Pono ea Bibele
Na Borapeli ba Mekha bo Amoheloa ke Molimo?
U NAHANA eng ha u utloa lentsoe “mokha”? Lihlopha tsa batho ba apereng liaparo tse sa tloaelehang ba binang le ho tantša lik’honeng tsa literata? Barapeli ba khumamang ka pel’a moetapele oa Mohindu? Lipale tse tšosang ka ho koetela kapa ho tšoara bana hampe? Kapa, mohlomong litlaleho tse tšosang tsa lipolao kapa batho ba bangata ba ipolaeang?
Ke ’nete hore hangata litlaleho tsa mofuta ona lia hlaha, mohlomong hangata haholo. Phello ke hore, ho batho ba bangata, lentsoe “mokha” le bolela ntho e sa tloaelehang, e sa amaneng le lineano, ’me mohlomong e bolaeang. Ho bona, lihlopha tsohle tsa bolumeli tse sa amoheloeng ke molao ke mekha. Na pono e joalo e a utloahala? ’Me ha bohlokoahali, na eo ke pono ea Bibele?
Mokha Ke’ng?
Ka ho thahasellisang, Bajode ba bangata ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba talima balateli ba Jesu Kreste joaloka mokha, haholo-holo moapostola Pauluse. Ka lebaka la ho ruta ha hae ka mafolofolo litaba tse molemo ka Jesu Kreste, balaoli ba Bajode ba nģosa Pauluse, ka hore ke “monna ea kotsi-kotsi, ea fehlang moferefere har’a Bajode lefatšeng lohle, moetapele oa mokha oa Banasaretha.” (Liketso 24:5, TLP) Lentsoe “mokha” mona le fetoletsoe ho tsoa lentsoeng la Segerike hai’resis, le bolelang “khetho,” ke hore, “khetho ea khopolo e loantšanang le e amoheloang kamehla.” Ka baka leo, “mokha” ke sehlopha sa batho se khethang ho latela tsela kapa tumelo e fapaneng le eo ka tloaelo e amoheloang.
Baetapele ba bolumeli ba Bajode ba fumane molaetsa o neng o rutoa ke Pauluse le Bakreste ’moho le eena o fapane le ho ferekanya. Ka baka leo ba ba bitsa mokha. Empa na ba ne ba nepile? Le hanyenyane, hobane haeba re amohela maikutlo ao, re ne re tla lumela hore Bokreste kamoo bo neng bo rutoa ke Jesu oa Nasaretha le moapostola Pauluse e ne e le mokha!
Ka ho fapaneng haholo, Bibele e bua ka “mokha oa Bafarisi” le ‘mokha oa Basadduci.’ (Liketso 15:5, UP; 5:17, UP) Hobane’ng? Hobane ba ne ba khethile ho latela tsela kapa tumelo e fapaneng le e rutoang ke Bibele. Jesu o bontšitse phoso ea bona ha a re: “Le tseba hantle ho felisa molao oa Molimo ka ho boloka mokhoa oo le o neanang. . . . Le fosisa lentsoe la Molimo joalo ka mokhoa oa lōna oo le o neanang.” (Mareka 7:9, 13) Leha ba ne ba nahana hore ba phehella bolumeli bo amoheloang ke molao, ba ne ba thea mekha ea mehleng eo.
Ka ho khomarela ha bona ka thata likhopolong tsa bona ka se nepahetseng, balateli bao ba neng ba itokafatsa ba bolumeli ba hana Jesu. Ka baka leo Jesu a ba bolella: “Ke re ho lōna: ’Muso oa Molimo le tla o amohuoa, ’me o tla neoa sechaba se seng se tla bea litholoana tsa oona.”—Mattheu 21:43.
Mekha ke Bo-mang Kajeno
Kajeno, lentsoe “mokha” le sebelisoa ka bolokolohi ke bangoli ba bolumeli, banyatsi, le ba bang, ho e mong le e mong ea loantšang mofuta oa bolumeli ba bona. Empa na sena ke motheo o utloahalang oa ho ahlola? Ho e-na le hoo, na ho ke ke ha e-ba molemohali ho latela tataiso e fanoeng ke Jesu le ho hlahloba “litholoana” tsa bona? O itse: “Le tla ba tseba ka ho bea ha bona.”—Mattheu 7:16.
Ka tekanyetso ena, lihlopha le mekhatlo e mengata eo re balang ka eona ka sebele e ka bitsoa mekha. Ho e-na le ho hlahisa ‘tholoana ea moea,’ ba bontšitse “mesebetsi ea nama,” e mengata, ho kopanyeletsa le ‘bofebe, bonyala, bootsoa, ho rapela melimo ea bohata, boloi,’ le e meng. (Ba-Galata 5:19-24) Ba bangata ba bona ba ka bitsoa mekha, kaha ba rapela baetapele ba itseng ba bolumeli le ho latela lithuto tsa bona ho e-na le tsa Lentsoe la Molimo, Bibele.
Empa ho thoe’ng ka malumeli a bitsoang a maholo? Na a khomarela litekanyetso tse phahameng tsa Bibele litabeng tsa boitšoaro, kapa na a na le likhopolo tsa oona ka tsona? (1 Ba-Korinthe 6:9, 10) Na a ratana, e leng hoo Jesu a boletseng hore ke letšoao la barutuoa ba ’nete, kapa na a faposoa ke bochaba le lipolotiki tse susumetsang batho ho bolaeana nakong ea ntoa? (Johanne 13:35) Na a buella Bibele e le Lentsoe le bululetsoeng la Molimo, joaloka ha Jesu a entse, kapa na a le talima e le tšomo le ho phahamisa lithuto tsa batho tse hlomphollang Molimo tsa ho iphetola ha lintho? (Johanne 17:17) Ho hlakile hore ho sa tsotellehe “ho hlomphuoa” ha ona, malumeli a bitsoang a maholo ke mekha ea bohata e ikhakanyang e le Bokreste ba ’nete.
Seo U Lokelang ho se Etsa
Bokreste ba ’nete ha se mokha, leha e le hore bo teng ka likarolo. Haeba u kena kereke, joale ho u hloka hore u hlahlobe ka hloko seo kereke ea hao e se rutang le hore litho tsa eona li hlahisa “litholoana” life. Na li theiloe ka ho feletseng Bibeleng le ho lumellana le eona? Kapa na ho ka etsahala hore kereke ea hao le eona e khethile tsela e fapaneng le seo Bibele e se rutang, kahoo e iketsa mokha? Ho ithuta Bibele ka khothalo ke eona tsela feela ea ho tiiseha.
[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 19]
Moapostola Pauluse o nģositsoe ka ho ba “moetapele oa mokha oa Banasaretha”
[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 19]
Na kereke ea hao e buella Bibele e le Lentsoe la Molimo kapa e e talima e le tšomo?