
Ke ’nete hore ka linako tse ling Bibele e mothofatsa moea o halalelang. Ka mohlala, Esaia o ile a bolela hore marabele a mang a ile a ‘halefisa moea o halalelang oa Molimo.’ (Esaia 63:10) Pauluse o ile a bolela hore o ka ‘soabisoa.’ (Ba-Efese 4:30) ’Me mangolo a mangata a bolela hore moea o halalelang oa ruta, oa tataisa, oa bua, o beha bopaki. (Johanne 14:26; 16:13, 14; 1 Johanne 5:7, 8) Empa Bibele e boetse e mothofatsa lintho tse ling tse sa pheleng, tse kang bohlale, lefu, le sebe. (Liproverbia 1:20; Ba-Roma 5:17, 21) Ha e le hantle ena ke tsela e hlakileng eo ka linako tse ling Mangolo a hlalosang litaba ka eona.
Kajeno, re bua ka Bibele ka mokhoa o tšoanang ha re bolela hore e bolela ho hong kapa e ruta thuto e itseng. Ka ho sebelisa lipolelo tse joalo, ha re bolele hore Bibele ke motho, na ha ho joalo? Bibele ha e bolele hore moea o halalelang ke motho ha e sebelisa lipolelo tse tšoanang le tseo.
Joale, moea o halalelang ke eng? Hase motho. Ho fapana le hoo, ke matla a Molimo a sebetsang, ao o a sebelisang ho phetha thato ea oona. (Genese 1:2) Empa moea o halalelang o ama bophelo ba rōna joang? ’Me ke joang rōna ka borōna re ka ruoang molemo o eketsehileng ho sebetseng ha oona?