Pono ea Bibele
Lithethefatsi Bakeng sa Monyaka—Hobane’ng li sa Lokela?
“COCAINE . . . mohlomong ke sethethefatsi se ratoang ka ho fetisisa har’a lithethefatsi tse thibetsoeng ka molao tseo hona joale li sebelisoang hohle . . . le se nyakallisang kapele.”
Ke kamoo ho boletseng Dr. Peter Bourne ka 1974. Lilemo tse ’nè hamorao joaloka moeletsi oa bophelo bo botle bakeng sa White House ea Mopresidente Jimmy Carter, Dr. Bourne o ile a tlameha ho itokolla mosebetsing ka baka la liqoso tsa tšebeliso ea lithethefatsi e haneloang ka molao. Joaloka ba bang ba bangata, mohlomong o ne a nahana hore o ne a ka lokafatsa tšebeliso ea lithethefatsi bakeng sa monyaka.
Ka nako e ’ngoe cocaine e ne e fumaneha habonolo ho motho e mong le e mong hohle—mabenkeleng, libakeng tsa ho lokisa moriri, le ho batho ba rekisang ka ho romella thepa ho bareki ka poso. Lilemong tsa bo-1880 le bo-1890, e ne e ka tsujoa joaloka lisakerete tsa mahlaku a coca. E ne e ineloa mefuteng e fapaneng ea veine le lino tse se nang tahi. Esita le paleng e tummeng ea lefokisi la tšōmong, Sherlock Holmes o tšoantšoa a sebelisa cocaine “hararo ka letsatsi ka likhoeli tse ngata.”—The Sign of Four, ea Sir Arthur Conan Doyle.
Cocaine e ile ea hlomphuoa ka baka la liphello tsa eona tsa ho tlisa matla le sehlahlo ’me e rorisoa ka hore ke moriana oa hlooho, letšoeea, hay fever, le leino le opang. E ile ea fetoha makhona-tsohle bakeng sa matšoele. Ka mohlala, ka 1884 Sigmund Freud e mocha o ile a ngola: “Ke ile ka leka phello ena ea coca, e felisang tlala, boroko, le mokhathala le ho susumelletsa motho hore a leke ho iketsa ea hlalefileng, ke e lekile ka bonna ka makhetlo a ka bang 12 . . . Mothamo oa pele kapa e eketsehileng ea coca ha e tsose takatso e matla ea ho tsoela pele ho sebelisa sethethefatsi sena.”—Über Coca.
Lilemong tse fetileng, ho ile ha buuoa lipolelo tse tšoanang ka matekoane ’me li ile tsa etsa hore batho ba bang ba lumele hore ho sebelisa lithethefatsi ha ho kotsi. Leha ho le joalo, kajeno u ka bala bopaki bo bongata haholo ba bongaka bo fanang ka maikutlo a fapaneng. Ka sebele, ho sebelisa lithethefatsi tse kang matekoane, cocaine, crack (mofuta o mong oa cocaine), heroin, li-amphetamine, le li-barbiturate ho kotsi ka ho fetisisa ’meleng.
Liphello tse Kotsi le tse Bolaeang
Bafuputsi ba bolela hore batho ba sebelisang matekoane ba ka lebella ho ba le masea a manyenyane haholoanyane, likotsi tse eketsehileng, le matšoafo a senyehileng. Cocaine le sethethefatsi se entsoeng ka eona crack, li ’nile tsa amahanngoa le ho lahleheloa ke kelello le matšoao a mang a schizophrenic, khatello e matla ea maikutlo, ho hlobaela ho sa tloaelehang, ho felloa ke takatso ea lijo, ho nyopa, ho halefa ho sa khaotseng, ho tsometsoa ke boloetse, lefu la pelo, li-stroke, ho senyeha ha letlalo kapa machachetsi a maholo, ho khaoha maoto le menoana, kholofalo ea masea, ho tšoaetsoa ha litho tsa ho phefumoloha, ho lahleheloa ke matla a ho fofonela, le lefu. Ho latela mongoli e mong oa saense, “haeba ho sebelisa cocaine nakong ea ho ima e ne e le boloetse, phello ea eona ho masea e ne e tla nkuoa e le koluoa ea bophelo bo botle ba sechaba.”
Batho ba bang bao le bona ba sebelisang lithethefatsi ba kotsing e khōlō ea ho tšoaetsoa ke AIDS. Hape likotsi tse ngata bophelong bo botle li ’nile tsa amahanngoa le tšebeliso e mpe ea lithethefatsi tse iketselitsoeng tse kang li-amphetamine, li-barbiturate, le meriana ea hlooho le “lithethefatsi tse ncha” tse tsoang linaheng tse ling.
Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe likotsi tse tsebahalang, batho ba ntse ba phehella ho sebelisa lithethefatsi. Ba sebelisang lithethefatsi tse joalo ka seoelo ba fumana li hlasimolla. Leha ho le joalo, likotsi tsena ke tsa sebele. Ho tšoana le ho sesisetsa sekepe sa oli mafikeng a patehileng—ke kotsi ea sebele.
’Mele oa Hao—‘Sehlabelo se Phelang’
Molao-motheo o boleloang ke Pauluse ho Ba-Roma 12:1 o tšehetsa taba ena ka matla. O re: “Ka baka leo, banab’eso, kea le rapela hle ka mehauhelo ea Molimo, hore le ke le o beele ’mele ea lona, e be sehlabelo se phelang, se halalelang, se khahlisang Molimo; ke eona tšebeletso e le tšoanetseng.” Bakreste ba lokela ho nehelana ka mahlabelo a nang le moelelo haholoanyane ho feta mahlabelo a liphoofolo a neng a hlokahala sechabeng sa Iseraele oa boholo-holo.
Se thahasellisang ke kamoo Pauluse a sebelisang polelo ea Segerike e fetoletsoeng e le “sehlabelo se phelang, se halalelang” (thy·siʹan zoʹsan ha·giʹan). Ho latela liithuti tse fapaneng tsa Bibele, mantsoe ana a na le tlhaloso ena: Moiseraele o ne a hlahisa sehlabelo sa phoofolo e shoeleng. E ne e ke ke ea hlahisoa hape e le sehlabelo. Ho fapana le seo, Mokreste o lokela ho itlhahisa a phela ka matla a hae ’ohle, “a phela.” (Mofuta oa leetsi la Segerike le fetoletsoeng e le “a phela” ka linako tse ling le ka bolela “ho ba le bophelo bo botle.”) Joalokaha Moiseraele a ne a thibeloa ho hlahisa phoofolo e hlotsang kapa e nang le sekoli ka tsela leha e le efe, Mokreste o hlahisa se molemohali ho Molimo. ’Me kaha ’mele oa Mokreste ke oona mocha o phethahatsang liketso tsa hae, liketso tsa hae tsohle le menahano hammoho le mocha oa tsona—’mele oa hae—li lokela ho neheloa ho Molimo ka ho felletseng. Ena e fetoha ketso ea boinehelo bo felletseng. Ha a sa iphelela. Kahoo bophelo ba hae, eseng molao oa bolumeli, ke sehlabelo sa ’nete.
Kahoo, Pauluse o ile a khothatsa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ha ba ne ba sa ntse ba phela lefatšeng hore ba sebelise matla a bona, bophelo ba bona bo botle le litalenta leha e le life kapa lineo tseo ba neng ba na le tsona tšebeletsong ea pelo eohle ho Molimo. (Ba-Kolosse 3:23) Ba ne ba lokela ho neha Jehova se molemohali ’meleng le kelellong. Molimo o ne o tla thabisoa ke mahlabelo a joalo.
Leha ho le joalo, Molimo a ka be a ile a etsa joang haeba ka boomo ba ne ba ile ba kopanela liketsong tse fokotsang matla a bona a ’mele kapa a kelello, li bile li khutsufatsa bophelo ba bona? Na Bakreste ba ne ba ka rata ho tlōla molao ’me ba ipehe kotsing ea ho fokotsa ho bohlokoa tšebeletsong ea Molimo? Liketso tse litšila li ne li ka etsa hore ba se tšoanelehe e le basebeletsi ’me tsa etsa hore ba lelekoe phuthehong ea Bokreste.—Ba-Galata 5:19-21.
Kajeno, ho tloaelehile lefatšeng lohle hore batho ba sebelise lithethefatsi hampe. Na motho a ka sebelisa lithethefatsi tse joalo bakeng sa monyaka ’me a ’na a hlahisa ’mele oa hae e le “sehlabelo se phelang, se halalelang, se khahlisang Molimo”? Hase feela phuputso ea bongaka le liphihlelo tse ngata tsa liphello tse kotsi empa le melao-motheo ea Bibele e fana ka karabo e hlakileng—che!
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
“The Opium Smoker”—ka N. C. Wyeth, 1913