Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 9/15 maq. 19-24
  • Ho Sebelisa ha Jehova “Booatla” ho Boloka ba Lumelang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Sebelisa ha Jehova “Booatla” ho Boloka ba Lumelang
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bofokoli ba Motheo ba Bohlale ba Lefatše
  • Boboleli ba ’Muso—Na ke Booatla Kapa Boa Sebetsa?
  • “Booatla ho ba Timelang”
  • ‘Ho Fetoha Maoatla e le Hore ba be Bohlale’
  • Bohlale ba ’Nete bo Ntse bo Hoeletsa Haholo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Bohlale ba Molimo bo ke Keng ba Lekanngoa
    Atamela ho Jehova
  • “Ho Thaba Motho ea Fumaneng Bohlale”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Na “Bohlale bo Tsoang Leholimong” bo Tataisa Bophelo ba Hao?
    Atamela ho Jehova
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 9/15 maq. 19-24

Ho Sebelisa ha Jehova “Booatla” ho Boloka ba Lumelang

“Kaha bohlaleng ba Molimo, lefatše bohlaleng ba lona ha lea ka la tseba Molimo, Molimo a bona ho loketse ho boloka ba lumelang ka booatla ba se boleloang.”—1 BA-KORINTHE 1:21, NW.

1. Jehova o tla sebelisa “booatla” ka kutloisiso efe, ’me re tseba joang hore bohlaleng ba lona lefatše ha lea ka la tseba Molimo?

ENG? Na Jehova a ka sebelisa booatla? Eseng joalo! Empa a ka sebelisa ’me ehlile o sebelisa se bonahalang e le booatla ho lefatše. O etsa joalo e le ho boloka batho ba mo tsebang le ba mo ratang. Ka bohlale ba lona, lefatše le ke ke la tseba Molimo. Jesu Kreste o ile a hlakisa sena ha a ne a re thapelong: “Ntate ea lokileng, lefatše ha lea ka la u tseba.”—Johanne 17:25.

2. Ke joang ho ka bonahalang eka litsela tsa Jehova le tsa lefatše lia tsamaellana, empa linnete ke life?

2 Mantsoe a Jesu a bontša hore litsela tsa Jehova li fapane le tsa lefatše. Ha motho a habanya feela a ka bona eka morero oa Molimo le oa lefatše lena ea tsamaellana. Ho ka bonahala eka lipakane tsa lefatše lena li hlohonolofalitsoe ke Molimo. Ka mohlala, Bibele e bolela hore Molimo o tla hloma puso e lokileng e tla tlisa bophelo bo nang le khotso, thabo, le katleho ho batho ba lefatšeng. (Esaia 9:6, 7; Mattheu 6:10) Ka ho tšoanang, lefatše le bua haholo ka morero oa lona oa ho fa batho khotso, katleho, le puso e molemo ka thuso ea se bitsoang taolo ea lefatše le lecha. Empa merero ea Molimo le merero ea lefatše ha e tšoane. Morero oa Jehova ke hore a itlose qoso joaloka ’Musi ea Phahameng oa bokahohle. O tla etsa sena ka puso ea leholimo e tla felisa mebuso eohle ea lefatše. (Daniele 2:44; Tšenolo 4:11; 12:10) Kahoo Molimo ha a na letho leo a tšoanang le lefatše lena ka lona. (Johanne 18:36; 1 Johanne 2:15-17) Ke ka baka leo Bibele e buang ka mefuta e ’meli ea bohlale—‘bohlale ba Molimo’ le “bohlale ba lefatše.”—1 Ba-Korinthe 1:20, 21.

Bofokoli ba Motheo ba Bohlale ba Lefatše

3. Le hoja bohlale ba lefatše bo ka bonahala bo khahla, ke hobane’ng ha le ka mohla taolo ea lefatše le lecha e tšepisitsoeng ke motho e ke ke ea khotsofatsa?

3 Ho ba sa tataisoeng ke bohlale ba Molimo, ho bonahala bohlale ba lefatše bo khahla. Ho na le lifilosofi tsa lefatše tse utloahalang li phahame tse hohelang kelello. Litsi tse likete tsa thuto e phahameng li fana ka boitsebiso bo tsoang ho seo ba bangata ba se nkang e le batho ba nang le likelello tse khōlō ka ho fetisisa molokong oa motho. Lilaeborari tse khōlō lia tsoeteha ke tsebo e bokelletsoeng ka makholo a lilemo ea phihlelo ea motho. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe sena, taolo ea lefatše le lecha eo baeta-pele ba lefatše ba e buellang e ka busoa feela ke batho ba sa phethahalang, ba nang le libe, le ba shoang. Kahoo, taolo eo e tla ba e sa phethahalang, e phetang liphoso tsa nakong e fetileng le eo le ka mohla e ke keng ea khotsofatsa litlhoko tsohle tsa batho.—Ba-Roma 3:10-12; 5:12.

4. Taolo ea lefatše le lecha e buelloang e tlas’a eng, hona e le ka liphello life?

4 Taolo ea lefatše le lecha eo motho a e batlang e tlas’a bofokoli ba motho le tšusumetso ea libōpuoa tse khopo tsa moea—e, Satane Diabolose le bademona ba hae. Satane o foufalitse likelello tsa batho hore ba se ke ba lumela “leseli la Evangeli ea khanya ea Kreste.” (2 Ba-Korinthe 4:3, 4; Ba-Efese 6:12) Ka baka leo, lefatše le na le pherekano e ngata. Le ba le matšoenyeho le tlokotsi boitekong ba lona bo kotsi ba ho ipusa ntle ho thuso ea Molimo le ntle le ho nahanela thato ea Molimo. (Jeremia 10:23; Jakobo 3:15, 16) Ka hona, joalokaha moapostola Pauluse a boletse, “lefatše bohlaleng ba lona ha lea ka la tseba Molimo.”—1 Ba-Korinthe 1:21.

5. Bofokoli ba motheo ba bohlale ba lefatše lee ke bofe?

5 Joale, bofokoli bo ka sehloohong ba bohlale ba lefatše, ho kopanyelletsa le merero ea lona ea taolo ea lefatše le lecha ke bofe? Ke hore lefatše le iphapanyetsa ntho e ke keng ea iphapanyetsoa ka katleho—bobusi bo phahameng ba Jehova Molimo. Ka boikhohomoso le hana ho amohela bobusi ba Molimo. Lefatše ka boomo le behella Jehova ka thōko mererong ea lona ’me le itšetleha ka matla le merero ea lona. (Bapisa le Daniele 4:31-34; Johanne 18:37.) Bibele e hlakisa hore “qalo ea bohlale ke ho tšaba Jehova.” (Liproverbia 9:10; Pesaleme ea 111:10) Leha ho le joalo, lefatše ha le e-s’o ithute tlhokahalo ena ea motheo ea bohlale. Ka baka leo, le ka atleha joang le sa tšehetsoe ke Molimo?—Pesaleme ea 127:1.

Boboleli ba ’Muso—Na ke Booatla Kapa Boa Sebetsa?

6, 7. (a) Ba tataisoang ke bohlale ba Molimo ba bolela ka eng, empa lefatše le ba talima joang? (b) Baruti ba Bokreste-’mōtoana ba ruta ho latela bohlale ba mang, hona e le ka phello efe?

6 Ka lehlakoreng le leng, ba tsebang Molimo ba bonahatsa bohlale ba Molimo ’me ba khetha ho tataisoa ke bona. Joalokaha Jesu a boletse esale pele, ba bolela “evangeli ena ea ’muso . . . lefatšeng lohle.” (Mattheu 24:14; 28:19, 20) Na boboleli bo joalo boa sebetsa hona joale, ha lefatše la rōna le tletse ka liqabang, tšilafalo, bofutsana, le ho utloa bohloko ha batho? Ho batho ba nang le bohlale ba lefatše boboleli bo joalo ba ’Muso oa Molimo bo bonahala e le booatla bo felletseng, e le ntho e sa sebetseng. Ba nka baboleli ba ’Muso oa Molimo e le litšitiso tse tenang tse thibelang puso e loketseng ea lipolotiki. Ho sena ba tšehetsoa ke baruti ba Bokreste-’mōtoana, ba rutang ho latela bohlale ba lefatše lena ’me ba sa bolelle batho seo ho hlokahalang hore ba se tsebe ka lefatše le lecha la Molimo le puso ea lona ea ’Muso, le hoja e ne e le thuto ea sehlooho ea Kreste.—Mattheu 4:17; Mareka 1:14, 15.

7 Rahistori H. G. Wells o ile a lebisa tlhokomelo tabeng ea ho hlōleha hona ha baruti ba Bokreste-’mōtoana. O ile a ngola: “Bohlokoa bo boholo boo Jesu a faneng ka bona thutong ea seo a se bitsitseng ’Muso oa Leholimo, ha bo bapisoa le ho se nkoe e le ea bohlokoa tsamaisong le thutong ea likereke tse ngata tsa Bokreste boa hlolla.” Leha ho le joalo, haeba batho ba moloko ona ba tla fumana bophelo, pele ba tlameha ho utloa ka ’Muso o hlonngoeng oa Molimo, ’me e le hore ba finyelle seo, motho e mong o tlameha ho bolela litaba tse molemo ka ’ona.—Ba-Roma 10:14, 15.

8. Ke hobane’ng ha ho bolela litaba tse molemo tsa Molimo e le ntho e sebetsang ka ho fetisisa e ka etsoang kajeno, empa ke ho etsa eng ho ke keng ha ba le molemo o tšoarellang?

8 Kahoo, ho bolela litaba tse molemo tsa Molimo, ke ntho e sebetsang ka ho fetisisa e ka etsoang kajeno. Ho joalo kahobane molaetsa oa ’Muso o fana ka tšepo ea sebele e tlatsang lipelo tsa batho ka thabo mehleng ena ea qetello e ‘nang le linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’ (2 Timothea 3:1-5; Ba-Roma 12:12; Tite 2:13) Le hoja bophelo lefatšeng lena bo sa tsitsa bo bile bo le bokhutšoaane, bophelo lefatšeng le lecha la Molimo e tla ba bo sa feleng, har’a thabo, nala, le khotso hona mona lefatšeng. (Pesaleme ea 37:3, 4, 11) Joalokaha Jesu Kreste a boletse, “ho na le molemo ofe ho motho haeba a rua lefatše lohle empa a lahleheloa ke sephefumolohi sa hae? kapa motho a ka fana ka eng bakeng sa sephefumolohi sa hae?” Haeba motho a lahleheloa ke tokelo ea ho phela lefatšeng le lecha la Molimo, lefatše lee le fetang le na le molemo ofe? Thabo ea motho ea joalo ea hona joale ea lintho tse bonahalang ha e na thuso, ke ea lefeela, ea feta.—Mattheu 16:26, NW; Moeklesia 1:14; Mareka 10:29, 30.

9. (a) Ha monna ea neng a menngoe hore e be molateli oa Jesu a kōpa hore a fuoe sebaka, Jesu o ile a mo eletsa hore a etse joang? (b) Karabelo ea Jesu e lokela ho re ama joang?

9 Monna e mong eo Jesu a ileng a mo mema hore e be molateli oa hae o ile a re: “Ntumelle, ke ee ho epela ntate pele.” Jesu o ile a mo eletsa hore a etse eng? Ka ho tseba hore monna enoa o ntse a behella ka thōko mosebetsi oa bohlokoa hobane feela a emetse hore batsoali ba hae ba shoe, Jesu o ile a arabela: “Lesa bafu ba epele bafu ba bona; ha e le uena, ea bolela ’muso oa Molimo.” (Luka 9:59, 60) Ba bontšang bohlale ka ho utloa Kreste ba ke ke ba khelosoa hore ba se ke ba phetha thomo ea bona ea ho bolela molaetsa oa ’Muso. Bohlale ba Molimo bo etsa hore ba elelloe hore lefatše lena le babusi ba lona ba tla felisoa. (1 Ba-Korinthe 2:6; 1 Johanne 2:17) Batho ba tšehetsang bobusi ba Molimo ba tseba hore tšepo feela ea batho e itšetlehile ka ho kenella ha Molimo litabeng le ka bobusi ba hae. (Zakaria 9:10) Kahoo le hoja ba nang le bohlale ba lefatše lena ba sa lumele ’Musong oa Molimo ’me ba sa batle puso eo ea leholimo, batho ba tataisoang ke bohlale ba Molimo ba etsa se tlisetsang batho ba bang molemo, ba etsa hore ba lokele bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha la Jehova le tšepisitsoeng.—Johanne 3:16; 2 Petrose 3:13.

“Booatla ho ba Timelang”

10. (a) Ha Saule oa Tarese a ne a sokoloha, o ile a etsa mosebetsi ofe, ’me o ile a o talima joang? (b) Bagerike ba boholo-holo ba ne ba tumme ka eng, empa Molimo o ne a talima bohlale ba bona joang?

10 Saule oa Tarese, ea ileng a fetoha Pauluse moapostola oa Jesu Kreste, o ile a etsa mosebetsi ona o pholosang bophelo. Na hoa utloahala ho nahana hore ha Jesu Kreste a ne a sokolla Saule, O ne a mo abela hore a nke karolo mosebetsing oa booatla? Pauluse o ne a sa nahane joalo. (Ba-Filippi 2:16) Ka nako eo Bagerike ba ne ba nkoa e le batho ba bohlale ka ho fetisisa lefatšeng. Ba ne ba ithorisa ka bo-rafilosofi ba bona le banna ba bohlale. Le hoja Pauluse a ne a bua Segerike, ha aa ka a latela filosofi le thuto ea Bagerike. Hobane’ng? Hobane bohlale bo joalo ba lefatše lena ke booatla ho Molimo.a Pauluse o ile a batla bohlale ba Molimo, bo ileng ba mo susumelletsa hore a bolele litaba tse molemo ka ntlo le ntlo. ’Moleli e moholo ka ho fetisisa, Jesu Kreste, o ne a ’mehetse mohlala ’me a mo file litaelo tsa hore a etse mosebetsi o tšoanang.—Luka 4:43; Liketso 20:20, 21; 26:15-20; 1 Ba-Korinthe 9:16.

11. Ha e le hantle, Pauluse o ile a re’ng ka thomo ea hae ea ho bolela le ka bohlale ba lefatše?

11 Pauluse o bolela sena ka thomo ea hae ea ho bolela: “Kreste o nthomile . . . ho bolela litaba tse molemo, e seng ka bohlale ba puo, e le hore thupa ea tlhokofatso ea Kreste e se ke ea ba lefeela. Hobane ho bua ka thupa ea tlhokofatso [sehlabelo sa Jesu sa thekollo] ke booatla ho ba timelang, empa ho rōna ba bolokehang ke matla a Molimo. Hobane ho ngoliloe: ‘Ke tla felisa bohlale ba batho ba hlalefileng, le mohopolo o bohlale oa batho ba kelello ke tla o qhelela ka thōko.’ O kae motho ea bohlale [joaloka ra-filosofi]? O kae mongoli? O kae ea phehang khang tsamaisong ee ea lintho? Na Molimo ha a ka a etsa bohlale ba lefatše lee booatla? Kaha lefatše bohlaleng ba lona ha lea ka la tseba Molimo, bohlaleng ba Molimo, Molimo a bona ho loketse ho boloka ba lumelang ka booatla ba se boleloang.”—1 Ba-Korinthe 1:17-21, NW.

12. Jehova o finyella eng ka “booatla ba se boleloang,” hona batho ba batlang “bohlale bo tsoang holimo” ba tla arabela joang?

12 Le hoja ho ka bonahala ho le thata ho ho lumela, bona batho bao lefatše le bolelang hore ke maoatla ke bona bao Jehova a ba sebelisang e le baboleli ba hae. E, ka booatla ba tšebeletso ea baboleli bao, Molimo o boloka ba lumelang. Jehova o tsamaisa lintho hore baboleli ba “booatla” bona ba se ithorise, ’me le batho ba bang ka nepo ba ke ke ba rorisa batho bao ba ba bolelletseng litaba tse molemo. Lebaka ke hore “ho tle ho se ke ha e-ba nama, leha e le ’ngoe e ithorisang pel’a oona [Molimo].” (1 Ba-Korinthe 1:28-31; 3:6, 7) Ke ’nete hore, ’moleli o phetha karolo ea bohlokoa, empa molaetsa oo a romiloeng hore a o bolele ke ’ona o etsang hore motho a bolokehe haeba a o lumela. Ba batlang “bohlale bo tsoang holimo” ba ke ke ba nyelisa molaetsa oa ’moleli hobane a bonahala e le leoatla a bile a le tlaase, a hlorisoa, ’me a ea ka ntlo le ntlo. Ho e-na le hoo, batho ba ikokobetsang ba hlompha ’moleli oa ’Muso joaloka ’moleli ea romiloeng ke Jehova ’me a tla ka lebitso la Molimo. Ba tla bona molaetsa oo ’moleli a o tlisitseng ka molomo kapa o ngotsoe e le oa bohlokoa.—Jakobo 3:17; 1 Ba-Thessalonika 2:13.

13. (a) Bajode le Bagerike ba ne ba talima boboleli ba Kreste ea khokhothetsoeng joang? (b) Ke ho tsoa lihlopheng life tsa batho moo ba bangata ba sa bitsoang hore e be balateli ba Jesu, hona hobane’ng?

13 Ha a tsoela pele ho bua ka litsela tsa Molimo, Pauluse o re: “Bajode ba batla lipontšo ’me Bagerike ba batla bohlale; empa re bolela ka Kreste ea khokhothetsoeng, ho Bajode ke ntho e ba khopisang empa ho balichaba ke booatla; leha ho le joalo, ho ba bitsitsoeng, e leng Bajode le Bagerike, Kreste ke matla a Molimo le bohlale ba Molimo. Hobane ntho ea Molimo ea booatla e bohlale ho feta batho, ’me ntho ea Molimo e fokolang e matla ho feta batho. Hobane le hlokomela ho bitsoa ha lōna baena, hore ha hoa bitsoa ba bangata ba leng bohlale ka tsela ea nama, ha se ba bangata ba matla, hase ba bangata bao e leng ba mali a borena; empa Molimo o ikhethetse lintho tsa lefatše tse booatla, hore o tle o soabise batho ba bohlale; ’me Molimo o khethile lintho tse fokolang tsa lefatše, hore a tle a soabise lintho tse matla.”—1 Ba-Korinthe 1:22-27, NW; bapisa le Esaia 55:8, 9.

14. (a) Lipaki tsa Jehova haeba li botsoa ka mangolo a tsona a li pakang, li supa ho eng? (b) Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a hana ho thabisa Bagerike ka ho etsa pontšo leha e le efe ea bohlale ba lefatše?

14 Ha Jesu a le lefatšeng, Bajode ba ile ba kōpa pontšo e tsoang leholimong. (Mattheu 12:38, 39; 16:1) Empa Jesu o ile a hana ho fana ka pontšo leha e le efe. Ka ho tšoanang, Lipaki tsa Jehova kajeno ha li na mangolo a li pakang a kang pontšo. Ho e-na le hoo, li supa thomong ea tsona ea ho bolela litaba tse molemo, joalokaha e tlalehiloe litemaneng tsa Bibele tse kang Esaia 61:1, 2; Mareka 13:10; le Tšenolo 22:17. Bagerike ba mehleng ea boholo-holo ba ne ba batla bohlale, thuto e phahameng linthong tsa lefatše lena. Le hoja Pauluse a ne a rutehile bohlaleng ba lefatše lena, o ile a hana ho thabisa Bagerike ka ho bo bontša. (Liketso 22:3) O ile a bua ’me a ngola ka Segerike se bonolo sa batho ba tloaelehileng, ho e-na le Segerike se thata. Pauluse o ile a bolella Bakorinthe: “Mohla ke fihlang har’a lōna, ha kea ka ka fihla ke le tsebisa bopaki ba Molimo ka lipolelo tse phahamileng, leha e le tsa bohlale. . . . Polelo tsa ka le thuto ea ka ha ea ka ea e-ba lipolelo tse kholisang tsa bohlale ba motho, ea mpa ea e-ba ponahatso ea Moea le ea matla; hore tumelo ea lōna e se ke ea theoa bohlaleng ba batho, e mpe e theoe matleng a Molimo.”—1 Ba-Korinthe 2:1-5.

15. Petrose o hopotsa basomi ba litaba tse molemo ka eng, ’me boemo ba kajeno bo tšoana joang le ba mehleng ea Noe?

15 Mehleng ena ea qetello, ba somang litaba tse molemo tsa lefatše le lecha le tlang la Molimo le bofelo bo atamelang ba lefatše lena ba hopotsoa ke moapostola Petrose hore lefatše la mehleng ea Noe “le timelitsoe ka ’ona, ha le koahetsoe ke metsi.” (2 Petrose 3:3-7) A tobane le timetso e joalo ea tlokotsi, Noe o ile a etsa joang? Batho ba bangata ba nahana ka eena e le sehahi sa areka feela. Empa Petrose o bolela hore ha Molimo a ne a tlisa Moroallo holim’a lefatše la mehleng ea boholo-holo, o ile “oa boloka Noe, ’moleli oa ho loka, e le eena oa boroba meno e le ’meli.” (2 Petrose 2:5) Bohlaleng ba bona ba lefatše, ntle ho pelaelo batho ba neng ba phela pele ho Moroallo ba ile ba soma seo Noe a neng a bolela ka sona ’me ba ’mitsa leoatla, motho ea sa nahaneng lintho tsa sebele, le ea etsang lintho tse sa sebetseng. Kajeno, Bakreste ba ’nete ba tobane le boemo bo tšoanang, kaha Jesu o ile a tšoantša moloko oa rōna le oa mehleng ea Noe. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe basomi, boboleli ba litaba tse molemo hase ho bua feela. Joaloka boboleli bo neng bo etsoa ke Noe, bo bolela polokeho ho ’moleli le ho ea mo mamelang!—Mattheu 24:37-39; 1 Timothea 4:16.

‘Ho Fetoha Maoatla e le Hore ba be Bohlale’

16. Ho tla etsahala joang ka bohlale ba lefatše lee ka Harmagedone, ’me ke bo-mang ba tla pholohela lefatšeng le lecha la Molimo?

16 Haufinyane, ka Harmagedone, Jehova Molimo o tla etsa hore “bohlale ba batho ba bohlale” bo fele. O tla qhelela thōko “monahano o bohlale oa batho ba kelello” ba ileng ba bolela esale pele kamoo taolo ea bona ea lefatše le lecha e neng e tla tlisa maemo a molemonyana ka teng bakeng sa batho. “Ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle” e tla felisa ka ho felletseng mokhoa oa lefatše lena oa ho beha mabaka ka mano, filosofi, le bohlale ba lona. (1 Ba-Korinthe 1:19, NW; Tšenolo 16:14-16) Batho feela ba tla pholoha ntoa eo ’me ba fumane bophelo lefatšeng le lecha la Molimo ke ba utloang seo lefatše lena le se bitsang booatla—e, litaba tse molemo tsa ’Muso o khanyang oa Jehova.

17. Lipaki tsa Jehova li fetohile ‘maoatla’ joang, ’me baboleli ba Molimo ba litaba tse molemo ba ikemiselitse ho etsa joang?

17 Lipaki tsa Jehova, li tataisoa ke moea oa hae, ha li lihlong ho bolela ka seo lefatše le se bitsang booatla. Ho e-na le ho leka ho ba le bohlale ba lefatše, li fetohile ‘maoatla.’ Joang? Ka ho etsa mosebetsi oa boboleli ba ’Muso e le hore li ka ba bohlale, joalokaha Pauluse a ngotse: “Haeba e mong har’a lōna a nahana hore o bohlale tsamaisong ena ea lintho, ha a ke a fetohe leoatla, e le hore a ka ba bohlale.” (1 Ba-Korinthe 3:18-20, NW) Baboleli ba Jehova ba litaba tse molemo ba tseba bohlokoa bo bolokang bophelo ba molaetsa oa bona ’me ba tla lula ba ntse ba o bolela ba sa phetse ho fihlela bofelong ba lefatše lena le bohlale ba lona ka ntoa ea Harmagedone. Haufinyane, Jehova Molimo o tla phahamisa bobusi ba hae ba bokahohle ’me a tlise bophelo bo sa feleng ho bohle bao hona joale ba lumelang ’me ba sebetsa ka “booatla ba se boleloang.”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho sa tsotellehe likhang tsa filosofi le lipatlisiso tsa banna ba bohlale ba Greece ea boholo-holo, mengolo ea bona e bontša hore ha baa ka ba fumana motheo oa sebele oa tšepo. Baprofesa J. R. S. Sterrett le Samuel Angus baa totobatsa: “Ha ho libuka tse ling tse nang le lillo tse utloisang bohloko ka baka la mahlomola a bophelo, ho fela ha lerato, ho thetsa ha tšepo, le sehlōhō sa lefu ho feta libuka tsa bona.”—Funk and Wagnalls New “Standard” Bible Dictionary, 1936, leqephe 313.

Likarabelo Tsa Hao ke Life?

◻ Ho na le mefuta efe e ’meli ea bohlale?

◻ Bofokoli ba motheo ba bohlale ba lefatše ke bofe?

◻ Ke hobane’ng ha boboleli ba litaba tse molemo e le ntho e sebetsang ka ho fetisisa e ka etsoang?

◻ Haufinyane ho tla etsahala joang ka bohlale bohle ba lefatše?

◻ Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li se lihlong ho bolela ka seo lefatše le se bitsang booatla?

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Bagerike ba ne ba batla bohlale ba lefatše ’me hangata ba ne ba talima boboleli ba Pauluse e le booatla

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela