Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w06 9/15 maq. 8-9
  • ‘Re ke ke ra Khaotsa ho Bua ka Jesu’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Re ke ke ra Khaotsa ho Bua ka Jesu’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boikemisetso bo sa Thekeseleng
  • Ho Mamela Hoa Putsoa
  • “Molimo ke Eena ’Musi oa Rona, re Tla Mamela Eena”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
  • U Mamela Mang—Molimo Kapa Batho?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Gamaliele—O Rutile Saule oa Tarsase
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Ho ne ho se Letho le ka ba Sitisang
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
w06 9/15 maq. 8-9

“Re Tla Mamela Molimo e le ’Musi ho E-na le Batho”

‘Re ke ke ra Khaotsa ho Bua ka Jesu’

KE SELEMO sa 33 C.E., sebaka ke lekhotla la sechaba sa Bajuda, le majabajaba le Jerusalema. Tlas’a maemo ana, Sanhedrine e lekhatheng la ho sekaseka nyeoe ea balateli ba Jesu Kreste ba 12. Hobane’ng? Hobane ba ne ba ntse ba ruta ka Jesu. Ke lekhetlo la bobeli moapostola Petrose le moapostola Johanne ba hlaha ka pel’a lekhotla lena. Baapostola ba bang bona ke lekhetlo la pele ba qosoa.

Moprista ea phahameng o bua le baapostola ba 12 ka taelo e ileng ea ntšoa ke lekhotla leo nakong e fetileng. Nakong eo, ha ba laeloa hore ba khaotse ho ruta ka Jesu, moapostola Petrose le moapostola Johanne ba ile ba arabela tjena: “Hore na ho lokile mahlong a Molimo ho mamela lōna ho e-na le Molimo, le ikahlolele. Empa ha e le rōna, re ke ke ra khaotsa ho bua ka lintho tseo re li boneng le tseo re li utloileng.” Ka mor’a hore ba rapelle hore ba be sebete, barutuoa ba Jesu ba ile ba tsoela pele ho phatlalatsa litaba tse molemo.—Liketso 4:18-31.

Ha a hlokomela hore litšoso tsa hae tsa nakong e fetileng ha lia ka tsa sebetsa, nyeoeng ena ea bobeli moprista ea phahameng o phatlalatsa sena: “Re ile ra le laela ka tieo hore le se ke la ’na la ruta ka lebitso lena, ’me leha ho le joalo, bonang! le tlatsitse Jerusalema thuto ea lōna, ’me le ikemiselitse ho tlisa mali a motho enoa holim’a rōna.”—Liketso 5:28.

Boikemisetso bo sa Thekeseleng

Ha Petrose le baapostola ba bang ba araba ka sebete ba re: “Re tla mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.” (Liketso 5:29) Ka sebele, ho e-na le ho mamela batho feela tjee, re lokela ho mamela Jehova haeba batho ba batla hore re etse se khahlanong le litaelo tsa hae.a

Mantsoe a baapostola a tiisang hore ba batla ho tšepahala ho Molimo a ne a tšoanela ho ama litho tsa Sanhedrine maikutlo. Ha ba botsoa ka ho mamela Molimo, baeta-pele bana ba sechaba sa Bajuda ba ne ba lokela ho araba ba le ntsoe-leng ba re: ‘Mamelang Molimo.’ Etsoe, na ha ba lumele hore Molimo ke eena ’Musi Morena oa bokahohleng?

Mohlomong a emetse baapostola kaofela, Petrose o bolela hore mabapi le tšebeletso ea bona, ba mamela Molimo ho e-na le batho. Ka lebaka leo, o bontša hore qoso ea hore baapostola ha ba mamele hase ’nete. Ho latela pale ea sechaba sa habo bona, litho tsa Sanhedrine lia tseba hore ho na le linako tseo ka tsona ho totobalang hore se nepahetseng ke ho mamela Molimo ho e-na le batho. Babelehisi ba babeli ba Egepeta ba ne ba tšaba Molimo, eseng Faro, ka hore ba se bolaee bana ba batona ba neng ba belehoa ke basali ba Baheberu. (Exoda 1:15-17) Morena Ezekiase o ile a mamela Jehova, eseng Morena Sankeribe, nakong eo a neng a hatelloa hore a inehele. (2 Marena 19:14-37) Mangolo a Seheberu ao litho tsa Sanhedrine li neng li a tseba, a hatisa taba ea hore Jehova o lebeletse hore batho ba hae ba mo mamele.—1 Samuele 15:22, 23.

Ho Mamela Hoa Putsoa

Kamoo ho bonahalang kateng, bonyane setho se le seng sa lekhotla le phahameng se angoa ke mantsoe ana a reng “re tla mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.” Moahloli ea hlomphuoang haholo oa Sanhedrine, e leng Gamaliele, o khothalletsa lekhotla leo hore le mamele keletso ea hae e bohlale eo a ileng a fana ka eona sephiring. Ha a fana ka mehlala ea nakong e fetileng, Gamaliele o bontša hore ha ho bohlale ho kena-kenana le mosebetsi oa baapostola. O qetella ka ho re: “Le se ke la kena-kenana le banna bana, empa le ba tlohele; . . . .ho seng joalo, mohlomong le ka fumanoa le loantša Molimo.”—Liketso 5:34-39.

Mantsoe a Gamaliele a nang le kelello a susumelletsa lekhotla le phahameng hore le lokolle baapostola. Le hoja ba shapiloe, sena ha se tšose baapostola le hanyenyane. Ho e-na le hoo, tlaleho ea Bibele e re: “Letsatsi le leng le le leng ka tempeleng le ka ntlo le ntlo ba tsoela pele ba sa khaotse ho ruta le ho bolela litaba tse molemo mabapi le Kreste, Jesu.”—Liketso 5:42.

Baapostola ba ile ba hlohonolofatsoa hakaakang ka lebaka la ho bontša ka ho hlaka hore bolaoli ba Molimo ke bona bo phahameng ka ho fetisisa! Kajeno Bakreste ba ’nete le bona ba na le maikutlo a tšoanang. Lipaki Tsa Jehova li tsoela pele ho nka Jehova e le eena ’Musi oa tsona ea Phahameng ka ho Fetisisa. Haeba li laeloa hore li etse se khahlanong le litaelo tsa Molimo, li araba joaloka baapostola li re: “Re tla mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona Almanaka ea Lipaki Tsa Jehova ea 2006, September/October.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 9]

NA U SE U KILE UA IPOTSA?

Mongoli oa Kosepele Luka o fumane litaba tseo Gamaliele a li boleletseng Sanhedrine sephiring joang? Ho ka ’na ha etsahala hore ebe Molimo ke eena ea ileng a senolela Luka se builoeng ke Gamaliele. Mohlomong Pauluse (eo e neng e le e mong oa ba kileng ba rutoa ke Gamaliele) o ile a bolella Luka hore na Gamaliele o itse’ng ho bona. Kapa e ka ’na eaba Luka o ile a buisana le setho sa lekhotla le phahameng se neng se tšehetsa baapostola.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela