Tlotlisang Molimo “ka Molomo o le Mong”
“[Tlotlisang] Molimo le Ntate oa Morena oa rōna Jesu Kreste ka molomo o le mong.”—BAROMA 15:6.
1. Ke thuto efe eo moapostola Pauluse a ileng a e ruta balumeli-’moho le eena mabapi le ho lokisa maikutlo a sa tšoaneng?
HASE Bakreste bohle ba khethang lintho tse tšoanang kapa ba ratang lintho tse tšoanang. Leha ho le joalo, Bakreste kaofela ba lokela ho tsamaea tseleng ea bophelo ba tšoarane ka matsoho. Na seo se ka khoneha? E, se ka khoneha, haeba re sa etse hore ho se tšoane ho honyenyane ha maikutlo e be taba e khōlō. Ena ke thuto eo moapostola Pauluse a ileng a e ruta balumeli-’moho le eena lekholong la pele la lilemo. O hlalositse ntlha ee ea bohlokoa joang? ’Me re ka sebelisa keletso ea hae e bululetsoeng joang kajeno?
Bohlokoa ba Bonngoe ba Bokreste
2. Pauluse o ile a hatisa bohlokoa ba bonngoe joang?
2 Pauluse o ne a tseba hore bonngoe ba Bokreste ke ba bohlokoa, ’me o ile a fana ka keletso e molemo ho thusa Bakreste hore ba mamellane ka lerato. (Baefese 4:1-3; Bakolose 3:12-14) Leha ho le joalo, ka mor’a ho theha liphutheho tse ngata le ho etela tse ling ka lilemo tse fetang 20, o ne a tseba hore ho boloka bonngoe e ka ba ntho e thata. (1 Bakorinthe 1:11-13; Bagalata 2:11-14) Kahoo, o ile a eletsa balumeli-’moho le eena ba lulang Roma a re: “E se eka Molimo ea fanang ka mamello le matšeliso a ka etsa hore . . . ka tumellano le [tlotlise] Molimo le Ntate oa Morena oa rōna Jesu Kreste ka molomo o le mong.” (Baroma 15:5, 6) Kajeno, le rōna ka ho tšoanang re lokela ho tlotlisa Jehova Molimo “ka molomo o le mong” re le sehlopha se kopaneng sa batho ba hae. Re atleha ho le hokae ntlheng ee?
3, 4. (a) Bakreste ba Roma ba ne ba e-na le limelo life tse sa tšoaneng? (b) Bakreste ba Roma ba ne ba ka khona ho sebeletsa Jehova “ka molomo o le mong” joang?
3 Bakreste ba bangata ba Roma e ne e le metsoalle ea Pauluse. (Baroma 16:3-16) Le hoja limelo tsa bona li ne li sa tšoane, Pauluse o ile a amohela barab’abo kaofela e le “baratuoa ba Molimo.” O ile a ngola a re: “Ke leboha Molimo oa ka ka Jesu Kreste malebana le lōna bohle, hobane ho buuoa ka tumelo ea lōna ho pholletsa le lefatše lohle.” Ho hlakile hore Baroma ba ne ba beha mohlala ka litsela tse ngata. (Baroma 1:7, 8; 15:14) Leha ho le joalo, litho tse ling tsa phutheho li ne li e-na le maikutlo a sa tšoaneng litabeng tse itseng. Kaha kajeno Bakreste ba tsoa limelong le litsong tse fapa-fapaneng, ho ithuta keletso e bululetsoeng ea Pauluse e mabapi le kamoo ba ka sebetsanang kateng le maikutlo a sa tšoaneng ho ka ba thusa hore ba bue “ka molomo o le mong.”
4 Ho ne ho e-na le balumeli ba Bajuda le ba Balichaba Roma. (Baroma 4:1; 11:13) Kamoo ho bonahalang kateng Bakreste ba bang ba Bajuda ha baa ka ba khaotsa ho etsa meetlo e itseng eo ba neng ba e phetha tlas’a Molao oa Moshe, le hoja ba ne ba lokela ho hlokomela hore mekhoa e joalo e ne e se ea bohlokoa bakeng sa poloko. Ka lehlakoreng le leng, Bakreste ba bangata ba Bajuda ba ile ba lumela hore sehlabelo sa Kreste se ba lokollotse lithibelong tseo ba neng ba le tlas’a tsona pele e e-ba Bakreste. Ka lebaka leo, ba ile ba fetola mekhoa le litloaelo tse ling tsa bona. (Bagalata 4:8-11) Ho sa tsotellehe seo, joalokaha Pauluse a boletse, kaofela e ne e le “baratuoa ba Molimo.” Bohle ba ne ba ka rorisa Molimo “ka molomo o le mong” haeba ba ne ba e-na le boikutlo bo botle ba kelello e mong ho e mong. Le rōna kajeno re ka ba le maikutlo a sa tšoaneng litabeng tse itseng, kahoo re lokela ho nahana ka hloko kamoo Pauluse a hlalosang molao-motheo ona oa bohlokoa kateng.—Baroma 15:4.
“Amohelanang”
5, 6. Ke hobane’ng ha ho ne ho e-na le maikutlo a sa tšoaneng phuthehong ea Roma?
5 Lengolong la hae le eang ho Baroma, Pauluse o bua ka boemo bo bong boo ho neng ho e-na le maikutlo a sa tšoaneng ka bona. Oa ngola o re: “Motho e mong o na le tumelo ea ho ja ntho e ’ngoe le e ’ngoe, empa motho ea fokolang o ja meroho.” Ke hobane’ng ha ho ne ho le joalo? Ha e le hantle, tlas’a Molao oa Moshe, kolobe e ne e se sejo se amohelehang. (Baroma 14:2; Levitike 11:7) Leha ho le joalo, ka mor’a lefu la Jesu, Molao oo e ne e se e se tlamo. (Baefese 2:15) Kahoo, lilemo tse tharo le halofo ka mor’a lefu la Jesu, lengeloi le ile la bolella moapostola Petrose hore ho ea ka pono ea Molimo ha ho lijo tse lokelang ho nkoa li silafetse. (Liketso 11:7-12) Ba hopotse lintlha tsena, e ka ’na eaba Bakreste ba bang ba Bajuda ba ile ba nahana hore ba ka ja nama ea kolobe—kapa ba ja lijo tse ling tse neng li thibetsoe tlas’a Molao.
6 Leha ho le joalo, ho nahana feela ka ho ja lijo tseo pele li neng li sa hloeka, mohlomong e ne e ka ba ntho e nyonyehang ho Bakreste ba bang ba Bajuda. E ka ’na eaba batho bao ba khopehang habonolo ba ile ba khopiseha ha ba bona barab’abo bona ba Bakreste ba Bajuda ba ja lijo tseo. Ho feta moo, Bakreste ba bang ba Balichaba, bao mohlomong bolumeli boo ba neng ba le ho bona ho neng ho se mohla bo kileng ba ba thibela ho ja lijo tse itseng, ba ne ba ka ’na ba makala hore ho na le motho ea ka phehang khang ka lijo. Ho hlakile hore, ho ne ho se phoso hore motho a itime lijo tse itseng, hafeela a ne a sa tsitlelle hore ho ne ho hlokahala hore a itime tsona e le hore a bolokehe. Leha ho le joalo, habonolo feela maikutlo ao a sa tšoaneng a ne a ka tsosa likhang ka phuthehong. Ho ne ho hlokahala hore Bakreste ba Roma ba be hlokolosi hore ho se tšoane ka maikutlo ho se ke ha ba thibela ho tlotlisa Molimo “ka molomo o le mong.”
7. Ke maikutlo afe a sa tšoaneng a ileng a e-ba teng ka taba ea ho boloka letsatsi le khethehileng beke le beke?
7 Pauluse o fana ka mohlala oa bobeli: “Motho e mong o nka hore letsatsi le leng le feta le leng; motho e mong eena o nka hore letsatsi le leng le joaloka a mang kaofela.” (Baroma 14:5a) Tlas’a Molao oa Moshe, ha ho mosebetsi o neng o lokela ho etsoa ka Sabatha. Esita le ho nka leeto ho ne ho lekanyelitsoe haholo letsatsing leo. (Exoda 20:8-10; Matheu 24:20; Liketso 1:12) Leha ho le joalo, ha Molao o ne o felisoa, lithibelo tseo ha lia ka tsa hlola li sebetsa. Ho ntse ho le joalo, e ka ’na eaba Bakreste ba bang ba Bajuda ba ile ba ikutloa ba sa phutholoha ho etsa mosebetsi oa mofuta leha e le ofe kapa ho nka leeto le lelelele ka letsatsi leo pele ba neng ba le nka le halalela. Esita leha e se e le Bakreste, e ka ’na eaba ba ile ba behella letsatsi la bosupa ka thōko bakeng sa lintho tsa moea feela, le hoja ho ea ka pono ea Molimo ho boloka Sabatha ho ne ho se ho sa sebetse. Na ba ne ba fositse ka ho etsa joalo? Che, ba ne ba sa fosa, hafeela ba ne ba sa tsitlelle hore Molimo o ne a hloka hore ho bolokoe Sabatha. Kahoo, ka lebaka la ho nahanela matsoalo a barab’abo ba Bakreste, Pauluse o ile a ngola a re: “Motho e mong le e mong a ke a kholisehe ka botlalo kelellong ea hae.”—Baroma 14:5b.
8. Le hoja Bakreste ba Roma ba ne ba lokela ho nahanela matsoalo a ba bang, ke eng seo ba neng ba sa lokela ho se etsa?
8 Leha ho le joalo, le hoja Pauluse a ne a khothatsa barab’abo ka mofuthu hore ba mamelle ba neng ba loantšana le litaba tsa letsoalo, o ile a nyatsa ka matla ba neng ba leka ho qobella balumeli-’moho le bona ho boloka Molao oa Moshe e le ntho e hlokahalang bakeng sa poloko. Ka mohlala, hoo e ka bang ka 61 C.E., Pauluse o ile a ngola buka ea Baheberu, e leng lengolo le matla le eang ho Bakreste ba Bajuda le neng le hlalosa ka ho hlaka hore ho boloka Molao oa Moshe ho ne ho se na thuso hobane Bakreste ba ne ba e-na le tšepo e phahameng e thehiloeng sehlabelong sa Jesu sa thekollo.—Bagalata 5:1-12; Tite 1:10, 11; Baheberu 10:1-17.
9, 10. Bakreste ba lokela ho qoba ho etsa’ng? Hlalosa.
9 Joalokaha re se re bone, Pauluse o tšetleha lebaka la hore ho khetha lintho tse fapaneng ha hoa lokela ho senya bonngoe hafeela ho hlakile hore ho etsa joalo ha ho khahlanong le melao-motheo ea Bokreste. Kahoo, Pauluse o botsa Bakreste ba nang le matsoalo a fokolang o re: “Ke hobane’ng ha u ahlola mor’eno?” ’Me o botsa ba matla (bao mohlomong matsoalo a bona a neng a ba lumella ho ja lijo tse itseng tse neng li thibetsoe tlas’a Molao kapa ho etsa mosebetsi oa boipheliso ka Sabatha) o re: “Ke hobane’ng ha u boetse u shebela mor’eno tlaase?” (Baroma 14:10) Ho ea ka Pauluse, Bakreste ba nang le matsoalo a fokolang ha baa lokela ho nyatsa barab’abo bona ba nang le pono e batsi ea lintho. Ka nako e tšoanang, Bakreste ba matla ha baa lokela ho shebela tlaase bao matsoalo a bona a ntseng a fokola lintlheng tse itseng. Bohle ba lokela ho hlompha maikutlo a nepahetseng a ba bang ’me ba se ke “[ba] inahana haholo ho feta kamoo ho hlokahalang ho nahana.”—Baroma 12:3, 18.
10 Pauluse o ile a hlalosa ho ba le pono e loketseng ka tsela e latelang: “Ea jang a se ke a shebela ea sa jeng tlaase, ’me ea sa jeng a se ke a ahlola ea jang, kaha Molimo o mo amohetse.” Hape, o re: “Kreste le eena [o] ile a re amohela, ka tebello ea khanya ho Molimo.” Kaha ba matla le ba fokolang baa amoheleha ho Molimo le Kreste, re lokela ho ba le boikutlo bo batsi ka tsela e tšoanang ’me re ‘amohelane.’ (Baroma 14:3; 15:7) Ke mang eo ka nepo a ka hanyetsang see?
Lerato la Bara ba Motho le Hlahisa Bonngoe Kajeno
11. Ke boemo bofe bo ikhethang bo neng bo le teng mehleng ea Pauluse?
11 Lengolong la hae la eang ho Baroma, Pauluse o ne a bua ka boemo bo ikhethang. Jehova o ne a sa tsoa felisa selekane se seng le ho theha se secha. Ba bang ba ne ba thatafalloa ke ho fetohela selekaneng se secha. Kajeno ha ho na boemo bo tšoanang le boo hantle, empa ka linako tse ling ho ka ’na ha hlaha litseko tse tšoanang le tseo.
12, 13. Ke maemong afe a mang ao Bakreste kajeno ba ka nahanelang matsoalo a barab’abo bona?
12 Ka mohlala, ho ka etsahala hore ebe mosali oa Mokreste o kile a ba bolumeling bo neng bo buella ho apara le ho shebahala ka tsela e sa khabisoang. Ha a amohela ’nete, ho ka ’na ha e-ba thata hore a fetole mohopolo oa hae hore maemong a loketseng, ha ho phoso ho apara liaparo tse hlomphehang tse mebala kapa ho sebelisa litlolo ka mokhoa o itekanetseng. Kaha ha ho molao-motheo oa Bibele o amehang, e ke ke ea e-ba ho loketseng hore motho leha e le ofe a leke ho susumetsa mosali eo Mokreste hore a etse ntho e khahlanong le letsoalo la hae. Ka nako e tšoanang, mosali eo le eena oa tseba hore ha aa lokela ho nyatsa basali ba bang ba Bakreste bao matsoalo a bona a ba lumellang ho sebelisa lintho tse joalo.
13 Nahana ka mohlala o mong. Mohlomong monna oa Mokreste o hōletse tikolohong eo ho eona batho ba neng ba sa rate ha ho nooa joala. Ha a se a tseba ’nete, o ithuta ho ba le pono ea Bibele ea hore veine ke mpho e tsoang ho Molimo le hore e ka ’na ea nooa ka mokhoa o itekanetseng. (Pesaleme ea 104:15) O lumellana le pono eo. Leha ho le joalo, ka lebaka la semelo sa hae, o khetha ho se noe lino tse tahang ho hang, empa ha a nyatse ba li noang ka mokhoa o itekanetseng. Kahoo o sebelisa mantsoe a Pauluse a reng: “A re phehelleng lintho tse tlisang khotso le lintho tseo re ka hahanang ka tsona.”—Baroma 14:19.
14. Ke maemong afe moo Bakreste ba ka sebelisang moelelo oa keletso ea Pauluse e eang ho Baroma?
14 Ho na le maemo a mang a hlokang hore ho sebelisoe moelelo oa keletso ea Pauluse e eang ho Baroma. Phutheho ea Bokreste e entsoe ka batho ba bangata ba sa tšoaneng, ’me ba rata lintho tse sa tšoaneng. Kahoo, ba ka ’na ba khetha lintho tse sa tšoaneng—ka mohlala, tabeng ea moaparo le boitlhopho. Ke ’nete hore Bibele e behile melao-motheo e hlakileng eo Bakreste bohle ba tšepahalang ba lokelang ho e boloka. Ha ho le ea mong oa rōna ea lokelang ho apara kapa ho lokisa moriri ka tsela e makatsang kapa e bontšang ho se itlhomphe kapa e re amahanyang le lihlopha tsa lefatše tse sa rateheng. (1 Johanne 2:15-17) Bakreste baa hopola hore ka linako tsohle, esita leha ba phomotse, ke basebeletsi ba emelang ’Musi oa Bokahohle. (Esaia 43:10; Johanne 17:16; 1 Timothea 2:9, 10) Leha ho le joalo, maemong a mangata ho na le lintho tse ngata tse amohelehang tseo Bakreste ba ka li khethang.a
Qoba ho Khopisa ba Bang
15. Molemong oa barab’abo, ke neng moo Mokreste a ka ’nang a tlohela lintho tseo a nang le tokelo ea ho li etsa?
15 Ho na le molao-motheo oa ho qetela oa bohlokoa oo Pauluse a re hlokomelisang oona keletsong ea hae e eang ho Bakreste ba Roma. Ka linako tse ling, Mokreste ea nang le letsoalo le koetlisitsoeng hantle a ka ’na a etsa qeto ea ho se sebelise tokelo ea hae ea ho khetha ntho e itseng. Hobane’ng? Hobane a hlokomela hore haeba a ka latela tsela e itseng a ka ’na a utloisa ba bang bohloko. Boemong bo joalo, re lokela ho etsa’ng? Pauluse o re: “Ho molemo ho se je nama kapa ho se noe veine kapa ho se etse ntho leha e le efe eo ka lebaka la eona mor’eno a khoptjoang.” (Baroma 14:14, 20, 21) Kahoo, “rōna ba matla re tšoanela ho jara mefokolo ea ba seng matla, ’me re se ke ra ikhahlisa. E mong le e mong oa rōna a khahlise moahelani oa hae ho se leng molemo bakeng sa ho mo haha.” (Baroma 15:1, 2) Haeba seo re se etsang se ka ’na sa khopisa letsoalo la Mokreste-’moho le rōna, lerato la bara ba motho le tla re susumelletsa hore re be ba nahanelang le ho itima lintho tse ling tseo re li ratang. Mohlala oa sena e ka ’na ea e-ba ho noa lino tse tahang. Mokreste o lumeletsoe ho noa veine ka ho lekanyetsa. Empa haeba ho noa veine ho ka khopisa motsoalle oa hae, a ke ke a tsitlella hore o na le tokelo ea ho e noa.
16. Re ka nahanela batho ba leng tšimong ea rōna joang?
16 Molao-motheo ona o boetse o ka sebelisoa ha re sebelisana le batho ba ka ntle ho phutheho ea Bokreste. Ka mohlala, e ka ’na eaba re lula sebakeng seo ho sona bolumeli ba moo bo rutang balateli ba bona hore ba nke letsatsi le leng bekeng e le letsatsi la phomolo. Ka lebaka leo, e le hore re se ke ra khopisa baahelani ba rōna le ho sitisa mosebetsi oa boboleli, ka hohle kamoo ho ka khonehang re tla qoba ho etsa ntho leha e le efe letsatsing leo e ka ’nang ea khopisa baahelani ba rōna. Boemong bo bong, Mokreste ea ruileng a ka ’na a falla e le hore a e’o sebetsa moo ho nang le tlhokahalo e khōloanyane har’a batho ba futsanehileng. A ka ’na a khetha ho nahanela baahelani ba hae ba bacha ka ho apara ka tsela e itekanetseng feela kapa ka ho iphelela bophelo bo bonolo feela.
17. Ke hobane’ng ha e le ho utloahalang ho nahanela ba bang ha re khetha lintho tse itseng?
17 Na hoa utloahala ho lebella hore ba “matla” ba etse liphetoho tse joalo? Nahana ka papiso ena: Ha re ntse re khanna ’mileng o moholo, pele mane re bona bana ba tsamaeang haufi le ’mila ka mokhoa o kotsi. Na re tsoela pele re ntse re khanna ka lebelo le phahameng hobane feela molao o re lumella ho etsa joalo? Che, re fokotsa lebelo e le hore re qobe kotsi e ka ’nang ea hlahela bana bao. Ka linako tse ling, ho hlokahala hore re be le boikemisetso bo tšoanang ba ho fokotsa lebelo, kapa ba ho tenyetseha likamanong tsa rōna le balumeli-’moho le rōna le batho ba bang. E ka ’na eaba re etsa ntho eo re nang le tokelo e feletseng ea ho e etsa. Ha ho melao-motheo ea Bibele eo re e tlōlang. Leha ho le joalo, haeba seo se ka khopisa ba bang kapa sa lematsa ba nang le matsoalo a fokolang, lerato la Bokreste le tla re susumelletsa hore re be hlokolosi. (Baroma 14:13, 15) Ho boloka bonngoe le ho ntšetsa pele lintho tse amanang le ’Muso ho bohlokoa haholo ho feta ho tsitlella linthong tseo re nang le tokelo ea ho li etsa.
18, 19. (a) Re latela mohlala oa Jesu joang ha re nahanela ba bang? (b) Ke litabeng life moo kaofela ha rōna re lokelang ho etsa lintho ka tumellano e feletseng, hona ho tla tšohloa eng sehloohong se latelang?
18 Ha re etsa ka tsela ena, re latela mohlala o molemo ka ho fetisisa. Pauluse o re: “Le eena Kreste ha aa ka a ikhahlisa; empa feela joalokaha ho ngoliloe: ‘Linyeliso tsa ba neng ba u nyelisa li nkoetse holimo.’” Jesu o ne a ikemiselitse ho re tella bophelo ba hae. Ka sebele le rōna re ikemiselitse ho tela lintho tse ling tseo re nang le tokelo ea ho li etsa haeba ho etsa joalo ho tla nolofalletsa “ba seng matla” ho tlotlisa Molimo bonngoeng le rōna. Ka sebele, ho utloisisa le ho nahanela Bakreste ba nang le matsoalo a fokolang—kapa ho ithaopela ho itima lintho tse itseng tseo re li ratang le ho se tsitlelle linthong tseo re nang le tokelo ea ho li etsa—ho bonahatsa “boikutlo ba kelello bo tšoanang le boo Kreste Jesu a neng a e-na le bona.”—Baroma 15:1-5.
19 Le hoja re ka ’na ra ba le maikutlo a batlang a sa tšoane litabeng tseo melao-motheo ea Mangolo e sa ameheng ho tsona, litabeng tsa borapeli teng, re etsa lintho ka tumellano e feletseng. (1 Bakorinthe 1:10) Ka mohlala, bonngoe bo joalo bo bonahala kamoo re itšoarang kateng ho ba hanyetsang borapeli ba ’nete. Lentsoe la Molimo le re bahanyetsi bao ke basele ’me le re lemosa hore re hlokomele “mantsoe a basele.” (Johanne 10:5) Re ka lemoha basele bao joang? Re lokela ho itšoara joang ho bona? Lipotso tsena li tla tšohloa sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Tabeng ea moaparo, bana ba tlaase lilemong ba latela tataiso ea batsoali ba bona.
U ka Araba Joang?
• Ke hobane’ng ha ho ba le maikutlo a sa tšoaneng litabeng tsa motho ka mong ho ke ke ha beha bonngoe kotsing?
• Ke hobane’ng ha rōna joaloka Bakreste re lokela ho nahanelana ka lerato?
• Ke litsela life tse ling tseo ka tsona re ka sebelisang keletso ea Pauluse e mabapi le bonngoe kajeno, hona ke eng se tla re susumelletsa ho etsa joalo?
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Keletso ea Pauluse e mabapi le bonngoe e ne e le ea bohlokoa bakeng sa phutheho
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Bakreste ba kopane ho sa tsotellehe limelo tsa bona tse sa tšoaneng
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Mokhanni eo o lokela ho etsa’ng joale?