Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 3/10 leq. 10
  • Seo re Ithutang Sona Linthong Tsa Tlhaho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Seo re Ithutang Sona Linthong Tsa Tlhaho
  • Tsoha!—2010
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
  • “Litšobotsi Tsa Hae Tse sa Bonahaleng li Bonoa ka ho Hlaka”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Ananela Lintho Tse Qapiloeng Ithute ka Moqapi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Ho Fetola Sebōpeho sa Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Bala Tse Ling
Tsoha!—2010
g 3/10 leq. 10

Seo re Ithutang Sona Linthong Tsa Tlhaho

“Jehova, mesebetsi ea hao e mengata hakaakang! Kaofela ha eona u e entse ka bohlale.”​—Pesaleme ea 104:24.

BATHO ba bangata ba sebelisa lentsoe “tlhaho” ha ba bua ka mohloli oa lintho tse phelang. Ka mohlala, makasine ea Scientific American ea March 2003, e ile ea re: “Linthong tsohle tse apesang liphoofolo tseo tlhaho e li qapileng, masiba aa ikhetha ebile a ka mefuta-futa.” Le hoja e ka ’na eaba mongoli oa makasine eo o nahana hore tlhaho ke matla feela a se nang botho, o re tlhaho ‘e qapile’ masiba. Na matla a se nang botho a ka etsa lintho?

Ho “qapa” ho bolela ho “rera (ntho e itseng) ka sepheo kapa ka morero.” (The New Oxford Dictionary of English) Ke motho feela ea ka khonang ho rala lintho le ho li qapa. Feela joalokaha baetsi ba lintho ba e-na le mabitso, ’Mōpi le eena o na le lona. Jehova ke Moqapi oa lintho tsa tlhaho. Ke eena “Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle,” ea ‘bōpileng lintho tsohle.’—Pesaleme ea 83:18; Tšenolo 4:11.

Re ithuta’ng linthong tse bōpiloeng? Har’a tse ling, re ithuta ka Jehova le ka litšobotsi tsa hae tse babatsehang, tse akarelletsang bohlale ba hae. “Litšobotsi tsa hae tse sa bonahaleng li bonoa ka ho hlaka ho tloha pōpong ea lefatše ho ea pele, hobane li lemohuoa ka lintho tse entsoeng, esita le matla le Bomolimo ba hae ba ka ho sa feleng.” (Baroma 1:20) Lintho tsa tlhaho li re ruta hore Molimo o re phahametse ka bohlale. Haeba o khona ho qapa lintho tse ntle ho feta tse etsoang ke batho, na hase ntho e utloahalang hore a ka re fa keletso e molemo ho feta baeletsi ba batho?

Ha e le hantle, keletso eo Molimo a fanang ka eona ha e fumanehe linthong tsa tlhaho, empa e ngotsoe ka Lentsoeng la hae, e leng Bibele. U nahana’ng ka see? Na Moqapi oa litho tsa rōna tsa puisano o batla ho buisana le rōna? Ke ho utloahalang ho nahana joalo. Bibele e re: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo.”—2 Timothea 3:16.

Haeba u thahasella ho ithuta ka baetsi ba lintho, ho ithuta ka ’Mōpi ho tla u thahasellisa le ho feta. Ka mohlala, e ka ’na eaba u rata ho tseba likarabo tsa lipotso tse kang: Ke hobane’ng ha re utloa bohloko re bile re e-shoa? Na see ke sona seo Molimo a hlileng a se reretseng batho? Haeba ha ho joalo, ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse bohloko?

Ebang baa lumela kapa che, bo-rasaense ba ithutile boqapi ho Jehova. Le uena u ka ithuta ho hongata ho ’Mōpi oa rōna. Ka mohlala, u ka ithuta kamoo u ka bang le lenyalo le tsitsitseng, ua atleha ho hōlisa bana, ua tseba morero oa Molimo ka lefatše le lintho tse ling tse ngata tse ka etsang hore u be le morero bophelong. Buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova, e ka u thusa hore u rue molemo haholo Lentsoeng la Molimo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela