Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 2/1 maq. 9-13
  • Sebōpi se Seholo sa Lipitsa le Mosebetsi oa Sona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sebōpi se Seholo sa Lipitsa le Mosebetsi oa Sona
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sebōpi se Atolosa Mosebetsi oa Sona
  • U Tla ba Sejana sa Mofuta Ofe?
  • Ho Bōpeloa ho Sebetsana ka Katleho le Liteko
  • Ho Bōpa Bana ba Rōna
  • Ho Bōptjoa ha Bohle
  • Lumella Taeo ea Jehova Hore e u Bōpe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Letlotlo la Rōna le Lijaneng Tsa Letsopa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Jehova ke Sebōpi sa Rōna
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Lenaneo le Lecha la Kopano e Khethehileng ea Letsatsi le le Leng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 2/1 maq. 9-13

Sebōpi se Seholo sa Lipitsa le Mosebetsi oa Sona

“[E-ba] sejana bakeng sa morero o hlomphehang, . . . se lokiselitsoeng mosebetsi o mong le o mong o molemo.”—2 TIMOTHEA 2:21.

1, 2. (a) Ke joang pōpo ea Molimo ea monna le mosali e bileng mosebetsi o ikhethang? (b) Sebōpi se Seholo sa Lipitsa se ile sa etsa Adama le Eva ka morero ofe?

JEHOVA ke Sebōpi se Seholo sa Lipitsa. Mosebetsi o tsoileng matsoho pōpong ea hae e bile motsoali oa rōna oa pele, Adama. Bibele ea re bolella: “Eaba Jehova Molimo o etsa motho ka lerōle la lefatše ’me o bululela linkong tsa hae phefumoloho ea bophelo, ’me motho ea e-ba moea o phelang,” ke hore “sebōpuoa se phefumolohang.” (Genese 2:7, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Sebōpuoa seo sa pele se motho se ne se phethahetse, se entsoe ka setšoantšo sa Molimo, e le bopaki ba bohlale ba Hae ba bomolimo le lerato la hae la ho loka ha ’nete le toka.

2 A sebelisa khōpo ea Adama, Molimo o ile a boela a bōpela monna motlatsi le mothusi—e leng mosali. Botle ba Eva bo se nang sekoli bo ne bo feta hōle esita le ba basali ba batle ka ho fetisisa kajeno. (Genese 2:21-23) Ho feta moo, banyalani ba pele ba ne ba filoe ’mele le likelello tse entsoeng ka ho phethahetseng bakeng sa ho phetha mosebetsi oo ba neng ba o abetsoe oa ho etsa lefatše lena paradeise. Hape ba ne ba filoe matla a ho phetha taelo ea Molimo e boletsoeng ho Genese 1:28: ‘Ngatafalang, le ate, le tlale lefatšeng, le rene holim’a lona ’me le buse lihlapi tsa leoatle, le tse rurang tsa maholimo, le tsohle tse phelang, tse hahabang lefatšeng.’ Qetellong, serapa sena sa lefatše lohle se ne se lokela ho ahoa ke batho ba limilione tse likete ba thabileng, ba kopantsoeng hammoho ke lerato leo e leng “tlamo e phethahetseng ea kopano.”—Bakolose 3:14.

3. Batsoali ba rōna ba pele ba ile ba fetoha lijana tse sa hlompheheng joang, hona ka phello efe?

3 Ka masoabi, batsoali ba rōna ba pele ka boomo ba ile ba ikhethela ho fetohela matla a ho laela a ’Musi oa bona eo e leng ’Mōpi, Sebōpi se Seholo sa Lipitsa. Tsela ea bona e ile ea tšoana le e hlalosoang ho Esaia 29:15, 16: “Ho malimabe ba ipatang ka ho re, ba patela Jehova merero ea bona, ba etsang mesebetsi ea bona lefifing, ba reng: Ea re bonang ke mang? Ea re lemohileng ke mang? . . . A letsopa le ka lekanngoa le ’mōpi oa lona na? A mosebetsi o ka latola moetsi oa oona, ka ho re: Hase eena ea nkentseng, na? Kapa ntho e betliloeng e ka nyatsa ’metli oa eona ka ho re: Ha a na bohlale, na?” Ho tsoa tseleng ha bona ho ile ha tlisa tlokotsi—kahlolo ea lefu la ka ho sa feleng. Ho feta moo, moloko oohle oa batho o tsoileng ho bona o ile oa futsa sebe le lefu. (Baroma 5:12, 18) Botle ba pōpo ea Sebōpi se Seholo sa Lipitsa bo ile ba e-ba le sekoli se tebileng.

4. Re ka sebeletsa morero ofe o hlomphehang?

4 Leha ho le joalo, esita le boemong ba rōna ba hona joale ba ho se phethahale, rōna bana ba Adama oa moetsalibe re ka rorisa Jehova ka mantsoe a Pesaleme ea 139:13, 14: “Ke u boka ka baka la mohlolo oa pōpeho ea ka. Mesebetsi ea hao ea makatsa, moea oa ka o tseba teng haholo-holo.” Leha ho le joalo, ho bohloko hakaakang hore ebe mosebetsi oa pele oa matsoho a Sebōpi se Seholo sa Lipitsa o silafalitsoe hampe hakaale!

Sebōpi se Atolosa Mosebetsi oa Sona

5. Tsebo ea Sebōpi se Seholo sa Lipitsa e ne e tla sebelisoa joang?

5 Hoa thabisa hore ebe tsebo ea ’Mōpi oa rōna joaloka Sebōpi sa Lipitsa e ne e tla sebelisoa ka ho pharaletseng ho feta ho bōpa libōpuoa tsa hae tsa pele tsa batho. Moapostola Pauluse oa re bolella: “Joale, uena motho, ha e le hantle u mang hore ebe u arabisa Molimo? Na ka sebele ntho e bōpiloeng e tla re ho ea e bōpileng, ‘Ke hobane’ng ha u ile ua nketsa ka tsela ee?’ Eng? Na sebōpi sa lipitsa ha se na matla a ho laela holim’a letsopa ho etsa ho tsoa khoabing e tšoanang sejana se seng bakeng sa tšebeliso e hlomphehang, se seng bakeng sa tšebeliso e sa hlompheheng?”—Baroma 9:20, 21.

6, 7. (a) Ke joang ba bangata kajeno ba khethang ho bōptjoa bakeng sa ho se hlomphehe? (b) Ke joang ba lokileng ba bōptjoang bakeng sa tšebeliso e hlomphehang?

6 E, e ’ngoe ea pōpo ea Sebōpi se Seholo sa Lipitsa e tla bōptjoa bakeng sa tšebeliso e hlomphehang, ’me e ’ngoe, bakeng sa tšebeliso e sa hlompheheng. Ba khethang ho khema le lefatše ha le tebela tlaase-tlaase tebe-tebeng ea ho se tšabe Molimo ba bōptjoa ka tsela eo ka eona ba tla tšoaeloa timetso. Ha Morena ea khanyang, Kreste Jesu, a tlil’o ahlola, lijana tse joalo tse sa hlompheheng li tla akarelletsa batho bohle ba manganga ba kang lipōli ba tla “ea ho khaoloeng ho sa feleng,” joalokaha Matheu 25:46 e bontša. Empa “ba lokileng” ba kang linku, ba bōpiloeng bakeng sa tšebeliso e “hlomphehang,” ba tla rua ‘bophelo bo sa feleng.’

7 Ka boikokobetso, bana ba lokileng ba tla be ba ile ba ikokobelletsa ho bōptjoa ke Molimo. Ba kene tseleng ea Molimo ea bophelo. Ba amohetse keletso e fumanoang ho 1 Timothea 6:17-19 e reng: ‘Beha tšepo ea hao, eseng maruong a sa tsitsang, empa ho Molimo, ea re fang lintho tsohle ka ho enneng hore re li thabele.’ Ba ikitlaelelitse ‘ho sebetsa se molemo, ho rua mesebetsing e metle, ho ba seatla se bulehileng, ho itokisetsa ho arolelana, ho ipolokela ka mokhoa o sireletsehileng motheo o motle bakeng sa ka moso, e le hore ba ka tšoara ka tieo bophelo ba sebele.’ Ba bōptjoa ke ’nete ea Molimo ’me ba sebelisa tumelo e sa sisinyeheng tokisetsong ea Jehova ka Kreste Jesu, ea “ileng a fana ka eena ka boeena e le thekollo e lekanang” e le hore a ka khutlisa sohle se neng se lahlehile ka sebe sa Adama. (1 Timothea 2:6) Joale, re lokela ho ba le boikemisetso bo bokaakang ba ho ikokobelletsa keletso ea Pauluse ea hore re “ikapese botho bo bocha, boo ka tsebo e nepahetseng bo ntseng bo nchafatsoa [bo bōptjoa] ho ea ka setšoantšo sa Ea bo bōpileng”!—Bakolose 3:10.

U Tla ba Sejana sa Mofuta Ofe?

8. (a) Ke’ng se lekanyetsang hore na motho o fetoha sejana sa mofuta ofe? (b) Ke lintlha life tse peli tse bōpang sebōpeho sa motho?

8 Ke’ng se lekanyetsang hore na motho o fetoha sejana sa mofuta ofe? Boikutlo ba hae le boitšoaro. Tabeng ea pele, tsena li bōptjoa ke litakatso le litšekamelo tsa pelo. Morena Solomone ea bohlale o ile a re: “Pelo ea motho e itherela tsela, empa ke Jehova ea tsamaisang maoto.” (Liproverbia 16:9) Ea bobeli, li bōptjoa ke lintho tseo a li utloang le tseo a li bonang, metsoalle le maemo ao a thulanang le ’ona. Ka lebaka leo, ke habohlokoa hakaakang hore re ele hloko keletso ee: “Ea tsamaeang le ba bohlale o tla hlalefa; empa ea tloaelaneng le maoatla o tla senyeha.” (Liproverbia 13:20) Joalokaha 2 Petrose 1:16 e re lemosa, re tlameha ho qoba ho latela “lipale tsa bohata tse qapiloeng ka bomene-mene,” kapa ho ea ka phetolelo ea Roma e K’hatholike ea Knox, “litšōmo tse qapiloeng ke motho.” Tsena li ka akarelletsa tse ngata tsa lithuto le mekete ea Bokreste-’mōtoana ba bokoenehi.

9. Ke joang re ka arabelang hamolemo ha Sebōpi se Seholo sa Lipitsa se re bōpa?

9 Joale, ho latela karabelo ea rōna, Molimo a ka re bōpa. Ka boikokobetso re ka pheta thapelo ea Davida ka pel’a Jehova: “Mpatlisise ka hohle, Molimo, ’me u tsebe pelo ea ka. Ntlhahlobe, ’me u tsebe menahano ea ka e ntlhokisang botsitso, ’me u bone hore na ho na le tsela leha e le efe e bohloko ka ho ’na, ’me u ntsamaise tseleng ea nako e sa lekanyetsoang.” (Pesaleme ea 139:23, 24, NW) Jehova o etsa hore molaetsa oa ’Muso o boleloe. Lipelo tsa rōna li arabetse ka kananelo litabeng tse molemo le lintlheng tsa hae tse tataisang ka ho tsoelang pele. Ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o re fa litokelo tse sa tšoaneng tse amanang le boboleli ba litaba tse molemo; a re li amoheleng ’me re li nke e le tsa bohlokoa.—Bafilippi 1:9-11.

10. Re lokela ho ikitlaetsa joang ha re latela kemiso ea lintho tsa moea?

10 Ke habohlokoa haholo hore re ele Lentsoe la Molimo hloko re sa khaotse, re latele kemiso ea ’malo oa Bibele oa kamehla ’me re etse Mangolo le tšebeletso ea Jehova motheo oa puisano malapeng a rōna le har’a metsoalle ea rōna. Lenaneo la borapeli ba hoseng le tšoaroang nakong ea lijo tsa hoseng ke lelapa le leng le le leng la Bethele le lihlopha tsa baromuoa ba Lipaki tsa Jehova hangata le akarelletsa ’malo oa Bibele o mokhutšoanyane kapa oa Buka ea Selemo o tšoaroang libeke ka ho fapana. Na lelapa la hao le ka ba le tokisetso e tšoanang? Le rōna kaofela re fumana melemo e mekaakang ka botsoalle ba rōna ka har’a phutheho ea Bokreste, libokeng tsa rōna re le ’moho ’me ka ho khetheha ka ho nka karolo thutong ea Molula-Qhooa ea beke le beke!

Ho Bōpeloa ho Sebetsana ka Katleho le Liteko

11, 12. (a) Re ka sebelisa keletso ea Jakobo joang mabapi le liteko bophelong ba rōna ba letsatsi le letsatsi? (b) Ke joang phihlelo ea Jobo e re khothalletsang ho boloka botšepehi?

11 Bophelong ba rōna ba letsatsi le letsatsi, Molimo o lumella hore ho hlahe maemo a itseng, ao a mang a ’ona re ka ’nang ra a fumana a le boima. Re lokela ho a talima joang? Joalokaha Jakobo 4:8 e eletsa, a re se keng ra hlonama le ka mohla, empa re atameleng ho Molimo, re mo tšepe ka lipelo tsohle tsa rōna, re kholisehile hore ha re ‘atamela ho eena, o tla atamela ho rōna.’ Ke ’nete hore re tla tlameha ho mamella mathata le liteko, empa li lumeletsoe e le tse tlatsetsang ho bōptjoeng ha rōna, ka phello e thabisang. Jakobo 1:2, 3 ea re tiisetsa: “Ho nkeng e le thabo feela, barab’eso, ha le thulana le liteko tse sa tšoaneng, joalokaha le hlile le tseba hore tšobotsi ena e lekiloeng ea tumelo ea lōna e hlahisa mamello.”

12 Jakobo o boetse o re: “Ha a le tlas’a teko, a ho se ke ha e-ba le ea mong ea reng: ‘Ke ntse ke lekoa ke Molimo.’ Etsoe Molimo a ke ke a lekoa ka lintho tse mpe leha e le hore eena ka boeena o leka leha e le mang ka tsona. Empa e mong le e mong o lekoa ke ho huloa le ho ekoa ke takatso ea hae.” (Jakobo 1:13, 14) Liteko tsa rōna li ka ’na tsa e-ba ngata ’me ea e-ba tse sa tšoaneng, empa joaloka tabeng ea Jobo, kaofela li phetha karolo e itseng ho bōptjoeng ha rōna. Ke tiisetso e hlollang hakaakang eo Mangolo a re fang eona ho Jakobo 5:11: “Bonang! Re phatlalatsa ba mameletseng e le ba thabileng. Le utloile ka mamello ea Jobo ’me le bone phello eo Jehova a ileng a fana ka eona, hore Jehova o bonolo haholo boikutlong ’me o mohau.” Joaloka lijana tse letsohong la Sebōpi se Seholo sa Lipitsa, e se eka re ka boloka botšepehi ka linako tsohle, re e-na le kholiseho e kang ea Jobo mabapi le phello!—Jobo 2:3, 9, 10; 27:5; 31:1-6; 42:12-15.

Ho Bōpa Bana ba Rōna

13, 14. (a) Batsoali ba lokela ho qala ho bōpa bana ba bona neng, hona ba nahanne ka phello efe? (b) Ke liphello life tse thabisang tseo u ka li phetang?

13 Batsoali ba ka kopanela ho bōptjoeng ha bana ba bona, ho tloha boseeng, ’me bacha ba rōna ba ka fetoha baboloki ba botšepehi ba babatsehang hakaakang! (2 Timothea 3:14, 15) Sena e ’nile ea e-ba ’nete esita le ha liteko li ne li le matla haholo. Lilemong tse itseng tse fetileng, ha mahloriso a ne a le matla haholo naheng e ’ngoe ea Afrika, lelapa le leng le tšepahalang le ne le hlokomela ho hatisoa ha Molula-Qhooa ka sekhukhu ka molikong o ka mor’a ntlo. Ka letsatsi le leng masole a ne a theosa le seterata, a phenya-phenya ntlo e ’ngoe le e ’ngoe a batla bahlankana ba ka kenngoang sesoleng. Nako e ne e sa ntse e le teng bakeng sa hore bashanyana ba babeli ba lelapa lena ba ipate, empa phello ea sena e ne e tla ba hore masole a phenya-phenye ’me a fumane mochine oa khatiso. Sena se ne se ka lebisa ho hlokofatsoeng ha lelapa lohle kapa mohlomong ho bolaoeng ha lona. Ho ne ho ka etsoa’ng? Bashanyana bana ba babeli ba ile ba ntša maikutlo a bona ka bolokolohi, ka sebete ba qotsa Johanne 15:13: “Ha ho le ea mong ea nang le lerato le leholo ho feta lena, hore motho a nehelane ka soule ea hae molemong oa metsoalle ea hae.” Ba ile ba tsitlella ho lula ka kamoreng ea ho phomola. Masole a ne a tla ba fumana ’me ha ho pelaelo hore a ne a tla ba hlokofatsa ka sehlōhō kapa esita le ho ba bolaea ha ba hana ho kenngoa sesoleng. Empa joale a ne a ke ke a tsoela pele ho phenya-phenya. Mochine oa khatiso le litho tse ling tsa lelapa li ne li tla lesoa. Leha ho le joalo, phello e bile e tsotehang. Ha e le hantle masole ana a ile a feta ntlo ena e le ’ngoe, a fetela ho a mang! Lijana tseo tse batho tse bōpiloeng bakeng sa tšebeliso e hlomphehang li ile tsa pholoha, hammoho le mochine oa khatiso, hore o tsoele pele ho hatisa lijo tsa moea tse nakong. Hona joale e mong oa bashanyana bana ba babeli le khaitseli ea hae ba sebeletsa Bethele; o ntse a sebelisa mochine ona oa khale.

14 Bana ba ka rutoa ho rapela, ’me Molimo o araba lithapelo tsa bona. Mohlala o ikhethang oa sena o ile oa etsahala nakong ea lipolao tse sehlōhō tsa Rwanda. Ha marabele a se a lokiselitse ngoanana ea lilemo li tšeletseng le batsoali ba hae hore ba bolaoe ka seqhomane sa letsoho, morali oa bona o ile a rapela ka lentsoe le phahameng le ka tieo a rapella hore ba lesoe e le hore ba ka tsoela pele ho sebeletsa Jehova. Bao e ka beng e bile babolai ba bona ba ile ba susumelletseha ho ba lesa, ba re, “Re ke ke ra le bolaea ka lebaka la ngoanana enoa e monyenyane.”—1 Petrose 3:12.

15. Pauluse o ile a lemosa ka litšusumetso life tse senyang?

15 Bongata ba bana ba rōna ha ho hlokahale hore ba sebetsane le maemo a thata joaloka a hlalositsoeng ka holimo, empa ho na le liteko tse ngata tseo ba talimanang le tsona sekolong le ho batho ba senyehileng kajeno: puo e litšila, libuka le litšoantšo tsa bootsoa, boithabiso bo hlephileng le khatello ea lithaka ea hore ba kopanele mekhoeng e fosahetseng li atile libakeng tse ngata. Moapostola Pauluse o ile a lemosa khafetsa khahlanong le litšusumetso tsena.—1 Bakorinthe 5:6; 15:33, 34; Baefese 5:3-7.

16. Motho e ka ba sejana bakeng sa tšebeliso e hlomphehang joang?

16 Ka mor’a ho bua ka lijana tse bolokiloeng “tse ling bakeng sa morero o hlomphehang empa tse ling bakeng sa morero o haelloang ke tlhompho,” Pauluse o re: “Ka hona, haeba leha e le mang a lulella hōle le tsena tsa morao, e tla ba sejana bakeng sa morero o hlomphehang, se halalelitsoeng, se nang le thuso ho mong’a sona, se lokiselitsoeng mosebetsi o mong le o mong o molemo.” Ka hona, a re khothalletseng bacha ba rōna hore ba hlokomele bao ba tloaelanang le bona. A ba ‘balehele litakatso tsa tlhaho tsa bocha, empa ba phehelle ho loka, tumelo, lerato, khotso, hammoho le ba ipiletsang ho Morena ho tsoa pelong e hloekileng.’ (2 Timothea 2:20-22) Lenaneo la lelapa bakeng sa “ho hahana” e ka ba la bohlokoahali bakeng sa ho bōpa bacha ba rōna. (1 Bathesalonika 5:11; Liproverbia 22:6) Ho bala le ho ithuta Bibele kamehla le ho sebelisa lingoliloeng tsa Mokhatlo tse loketseng e ka ba thuso e molemo.

Ho Bōptjoa ha Bohle

17. Taeo e tla re bōpa joang, hona e le ka phello efe e thabisang?

17 E le hore a re bōpe, Jehova o re fa keletso e tsoang Lentsoeng la hae le ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng. Le ka mohla u se ke ua hana keletso e joalo ea bomolimo! Arabela hamolemo ho eona, ’me u e lumelle hore e u bōpele hore Jehova a u sebelise ka tsela e hlomphehang. Liproverbia 3:11, 12 ea eletsa: “Mora oa ka, u se ke ua nyelisa taeo ea Jehova, u se ke ua felloa ke pelo ha u otloa ke eena. Hobane Jehova o khalemela eo a mo ratang, joalo ka ntat’a motho a eeng a khalemele mora oa hae ea ratoang.” Ho fanoa ka keletso e ’ngoe e kang ea ntate ho Baheberu 12:6-11: “Eo Jehova a mo ratang oa mo laea . . . Ke ’nete, ha ho taeo eo hona joale e bonahalang e thabisa, empa e baka mesarelo; empa leha ho le joalo ka mor’a moo ho ba koetlisitsoeng ke eona e beha litholoana tsa khotso, e leng, ho loka.” Mocha o ka sehloohong oa taeo e joalo e lokela ho ba Lentsoe la Molimo le bululetsoeng.—2 Timothea 3:16, 17.

18. Tabeng ea pako, re ithuta’ng ho Luka khaolo ea 15?

18 Jehova o boetse o mohau. (Exoda 34:6) Ha ho bontšoa pako e tiileng esita le bakeng sa sebe se tebileng haholo, oa tšoarela. Esita le ‘bara ba lehlasoa’ ba kajeno ba ka bōptjoa hore e be lijana bakeng sa tšebeliso e hlomphehang. (Luka 15:22-24, 32) E ka ’na eaba libe tsa rōna ha lia teba joaloka tsa mora ea lehlasoa. Empa karabelo ea rōna e bontšang boikokobetso keletsong ea Mangolo kamehla e tla fella ka hore re bōptjoe hore re fetohe lijana bakeng sa tšebeliso e hlomphehang.

19. Re ka tsoela pele ho sebeletsa re le lijana tse hlomphehang matsohong a Jehova joang?

19 Ha re ne re qala ho ithuta ’nete, re ile ra bontša hore re ikemiselitse hore Jehova a re bōpe. Re ile ra tlohela mekhoa ea lefatše, ra qala ho apara botho bo bocha, ’me ra ba Bakreste ba inehetseng le ba kolobelitsoeng. Re ile ra mamela keletso ea Baefese 4:20-24, ‘ra lahla botho ba khale bo lumellanang le tsela ea rōna ea pele ea boitšoaro le bo ntseng bo bolisoa ho ea ka litakatso tsa bona tse thetsang, le ho apara botho bo bocha bo ileng ba bōptjoa ho ea ka thato ea Molimo ho lokeng ha ’nete le botšepehing bo sa sekisetseng.’ E se eka ka bomong re ka tsoela pele ho kobeha habonolo matsohong a Jehova, Sebōpi se Seholo sa Lipitsa, kamehla re sebeletse re le lijana bakeng sa tšebeliso ea hae e hlomphehang!

Bakeng sa Tlhahlobo

◻ Morero oa Sebōpi se Seholo sa Lipitsa ke ofe ka lefatše la rōna?

◻ Ke joang u ka bōptjoang bakeng sa tšebeliso e hlomphehang?

◻ Bana ba rōna ba ka bōptjoa ka tsela efe?

◻ Re lokela ho talima taeo joang?

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Na u tla bōptjoa bakeng sa tšebeliso e hlomphehang kapa u tla lahloa?

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Bana ba ka bōptjoa ho tloha boseeng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela