Thuto 26
Ho Hōlisa Boitsebiso ka Mokhoa o Utloahalang
Ke eng seo u lokelang ho se etsa?
Hlophisa boitsebiso ba hao ka mokhoa o hlakisang kamoo mehopolo e amanang kateng le kamoo e amanang kateng le sephetho seo u se etsang kapa pakane eo u lekang ho e finyella.
Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa?
Ha boitsebiso bo fanoa ka mokhoa o utloahalang, ho bonolo haholoanyane hore bamameli ba bo utloisise, ba bo amohele le ho bo hopola.
PELE boitsebiso bo ka hlophisoa ka mokhoa o utloahalang, u lokela ho ba le pakane ka kelellong. Na pakane ea hao ke ho bolella ba bang ka taba e itseng feela—tumelo, boikutlo, tšoaneleho, boitšoaro ba mofuta o itseng kapa tsela ea bophelo? Na u lebeletse ho paka khopolo e itseng kapa ho e hanyetsa? Na sepheo sa hao ke ho haha kananelo bakeng sa ntho e itseng kapa ho susumelletsa ho nka khato? Ho sa tsotellehe hore na u tla be u fana ka boitsebiso ba hao ho motho a le mong kapa ho bamameli ba bangata, hore u etse joalo ka katleho, u lokela ho nahana ka seo ba seng ba se tseba ka taba eo le kamoo ba ikutloang kateng ka eona. Ha u se u entse sena, hlophisa boitsebiso ba hao ka tsela e tla u thusa ho finyella pakane ea hao.
Mabapi le tšebeletso ea Saule (Pauluse) Damaseka, Liketso 9:22 e tlaleha hore o ne a “tsietsa Bajuda ba neng ba lula Damaseka ha a ntse a paka ka mabaka a utloahalang hore enoa ke Kreste.” Mabaka ao a utloahalang a ne a akarelletsa eng? Joalokaha tlaleho ea tšebeletso ea morao ea Pauluse Antioke le Thesalonika e bontšitse, pele o ile a haha holim’a taba ea hore Bajuda ba ne ba amohetse Mangolo a Seheberu le hore ba ne ba ipolela hore ba lumela seo a se buang ka Mesia. Joale, Mangolong ao, Pauluse o ile a khetha likarolo tse buang ka bophelo ba Mesia le tšebeletso ea hae. O ile a li qotsa ’me a li bapisa le se ileng sa etsahala mabapi le Jesu. Qetellong, o ile a fihla sephethong se totobetseng, sa hore Jesu ke Kreste, kapa Mesia. (Lik. 13:16-41; 17:2, 3) Haeba le uena u nehelana ka ’nete ea Bibele ka mokhoa o utloahalang, e ka ba le phello e susumetsang ho ba bang.
Ho Hlophisa Nehelano. Boitsebiso bo ka hlophisoa ka litsela tse sa tšoaneng tse utloahalang. Haeba u bona ho loketse, u ka ’na ua sebelisa mekhoa e sa tšoaneng. Hlokomela e seng mekae e ka ’nang ea sebelisoa.
Ho hlophisa taba ka lihlooho. Sena se akarelletsa ho hlophisa boitsebiso ba hao ka likarolo, karolo ka ’ngoe e tlatsetse pakaneng ea hao. Likarolo tsena e ka ’na ea e-ba lintlha tse khōlō tsa bohlokoa bakeng sa ho utloisisa taba ea hao. E ka ’na ea e-ba mabaka a khethehileng a tiisang kapa a hanyetsang ntho e itseng. Lintlha tse itseng, le hoja li amana le taba, li ka ’na tsa akarelletsoa kapa tsa tlosoa, ho itšetlehile ka bamameli ba hao kapa pakane ea hao.
Hlokomela mohlala oa ho hlophisa taba ka lihlooho. Nehelano e khutšoanyane mabapi le lebitso la Molimo e ka ’na ea akarelletsa (1) lebaka leo ka lona e leng habohlokoa ho tseba Molimo ka lebitso, (2) hore na lebitso la Molimo ke mang le (3) kamoo re ka hlomphang lebitso leo kateng.
Ho ka ithutoa ho hongata mabapi le ho hlophisa boitsebiso ka lihlooho tsa litaba ka ho hlahloba likhatiso tse lokiselitsoeng ke “lekhoba le tšepahalang le le masene” tseo re ka li sebelisang lithutong tsa mahae tsa Bibele. (Mat. 24:45) Hangata likhatiso tsena li akarelletsa litaba tse ngata, kapa lihlooho tsa litaba, tse ka thusang liithuti ho ba le pono e batsi ka linnete tsa motheo tsa Bibele. Likhatiso tse khōloanyane li sebelisa lihloohoana ho arola khaolo ka ’ngoe. Sehlooho ka seng sa taba se hlomella seithuti bakeng sa boitsebiso bo latelang ’me se tlatsetsa tlhalosong ea taba eo kaofela.
Sesosa le phello. Ho beha mabaka ka sesosa le phello ke mokhoa o mong oa ho nehelana ka boitsebiso ka tsela e utloahalang.
Haeba u bua le sehlopha kapa batho ka bomong ba lokelang ho nahana ka hloko ka liphello tsa ntho e itseng eo ba e etsang kapa eo ba rerang ho e etsa, mokhoa ona o ka atleha. Liproverbia khaolo ea 7 e fana ka mohlala o motle haholo oa sena. E hlalosa ka ho hlakileng kamoo mohlankana ea se nang phihlelo eo “pelo ea hae e haelloang” (sesosa) a ikamahanyang le letekatse le kamoo a hlaheloang ke liphello tse bohloko kateng (phello).—Liprov. 7:7.
Bakeng sa ho fana ka khatiso e eketsehileng, u ka ’na ua bontša phapang pakeng tsa liphello tse mpe tse tlelang ba hlōlehang ho tsamaea litseleng tsa Jehova le liphello tse ntle tse tlelang ba mamelang Jehova. A susumetsoa ke moea oa Jehova, Moshe o ile a bontša phapang e joalo ha a ne a bua le sechaba sa Iseraele pele se kena Naheng e Tšepisitsoeng.—Deut., khao. 28.
Maemong a mang, ho molemo hore u qale puisano ea hao ka ho khetholla boemo (phello) ebe u fana ka bopaki bo bontšang mabaka a tlatsetsang boemong boo (sesosa). Hangata sena se akarelletsa ho sebelisa mokhoa oa nehelano e fanang ka bothata le tharollo ea bona.
Bothata le tharollo. Tšebeletsong ea tšimo, ha u tšohla bothata boo batho ba amehileng ka bona ’me u bontša hore ho na le tharollo e khotsofatsang, sena se ka ’na sa khothalletsa motho ho mamela. U ka ’na ua hlahisa bothata boo kapa ba hlahisoa ke motho eo.
Bothata bo joalo e ka ’na ea e-ba taba ea hore batho baa tsofala ’me baa shoa, ho ata ha tlōlo ea molao kapa ho hloka toka ho jeleng setsi. Ha ho hlokahale hore u bue halelele ho bontša hore bothata bo joalo bo teng, hobane ho hlakile hore bo teng. Qala feela ka ho bua ka bothata boo ’me u fane ka tharollo e thehiloeng Bibeleng.
Ka lehlakoreng le leng, ho ka etsahala hore bothata ke ba botho, bo akarelletsang liphephetso tseo motsoali ea hōlisang bana a le mong a talimanang le tsona, ho nyahama ka lebaka la ho kula haholo, kapa mathata ao motho a nang le ’ona ka lebaka la ho tšoaroa hampe ke motho e mong. E le hore u finyelle molemo o moholohali, pele u lokela ho ba momameli ea molemo. Bibele e fana ka boitsebiso ba bohlokoa mathateng ana kaofela. Empa bo lokela ho sebelisoa ka temoho. Hore puisano ea hao e ruise motho e mong molemo e le kannete, u lokela ho talima lintho ka tsela ea sebele. Hlakisa hore u bua ka tharollo ea nako e telele, thuso ea nakoana, kapa u mpa u bontša kamoo ho ka mamelloang boemo bo ke keng ba fetoha tsamaisong ena ea lintho kateng. Ka mantsoe a mang, tiisa hore mabaka a Mangolo ao u fanang ka ’ona a lekane bakeng sa ho tšehetsa sephetho seo u se thehileng ho ’ona. Ho seng joalo, tharollo eo u fanang ka eona e ka ’na ea bonahala e sa utloahale ho hang ho motho e mong.
Tatellano ea liketsahalo. Boitsebiso bo bong bo fanoa hamolemo haholo ha bo latela nako eo bo etsahetseng ka eona. Ka mohlala, bukeng ea Exoda, Likotlo tse Leshome li hlahisitsoe ka tatellano eo li etsahetseng ka eona. Ho Baheberu khaolo ea 11, lethathamo leo moapostola Pauluse a faneng ka lona la banna le basali ba tumelo e behang mohlala le latela tatellano ea liketsahalo.
Haeba u pheta liketsahalo tsa nako e fetileng ka tatellano eo li etsahetseng ka eona, sena se ka thusa bamameli ba hao ho utloisisa kamoo maemo a itseng a ileng a hlaha kateng. Sena se sebetsa historing ea mehla ea kajeno esita le liketsahalong tsa mehla ea Bibele. Kahoo u tla be u kopanya mokhoa oa ho sebelisa tatellano ea liketsahalo le oa sesosa le phello. Haeba u rera ho thathamisa liketsahalo tseo Bibele e bontšang hore li tla etsahala nakong e tlang, mohlomong nehelano e bontšang ho latellana ha liketsahalo ke eona eo ho ka bang bonolo haholo hore bamameli ba hao ba e latele le ho e hopola.
Ho sebelisa mokhoa oa tatellano ea liketsahalo ha ho bolele hore kamehla u lokela ho pheta taba ho tloha qalong. Maemong a mang, ho ka ’na ha e-ba molemo haholo ho kenyelletsa tlaleho karolong e hapang tlhokomelo haholo ea pale eo. Ka mohlala, ha u pheta phihlelo, u ka ’na ua khetha ho bua ka boemo boo botšepehi ba motho ho Molimo bo ileng ba behoa tekong ho bona. Ha u se u tsositse thahasello ka karolo eo ea tlaleho, u ka bolela makolopetso a ileng a lebisa ho eona ho ea ka tatellano ea liketsahalo.
Ho Sebelisa Boitsebiso bo Hlokahalang Feela. Ho sa tsotellehe hore na u hlophisa boitsebiso ba hao joang, hlokomela hore u sebelise boitsebiso bo hlokahalang feela. Sehlooho sa puo ea hao se lokela ho ba le tšusumetso khethong ea hao. Hape u lokela ho nahana le ka mofuta oa bamameli ba hao. Ntlha e itseng e ka ’na ea e-ba ea bohlokoa ho bamameli ba itseng, empa e ka ’na ea utloahala e le ho fetelletsa lintho ho sehlopha se seng. Hape u lokela ho tiisa hore boitsebiso ba hao kaofela bo tla tlatsetsa ho finyelleng pakane ea hao. Ho seng joalo, nehelano ea hao, le hoja mohlomong e thahasellisa, e ka ’na ea se ke ea atleha.
Ha u etsa lipatlisiso, u ka ’na ua fumana boitsebiso bo bongata bo thahasellisang bo amanang le taba ea hao. U lokela ho sebelisa bo bongata hakae ho bona? Haeba u imetsa bamameli ba hao ka boitsebiso bo bongata haholo, pakane ea hao e ka ’na ea nyopa. Mehopolo e seng mekae ea bohlokoa e hōlisitsoeng hantle e tla hopoleha habonolo ho feta mehopolo e mengata e fanoeng ka potlako. Sena ha se bolele hore boitsebiso bo bong bo ka thōko bo thahasellisang ha boa lokela ho akarelletsoa. U se ke ua bo lumella ho pupetsa pakane ea hao. Hlokomela kamoo boitsebiso bo joalo bo ileng ba akarelletsoa ka bohlale kateng ka Bibeleng ho Mareka 7:3, 4 le Johanne 4:1-3, 7-9.
Ha u ntse u hatela pele ho tloha ntlheng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe, hlokomela hore u se ke ua etsa joalo ka potlako hoo bamameli ba hao ba lahleheloang ke tatellano ea mohopolo. Hore mehopolo e sebetse hammoho ka katleho, ho ka ’na ha hlokahala hore u etse borokho bo tlohang mohopolong o mong ho ea ho o mong. Borokho boo e ka ’na ea e-ba poleloana e itseng kapa e ka ’na ea e-ba polelo e feletseng e bontšang kamoo mehopolo eo e amanang kateng. Lipuong tse ngata, ho ka sebelisoa lihokelo kapa lipoleloana tse bonolo ho bontša kamoo mohopolo o mocha o amanang kateng le o tlang pele ho oona.
Ho sebelisa feela boitsebiso bo hlokahalang le ho bo beha ka tatellano e hlophisehileng, ho tla u thusa ho finyella pakane ea hao.
IPOTSE . . .
Pakane ea ka ke efe?
Na ntlha ka ’ngoe e khōlō e amana hantle le pakane eo?
Ha ke khetha boitsebiso, na ke nahanetse litlhoko tsa bamameli ba ka?
Na ke hlophisitse boitsebiso e le hore ke tataise likelello tsa bamameli ba ka ho tloha mohopolong o mong ho ea ho o mong ho se likheo tseo ba thatafalloang ho li amahanya?
BOITLHAKISO: Joalokaha u se u balile thuto ena, hlahloba boitsebiso bona hape ka lebelo le itekanetseng, u ikhopotse moko-taba oa serapa ka seng. Hlokomela kamoo serapa ka seng se tlatsetsang pakaneng ea thuto eo kaofela kateng.