Khaolo 2
Bolumeli Bo Qalile Joang?
1, 2. Ke eng e ’nileng ea hlokomeloa mabapi le bokhale le ho se tšoane ha bolumeli?
HISTORI ea bolumeli ke ea khale joaloka histori ea motho ka boeena. Ke seo baepolli ba mesaletsa ea lintho tsa khale le ba thuto e rutang ka motho le tikoloho ea hae ba re bolellang sona. Haesita le har’a “batho ba sa tsoelang pele” ka ho fetisisa, ke hore, moo ho se nang mekhoa ea tsoelopele, ho fumanoa bopaki ba borapeli ba mofuta o itseng. Haele hantle The New Encyclopædia Britannica e bolela hore “kamoo litsebi li fumaneng ka teng, ha ho mohla ho kileng ha e-ba le batho leha e le bafe, kae kapa kae, ka nako efe kapa efe, bao ka kutloisiso e itseng e neng e se balumeli.”
2 Ho sa tsotellehe hore na ke ba khale hakae, bolumeli bo boetse bo teng ka ho se tšoane ho hongata. Litsomi tsa lihlooho tsa batho tsa likhoeng tsa Borneo, Maeskimo a Arctic e har’a leqhoa, bo-hloma-u-hlomole ba alosang mehlape ba Lehoatateng la Sahara, batho ba lulang metseng e meholo ea libaka tse khōlō tsa lefatše tsa khoebo—batho bohle le sechaba se seng le se seng lefatšeng ba na le molimo kapa melimo ea bona le tsela eo ba rapelang ka eona. Ho se tšoane hona ha bolumeli ruri hoa hlolla.
3. Ke lipotso life ka malumeli a lefatše tseo ho hlokahalang hore ho nahanoe ka tsona?
3 Ka ho utloahalang, lipotso li tla kelellong. E be malumeli aa ’ohle a tsoa hokae? Kaha ho na le phapang e hlokomelehang haesita le ho tšoana har’a ’ona, na e be bo bong le bo bong bo qalile ka bo bona, kapa e be a ile ea hōla ho tloha mohloling o le mong? Ha e le hantle re ka ’na ra botsa: Hantle-ntle bolumeli bo qalile ka lebaka lefe? Hona joang? Likarabelo lipotsong tsena ke tsa bohlokoa haholo ho bohle ba thahasellang ho fumana ’nete tabeng ea bolumeli le litumelo tsa bolumeli.
Taba ea Tšimoloho
4. Re tseba eng ka bathei ba malumeli a mangata?
4 Ha e le tabeng ea tšimoloho ea bona, batho ba malumeli a fapaneng ba nahana ka mabitso a kang Muḥammad, Buddha, Confucius, le Jesu. Hoo e ka bang bolumeling bo bong le bo bong, re ka fumana motho ea ka sehloohong ea neoang tlotla ka ho thea ‘tumelo ea ’nete.’ Ba bang ho bona e ne e le bantlafatsi ba neng ba hlasela tumelo e teng. Ba bang e ne e le bafilosofi ba boitšoaro. Ha ba bang e ne e le bahale ba itetseng ba batho bahabo bona. Ba bangata ba bona ba siile lingoliloeng kapa lipolelo tse ralileng motheo oa tumelo e ncha. Ka mor’a nako seo ba se boletseng le ho se etsa se ile sa hōlisoa, sa khabisoa, ’me sa neoa lereli la mohlolo. Ba bang ba baeta-pele bana ba bile ba etsoa melimo.
5, 6. Malumeli a mangata a simolohile joang?
5 Le hoja batho bana ba nkoa e le bathei ba malumeli a maholo ao re tloaelaneng le ’ona, ho ke ho hlokomeloe hore haele hantle hase bona ba simolotseng bolumeli. Maemong a mangata, lithuto tsa bona li ile tsa hlomela likhopolong tsa bolumeli tse neng li se ntse li le teng, le hoja boholo ba bathei bana ba ipolela hore mohloli oa litaba tsa bona ke pululelo e tsoang ho Molimo. Kapa ba ile ba fetola le ho lokisa litsamaiso tse neng li le teng tsa bolumeli tse neng li fetohile tse sa khotsofatseng ka tsela ena kapa eane.
6 Ka mohlala, ka nepo kamoo histori e ka re bolellang ka teng, Buddha e ne e le khosana e ileng ea sisimosoa ke maemo a bohloko le a mabe ao a ileng a a fumana a mo potolohile mokhatlong o neng o busoa ke Bohindu. Bobuddha e bile phello ea ho batla ha hae pheko ea mathata a hlomolang a bophelo. Ka ho tšoanang, Muḥammad o ne a tšoenyehile haholo ke borapeli ba melimo ea litšoantšo le boitšoaro bo bobe tseo a neng a li bona mekhoeng ea bolumeli bo mo potolohileng. Hamorao o ile a bolela hore o fumane tšenolo e khethehileng e tsoang ho Molimo, e ileng ea bōpa Qur’ān ’me ea fetoha motheo oa tsamaiso e ncha ea bolumeli, Islām. Boprostanta bo ile ba hlomela ho Bok’hatholike ka lebaka la Ntlafatso e ileng ea qala mathoasong a lekholo la bo16 la lilemo, ha Martin Luther a ipelaetsa ka ho rekisoa ha mangolo a tšoarelo ea libe a neng a rekisoa ke kereke e K’hatholike ka nako eo.
7. Ke potso efe mabapi le bolumeli eo ho sa ntsaneng ho hlokahala hore e arabeloe?
7 Kahoo, tabeng ea malumeli a teng hona joale, boitsebiso bo bongata mabapi le tšimoloho ea ’ona le ho hōla ha ’ona, bathei ba ’ona, lingoliloeng tsa ’ona tse halalelang, le tse ling tse joalo. Empa ho thoe’ng ka malumeli a bileng teng pele ho ’ona? Le a bileng teng pele ho ao? Haeba re boela morao ka ho lekaneng historing, neng neng re tla tobana le potso ena: Bolumeli bo qalile joang? Ka ho hlakileng, ho fumana karabelo potsong eo, re tlameha ho sheba ka ntle ho mekoallo ea bolumeli ka bong.
Likhopolo Tse Ngata
8. Ka lilemo tse makholo, maikutlo a batho e ne e le afe mabapi le bolumeli?
8 Ha ho bapisoa, ho ithuta tšimoloho le khōlo ea malumeli ke lekala le lecha. Ka lilemo tse makholo-kholo, batho ba ne ba batla ba amohela neano ea bolumeli boo ba tsoaletsoeng ho bona le boo ba ileng ba hōlisetsoa ho bona. Boholo ba bona ba ne ba khotsofalletse litlhaloso tseo ba neng ba li neoa ke baholo-holo ba bona, ba ikutloa hore bolumeli ba bona ke ’nete. Ke seoelo ho neng ho ka ba le lebaka leha e le lefe la ho batlisisa ntho efe kapa efe, kapa bona bohlokoa ba ho fuputsa hore na lintho li ile tsa qala joang, neng, kapa hore na li qalile ka lebaka lefe. Ha e le hantle, ka makholo a lilemo, ka mekhoa e lekanyelitsoeng ea ho tsamaea le ho buisana, ke batho ba ’maloa feela ba neng ba hlokometse le hore ho na le litsamaiso tse ling tsa bolumeli.
9. Ho tloha lekholong la bo19 la lilemo, ke boiteko bofe bo ’nileng ba etsoa ho sibolla hore na bolumeli bo qalile joang hona ka lebaka lefe?
9 Leha ho le joalo, lekholong la lilemo la bo19, litaba li ile tsa qala ho fetoha. Khopolo ea ho iphetola ha lintho e ne e tletse lihlopheng tsa batho ba buellang tsebo haholo. Khopolo eo, hammoho le ho fihla ha lipatlisiso tsa bo-rasaense, e ile ea etsa hore ba bangata ba batlisise litsamaiso tse theiloeng, ho akarelletsa bolumeli. Ha ba hlokomela bofokoli ba ho sheba leseli malumeling a teng, litsebi tse ling li ile tsa retelehela mesaletseng ea tsoelopele ea pele kapa likhutlong tse hōle tsa lefatše moo batho ba neng ba sa ntsane ba phela mekhatlong ea batho ba sa tsoelang pele. Ba ile ba leka ho sebelisetsa batho bana mekhoa ea ho ithuta kelello, kahisano, thuto e rutang ka motho le tikoloho ea hae, le e meng, ka tšepo ea ho sibolla leseli la kamoo bolumeli bo qalileng ka teng le lebaka la hona.
10. Phello ea phuputso ea tšimoloho ea bolumeli ebile efe?
10 Phello e bile efe? Kapele ba sa lebella, ho ile ha hlahella likhopolo tse ngata—tse ngata joalokaha bafuputsi ba ne ba le bangata, kamoo ho ileng ha bonahala ka teng—ha mofuputsi e mong le e mong a hanyetsana le e mong, ’me e mong le e mong a leka ho hlōla e mong ka ho bontša sebete le maikutlo a macha. Ba bang ba bafuputsi bana ba ile ba fihla liqetong tsa bohlokoa; mosebetsi oa ba bang oona o lebalehile. Hoa re ruta e bile ho re beha leseling ho fumana mahlaseli a liphello tsa liphuputso tsena. Ho tla re thusa hore re fumane kutloisiso e molemonyana ea maikutlo a bolumeli har’a batho bao re teanang le bona.
11. Hlalosa khopolo ea animism.
11 Khopolo, eo ka tloaelo e bitsoang animism [moea o se nang ’mele], e ile ea hlahisoa ka lekhetlo la pele ke setsebi sa Lenyesemane sa motho le tikoloho ea hae Edward Tylor (1832-1917). O ile a etsa tlhahiso ea hore liphihlelo tse kang litoro, tšenolo, lipono tsa bohata, le ho se phele ha litopo li ile tsa etsa hore batho ba sa tsoelang pele ba fihlele qeto ea hore ’mele o na le moea (anima, ka Selatine) o ahileng ka ho oona. Ho latela khopolo ena, kaha hangata ba ne ba lora baratuoa ba bona ba shoeleng, ba ne ba nka hore moea o tsoela pele o ntse o phela ka morao ho lefu, hore o ne o e-tsoa ’meleng le hore o ne o phela lifateng, mafikeng, linōkeng, joalo-joalo. Qetellong, bafu le lintho tseo ho neng ho boleloa hore meea ea bona e aha ho tsona ba ile ba rapeloa joaloka melimo. Kahoo, kamoo Tylor a bolelang, bolumeli bo ile ba hlaha joalo.
12. Hlalosa khopolo ea animatism.
12 Setsebi se seng sa Lenyesemane se ithutetseng motho le tikoloho ea hae, R. R. Marett (1866-1943), se ile sa etsa tlhahiso ea ntlafatso ea animism, eo se ileng sa e bitsa animatism. Ka mor’a ho ithuta litumelo tsa Mamelanesia a lihleke-hleke tsa Pacific le batala ba Afrika le Amerika, Marett o ile a fihla qetong ea hore ho e-na le ho ba le khopolo ea moea oo e leng motho, batho ba sa tsoelang pele ba ne ba lumela hore ho na le matla ao e seng motho kapa matla a phahametseng tlhaho a neng a phelisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe; tumelo eo e ile ea kenya ka ho motho maikutlo a ho tšaba le ho tšoha, a ileng a fetoha motheo oa bolumeli ba hae bo sa tsoelang pele. Ho Marett, bolumeli haholo-holo e ne e le karabelo ea maikutlo a motho ho se sa tsejoeng. Polelo eo a neng a e rata haholo e ne e le hore bolumeli e ne e se “ntho e kileng ea seka-sekoa e mpile ea e-ba mokhoa oa boithabiso.”
13. James Frazer o ile a hlaha ka khopolo efe ea bolumeli?
13 Ka 1890, James Frazer (1854-1941), setsebi sa Leskoche sa mekhoa le meetlo ea boholo-holo, o ile a phatlalatsa buka e nang le tšusumetso The Golden Bough, eo ho eona a neng a beha lebaka la hore bolumeli bo hlometse boloing. Ho latela Frazer, qalong motho o ile a leka ho laola bophelo ba hae le tikoloho ea hae ka ho etsisa seo a neng a se bona se etsahala linthong tsa tlhaho. Ka mohlala, o ile a nahana hore a ka etsa pula ka ho fafatsa metsi fatše ha a ntse a bineloa ke meropa e thetheretsang joaloka lia-luma kapa hore o ne a ka ntša lira tsa hae kotsi ka hore a hlome lipele setšoantšong sa motho ea hlouoeng. Likarolong tse ngata tsa bophelo hona ho ile ha isa tšebelisong ea litšebeletso, ho betsa, le linthong tsa boloi. Ha lintho tsena li sa sebetse joalokaha ho ne ho lebelletsoe, eaba motho o retelehela ho khotsofatseng le ho batleng thuso ea matla ana a phahametseng tlhaho, ho e-na le ho leka ho a laola. Litšebeletso tsena le lipina li ile tsa fetoha mahlabelo le lithapelo, ’me bolumeli bo ile ba qala joalo. Ka mantsoe a Frazer, bolumeli ke “ho khotsofatsa kapa ho iketsetsa setsoalle le matla a phahametseng motho.”
14. Sigmund Freud o ile a hlalosa tšimoloho ea bolumeli joang?
14 Esita le Sigmund Freud (1856-1939), setsebi se hlomphehang sa mafu a kelello sa Austria, bukeng ea hae Totem and Taboo, o ile a leka ho hlalosa tšimoloho ea bolumeli. Tumellanong le mosebetsi oa hae, Freud o ile a hlalosa hore bolumeli ba pele-pele bo hlometse ho seo a ileng a se bitsa pherekano ea kelello e bakoang ke ho tšaba moemeli oa ntate. O ile a bolela hore, joalokaha e ne e le ’nete ka lipere le likhomo tse hlaha, mekhatlong ea batho ba sa tsoelang pele ntate o ne a busa leloko. Bara, ba neng ba e-na le lehloeo le tlhompho ho ntat’a bona, ba ile ba fetohela ntate ’me ba mo bolaea. Hore ba iphumanele matla a ntate, Freud o bolela hore, ‘batho bana ba sa thapang ba malimo ba ile ba ja phofu ea bona.’ Hamorao, ka ho soaba, ba ile ba qapa mekhoa ea ho tšoara litšebeletso le litšebeletso tse neng li tla sebetsa e le pheko bakeng sa ketso ea bona. Khopolong ea Freud, moemeli oa ntate o ile a fetoha Molimo, mekhoa ea ho tšoara litšebeletso le litšebeletso tsa fetoha bolumeli ba pele-pele, ’me ho jeoa ha ntate ea bolailoeng ha fetoha neano ea ho amohela e sebelisoang malumeling a mangata.
15. Ho etsahetse eng ka likhopolo tse ngata tse neng li hlahisitsoe ka tšimoloho ea bolumeli?
15 Ho ka qotsoa likhopolo tse ling tse ngata tseo e leng boiteko ba ho hlalosa tšimoloho ea bolumeli. Leha ho le joalo, boholo ba tsona li lebetsoe, ’me ha ho le e ’ngoe ea tsona e hlileng ea hlaha e e-na le bopaki bo ka lumeloang kapa e ileng ea amoheleha ho feta tse ling. Hobane’ng? Hobane ho ne ho se na bopaki leha e le bofe ba histori kapa taba e ka suptjoang ea hore likhopolo tsena e ne e le ’nete. E ne e le feela liphello tsa monahano kapa khopolo-taba tsa mofuputsi e mong ea itseng tseo ka potlako li neng li tla nkeloa sebaka ke tsa ea neng a tla latela.
Motheo o Fosahetseng
16. Ke hobane’ng ha phuputso e entsoeng ka lilemo e hlōlehile ho fana ka tlhaloso ea kamoo bolumeli bo qalileng ka teng?
16 Ka morao ho lilemo tsa ho luba-lubana le khang ena, ba bangata joale ba fihletse qeto ea hore mohlomong ho ke ke ha e-ba le tsoelo-pele ea letho ho fumaneng karabelo potsong ea hore na bolumeli bo qalile joang. Pele ho tsohle, hona ho bakoa ke hobane masapo le mesaletsa ea batho ba boholo-holo ha li re bolelle kamoo batho bana ba neng ba nahana, hore na ba ne ba tšaba eng, kapa hore na ba ne ba rapela ka lebaka lefe. Liqeto leha e le life tse etsoang ka lihlahisoa tsena re ka re ke ho noha ho theiloeng tsebong e sa fellang. Ntlha ea bobeli, mekhoa ea bolumeli ea batho bao kajeno ho thoeng ba ne ba sa tsoela pele, ba kang Maaborijene a Australia, hase sekala se nepahetseng hantle sa ho lekanya seo batho ba mehleng ea boholo-holo ba neng ba se etsa kapa ba se nahana. Ha ho ea tsebang hantle-ntle hore na tumelo ea bona meetlong e ile ea fetoha ha makholo a lilemo a ntse a theosa kapa hore na e ile ea fetoha joang.
17. (a) Bo-rahistori ba kajeno ba bolumeli ba tseba eng? (b) Ke eng eo ho bonahalang ho amehiloe haholo ka eona ha ho qanolloa bolumeli?
17 Ka lebaka la ho se nepisise hona hohle, buka World Religions—From Ancient History to the Present e fihlela qeto ea hore “rahistori oa malumeli oa kajeno oa tseba hore ha ho khonehe ho fumana hore na bolumeli bo simolohile joang.” Leha ho le joalo, mabapi le boiteko ba bo-rahistori, buka e bolela sena: “Nakong e fetileng batho ba bangata ba neng ba hlahisa likhopolo ba ne ba sa ameha feela ka ho hlalosa kapa ho qaqisa bolumeli empa ho bo hlalosa hore bo hlakohe likelellong tsa batho, ba ne ba ikutloa hore haeba ho ka bontšoa hore mefuta ea pele e ne e theiloe thetsong ke moo malumeli a moraonyana le a phahameng a neng a tla hlokisoa motheo.”
18. (a) Ke hobane’ng ha bafuputsi ba bangata ba sa atleha tlhalosong ea tšimoloho ea bolumeli? (b) Kamoo ho bonahalang ka teng, boikemisetso ba ’nete ba bafuputsi ba “saense” ba bolumeli e ne e le bofe?
18 Tlhalosong eo ea ho qetela ke moo ho lutseng leseli la hore na ke hobane’ng ha bafuputsi ba sa tšoaneng ba “saense” ba tšimoloho ea bolumeli ba sa hlaha ka litlhaloso leha e le life tse utloahalang. Mabaka a re bolella hore qeto e nepahetseng e ka lekanyetsoa feela motheong o nepahetseng. Haeba motho a qala ka motheo o fosahetseng, ha ho bonolo hore a ka fihlela qeto e utloahalang. Ho hlōleha khafetsa ha bafuputsi ba “saense” hore ba hlahe ka tlhaloso e utloahalang ho tlisa lipelaelo tse matla ka motheo oo ba theileng lipono tsa bona ho oona. Ka ho latela likhopolo tseo ba iketselitseng tsona pele, boitekong ba bona ba ho ‘fana ka tlhaloso e etsang hore bolumeli bo hlakohe likelellong tsa batho’ ba lekile ho etsa hore Molimo o hlakohe likelellong tsa batho.
19. Molao-motheo oa sehlooho o susumetsang liphuputso tse atlehang tsa saense ke ofe? Re kōpa u etse papiso.
19 Boemo bo ka tšoantšoa le litsela tse ngata tseo ka tsona litsebi tsa linaleli pele ho lekholo la bo16 la lilemo li ileng tsa leka ho hlalosa tsela eo liplanete li tsamaeang ka eona. Ho ne ho e-na le likhopolo tse ngata, empa ho ne ho hlile ho se tse khotsofatsang. Hobane’ng? Hobane li ne li theiloe tumelong ea hore lefatše ke setsi sa bokahohle seo linaleli le liplanete li potolohang ho sona. Ha hoa ba le tsoelopele ea sebele ho fihlela ha bo-rasaense—le Kereke e K’hatholike—ba utloisisa ho amohela ’nete ea hore lefatše hase setsi sa bokahohle empa le potoloha letsatsi, leo e leng setsi seo liplanete li potolohang ho sona. Ho hlōleha ha likhopolo tse ngata ho hlalosa linnete ho ile ha etsa hore batho ba likelello li bulehileng, ba se ke ba leka ho hlahisa likhopolo tse ncha, empa ba hlahlobe bocha motheo oa liphuputso tsa bona. Eaba hoo ho isa katlehong.
20. (a) Motheo o fosahetseng o neng o susumetsa phuputso ea “saense” ea tšimoloho ea bolumeli e ne e le ofe? (b) Voltaire o ile a supa tlhokahalong efe ea bohlokoa?
20 Molao-motheo o tšoanang o ka sebelisetsoa phuputso ea tšimoloho ea bolumeli. Ka lebaka la ho phahama ha ho se lumele ho Molimo le ho amoheloa ka bophara ha khopolo ea ho iphetola ha lintho, batho ba bangata ba khotsoe hore Molimo ha o eo. Motheong oa tumelo ena, ba ikutloa hore tlhaloso ea boteng ba bolumeli e ka fumanoa ho motho ka boeena—mekhoeng ea likhopolo tsa hae, litlhoko tsa hae, seo a se tšohileng, le “pherekanong ea kelello” ea hae. Voltaire o itse, “Haeba Molimo o ne o se teng, ho ne ho tla hlokahala hore o qaptjoe”; kahoo ba beha lebaka la hore motho o qapile Molimo.—Bona se ka lebokoseng, leqepheng la 28.
21. Ke qeto efe e utloahalang eo re ka e etsang ka ho hlōleha ha likhopolo tse ngata ka tšimoloho ea bolumeli?
21 Kaha likhopolo tse ngata li hlōlehile ho fana ka karabelo e khotsofatsang kannete, na hase nako joale ea ho hlahloba bocha motheo oo liphuputso tsee li theiloeng ho oona? Ho e-na le ho sebeletsa lelea ka mokhoa o tšoanang, na e ke ke ea e-ba ho utloahalang ho sheba sebakeng se seng bakeng sa karabo? Haeba re utloisisa ho bula likelello tsa rōna, re tla lumela hore ho etsa joalo ke ho utloahalang le ho lumellanang le saense. ’Me re na le mohlala o joalo hantle o tla re thusa ho bona lebaka le utloahalang le tšehetsang tsela ena.
Patlisiso ea Boholo-holo
22. Likhopolo tse ngata tsa Baathene ka melimo ea bona li ile tsa ama borapeli ba bona joang?
22 Lekholong la pele la lilemo la Mehla e Tloaelehileng ea rōna, Athene, Greece, e ne e le setsi se tummeng sa thuto. Leha ho le joalo, har’a Maathene, ho ne ho e-na le lihlopha tse fapaneng, tse kang Baepikure le Bastoike, se seng le se seng se e-na le likhopolo tsa sona ka melimo. Motheong oa likhopolo tsena tse sa tšoaneng ho ile ha hlompshoa melimo e mengata, ’me ho ile ha hōlisoa litsela tse fapaneng tsa ho rapela. Ka baka leo, motse o ne o tletse litšoantšo tsa melimo le litempele tse entsoeng ke batho.—Liketso 17:16.
23. Ke khopolo efe e fapaneng ka ho felletseng ka Molimo eo moapostola Pauluse a ileng a e bea ka pel’a Baathene?
23 Hoo e ka bang ka selemo sa 50 C.E., moapostola oa Mokreste Pauluse o ile a etela Athene ’me a beha ka pel’a Baathene pono e fapaneng ho hang. O ile a re ho bona: “Molimo o entseng lefatše le tsohle tse ho lona, e leng eena Morena oa leholimo le oa lefatše, o ke ke oa aha litempeleng tse entsoeng ka matsoho; ha o sebeletsoe ke batho ka matsoho, joale ka hoja o hloka letho, kanthe ke oona o fang bohle bophelo le phefumoloho le lintho tsohle.”—Liketso 17:24, 25.
24. Ka mantsoe a mang, Pauluse o ne a bolella Baathene eng ka borapeli ba ’nete?
24 Ka mantsoe a mang, Pauluse o ne a bolella Baathene hore Molimo oa ’nete, o “entseng lefatše le tsohle tse ho lona,” ha oa iketsetsoa ka ho inahanela ha motho, leha e le hore o sebeletsoa ka litsela tseo motho a ka iqapelang tsona. Bolumeli ba ’nete hase feela boiteko bo etsoang ke motho ha a leka ho khotsofatsa litlhoko tse itseng tsa kelello kapa ho khutsisa tšabo e itseng. Ho e-na le hoo, kaha Molimo oa ’nete ke ’Mōpi, ea nehileng motho matla a ho nahana le matla a ho beha mabaka, ke ho utloahalang hore O ne o tla fana ka tsela ea hore motho a tle kamanong e khotsofatsang le Oona. Seo, ho ea ka Pauluse, ke sona seo Molimo o ileng oa se etsa. “O entse ka motho a le mong sechaba se seng le se seng sa batho, ho aha holim’a lefatše lohle, . . . hore ba batle Molimo, haeba ba ka o phopholetsa ’me ba fela ba o fumana, le hoja, haele hantle, o se hōle le e mong le e mong oa rōna.”—Liketso 17:26, 27, NW.
25. Hlalosa ntlha ea sehlooho ea khang ea Pauluse ka tšimoloho ea batho.
25 Hlokomela ntlha ea sehlooho ea Pauluse: Molimo “o entse ka motho a le mong sechaba se seng le se seng sa batho.” Le hoja kajeno ho e-na le lichaba tse ngata tsa batho, tse phelang hohle lefatšeng, bo-rasaense ba tseba hore, ka sebele, batho bohle ke ba lesika le le leng. Khopolo ena ke ea bohlokoa haholo hobane ha re bua ka batho bohle ba tsoa lesikeng le le leng, ho bolela ho fetang ho ba ha bona ba amanang feela tlhahong le lefutsong. Ba amana le linthong tse ling hape.
26. Ke eng e tsejoang ka puo e tšehetsang ntlha ea sehlooho ea Pauluse?
26 Ka mohlala, hlokomela seo buka Story of the World’s Worship e se bolelang ka puo ea motho. “Ba ithutileng lipuo tsa lefatše le ho li bapisa ba na le seo ba se buang, ’me ke sena: Lipuo tsohle li ka beoa ka malapa kapa ka lihlopha tsa puo, ’me ho bonoa hore malapa ana ’ohle a qalile mohloling o le mong o tšoanang.” Ka mantsoe a mang, lipuo tsa lefatše ha lia simoloha li arohane li ikemetse ka botsona, joalokaha ba thuto ea hore lintho li iphetotse ba ne ba tla etsa hore re lumele hore ho joalo. Ba na le khopolo ea hore batho ba neng ba lula mahaheng Afrika, Europe, le Asia ka ho tsetsela le ho kokotletsa ha bona qetellong ba ile ba qalisa lipuo tsa bona. Ha hoa ba joalo. Bopaki ke hore li “qalile mohloling o le mong o tšoanang.”
27. Ke hobane’ng ha ho utloahala ho nahana hore likhopolo tsa motho ka Molimo le bolumeli li qalile mohloling o le mong o tšoanang?
27 Haeba hoo ke ’nete ka ntho e ’ngoe ea botho le e fumanehang feela har’a batho joaloka puo, na e ke ke ea e-ba ho utloahalang ho nahana hore likhopolo tsa motho ka Molimo le bolumeli le tsona li lokela hore e be li qalile mohloling o le mong o tšoanang? Ha e le hantle, bolumeli bo amana le ho nahana, ’me ho nahana ho amana le matla a motho a ho sebelisa puo. Hase hore malumeli ’ohle a hlile a hlōmetse bolumeling bo le bong, empa likhopolo le maikutlo li lokela ho saloa morao ho fihla tšimolohong kapa mohloling o le mong o tšoanang oa likhopolo tsa bolumeli. Na ho na le bopaki bo tšehetsang see? ’Me haeba ka sebele malumeli a motho a hlile a simolohile mohloling o le mong o tšoanang, e be ke ofe? Re ka fumana joang?
A Fapane empa aa Tšoana
28. Re ka fumana joang hore na ho na le mohloli o tšoanang bakeng sa malumeli a lefatše?
28 Re ka fumana karabo ka tsela e tšoanang le eo litsebi tsa lipuo li fumaneng likarabo tsa tsona ka tšimoloho ea puo. Ka ho bapisa lipuo le ho hlokomela moo li tšoanang, setsebi sa tšimoloho ea mantsoe se ka sala morao mohlala oa lipuo tse sa tšoaneng ho ea fihla mohloling oa tsona. Ka ho tšoanang, ka ho bapisa malumeli, re ka hlahloba lithuto, lipale tsa liketsahalo tsa boholo-holo, litšebeletso, mekete, litsi tsa oona, le tse joalo, ’me ra bona haeba ho e-na le sekhoketsane leha e le sefe se potelletseng sa ho tšoana ’me, haeba se le teng, hore na se re lebisa hokae.
29. Ho se tšoane ho hongata har’a malumeli ho ka amahanngoa le eng?
29 Ka holimo, malumeli a mangata a teng kajeno ho bonahala a fapane haholo bo bong ho bo bong. Leha ho le joalo, haeba re a hlobolisa lintho tseo e leng feela mekhabiso le lihlomathiso tsa morao, kapa haeba re tlosa ho se tšoane ho bakiloeng ke boemo ba mocheso le mohatsela tsa sebaka, puo, maemo a khethehileng a linaha tsa ’ona, le lintlha tse ling, hoa hlolla ho bona hore na a mangata a ’ona a tšoana hakaakang.
30. Ke ho tšoana hofe hoo u ho bonang pakeng tsa Bok’hatholike ba Roma le Bobuddha?
30 Ka mohlala, batho ba bangata ba ne ba tla nahana hore ho ke ke ha e-ba le malumeli a mabeli a fapaneng bo bong ho bo bong ho feta Kereke ea Roma e K’hatholike ea Bophirima le Bobuddha ba Bochabela. Leha ho le joalo, re bona eng ha re tlosa phapang e ka rehelloang ka puo le tumelo ea meetlo? Haeba re nahana ka oona re sa a arola, re lokela ho lumela hore ho na le ho hongata haholo hoo malumeli ana ka bobeli a tšoanang ho hona. Bok’hatholike le Bobuddha bo qoetse ka har’a litšebeletso le mekete. Tsena li akarelletsa tšebeliso ea likerese, mokubetso, metsi a halalelang, rosari, litšoantšo tsa bahalaleli, mantsoe le lipina tse pheta-phetoang le libuka tsa thapelo, haesita le letšoao la sefapano. Malumeli ka bobeli a na le litsi tsa baitlami ba banna le ba basali ’me a tsebisahala ka ho se nyale ha baprista, liaparo tse khethehileng, matsatsi a halalelang, le lijo tse khethehileng. Letoto lena ho hang ha lea akarelletsa sohle, empa le sebeletsa ho hlakisa seo ho buuoang ka sona. Potso ke ena, Ke hobane’ng ha malumeli a mabeli ao ho bonahalang a fapane hakana a e-na le lintho tse ngata hakana tse tšoanang?
31. Ke ho tšoana hofe hoo u ho bonang malumeling a mang?
31 Joalokaha ho bapisoa ha malumeli ana a mabeli e le ho behang leseling ho ka etsoa ho tšoanang ka malumeli a mang. Ha re etsa joalo, re fumana hore lithuto le litumelo tse itseng e batla e le tse akaretsang har’a ’ona. Boholo ba rōna re tloaelane le lithuto tse kang ho se shoe ha moea oa motho, moputso oa leholimo bakeng sa batho bohle ba lokileng, tlhokofatso ea ka ho sa feleng ea ba khopo lefatšeng le ka tlaase, pelekatori, molimo o entsoeng ka melimo e meraro kapa molimo o le mong oa melimo e mengata, le molimotsana oa ’m’amolimo kapa mofumahali oa leholimo. Leha ho le joalo, ntle ho tsena ho na le lipale tse ngata tsa liketsahalo tsa boholo-holo le litšōmo tse tloaelehileng ka ho tšoanang. Ka mohlala, ho na le lipale tsa liketsahalo tsa boholo-holo ka ho tloha ha motho mohaung oa bomolimo ka lebaka la boiteko ba hae bo sa lumelloang ba hore a finyelle ho se shoe, bohlokoa ba ho nyehela mahlabelo ho phekola sebe, ho batla sefate sa bophelo kapa seliba sa bocha, melimo le melimo-batho e ileng ea phela har’a batho ’me ea etsa bana ba matla a phahametseng a batho, le tlokotsi ea moroallo o ileng oa batla o qeta batho kaofela.a
32, 33. (a) Re ka fihlela qeto efe ka ho tšoana ho tsotehang ho teng malumeling a lefatše? (b) Ke potso efe e hlokang karabo?
32 Re ka fihlela qeto efe ka see sohle? Re hlokomela hore ba neng ba lumela litšōmo tsena le lipale tsena tsa liketsahalo tsa boholo-holo ba ne ba phela libakeng tse arohaneng haholo tsa lefatše. Tumelo ea bona meetlong le lineano tsa bona li ne li fapane li bile li khethollehile. Meetlo ea bona e ne e sa amane ho hang. Empa leha ho le joalo, tabeng ea malumeli a bona, ba ne ba lumela likhopolong tse tšoanang joalo. Le hoja e ne e se bohle ho batho bana ba neng ba lumela lintho tsena kaofela tse boletsoeng, kaofela ba ne ba lumela ho tse ling tsa tsona. Potso e totobetseng ke ena, Hobane’ng? Ekare ho ne ho e-na le mohloli o tšoanang oo bolumeli bo bong le bo bong bo neng bo nka litumelo tsa bona tsa motheo ho oona, a mang a nka haholoanyane, a mang hanyenyane. Ha nako e ntse e feta, likhopolo tsena tsa motheo li ile tsa khabisoa, tsa lokisoa, ’me lithuto tse ling tsa hōlisoa ho tsona. Empa moralo oa taba o totobetse.
33 Ka ho utloahalang, ho tšoana likhopolong tsa motheo tsa malumeli a mangata a lefatše ke bopaki bo matla ba hore ha aa qaleha ka tsela e arohaneng le e ikemetseng e le ’ngoe. Ho e-na le hoo, ha ho boeloa morao ka ho lekaneng, likhopolo tsa ’ona li tlameha hore e be li tsoa tšimolohong e tšoanang. Tšimoloho eo e ne e le efe?
Mehla ea Pele ea Gauda
34. Ke pale efe ea liketsahalo tsa boholo-holo mabapi le qaleho ea motho e tloaelehileng malumeling a mangata?
34 Ho thahasellisang, har’a lipale tsa liketsahalo tsa boholo-holo tse tloaelehileng malumeling a mangata ke e bolelang hore batho ba qalile mehleng e meng ea gauda eo ho eona motho a neng a se na molato, a phela ka thabo le ka khotso kopanong e haufi le Molimo, le hore o ne a lokolohile ho kuleng le lefung. Le hoja lintlha li ka ’na tsa fapana, khopolo e tšoanang ea paradeise e phethahetseng e kileng ea e-ba teng, e fumanoa ho lingoliloeng le lipaleng tsa liketsahalo tsa boholo-holo tsa malumeli a mangata.
35. Hlalosa tumelo ea boholo-holo ea Mazoroaster ka mehla ea gauda.
35 Avesta, buka e halalelang ea bolumeli ba boholo-holo ba Mazoroaster a Persia, e bua ka “Yima ea motle, molisa ea molemo,” eo e neng e le motho oa pele ea shoang eo Ahura Mazda (’mōpi) a neng a qoqa le eena. Ahura Mazda o ile a mo laela “ho fepa, ho busa, le ho alosa lefatše la ka.” Hore a etse joalo, o ne a tla hahela libopuoa tsohle tse phelang “Vara,” sebaka sa bolulo se ka tlaase. Ho eona, ho ne ho “se boiphahamiso kapa moea oa bokhopo, ho se bothoto kapa pefo, ho se bofuma kapa thetso, ho se bonyenyane kapa kholofalo, ho se meno a maholohali kapa ’mele e fetang tekanyo e tloaelehileng. Baahi ba ne ba sa hlokofatsoe ke litšila tse tsoang ho moea o mobe. Ba ne ba lula har’a lifate tse ntšang monko le lipilara tsa gauda; tsena e le tse kholohali, tse molemohali le tse ntlehali lefatšeng; ka bobona e le morabe oa batho ba balelele ba batle.”
36. Seroki sa Mogerike Hesiod se ile sa hlalosa “Mehla ea Gauda” joang?
36 Har’a Bagerike ba boholo-holo, thothokiso ea Hesiod Works and Days e bua ka Mehla e Mehlano ea Motho, eo ea pele e neng e le “Mehla ea Gauda” ha batho ba ne ba thabela thabo e felletseng. O ile a ngola:
“Melimo e sa shoeng, e tsamaeang makhotleng a leholimo,
Pele e ne e etse morabe oa batho ba gauda.
Ba ne ba phela joaloka melimo, ka meea e thabileng le e sa tšoenngoeng ke letho,
Ba ne ba lokolohile mosebetsing le bohlokong; leha e le hore ba kile ba nanareloa ke
Botsofali bo hlomolang, empa bophelo bohle ba bona ba ne ba bo qeta
Ba thabile, ’me, litho tsa ’mele ea bona li ne li sa tsebe liphetoho.”
Kamoo litšōmo tsa Bagerike li bolelang kateng, mehla eo ea gauda ea lipaleng tsa liketsahalo tsa boholo-holo e ile ea fela ha Epimetheus a amohela Pandora ea motle e le mosali, mpho e neng e e-tsoa ho molimo oa Olympia Zeus. Ka letsatsi le leng Pandora o ile a tlosa sekoahelo sa nkho ea hae e khōlō, ’me ka tšohanyetso ha betseha ka ho eona likhathatso, mahlomola, le ho kula tseo ho neng ho se mohla batho ba tla hlaphoheloa ho tsona.
37. Hlalosa tlaleho ea pale ea liketsahalo tsa boholo-holo ea Machaena ea “paradeise” qalong ea histori?
37 Lipale tsa liketsahalo tsa boholo-holo tsa Machaena le tsona li bolela ka mehla ea gauda matsatsing a Huang-Ti (’Musi e Mosehla), eo ho boleloang hore o ile a busa ka lilemo tse lekholo lekholong la lilemo la bo26 B.C.E. O ile a tlotloa ka ho qapa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e amanang le tsoelopele—liaparo le matlo, makoloi ao ho tsamauoang ka ’ona, lihlomo le ntoa, tsamaiso ea naha, tlhahiso ea lintho, mekhoa e tsoetseng pele ea ho etsa silika, ’mino, puo, lipalo, almanaka, le tse joalo. Ho boleloa hore nakong ea puso ea hae, “masholu le lintoa li ne li le sieo Chaena, ’me batho ba ne ba phela ka boikokobetso le khotso. Lipula tse nang ka nako le boemo bo botle ba leholimo li ne li fella ka chai e khōlō selemo le selemo. Ho makatsang haholo e ne e le hore le tsona libatana li ne li sa bolaee, ’me linonyana tse jang nama li ne li se kotsi. Ka bokhutšoanyane, histori ea Chaena e qalile ka paradeise.” Ho tla fihlela kajeno, Machaena a ntse a bolela hore ke bana ba ’Musi e Mosehla.
38. Re ka fihlela qeto efe ka litlaleho tsohle tse tšoanang ka lipale tsa liketsahalo tsa boholo-holo tsa qaleho ea motho?
38 Litlaleho tse tšoanang tsa lipale tsa liketsahalo tsa boholo-holo tsa nako ea thabo le phetheho qalong ea histori ea motho li ka fumanoa malumeling a batho ba bang ba bangata—Baegepeta, Matibete, Maperu, Mamexico, le ba bang. Na e bile ka tsietsi feela hore batho bana bohle, ba neng ba phela hōle hakana e mong ho e mong le ba neng ba e-na le litumelo meetlong, lipuo, le meetlo tse sa tšoaneng ka ho felletseng ba be le likhopolo tse tšoanang ka tšimoloho ea bona? Na e bile ka tsietsi feela kapa ka ho iketsahalla ha lintho hore kaofela ha bona ba khethe ho hlalosa qaleho ea bona ka tsela e tšoanang? Mabaka le phihlelo li re bolella hore ho hang hona ho ne ho ke ke ha e-ba joalo. Ho fapana le hoo, ho lohelletsoeng lipaleng tsena tsohle tsa liketsahalo tsa boholo-holo, e tlameha e be ho na le likarolo tse ling tse tšoanang tsa ’nete e buang ka qaleho ea motho le bolumeli ba hae.
39. Ke tlhaloso efe e entsoeng ka lintho tse totobetseng e ka bokelloang likarolong tse tšoanang tsa lipale tse ngata tsa liketsahalo tsa boholo-holo ka qaleho ea motho?
39 Ka sebele, ho na le likarolo tse ngata tse tšoanang tse hlokomelehang har’a lipale tsena tsohle tse sa tšoaneng tsa liketsahalo tsa boholo-holo tse buang ka qaleho ea motho. Ha re li kopanya, ho qala ho hlaha tlhaloso e felletseng haholoanyane. Li bolela kamoo Molimo o ileng oa bōpa monna le mosali ba pele le kamoo o ileng oa ba beha paradeiseng. Ba ne ba khotsofetse haholo ’me ba thabile haholo qalong, empa kapele ea e-ba bafetoheli. Bofetoheli boo ba isa ho lahleheloeng ke paradeise e phethahetseng, e le hore e nkeloe sebaka ke mosebetsi le ho sehla ka thata, bohloko le mahlomola. Qetellong batho ba ile ba fetoha ba babe hoo Molimo o ileng oa ba otla ka ho romela moroallo o moholo oa metsi o ileng oa timetsa bohle ntle ho lelapa le le leng. Ha lelapa lena le ntse le eketseha, bana ba bang ba ile ba ikopanya hammoho ’me ba qala ho haha tora e khōlō ho nyelisa Molimo. Molimo o ile oa senya morero oa bona ka ho ferekanya puo ea bona le ho etsa hore ba phatlalle ho ea likhutlong tse hōle tsa lefatše.
40. Hlalosa kamano ea Bibele le lipale tsa liketsahalo tsa boholo-holo ka tšimoloho ea malumeli a motho.
40 Na tlhaloso ena e entsoeng ka lintho tse totobetseng ke feela phello ea hore motho e mong ea itseng a sebelise kelello? Che. Hantle-ntle ena ke tlhaloso e fanoang ka Bibeleng, likhaolong tsa pele tse 11 tsa buka ea Genese. Le hoja re sa tl’o tšohla bonnete ba Bibele mona, ho ke ho hlokomeloe hore tlaleho ea Bibele ea histori ea pele ea motho e bontšoa likarolong tsa bohlokoa tse fumanoang lipaleng tse ngata tsa liketsahalo tsa boholo-holo.b Tlaleho e senola hore ha morabe oa motho o qala ho phatlalla ho tloha Mesopotamia, hohle moo ba neng ba e-ea teng ba ile ba tsamaea ba nkile mehopolo, liphihlelo, le likhopolo tsa bona. Ka morao ho nako tsena li ile tsa hōlisoa le ho fetoloa ’me tsa fetoha motheo oa bolumeli karolong e ’ngoe le e ’ngoe ea lefatše. Ka mantsoe a mang, ha re boela morao tšoanong e sebelisitsoeng pelenyana, tlaleho e ho Genese e thea mohloli oa tšimolohong, le o hlakileng oo likhopolo tsa motheo ka qaleho ea motho le borapeli bo fumanoang malumeling a fapa-fapaneng a lefatše li ileng tsa hlōmela ho oona. Ho oona ba ile ba phaella lithuto le mekhoa ea bona e khethehileng, empa khokahano eona e totobetse.
41. Ke eng eo u lokelang ho e hopola ha u ithuta likhaolo tse latelang tsa buka ee?
41 Likhaolong tse latelang tsa buka ena, re tla tšohla ka ho qaqileng haholoanyane hore na malumeli a itseng a qalile joang ’me a tsoela pele joang. U tla fumana e le ho behang leseling hore u se ke ua hlokomela feela hore na bolumeli bo bong le bo bong bo fapane le a mang joang empa hape le hore na bo tšoana le oona joang. Hape u tla khona ho hlokomela kamoo bolumeli bo bong le bo bong bo kenang kemisong ea nako ea histori ea motho le histori ea bolumeli, kamoo buka kapa lingoliloeng tse halalelang tsa bona li amanang le tse ling, kamoo mothei oa bona kapa moeta-pele a ileng a susumetsoa ke likhopolo tsa malumeli a mang, le kamoo bo susumelitseng boitšoaro ba batho le histori ea bona. Ho hopola ha hao lintlha tsena ha u ithuta ka ho batla ha batho Molimo ka nako e telele ho tla u thusa ho bona ka ho hlakileng haholoanyane ’nete e buang ka bolumeli le lithuto tsa bolumeli.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa papiso e qaqileng ea lipale tse sa tšoaneng tsa liketsahalo tsa boholo-holo tsa moroallo tse fumanoang har’a batho ba fapaneng, ak’u bone buka Insight on the Scriptures, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., 1988, Moqolo 1, maqephe 328, 610 le 611.
b Bakeng sa boitsebiso bo qaqileng tabeng ena, ak’u bone buka Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., 1989.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 23]
Ho fihla ha lipatlisiso tsa saense le khopolo ea ho iphetola ha lintho ho entse hore ba bangata ba botse ka ho belaela bolumeli
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 34]
Ekare ho ne ho e-na le mohloli o tšoanang oo bolumeli bo bong le bo bong bo neng bo nka litumelo tsa bona tsa motheo ho oona
[Lebokose le leqepheng la 28]
Ke Hobane’ng Ha Motho A Sekametse Bolumeling?
▪ John B. Noss bukeng ea hae Man’s Religions o supa hore: “Malumeli ’ohle ka tsela ena kapa eane a bolela hore motho ha a eme a le mong ’me a ke ke a ema a le mong. O amana haholo le matla a Tlhaho le Batho ba bang ntle ho eena ’me hape o itšetlehile haholo ka lintho tseo. Ka mokhoa o lerootho kapa o hlakileng, oa tseba hore hase setsi sa matla se ikemetseng se ka khonang ho ikemela se le seng ntle ho lefatše.”
Ka ho tšoanang, buka World Religions—From Ancient History to the Present e re: “Ho ithuta bolumeli ho senola hore tšobotsi ea bohlokoa ea bona ke ho laba-labela lintho tsa bohlokoa bophelong, tumelo ea hore bophelo hase ntho e tlileng ka tsietsi le e se nang moelelo. Ho batla moelelo ho isa tumelong ho matla a maholoanyane ho feta motho, ’me qetellong ho isa kelellong e akaretsang kapa e phahametseng matla a motho e nang le boikemisetso le thato ea ho boloka litekanyetso tse phahameng ka ho fetisisa bakeng sa bophelo ba motho.”
Ka hona bolumeli bo khotsofatsa tlhoko ea motheo ea motho, joalokaha lijo li khotsofatsa tlala ea rōna. Rea tseba hore ha re e-ja re sa khethe ha re lapile hoo ho ka etsa hore mahlaba a tlala a thōle; leha ho le joalo, qetellong, ho tla senya bophelo ba rōna. Ho phela bophelo bo botle, re hloka lijo tse hahang le tse matlafatsang. Ka ho tšoanang, re hloka lijo tsa moea tse hahang ho boloka bophelo ba rōna ba moea. Ke ka lebaka leo Bibele e re bolellang: “Motho a ke ke a phela ke bohobe feela, motho o tla mpe a phele ke tsohle tse tsoang molomong oa Jehova.”—Deuteronoma 8:3.
[’Mapa o leqepheng la 39]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Ha morabe oa motho o ntse o phatlalla ho tloha Mesopotamia, likhopolo tsa oona tsa bolumeli le se neng se le likelellong tsa oona li ile tsa ea le oona
BABYLONA
LYDIA
SYRIA
EGEPETA
ASSYRIA
MEDIA
ELAME
PERSIA
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Banna Ba Kang Buddha, Confucius, Le Luther Ba Ile Ba Fetola Litsamaiso Tse Teng Tsa Bolumeli; Ha Baa Ka Ba simolla Bolumeli
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Setsebi sa Austria sa mafu a kelello Sigmund Freud se itse bolumeli bo bakiloe ke ho tšaba moemeli oa ntate
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Motheo oa hore lefatše e ne e le setsi sa bokahohle o ile oa isa liqetong tse fosahetseng ka mokhoa oo liplanete li tsamaeang ka oona
[Litšoantšo tse leqepheng la 33]
Molimotsana oa mehauhelo oa Buddha oa Machaena le lesea
Madonna oa K’hatholike le ngoana Jesu
Mobuddha oa Tibet ea sebelisang lebili la thapelo le rosari
Mok’hatholike ea sebelisang rosari
Bobuddha le Boroma bo K’hatholike—ke hobane’ng ha li bonahala li e-na le lintho tse ngata tse tšoanang?
[Setšoantšo se leqepheng la 36]
Lipale tsa liketsahalo tsa boholo-holo tsa Machaena li bua ka mehla ea gauda nakong ea puso ea Huang-Ti (’Musi e Mosehla) linakong tsa tšōmong