Kamoo Moea oa Molimo o ka U Amang ka Teng
“TŠIMOLOHONG Molimo o ne o bōpe maholimo le lefatše. Lefatše le ne le hloka sebōpeho ’me le se na letho, ’me lefifi le ne le aparetse boliba; ’me Moea oa Molimo o ne o solla holim’a metsi.” (Genese 1:1, 2, Revised Standard Version) Polelo ena ea Mangolo e bontša ka ho hlaka tsela e hlahelletseng eo ka eona e mong le e mong ea phelang a ruileng molemo moeeng o halalelang. Moea oo o ile oa sebetsa nakong ea pōpo, ’me ka thuso ea tšebetso ea ’ona, lefatše e bile lehae le thabisang bakeng sa batho.
Empa batho ba ka rua molemo o moholo haholo moeeng o halalelang. Maele a bululetsoeng a re: “Bakang ka khalemelo ea ka, ’me bonang, ke tla le tšollela moea oa ka, ke le rute litaba tsa me.” (Liproverbia 1:23) Mehleng ea rōna “mantsoe” a Molimo a bokelletsoeng a fumaneha ka Bibeleng e Halalelang, e ngotsoeng ke banna ba “neng ba susumetsoa ke moea o halalelang.” (2 Petrose 1:21, NW; Mareka 12:36; 2 Timothea 3:16) Neng kapa neng ha motho ea bonolo a bala Bibele, o rua molemo moeeng o halalelang.
Moea o Halalelang le Mosebetsi oa Boboleli
Ha e mong oa Lipaki tsa Jehova a etela lelapeng la hao ho tla bua ka litaba tse molemo tsa ’Muso, moea o halalelang o ka ama bophelo ba hao ka tsela e ’ngoe. Re tseba joang? Ha Jesu Kreste a qala ho bolela litaba tse molemo, o ile a sebelisa mantsoe a moprofeta Esaia ho eena, a re: “Moea oa Morena o ho ’na, kahobane o ntlotsitse; o nthomile ho bolella mafutsana Evangeli, . . . ho bolela selemo sa Morena se molemo.” (Luka 4:18, 19; Esaia 61:1, 2) E, Jesu o ne a tlotsitsoe ka moea o halalelang hore a bolele litaba tse molemo.
Ho feta moo, Jesu o ile a bolela esale pele hore boboleli ba litaba tse molemo bo ne bo tla tsoela pele ka mor’a lefu la hae. O profetile hore: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me ka mor’a moo bofelo bo tla tla.” (Mattheu 24:14, NW) Nakoana pele Jesu a nyolohela leholimong, o ile a fa balateli ba hae thōmo ena: “E-eang . . . ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse lebitsong la Ntate le la Mora le la moea o halalelang, le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Mattheu 28:19, 20, NW) Ka baka leo, ka mor’a ho nyolohela ha Kreste leholimong, barutuoa ba hae ba ile ba ntšetsa pele mosebetsi o laetsoeng ke moea oa ho bolela le ho ruta. Kajeno Lipaki tsa Jehova li etsisa barutuoa bao ba pele ho boleleng litaba tse molemo lefatšeng lohle.
Kolobetso le Moea o Halalelang
Jesu o boletse hore ha motho a arabela hamolemo litabeng tse molemo, o lokela ho kolobetsoa “lebitsong la Ntate le la Mora le la moea o halalelang.” Kahoo barutuoa ba bacha ba angoa ka ho eketsehileng ke moea o halalelang. Poleloana “lebitsong la” ha e le hantle e bolela “ka matla a” kapa “ho hlokomela boemo ba.”a Kahoo, ho kolobetsoa lebitsong la Ntate ho bolela ho amohela bobusi ba Molimo bophelong ba rōna ka ntle ho pelaelo. Ho kolobetsoa lebitsong la Mora ho bolela ho amohela Jesu e le Molopolli, ’Mehi-mohlala, le Morena. ’Me ho kolobetsoa lebitsong la moea o halalelang ho akarelletsa ho itšetleha ka moea ona le ho ikokobeletsa matla a oona.b
Moea o Halalelang Bophelong ba Hao
Ka masoabi, bomenemene, boitšoaro bo bobe, pefo, le ho hloka molao ho akaretsang hoo re ho bonang linaheng tsa “Bokreste” ho senola ’nete ea hore ha e le hantle ba bangata ba ipolelang hore ke Bakreste ba hanyetsa moea o halalelang. Empa ba ikokobeletsang oona ba hlohonolofalitsoe haholo. Ntho e ’ngoe ke hore, ba nka ka ho teba seo ba se balang ka Bibeleng e bululetsoeng ke moea ’me ba se sebelisa bophelong ba bona. Kahoo, ba na le bohlale, temoho, boahloli, masene, tsebo, le matla a ho nahana. (Liproverbia 1:1-4, NW) Tsena ke lintho tsa bohlokoa mehleng ea rōna e nang le mathata.
Moea o halalelang o boetse o thusa batho ba joalo ho hlōla mathata a boima. Linakong tsa boholo-holo, Molimo o ile oa bontša batho ba oona kamoo ba neng ba tla khona ho phetha mosebetsi o boima haholo ka teng. Jehova o ile a bolela hore o ne o sa tl’o etsoa ‘ka matla le ka borena, empa e le ka moea oa [hae].’ (Zakaria 4:6) Haeba re ikokobeletsa Molimo le moea oa oona, re tla boela re thusoa ho phetha mesebetsi le ho hlōla litšitiso tse neng li tla ba khōlō haholo bakeng sa rōna.—Mattheu 6:33; Ba-Filippi 4:13.
Ho feta moo, moea oa Molimo o re thusa ho thabela tokoloho e sa tsejoeng ke lefatše ka kakaretso. Moapostola Pauluse o ngotse: “Moo moea oa Jehova o leng teng, tokoloho e teng.” (2 Ba-Korinthe 3:17, NW) Ba ikokobeletsang moea oa Molimo ba thabela ho lokoloha bolumeling ba bohata, tumela-khoeleng, tšabong ea bokamoso, le linthong tse ling tse ngata tse etsang batho makhoba. Ka sebele moea oa Molimo ke matla a nang le tšusumetso e molemo! O ka ba oa fetola batho. Bibele e ama sena ha e re: “Tholoana ea Moea ke lerato, le thabo, le khotso, le sebete, le khauho, le molemo, le botšepehi, le bonolo, le boitšoaro. Ha ho molao o hanang tse joalo.” (Ba-Galata 5:22, 23) Lefatše lena e ne e tla ba le fapaneng hakaakang haeba batho bohle ba ne ba ikokobeletsa tšusumetso ea moea oa Molimo!
E le sehlopha, Bakreste ba ’nete ba boetse ba thabela “bonngoe ba moea ka tlamo ea khotso.” (Ba-Efese 4:3) Bonngoe le khotso ke lintho tsa bohlokoa tse fumanehang ka seoelo kajeno. Empa lia fumaneha moo moea oa Molimo o sebetsang. Ka sebele, har’a Lipaki tsa Jehova tlamo e kopanyang ea moea o halalelang e tlisitse batho ba merabe eohle, lipuo tsohle, le lichaba tsohle ‘mokhatlong oa sebele oa baena.’—1 Petrose 2:17, NW.
Moea oa Molimo le Uena
Na u bona molemo oa ho ba le bohlale bo fanoeng ke Molimo le ho thabela tokoloho ea ’nete? Na e ne e ke ke ea e-ba ho hlollang ho fumana thuso ea Molimo ho rarolleng mathata le ho hlaoleleng lerato, thabo, khotso, mamello, mosa, molemo, tumelo, bonolo, le boitšoaro? Joale ikokobeletse matla a moea o halalelang oa Molimo. Empa motho a ka etsa sena joang?
Lumella Lentsoe la Molimo, Bibele, ho susumetsa kelello ea hao le pelo ea hao. Kopanela le ba lumellang moea o halalelang ho susumetsa bophelo ba bona. Nka mehato hona joale ho ithuta le ho etsa thato ea Molimo. Joale, “Molimo oa tšepo o [u] tlatse ka thabo eohle le ka khotso eohle tumelong, tšepo ea [hao] e tle e ekeletsoe ka matla a Moea o Halalelang.”—Ba-Roma 15:13.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bapisa le poleloana ea Sesotho “lebitsong la molao.” Bona le Mattheu 10:41 ho King James Version, moo Jesu a sebelisitseng mantsoe “lebitso la moprofeta” le “lebitsong la ea lokileng.”
b Bona puo ea Petrose ho Bajode ka Pentekonta ea 33 C.E., ha a ne a hlalosa lintlha tse ngata tsa karolo e phethoang ke Jesu le moea o halalelang bophelong ba balumeli ba kolobelitsoeng. Ka mor’a puo ea hae, ba 3 000 ba ile ba kolobetsoa lebitsong la Ntate, le la Mora, le la moea o halalelang.—Liketso 2:14-42.