Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 9/1 leq. 26
  • “Le Hanele Diabolose, ’me o Tla le Balehela”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Le Hanele Diabolose, ’me o Tla le Balehela”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molimo o Arabela Lithapelo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Ke Ile ka Tlohela Lintho Tse Ling, ka Latela Kreste
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • Patlo ea ’Nete e-ea Putsoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • “Ka Melomo ea Bana”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 9/1 leq. 26

Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha

“Le Hanele Diabolose, ’me o Tla le Balehela”

LEKHOLONG la pele la lilemo, sehlopha sa ba neng ba tšehetsa “boloi” Efese se ile sa arabela molaetsa oa Bokreste ka hore se chese phatlalatsa libuka tsa sona tsa boloi. (Liketso 19:19, BPN) Ha ho sebetsoa litšenyehelo tsa ho reka libuka tsena li ile tsa fihla ho likotoana tsa silevera tse 50 000. Haeba tlaleho ea Bibele e bua ka denari, chelete ea tšepe ea Roma, bonyane e ne e tla lekana le R127 600!

Kajeno ho na le ba bangata ba kileng ba ba le lingoliloeng tse sebetsanang le matla a boloi empa ba bontšitse boikemisetso bo tšoanang le ba Baefese ba boholo-holo. Nahana ka mohlala o latelang o tsoang Canada.

Hoo e ka bang lilemong tse hlano tse fetileng, e mong oa Lipaki tsa Jehova o ne a bolela ka ntlo le ntlo moo eitseng ha a fihla monyakong o mong mosali ea bitsoang Nora a ileng a hla a mo hulela ka tlung. Ka mor’a lilemo tse ngata tse telele tsa ho etsa lipatlisiso mabapi le litaba tsa moea, Nora o ne a bokeletse makholo a libuka tsa bolumeli le tsa tumelo ea ho buisana le meea, empa o ne a batla ho tseba seo Bibele e se buang ka tšepo bakeng sa bafu. Paki ena e ile ea mo fa pampitšana Ho na le Tšepo Efe Bakeng sa Baratuoa ba Shoeleng? Lipotso tsa Nora li ile tsa arabjoa, ’me a fumana lipeeletso tsa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha!

Hamorao o ile a falla eaba ha a kopane le Lipaki tsa Jehova. Leha ho le joalo, a ’na a fumana limakasine ka poso atereseng ea hae e ncha. Hape o ile a odora libuka tse ling tse thehiloeng Bibeleng tse boletsoeng limakasineng tseo. Ka mor’a nako, e mong oa Lipaki tsa Jehova o ile a fihla ha hae. A khahliloe ke hore Lipaki li ea ka ho toba Bibeleng ha li araba lipotso, Nora o ile a mo amohela ’me a mo kōpa hore a khutle bakeng sa lipuisano tse eketsehileng.

Leha ho le joalo, Paki eo ea fumana ho le thata ho kopana le Nora hape. E ile ea mo etela ntle ho katleho ka linako tse sa tšoaneng tsa letsatsi le ka linako tse sa tšoaneng tsa beke. Leha ho le joalo, qetellong, ho phehella ha eona ho ile ha putsoa, ’me ea fumana liphello tse molemo. Ho ile ha qalisoa thuto ea kamehla ea Bibele, eo, ka phehello ea Nora e neng e atisa ho tšoaroa ka makhetlo a mararo ka beke. Lintho tseo a neng a ithuta tsona li ile tsa mo susumelletsa ho bua le metsoalle le litho tsa lelapa, ho ileng ha fella ka hore ba bararo ba bona ba kōpe ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova.

Nora ha a ntse a ithuta o ile a utloisisa hore ho na le malumeli a bohata a mangata le baprofeta ba bohata empa ho na le tsela e le ’ngoe feela e isang bophelong. Ka lilemo tse ngata o ne a ntse a batlela lipotso tsa hae likarabo malumeling a bohata, empa ka mor’a ho ithuta seo Bibele e se buang ka bademona, o ile a nka khato e tšoanang le ea Baefese ba boholo-holo ba boletsoeng ho Liketso 19:19. O ile a hloekisa laebrari ea hae ’me, ka matsatsi a mangata, a senya libuka tse fetang tse sekete tse sebetsanang le lithuto tsa matla a boloi le tsa bolumeli ba bohata. Har’a libuka tse ileng tsa senngoa, sete e ’ngoe ea libuka tse ’nè e ne e ka ja ho feta R2 100!

Ba sa ipate hore ba halefisitsoe ke liketso tsa Nora, bademona ba ile ba mo tšoenya hoo e ka bang ka libeke tse peli. Leha ho le joalo, meea ena e khopo ha ea ka ea khona ho mo tlohelisa ho tsoela pele a ithuta Bibele le ho kopanela le mokhatlo o hlophisitsoeng oa kajeno oa Jehova.

Liphihlelo tse kang ena li bontša hantle ’nete ea mantsoe a Bibele: “Ipeeng ka tlase ho Molimo, le hanele Diabolose, ’me o tla le balehela.”—Jakobo 4:7.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela