Na U sa Hopola?
Na u thabetse ho bala litokollo tsa morao tjee tsa Molula-Qhooa? Ak’u bone hore na u ka arabela lipotso tse latelang:
• Taba ea sehlooho ke efe ha re rarolla phapang le motho e mong?
Bohato ba pele ke ho hlokomela hore kaofela re ka hlaseloa ke menahano e fosahetseng le maikutlo a fosahetseng. Ebe re hlahloba ka hloko hore na hase rōna ba bakileng bothata ho e-na le ho nka hore bo bakiloe ke motho e mong.—8/15, leqepheng la 23.
• ‘Linako tsa tsosoloso ea lintho tsohle’ tse boletsoeng ho Liketso 3:21 li tla tla neng?
Tsosoloso ena e tla ka mekhahlelo e ’meli. Oa pele ke ho tsosolosetsoa paradeiseng ea moea, ho bileng teng ho tloha ka 1919. Tsosoloso e tsoelang pele e tla tla ha lefatše la rōna le tsosoloselitsoe paradeiseng ea sebele.—9/1, leqepheng la 17, 18.
• Ke ka tsela efe bohloa bo se nang molaoli, joalokaha ho bontšitsoe ho Liproverbia 6:6-8, empa bo re behela mohlala o motle?
Sehlopheng sa bohloa ho na le mofumahali, empa ke mofumahali feela ka kutloisiso ea hore bo behela mahe le hore ke ’mè oa sehlopha seo. Bohloa bo khothetse, le rōna re lokela ho khothala, re leke ka matla ho ntlafatsa mosebetsi oa rōna, leha re sa talingoa.—9/15, leqepheng la 26.
• Na boprofeta ba Hulda, bo ho 2 Marena 22:20 bo reng Josiase o ne a tla shoa ka “khotso” bo ne bo nepahetse, kaha Josiase o ile a bolaoa ke leqeba le mo lemalitseng a le ntoeng?
E, o shoele ka khotso ka kutloisiso ea hore o ile a shoa pele tlokotsi ea 609-607 B.C.E. e fihla, ha Bababylona ba ne ba thibella Jerusalema le ho e timetsa.—9/15, leqepheng la 30.
• Ke ka tsela efe e neng e le ho babatsa mosali ha Solomone a ne a re ke “khama e tšehali e ratehang le pōli ea thaba e khahlehang”? (Liproverbia 5:18, 19, NW)
Pōli e tšehali ea naheng, kapa pōli ea thaba e thapile ka tlhaho ebile e seriti. Ho ntse ho le joalo, e ka phela mafikeng le ho tsoalla ho ’ona, ’me tsena ke libaka tseo ho leng thata ho fihla ho tsona le tseo lijo li haellang ho tsona.—10/1, leqepheng la 30, 31.
• Henry Grew le George Storrs e ne e le bo-mang?
Banna bana ba babeli ba phetse lilemong tsa bo-1800 ’me e ne e le liithuti tsa Bibele tse mafolofolo. Grew o ile a ithuta hore thuto ea Boraro-bo-bong ha e tsoe ka Mangolong, joalokaha ea ho se shoe ha moea le ea mollo oa lihele li sa tsoe ka Mangolong. Storrs o ile a hlokomela hore ba bang ba tla phela ka ho sa feleng lefatšeng. Bobeli ba bona ba qalile mosebetsi pele ho Charles Taze Russell, ea ileng a qala ho hatisa makasine ena ka 1879.—10/15, leqepheng la 26-30.
• Lipaki tsa Jehova li na le pono efe ka mekhoa ea phekolo e sebelisang mali a mokuli ka boeena?
Kaha seo li se lumelang se thehiloe Bibeleng, ha li boloke mali a tsona ebe hamorao lia a tšeloa. Mokreste ka mong o iketsetsa qeto ea hore na mali a hae a tla tšoaroa joang nakong ea ho buuoa, ea tlhahlobo ea bongaka, kapa mekhoeng e sebelisoang hona joale ea ho phekola. O lokela ho nahana ka seo Bibele e se buang ka mali ’me a hopole hore o inehetse ho Molimo ka ho feletseng.—10/15, leqepheng la 30, 31.
• Phuputso e entsoeng mathoasong a selemo see e senotse hore ke eng e hlokahalang haholo har’a Lipaki tsa Jehova ho pota lefatše?
Ho hlokahala Liholo tsa ’Muso tse ka holimo ho 11 000 linaheng tse ntseng li tsoela pele moruong, moo ho nang le khaello ea chelete. Menehelo e tsoang ho Bakreste ba linaha tse ngata e sebelisetsoa ho thusa kahong ea libaka tsa ho kopanela tse loketseng.—11/1, leqepheng la 30.
• Ke mantsoe afe a mang a puo ea pele a sebelisitsoeng ka Bibeleng a amanang le borapeli?
Le leng ke lei·tour·giʹa, le fetoletsoeng e le “tšebeletso ea phatlalatsa.” Le leng ke la·treiʹa, e fetoletsoeng e le “tšebeletso e halalelang.” (Baheberu 10:11; Luka 2:36, 37)—11/15, leqepheng la 11 le 12.
• Re ka ithuta thuto efe ea motheo tlalehong ea Bibele ea Adama le Eva?
Ho bonahalang e le ho ipusa ntle ho Jehova Molimo, ke booatla bo feletseng.—11/15, leqepheng la 24-7.
• Ho na le bopaki bofe ba Mangolo ba hore Molimo o matlafatsa bahlanka ba hae?
Davida, Habakuke le moapostola Pauluse kaofela ba ile ba fana ka bopaki ba hore Jehova Molimo o ba matlafalitse kapa o ba file matla. (Pesaleme ea 60:12; Habakuke 3:19; Bafilippi 4:13) Kahoo, re ka kholiseha hore Molimo o rata ho re matlafatsa ebile oa khona.—12/1, leqepheng la 10, 11.