Ho Bontša Kananelo ka Lipontšo tse Peli tse Khōlōhali tsa Lerato
“Rea mo rata, kahobane e le eena ea re ratileng pele.”—1 JOHANNE 4:19.
1. Jesu o re beetse mohlala ofe?
RE KA bontša kananelo ea rōna hamolemo joang bakeng sa lerato le leholo leo Jehova Molimo le Jesu Kreste ba re bontšitseng lona? Tsela e ka sehloohong ke ka ho etsisa Jesu, ea paketseng lebitso la Ntate oa hae le ’Muso oa hae a sa khathale. (1 Petrose 2:21) O entse joalo malapeng, masynagogeng, tempeleng, mesikong ea lithaba le lebopong la leoatle. A re nahaneng ka litsela tse robong tse ikhethang tse ka re bulehelang.
Tšebeletso ea Ntlo le Ntlo
2. U ka tiisetsa joang mosebetsing oa ntlo le ntlo?
2 Tsela ea pele, ’me mohlomong e le eona e ikhethang haholo, eo re ka bontšang lerato la rōna le kananelo ea rōna ke ka ho ea ka ntlo le ntlo ka litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Ho etsa joalo ho hlile ho hloka bolokolohi ba puo hobane ka linako tsohle ke ho amana le ba bang ka ho toba, bao ba bangata ho bona ba tlang ho re talima re le ba khathatsang. Ho hloka lerato la ’nete ho Molimo le baahelani hore re ’ne re ee ka ntlo le ntlo, leha re ka kopana le boemo ba boiphapanyo, ho khopeha, ho nyelisoa kapa khanyetso e tobileng.—Bapisa Ezekiele 3:7-9.
3. U na le motheo ofe oa Mangolo bakeng sa tšebeletso ea ntlo le ntlo?
3 Tlaleho ea Molaetsa ea litaelo tsa Jesu ho baapostola ba hae ba 12, ’me hamorao ho baevangeli ba 70, ka ho hlakileng e bontša hore ba ne ba lokela ho ea ka ntlo le ntlo ba bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. (Mattheu 10:5-14; Luka 10:1-7) Ho Liketso 20:20 Pauluse o bolela ka ho ea ha hae ka ntlo le ntlo. Mantsoe ao a ’nile a sebelisetsoa ho etsa ha hae maeto a bolisa, empa temana ea 21 (NW) ha e siee khoao mabapi le hore na ho boleloa tšebeletso efe, hobane Pauluse oa phaella: “Ke hlile ka bea bopaki hantle ho Bajode le ho Bagerike”—e seng ho baena ba Bakreste le likhaitseli—“ka ho sokolohela ho Molimo le ho lumela ho Morena oa rōna Jesu.” Hangata ha moholo a etsa maeto a bolisa, ha a khothaletse ‘ho sokolohela ho Molimo le ho lumela ho Jesu.’ Ho e-na le hoo, o khothaletsa Bakreste ’moho le eena ho ba le kananelo e eketsehileng ea liboka kapa tšebeletso, kapa o ba thusa ka mathata a botho.
4. Ke eng e re khothaletsang ho kopanela boboleling ba ntlo le ntlo?
4 Hase hore feela ho na le motheo o utloahalang oa Mangolo bakeng sa ho ea ha rōna ka ntlo le ntlo empa litholoana tsa tšebeletso eo li bontša hore Jehova oa e hlohonolofatsa. E, “bohlale bo ipaketsoe ke bana ba jona.” (Mattheu 11:19) Hangata, ba eang ka ntlo le ntlo ba bone bopaki ba tataiso ea mangeloi e ba lebisang ho ba lapetseng le ho nyoreloa ho loka. Mong’a ntlo o boletse hore o ne a ’nile a rapella thuso le hore ho eteloa ke Paki ho arabetse thapelo eo.
5. Re na le thuso efe e ntle bakeng sa tšebeletso ea rōna ea ntlo le ntlo, hona e ka re thusa ka litsela life tse sa tšoaneng?
5 Re na le thuso e khōlō hakaakang bakeng sa tšebeletso ea tšimo bukeng ea Ho Bea Mabaka ka Mangolo! E na le likenyelletso tse ngata tse ipiletsang bakeng sa lipuisano tsa Bibele hammoho le boitsebiso bo molemo lihloohong tse ’maloa tsa Mangolo kapa tsa bolumeli. Kahoo e seng feela hore u e nke empa u ’ne u lebe ho eona nako le nako. Bo-pula-maliboho ka ho khethehileng, ba bontšitse kananelo e khōlō bakeng sa thuso ena ea bohlokoa ea tšebeletso ea tšimo. Na u ka bontša kananelo ea hao bakeng sa lerato la Molimo ka ho sebelisa buka ee haholoanyane le ka mokhoa o beang haholoanyane?
6. Re emetse ho fumana molemo ofe oa botho ka ho ea ka ntlo le ntlo ka molaetsa oa ’Muso?
6 Ha rea lokela ho hlokomoloha ’nete ea hore rōna ka borōna re mocheng oa ho rua molemo haholo ka ho kopanela tšebeletsong ea ntlo le ntlo. Ha rōna Bakreste re nka bohato ka tumelo ea rōna, e ba e tiileng haholoanyane; ha re bua ka kholiseho, ea matlafala. Re ke ke ra bolella ba bang ka tšepo ea rōna ntle le hore tšepo ea rōna e khanye haholoanyane. Ha ho letho le tšoanang le ho kopanela ka mehla tšebeletsong ea ntlo le ntlo bakeng sa ho hlaolela litholoana tsa moea tse boletsoeng ho Ba-Galata 5:22, 23. Ho lokela ho ba ka tsela eo feela, hobane Bibele ea re tiisetsa: “Motho ea fanang o tla atleha; ea khathollang ba bang le eena o tla khatholloa.”—Liproverbia 11:25, New International Version.
Ho Etsa Maeto a ho Boela
7, 8. Ke ka mabaka afe a utloahalang le a molemo re lokelang ho etsa maeto a ho boela?
7 Tsela ea bobeli eo re ka arabelang ka eona leratong leo Molimo le Kreste ba re bontšitseng lona ke ka ho boela ho batho bao pejana ba ileng ba bontša thahasello molaetseng oa ’Muso. Pauluse le Barnabase ba ne ba amehile ka bao ba ileng ba ba bolella. (Liketso 15:36) Ha e le hantle, hore re be ba tsitsitseng ho hlokahala re boele. Ha re paka ka ntlo le ntlo, ka mokhoa o sa rereloang, kapa literateng, re batla “bafumanehi moeeng.” (Mattheu 5:3) Ka ho hlakileng, kamoo ho leng ka teng, ho ba fa mohope oa metsi a moea kapa sekoto se le seng sa bohobe ba moea ha hoa lekana ho hang. E le hore ba tle ba kene tseleng e isang bophelong, ba hloka thuso e eketsehileng.
8 Boiteko ba rōna ba pele bo ka ’na ba tšoantšoa le ho jala lipeō tsa ’nete. Empa joalokaha moapostola Pauluse a bontšitse ho 1 Ba-Korinthe 3:6, 7, ho hlokahala ho eketsehileng. Ho ne ho sa lekana hore e be o lemme. Lipeō li ne li boetse li hloka metsi, a kang ao Apolose a faneng ka oona. Joale ho ka lebelloa hore Molimo o tla melisa. Ba bang ba hlokomoloha tšobotsi ena ea mosebetsi, empa ba bang ba e nka e le tšobotsi e hlileng e leng bonolo ka ho fetisisa tšebeletsong ea Bokreste. Hobane’ng? Hobane batho bao re ba etelang ba se ba ile ba bontša thahasello e itseng.
Ho Khanna Lithuto tsa Bibele tsa Lehae
9. Ke hobane’ng ha ho khanna thuto ea Bibele ea lehae e lokela ho ba pakane ea hao?
9 Ha ho boeloa ka mehla ho batho ba bontšitseng thahasello molaetseng oa ’Muso, hangata phello ke thuto ea Bibele ea lehae—tsela ea boraro eo re ka bontšang kananelo ea rōna ka eona. Ka sebele e ka ba tšobotsi e thabisang ka ho fetisisa le e putsang ka ho fetisisa ea tšebeletso ea rōna. Hobane’ng? Ke thabo e kaakang ho bona batho ba hōla tsebong le kananelong ea linnete tsa Bibele, ho ba bona ba fetoha bophelong ba bona, le ho ba thusa ho fihlela ba inehela ho etsa thato ea Molimo ’me ba kolobetsoa! Ba joalo kannete ba ka talingoa e le bana ba rōna ba moea ’me rōna re le batsoali ba bona ba moea.—Bapisa 1 Ba-Korinthe 4:14, 15; 1 Petrose 5:13.
10. Ke mohlala ofe oa sebele o bontšang molemo oa ho khanna lithuto tsa Bibele tsa mahae?
10 Nahana ka mohlala oa sebele. Moromuoa e mong o ne a e-ea ka ntlo le ntlo sehleke-hlekeng sa Caribbean ’me a kopana le banyalani ba mahipi bao ntlo ea bona e neng e le bohlasoa bo tšosang. Empa ba bontša thahasello. Ha tsamaisoa thuso ea ho ithuta Bibele, ’me thuto ea Bibele ea lehae ea qalisoa le banyalani bana, ba neng ba sa nyalana le hoja ba ne ba e-na le bana ba ’maloa. Ha thuto e ntse e tsoela pele, ntlo ea qala ho shebahala hantle le bona banyalani bana le bana ba bona. Kamor’a nakoana banyalani ba kōpa hore moromuoa eo a tiise lenyalo la bona, ba bula monyetla oa hore ba kolobetsoe. Joale ka letsatsi le leng moena e mocha ka thabo a bontša lengolo la hae la ho khanna koloi, la pele leo a kileng a le fumana. E, pele e e-ba e mong oa Lipaki tsa Jehova, o ne a e-so ho bone ho hlokahala ho fumana lengolo la lenyalo kapa la ho khanna, empa hona joale o ne a mamela molao oa Molimo le oa sesare.
Bopaki ba Seterateng
11, 12. (a) Re na le khothatso efe ea Mangolo bakeng sa ho kopanela bopaking ba seterateng? (b) Mabaka a hore re etse joalo ke afe?
11 Tsela ea bone eo re ka bontšang kananelo ea rōna ka eona ka seo Molimo le Kreste ba re etselitseng sona ke ka ho paka seterateng. Ha re kopanela, re thusa ho phethahatsa Liproverbia 1:20, 21 ka tsela e batlang e tobile: “Bohlale bo meketsa kantle, bo tlerola ka lentsoe le leholo mapatlelong; bo hoa mabaleng a marata, pel’a menyako ea motse; bo tumisa litaba tsa bona har’a motse.”
12 Ka mehla ho na le mabaka a mangata a matle a hore re kopanele ka mehla tšobotsing ena ea boboleli ba ’Muso. Libakeng tse ngata, ho thata haholo ho fumana batho ba le hae. Ka tsela e ’ngoe e itseng mohlomong ba ile boithabisong, mabenkeleng kapa mosebetsing. Hape, batho ba bangata ba phela meahong e hirisoang e ikhethang, re se re sa re letho ka ba phelang lihoteleng. Empa hangata ho na le batho ba bonoang literateng.
13. Bopaki ba seterateng bo ka ba le liphello life? Bontša.
13 Moholo e mong United States hona joale o khanna lithuto tsa Bibele tsa mahae tse ’nè le batho bao a qalileng ho kopana le bona tšebeletsong ea ho paka seterateng. Ha e le hantle, ha a eme a thotse tu (le hoja linaheng tse ling e le sona seo molao o se lumellang). Ho e-na le hoo, ka ho bososela ho nang le botsoalle le ka lentsoe le monate, o atamela batho ba emeng, ba emetse bese, kapa ba tsamaeang butle ba iketlile. ‘Lipolelo tsa hae ke tse molemo, tse nokiloeng ka letsoai,’ ’me o sebelisa masene mabapi le ho atamela e mong le e mong. (Ba-Kolosse 4:5, 6; 1 Petrose 3:15) Ha a fumana lithuto tsa mahae tsa Bibele ka bopaki bo joalo ba seterateng feela empa o boetse o atleha haholo ho tsamaiseng libuka ho ba bangata. E, ka ho apara ka makhethe le ka ho bososela ho nang le botsoalle hammoho le ho bua ka bolokolohi, u ka ba ea beang haholo bopaking ba seterateng. Ha e le hantle, Lipaki tse hlano li sa tsoa tsamaisa likopi tse 30 tsa buka Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation? libakeng tsa mabenkele. Tse ngata tsa libuka tseo li ne li nkuoa ke batho ba lutseng ka makoloing a bona.
Bopaki bo sa Rereloang
14. Molemo oa bopaki bo sa rereloang o totobala joang?
14 Tsela ea bohlano ea rōna ea ho bontša kananelo bakeng sa lerato le leholo leo Molimo le Kreste ba re bontšitseng lona ke ka bopaki bo sa rereloang. Hangata bo ipakile e le bo beang hakaakang, ka ho fumana batho ba lapetseng le ho nyoreloa ho loka le ka ho tsamaisa libuka! Ka sebele ke tsela e ’ngoe eo ka eona re ka mamelang keletso e fumanoang ho Ba-Efese 5:15, 16, ‘re itopollele linako.’ Moromuoa e mong o ile a qala moqoqo le motsamai ’moho le eena koloing ea baeti. Monna eo a bontša thahasello. Ho ile ha etsoa maeto a ho boela ’me ha qaloa thuto ea Bibele. Kajeno monna eo ke moholo oa Mokreste. Kae-kae moholo e mong o ile a qala moqoqo le mosali eo ho ileng ha tla hlokomeleha hamorao hore o ne a fetola bolumeli ba hae ho ea nyaloa ke Mojode. O ne a batla ho tseba hore na ke mang ea tlileng pele, ho Moshe, Noe, Davida le ba bang. Moholo a ’molella hore o hloka buka ea Lipale tsa Bibele, e bontšang liketsahalo tsa Bibele ka tatellano ea kemiso ea nako. Le hoja moholo enoa a ne a sa mo tsebe ho hang, mosali eo habonolo feela a mo fa lebitso la hae le aterese le monehelo o hlokahalang e le hore a ka mo romella buka eo.
15. Ke eng e tla re thusa ho ela hloko menyetla ea bopaki bo sa rereloang?
15 Ka linako tse ling, ka lebaka la ho tšaba ho hanyetsoa hampe, re ka ’na ra qea-qea ho qala moqoqo le motho eo re tsamaeang le eena. Leha ho le joalo, ke hangata hakaakang re putsoang ka ho enneng haeba re e-ba sebete ho etsa joalo! Ho ananela molemo oa Molimo le seo batho ba se hlokang ho tla re thusa ho ba le sebete se hlokahalang. E, hopola hore “Molimo ha oa ka oa re nea moea o boi, empa e le oa matla, le oa lerato, le oa kelello.”—2 Timothea 1:7.
Ho Amohela Baeti
16. Ke hobane’ng ha re lokela ho ela hloko baeti ba chaketseng Holong ea rōna ea ’Muso?
16 Tsela ea botšelela eo re ka bontšang ka eona teboho ea rōna ho Molimo le ho Kreste ke ka ho amohela baeti ba eang Holong ea rōna ea ’Muso. Lerato la boahelani le lokela ho re etsa hore re ele hloko baeti leha e le bafe ba etelang sebaka sa rōna sa borapeli. A re loaneleng ho mo etsa hore a ikutloe a lokolohile, a ikutloe hore o har’a metsoalle eo ka sebele e thahasellang katleho ea hae ea moea. Mohlomong, o tlisitsoe ke ho fetang bohele-hele feela. E ka ’na eaba kannete o lapetse le ho nyoreloa ho loka. Ho ameha ha rōna ha sebele ka eena ho ka ’na ha fella ka hore re qalise thuto ea lehae ea Bibele, re mo thusa ho ea tseleng e isang bophelong. (Mattheu 5:3, 6; 7:13, 14) Ha e le hantle, eona ntho ena e etsahetse hangata. Moromuoa e mong ea tsoang sehlopheng sa pele sa Sekolo sa Bibele sa Watchtower sa Gileade o ile a hlokomela hore liithuti tsa hae tse peli tsa Bibele tse tšepisang haholo e bile bao a qalileng ho kopana le bona Holong ea ’Muso.
Ho Paka ka ho Ngola Mangolo
17. Ho paka ka ho ngola mangolo ho ka ba le liphello life?
17 Tsela ea bosupa eo re ka pakang ka eona, ha re arabela leratong leo Molimo le Kreste ba re bontšitseng lona, ke ka ho ngola mangolo. Hangata, ba sebelisang mokhoa ona oa ho paka ba fumana mangolo a ananelang haholo ha ba arabeloa. Mokhoa ona o sebelisoa ke basebeletsi ba nako e tletseng bao ka nakoana ba ka ’nang ba sitoa ho ea ka ntlo le ntlo ka lebaka la ho kula ’meleng. Ka mohlala: Ho ne ho e-na le lelapa le nang le bana ba 12. Ka letsatsi le leng ha ntate a fihla hae a fumana ba bahlano ba thuntsoe ka sehlōhō ke e mong oa bahlankana ba morali oa hae. A batla matšeliso ho baruti ba Bokreste-’mōtoana a sa atlehe. Joale ka letsatsi le leng a amohela lengolo le tsoang ho motho eo a sa mo tsebeng, Paki e neng e ile ea bala koranteng ka koluoa ea hae ’me e batla ho mo tšelisa, e ne e kentse le buka ea ’Nete. Sena ke sona seo monna enoa a neng a ntse a se batla. Kajeno le eena ke Paki e chesehang.a
Ho Letsa Mohala
18, 19. Ke mokhoa ofe o mong oa ho bolela litaba tse molemo oo ba bang ba o fumaneng e le o beang, hona hobane’ng?
18 Ho bolela mokhoa oa borobeli oa ho paka, ho na le monyetla oa ho sebelisa mohala bakeng sa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso. Ka ho eketsehileng ona o ipakile e le mokhoa o thabisang le o beang oa ho paka. Lipaki tse eketsehileng li ba le tsebo e batsi ka tšobotsi ena ea tšebeletso, e nang le ho hongata hakana hoo e ho khothaletsang. Ka oona re finyella batho ba bang bao re sa khoneng ho kopana le bona tšebeletsong ea ntlo le ntlo. Ha ho paka ka mohala ho etsoa ka bohlale, ka mosa, le ka masene, ba bang ba fumane karabelo e molemo ho feta ha ba etela batho ba joalo malapeng a bona.
19 Phutheho e ’ngoe ea Sejapane naheng e buang Senyesemane e sebelisa buka ea lithelefono e le karolo ea tšimo ea eona. Bahoeletsi ba letsetsa mabitso a Sejapane ’me ba etsa tokisetso ea ho kopana le motho eo moo ba fumanang thahasello. Ba qalisitse lithuto tse mashome-shome ka mekhoa ena.
Ho Paka ka Boitšoaro bo Botle
20, 21. Boitšoaro ba rōna bo ka ba le liphello life tse ntle? Bontša.
20 Tsela ea borobong eo re ka tlisang thoriso ho Molimo ke ka boitšoaro ba rōna bo botle. Mongolli e mong oa likoranta oa Lerashea o kile a bolela hore boitšoaro ba rōna bo botle ke thuto ea rōna e molemohali. Ha e le hantle, hangata likoranta li babalitse boitšoaro ba Lipaki tsa Jehova bo phahameng. E ’ngoe e tlalehile: “Lipaki tsa Jehova ka ho hlokomelehang ke batho ba tšepahalang ka ho fetisisa Rephabliking e Kopaneng ea Jeremane.” Ngoanana oa Paki o ile a tlisetsa tichere ea hae bukana Sekolo ha likolo li buloa. O ile a e hana hampe, a bolela hore ha a batle letho ka Lipaki. Leha ho le joalo, kamor’a nako boitšoaro ba hae bo botle ba mo hapela thoriso e phahameng ka ho fetisisa ea tichere ’me boikutlo ba eona ba fetoha ka ho feletseng ka Lipaki. Ha bohlokoa bo tšoanang ke lengolo leo batsoali ba Lipaki ba ileng ba le amohela le tsoa ho tichere ea ngoana oa bona ea sekolo: “Tekanyo e ke keng ea latoloa ea katleho ea litumelo tsa lōna ke bana ba lōna.”
21 Ba lefatšeng ba ke ke ba bua letho le letle ka Lipaki tsa Jehova ba sa tlotlise Molimo le Kreste. Ke ka tsela eo ho lokelang ho ba ka eona. Na Jesu ha a ka a bolela hore re lokela ho khantša maseli a rōna e le hore batho ba ka bona mesebetsi ea rōna e metle ’me ba rorise Ntate oa rōna oa leholimo? (Mattheu 5:16) Kannete, ka boitšoaro ba rōna bo botle, re ka khabisa ’nete. (Tite 2:10) Ka sebele, ’nete ea hore boitšoaro ba rōna bo botle bo tlisetsa Molimo le Kreste thoriso ’me bo thusa ba bang hore ba kene tseleng e isang bophelong, ke lebaka le matla la hore re amehe ka ho teba ka hore boitšoaro ba rōna ka linako tsohle bo se ke ba nyatsuoa.
22. U tla loanela efe litseleng tsa ho bontša kananelo, hona hobane’ng?
22 Joalokaha re bone, ho na le litsela tse ngata tseo re ka bontšang kananelo ea rōna bakeng sa tsohle tseo Jehova le Jesu Kreste ba re etselitseng tsona, haholo-holo lipontšong tsa bona tse khōlō tsa lerato. Ha re ntse re tsoela pele, re ka paka lerato la rōna la boahelani.—Mareka 12:30, 31.
23. U ka bontša kananelo ho Molimo le Jesu ka tsela efe ea ho qetela?
23 Ha re qetella, a re hlokomeleng hore re ka bontša kananelo ea rōna bakeng sa lipontšo tse peli tse khōlōhali tsa lerato ka ho keteka Sejo sa Morena sa Mantsiboea. Bosiung ba hae ba ho qetela lefatšeng e le motho, Jesu o ile a thea sejo sa khopotso ea selemo le selemo se nang le bohobe le veine, tse emelang ’mele oa hae le mali a hae. O ile a laela hore ho keteka hona ho etsoe e le ho mo hopola. (1 Ba-Korinthe 11:23-26) Selemong sena Sejo sa Morena sa Mantsiboea se tla ba ka Sontaha, ka la 12 ’Mesa, hoba letsatsi le likele. Lefatšeng lohle, Lipaki tsa Jehova li tla bokana ho utloa taelo ea Jesu. U se ke ua hlōloa ho ba teng!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa boitsebiso, bona Awake!, October 22, 1986, maqephe 12-16.
Lipotso tsa Tlhahlobo
◻ Jesu o ile a paka joang hona hokae?
◻ Re ka etsisa Jesu ka litsela life ka ho bontša kananelo bakeng sa lerato le leholo la Molimo?