Ho Fetoha ha Lintho Tsa Bohlokoa Hammoho le ho Fetoha ha Histori
“TSAMAISO ea melao eo motho a e latelang (kapa a tlamehang ho e latela) bophelong ba hae le bophelong ba sechaba.” Ke kamoo Encyclopædia Universalis ea Sefora e hlalosang lentsoe “boitšoaro.”
Ha e le hantle, tlhaloso ena e sebetsa ho motho e mong le e mong. E kopanyeletsa molumeli ea latelang melao-motheo ea bolumeli ba hae le motho ea sa lateleng tsamaiso efe kapa efe ea melao ea boitšoaro kapa bolumeli empa a e-na le melao-motheo e itseng e tataisang bophelo ba hae. Esita le motho ea rabelang khahlanong le puso, ea ipolelang hore “ha se Molimo kapa molaoli,” o khethile lintho tsa hae tsa bohlokoa ha feela a na le tokelo ea ho iketsetsa liqeto.
Empa motheo oa lintho tsena tsa bohlokoa ke ofe? Likhetho tse joalo tsa boitšoaro li theiloe holim’a eng? Na lia fetoha le nako?
Lintho tsa Bohlokoa Nakong e Fetileng
“Spartan” ke lentsoe le sebelisoang lipuong tse ngata ho hlalosa ho haelloa ke boiketlo. Lentsoe lena le supa maemong a thata ao baahi ba bacha ba motse oa boholo-holo oa Greece oa Sparta ba neng ba rutoa tlas’a ’ona. Kaha ba ne ba khaohantsoe le batsoali ba bona ho tloha boseeeng, ba ne tlameha ho ithuta kutlo ka ho feletseng. Morero oa thuto ena e ne e le ho ba etsa masole a beang mohlala.
Batho ba bang ba ile ba latela lintho tsa bohlokoa tse fapaneng. Ka mohlala, Iseraele ea boholo-holo e ne e na le melao eo Molimo o e nehileng Moshe. Melao ena e ne e kopanyeletsa melao ea lijo, bohloeki, boitšoaro, le lithibelo tsa moea. Baiseraele ba ne ba tlameha ho rapela Jehova Molimo a le mong feela.
Mabapi le boitšoaro ba botona le botšehali, Molao oa Moshe o ne o nyatsa bofebe, bohlola, bosodoma ba banna le ba basali. Morero oa sena e ne e le ho khetholla Baiseraele ho baahisani ba bona, e seng bolumeling feela empa le boitšoarong. Ho ne ho le joalo hobane batho ba bangata ba pota-potileng Baiseraele ba ne ba sebelisa borapeli bo silafetseng ba botona le botšehali, ho kopanyeletsa le bofebe ba banna le basali tempeleng. Ba bang ba bile ba etsa bana ba bona mahlabelo ho melimo ea bona ea bohata.
Lekholong la pele la lilemo C.E., qeto e entsoeng ke seboka sa baapostola ba Bakreste Jerusalema e ile ea laela hore Bakreste ba latele molao o tšoanang le oa Bajode tabeng ea botona le botšehali e leng ‘ho tela bofebe.’ Ho latela Dictionnaire de la Bible ea Vigouroux, molao ona e ne e le oa bohlokoa ka ho fetisisa kaha bofebe e ne e le ntho e tloaelehileng har’a bahedene nakong eo.—Liketso 15:29.
Litekanyetso tsa boitšoaro li ’nile tsa phehella ho theosa le histori ’me li ne li fapanyetsana le linako tsa mamello le tsa melao ea boitšoaro e thatanyana. Bosodoma bo neng bo nyatsoa ka matla Mehleng e Bohareng, bo ile ba lumelloa Mehleng ea Nchafatso Europe. Switzerland, ha Calvin a ne a lula Geneva nakong ea Tsosoloso, o ile a qalisa nako e thata haholo ea ho se sekisetse boitšoarong. Ka lehlakoreng le leng, lilemo tse 200 hamorao, Phetohelo ea Mafora e ile ea lumella lintho tse neng li hanoa pele boitšoarong. Sena se ile sa fetoha “tokoloho ea boitšoaro” ’me se ile nolofatsa tlhalo.
Lintho tsa Bohlokoa tse Fapaneng Boitšoarong Kajeno
Kajeno, esita le sechabeng se tšoanang, batho ba na le litekanyetso tsa boitšoaro tse fapaneng. Ho na le ba buellang melao e matla ea boitšoaro, ha ba bang ba buella “tokoloho ea boitšoaro.”
Melao ea boitšoaro e fetohile ka potlako. “Ho baahi ba bangata ba Fora, bohlola bo na le moelelo o nepahetseng. Bohlola bo bobe ’me ha bo lumellane le boitšoaro bo botle,” ho bolela buka ea Sefora Francoscopie. Leha ho le joalo, mohloli oona oo o boetse o hlokometse hore ho batho ba bang ba bangata “ho se tšepahale lenyalong ha ho sa talingoa e le ho baleha likhatellong tsa bophelo empa e le tokelo, tokelo e ke keng ea belaeloa ka kamano eo banyalani ba nang le eona, empa ho fapana le seo, e lokela ho matlafatsa kamano ea bona.”
Ho ntša mpa ke karolo e ’ngoe ea melao ea boitšoaro e fetohileng ka potlako. Le hoja ho ntša mpa e sa ntse e le tlōlo ea molao linaheng tse ling, e boetse e lumelletsoe—ebile ea hlokahala—linaheng tse ling. Ke ho thahasellisang ho hlokomela hore Mokhatlo oa Bongaka oa Fora o ne o nka ho ntša mpa e le tlōlo ea molao ho fihlela ho lumelloa ka molao ka 1974. Kajeno, baahi ba bangata ba Fora ba nka sena e le boitšoaro bo amohelehang.
Leha ho le joalo, melao e joalo ea boitšoaro e theiloe ho eng? Na lintho tsa rōna tsa bohlokoa tsa boitšoaro e lokela ho ba tsa boikhethelo le tse fetohang le maemo?
Motho o Ikhethetse Lintho tsa Bohlokoa tsa Boitšoaro
Ho theosa le makholo a lilemo, boralifilosofi ba sebelisitse mekhoa e mengata ho leka ho arabela lipotso tse joalo. Ba bang ba sebelisitse ‘molao oa lefatše lohle oa boitšoaro’ empa ha ba lumellane hore na ke tlhaloso ea mang e lokelang ho ba motheo oa litekanyetso.
Ba bang ba ikutloa hore kameho ka motho e mong e lokela ho tataisa boitšoaro ba motho. Empa seo motho e mong a se nahanang e le kameho e loketseng ka batho ba bang, mohlomong ba bang ba ka se talima ka ho fapaneng. Ka mohlala, ka makholo a lilemo a mangata beng ba makhoba ba ne ba nahana hore ho lokile ho fepa makhoba a bona le ho a neha bolulo, empa makhoba a ne a nahana hore kameho e loketseng e lokela ho fella ka hore a lokolloe bokhobeng.
Ha ho pelaelo hore lipono tse pharalletseng tsa likhopolo tse loantšanang tseo bafilosofi ba bileng le tsona mabapi le lintho tsa bohlokoa tsa boitšoaro li ferekantse batho ba bangata. Likhopolo tsa bona ha lia hlahisa tekanyetso e tšoanang ea boitšoaro, kapa hore filosofi ea bona e tliselitse lelapa la motho khotso le bonngoe. Likhopolo tsa bona tse loantšanang li entse hore lenane le eketsehang la batho le fihlele qeto ea hore tekanyetso ea motho ka boitšoaro e lokile joalokaha eka ke ea “litsebi.”
Ke ka lebaka leo batho ba bangata kajeno ba amohetseng khopolo ea mofilosofi oa Fora Jean-Paul Sartre, ea ikutloang hore motho e lokela ho ba moahloli ka boeena litabeng tsa boitšoaro. Monahano ona o amohetsoe ke litho tse ngata tsa likereke. Ka mohlala, ba boholong K’hatholike ba tšoenyehile hobane Mak’hatholike a mangata ha a sa latela lithuto tsa kereke tsa botona le botšehali ’me a sebelisa lithibela-pelehi tseo kereke e li nyatsang.
Thuto ea histori ke hore melao e mengata ea boitšoaro e entsoe ke batho, empa ha nako e ntse tsamaea melao e joalo e ile ea belaeloa, ea fetoloa, kapa ea lebaloa. Leha ho le joalo, melao-motheo ea Bibele e boletsoeng pelenyana sehloohong sena ha se ea borafilosofi kapa ea sechaba se fetohang. Melao-motheo e joalo ea Bibele e na le bohlokoa bofe kajeno? Na ho bonolo ho e latela?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 7]
“HO SE TŠEPAHALE LENYALONG HA HO SA TALINGOA E LE HO BALEHA LIKHATELLONG TSA BOPHELO EMPA E LE TOKELO”