Etsa Lintho Tsohle ka Lebaka la Litaba Tse Molemo
“Ke etsa lintho tsohle ka lebaka la litaba tse molemo, hore nka kopanela ho tsona le ba bang.”—1 BA-KORINTHE 9:23, “NW.”
1. Ke tšobotsi efe e tloaelehileng ho rōna kaofela, empa Molimo o fane ka motheo bakeng sa eng?
LE HOJA re fapane e mong ho e mong ka litsela tse sa tšoaneng, kaofela ha rōna re na le tšobotsi e tšoanang. Ka seo re se futsitseng ho Adama, re tsoetsoe re le baetsalibe ba thōko le Molimo o Holimo-limo, Jehova. (Ba-Roma 5:12; Ba-Kolosse 1:21) Joalokaha moapostola oa Mokreste Pauluse a ngotse: “Bohle ba sitiloe, ’me ha ba tšoaneloe ke khanya ea Molimo.” (Ba-Roma 3:23) Ka hona, bakeng sa ho bolokeha, batho ba merabe eohle le lichaba tsohle ba hloka ho boelanngoa le Molimo. ’Me re ka leboha hakaakang hore e be, ka lerato le mohau tse ke keng tsa lekanngoa, Jehova o fane ka motheo oa ho boelana le eena!
2. (a) Bakreste ba tlotsitsoeng ba ile ba fuoa tšebeletso efe? (b) Re ka ithuta ka mohlala oa mang, hona hobane’ng? (1 Ba-Korinthe 11:1)
2 Lilemong tse makholo a leshome le metso e robong tse fetileng, lipaki tse tlotsitsoeng tsa Jehova li ile tsa fuoa “tšebeletso ea poelano.” Pauluse o itse: “Bakeng sa Kreste, re re: Boelanang le Molimo!” (2 Ba-Korinthe 5:18-20) Moapostola o ne a phetha tšebeletso ee ka boikutlo bofe? O itse: “Leha ke le ea sa ruoang ke motho, ke ikentse mohlanka oa bohle, ke tle ke rue ba bangata.” (1 Ba-Korinthe 9:19) Ntle le pelaelo, ka hloko Pauluse o ile a etsa boiteko ba ho hlahisa molaetsa oa hae ka tsela e atlehang, hobane o boetse a re: “Ke etsa lintho tsohle ka lebaka la litaba tse molemo, hore nka kopanela ho tsona le ba bang.” (1 Ba-Korinthe 9:23, NW) Kahoo, re ka ithuta eng mohlaleng oa Pauluse?
Ho Thusa Bajode ba Ikokobelitseng
3. Boikemisetso ba Pauluse ba ho etsa lintho tsohle ka lebaka la litaba tse molemo bo bontšitsoe joang ntlheng ea Timothea le Bajode?
3 Semelo sa Pauluse sa Bojode le boikemisetso ba hae ba ho etsa lintho tsohle ka lebaka la litaba tse molemo li ile tsa mo hlomella bakeng sa ho thusa Bajode ba ikokobelitseng ho amohela Jesu e le Messia. Ka mohlala, nahana ka seo moapostola a ileng a se etsa ha a khetha Timothea e le motsoalle oa hae ea tsamaeang le eena. Timothea, eo ntat’ae e neng e le Mogerike, o ne a sa bolotsoa joalokaha bana ba batona ba Bajode ba ne ba bololitsoe. (Levitike 12:2, 3) Pauluse o ne a tseba hore Bajode ba ne ba ka ’na ba khopeha haeba mohlankana ea sa bolotsoang a leka ho ba thusa hore ba boelane le Molimo. Ka hona, e le hore Bajode ba lipelo li tšepahalang ba se ke ba sitisoa ho amohela Jesu, Pauluse o ile a etsa eng? O ile a “nka [Timothea], a ’molotsa ka baka la ba-Jode.” Sena se ile sa etsoa le hoja lebollo e ne e se tlhokahalo ea Bokreste.—Liketso 16:1-3.
4. Ho latela 1 Ba-Korinthe 9:20, sepheo sa Pauluse e ne e le sefe?
4 Kahoo Pauluse o ne a etsa lintho ka lebaka la litaba tse molemo ha a senola kameho e lerato ka Bajode ba habo. O ngotse: “Ho ba-Jode, ke ikentse mo-Jode, hore ke rue ba-Jode; ho ba ka tlas’a molao, ke ikentse ea leng ka tlas’a molao, leha ke se ka tlas’a molao, ke tle ke rue ba leng ka tlas’a molao.” (1 Ba-Korinthe 9:20) E, joalokaha ho bontšitsoe ntlheng ea Timothea, Pauluse o ile a etsa seo a neng a ka se khona ho rua Bajode, ho ba thusa ho fetoha Bakreste. Empa na o ile a sebelisana le Balichaba ka mokhoa o tšoanang?
Ho Batla ho Rua Balichaba
5. Pauluse o ile a bolella bo-mang Korinthe, hona e le ka phello efe?
5 Ka mor’a hore Pauluse a fihle motseng oa Korinthe hoo e ka bang ka hoetla la 50 C.E., o ile a fana ka lipuo tsa beke le beke synagogeng ho bamameli ba Bajode le Bagerike ba sokolohetseng tumelong ea Bajode. Empa ho bolela ha hae ka cheseho ho ile ha tsosa khanyetso hoo a bileng a bolella bahanyetsi ba hae: “Mali a lōna a be holim’a lihloho tsa lōna; ha e le ’na, ke hloekile bakeng sa ’ona; ho tloha joale, ke ikela ho ba-lichaba.” Jehova o ile a hlohonolofatsa bohato bona, hobane “ba-Korinthe ba bangata, ha ba utloa Pauluse, ba lumela le bona, ’me ba kolobetsoa” ho ba Bakreste. Ka sebele, ponong Morena o ile a khothalletsa Pauluse ho khomarela kabelo eo, a ’molella: “Ke na le batho ba bangata motseng ona.”—Liketso 18:1-10.
6. Ke eng e ileng ea susumelletsa Pauluse ho thahasella bao smelo sa bona se neng se fapane le sa hae?
6 Takatso ea ’nete ea Pauluse ea ho rua basokolohi ba Balichaba hore ba tle Bokresteng e ile ea mo susumelletsa hore a boele a be le thahasello ho batho bao semelo sa bona se neng se fapane haholo le sa hae. “Ho [Balichaba] ba seng ka tlas’a molao, ke ikentse ea seng ka tlas’a molao, leha ke se ea se nang molao ka nģa ho Molimo, athe ke molaong oa Kreste, ke tle ke rue ba seng ka tlas’a molao.” (1 Ba-Korinthe 9:21) Moapostola o ne a batla ho rua Balichaba joang?
7. Mabapi le lebollo, ke hobane’ng ha boemo ba Tite bo ne bo fapane le ba Timothea?
7 Ha Pauluse a ea Jerusalema hoo e ka bang ka 49 C.E. ho ea ba teng sebokeng sa bohlokoa sa sehlopha se busang sa phutheho ea Bokreste, o ne a tsamaea le morutuoa oa Mogerike Tite. Pauluse o ile a fa baena ba phuthehileng moo tlaleho ea mosebetsi oa hae oa ho bolela har’a batho ba lichaba, ’me hamorao o ile a ngola: “Esita le Tite ea neng a na le ’na, leha e ne e le mo-Gerike, ha a ka a phehelloa ho bolla.” (Ba-Galata 2:1-3) Ho fapana le Timothea, Tite o ile a phetha tšebeletso ea hae haholo-holo har’a batho ba lichaba ba sa bollang. Kahoo, tseko ea lebollo ha ea ka ea hlaha ntlheng ea hae.—2 Ba-Korinthe 8:6, 16-18, 23; 12:18; Tite 1:4, 5.
8. Ke joang Pauluse a ileng a fana ka bopaki Athene?
8 Ha a fana ka bopaki Athene, Pauluse o ile a boela a bontša hore o ne a etsa lintho tsohle ka lebaka la litaba tse molemo. Ka ho elelloa monahano oa baahi ba motse-moholo oo oa Greece, o ile a ba bolella ka Molimo oo ba sa o tsebeng ’me a qotsa liroki tsa bona Aratus le Cleanthes, tse itseng: “Re moloko oa hae ka sebele.” Ka hona moapostola o ne a batla ho thusa ba mo mametseng ho utloisisa hore ha baa “tšoanela [ho] ka lekanya hore Molimo o ka tšoana le . . . lejoe le betliloeng ka masene le ka khopolo ea motho.” Ho feta moo, Pauluse o ile a bolela: “Molimo ha o se o lesitse litšiu tseo tsa ho se tsebe hore li fete, joale, o bolella batho bohle, naheng tsohle, hore ba bake.” O ile a lebisa tlhokomelo ka katleho ho “Morena oa leholimo le oa lefatše,” Jehova. Ka phello efe? “Banna ba bang ba mo khomarela, ba lumela.” (Liketso 17:22-34) E, mekhoa ea Pauluse e ile ea atleha!
9. Ke joang Pauluse e ileng ea ba ‘ea fokolang ho ba fokolang,’ hona hobane’ng?
9 Pauluse o itse: “Ho ba fokolang, ke ikentse ea fokolang, ho rua ba fokolang.” (1 Ba-Korinthe 9:22a) Le hoja puo ea hae e ne e le matla, moapostola o ne a nahanela matsoalo a fokolang a Bajode le Balichaba ba bang ka phuthehong. O ile a phehella Bakreste ba Roma: “Ha e le ea fokolang tumelong, le mo amohele, e seng ho fapanyetsana litaba le eena ka khang.” Ho e-na le ho iketsa moahloli, Pauluse o ile a re: “A re ke re batleng ke hona litaba tse hlahisang khotso, le tseo re ka hahisanang hammoho ka tsona.” (Ba-Roma 14:1, 13, 19) O elelitse: “Joale, rōna ba matla, re tšoanetse ho jara mefokolo ea ba fokolang, ’me re se ke ra batla ho khahlisang rōna feela.” (Ba-Roma 15:1) Ka ho hlokomela hore o ne a tlameha ho fetola tsela ea hae ea ho bua le eo a etsang lintho ka eona e le hore a ka thusa ba bang, o ngotse: “Ke fetohile lintho tsohle ho batho ba mefuta eohle.”—1 Ba-Korinthe 9:22b, NW; Ba-Galata 3:28.
Ntlafatsa Bohlale ba Hao ba ho Bolela
10. Ke joang rōna re ka etsisang Pauluse kajeno?
10 Kajeno ho hlokahala hore Lipaki tsa Jehova li etsise Pauluse joalokaha a ne a etsisa Kreste. (1 Ba-Korinthe 11:1) Moapostola e ne e le ’moleli ea bohlale haholo ea neng a e-na le moea oa boromuoa. Ho ka ba joalo ntlheng ea rōna, le hoja maemo a rōna a ka ’na a se re lumelle ho sebeletsa tšimong ea naha esele. Joaloka Pauluse, re tlameha ho ‘etsa lintho tsohle ka lebaka la litaba tse molemo e le hore re ka kopanela ho tsona le ba bang.’ (1 Ba-Korinthe 9:23, NW) Empa ke eng e ka ntlafatsang bohlale ba rōna joaloka baboleli ba ’Muso le ba etsang barutuoa?—Mattheu 28:19, 20.
11. Joaloka mosebeletsi, ke hobane’ng ha u lokela ho hōlisa matla a hao a ho ela lintho hloko?
11 Sebeletsa ho hōlisa matla a hao a ho ela lintho hloko. Ka ho ela lintho hloko, u ka ithuta ho hongata ho tla u thusa ho fetola nehelano ea hao ea litaba tse molemo hore e lumellane le beng ba matlo ka bomong. Ka mohlala, haeba u pakela batho ba lulang motseng o moholo, ela hloko liloko tsa lemati, mekhabiso ea bolumeli, le mapetjo a khomarelitsoeng lifensetereng. Lintho tsena li ka u thusa ho fana ka bopaki bo ka ’nang ba thetsa lipelo tsa batho ba phelang matlong a joalo. Ruri Pauluse o ne a ela lintho hloko. Ha a le Athene o ile a sebelisa aletare e nehetsoeng “Ho Molimo o sa tsejoeng” e le tšobotsi e ’ngoe ea bopaki ba hae bo botle mabapi le “Molimo o entseng lefatše le tsohle tse ho lona.” (Liketso 17:22-25) U ka etsa lintho tse tšoanang tšebeletsong ea hao.
12. Temoho e phetha karolo efe tšebeletsong ea rōna?
12 Sebelisa temoho tšebeletsong. U se ke ua nyahamisoa ke ha qalong motho a e-ba leqe ho bula lemati ho bua le uena. Ho e-na le ho itumella hore u lelekoe ke chalimo e bohale ea sefahleho, bontša mosa ’me u sebelise temoho. Loanela ho fetola bopaki ba hao hore bo lumellane le maemo. Esita le ka thapelo e khutšoanyane feela, u ka ’na ua khona ho bua ho hong ho tla thetsa pelo ea motho eo hore e arabele hamolemo.—Bapisa le Nehemia 2:4-6.
13. Ke joang re ka bontšang ho nahanela bao re ba pakelang?
13 E-ba ea nahanelang. Ntlheng ena, ho ka etsoa lintho tse sa tšoaneng ka lebaka la litaba tse molemo. Ka mohlala, ho nahanela ho tla u thibela ho emisa motho ea hōlileng kapa ea kulang monyako nako e telele. U ka ’na ua etsa tlhahiso ea hore u bue le bona ba le ka tlung, moo ba ka ’nang ba phutholoha haholoanyane. Kapa u ka ’na ua etsa qeto ea hore tlas’a maemo a mang ho ne ho tla ba molemo ho khutsufatsa ketelo ea hao. Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, e-ba ea nahanelang. Bontša hore ua tsotella!—Mattheu 9:35, 36.
14. Ha re paka, ke joang re ka etsang hore ba re mametseng ba phutholohe?
14 Bua ka tsela e etsang hore ba u mametseng ba phutholohe. Qala bopaki ba hao ka tumeliso e nang le botsoalle e amohelehang sebakeng sa heno. (Mattheu 10:12) Ela hloko lintho tseo e ka ’nang eaba batho ba li tšohile kapa ba leeme ho tsona. Etsa hore lipolelo tsa hao e be tse mosa le tse nang le botsoalle ba ’nete. Sena se tla thusa ho kholisa beng ba matlo hore u tlile moo ho ba thusa le hore ha u na merero e meng ea bolotsana.
15. Ke hobane’ng ha u lokela ho fana ka boitsebiso bo lekaneng bo u hlalosang le lebaka leo ka lona u etetseng ntlong eo?
15 Beng ba matlo ba hloka ho tseba hore na ba etetsoe ke mang hona hobane’ng. Ka hona, fana ka boitsebiso bo lekaneng bo u hlalosang. Libakeng tse ling, haholo-holo Afrika le Asia, batho ba thahasella baeti hoo ba chesehelang ho fumana likarabelo tsa lipotso tse kang: Ke uena mang? U lula hokae? Na u nyetse kapa u nyetsoe? Na u na le lelapa? Ho tlatsetsa thabong ea ketsahalo eo, moetlo o hloka hore u arabele lipotso tsena pele u hlalosa morero oa ketelo ea hao. U se ke ua talima litumeliso tse joalo e le tse sa hlokahaleng, empa u sebelise nako eo ho ela motho eo hloko le ho haha kamano e hlomphehang le eena le talimane mahlong.
16. Ke joang lipotso tse ntle li ka thusang ho boloka puisano le mong’a ntlo?
16 Sebelisa lipotso tse ntle ho boloka puisano le mong’a ntlo. Le hoja chalimo ea motho e ka ’na ea senola ho hong, ho hlokahala hore mehopolo le maikutlo a hae li utloisisoe. Ho finyella hoo, ka bohlale u ka ’na ua sebelisa lipotso ho susumelletsa mong’a ntlo ho senola pono ea hae le maikutlo a hae. Ho etsa mohlala: Mofumahali e mong ea se nang bana ea neng a hlokometse liphoofolo haholo o ile a bolela sena ka ketelo ea Paki e ’ngoe: “Seo ke se hopolang ka sefahleho sa hae se bososelang ke khotso. Ke ne ke hloletsoe. Mofumahali enoa o ile a mpotsa hore na ke eng e neng e ntšoenya ka ho fetisisa ka maemo a teng lefatšeng. Ke ile ka re ke ne ke khathatsehile ka tsela eo motho a tšoereng liphoofolo ka eona, eaba o mpontša Esaia 11:6-9 e buang ka ha liphoofolo li phela khotsong ea ’nete. Ke ne ke batla ho tseba ho eketsehileng.”
17. Ke hobane’ng ha re lokela ho falimehela lipolelo tseo mong’a ntlo a ka ’nang a li bua ka maemo a hae?
17 Falimehela lipolelo tseo mong’a ntlo a ka ’nang a li bua ka maemo a hae, haholo-holo tšimong e sebetsoang khafetsa. Ka tsela ena, esita le nakong ea moqoqo o mokhutšoanyane, mohlomong u tla ithuta ho hong ho lokelang ho eloa hloko ho motho eo. Ha u qeta ho tloha ha hae, ka bokhutšoanyane ngola boitsebiso bo joalo tlalehong ea ntlo le ntlo. Empa ho thoe’ng haeba mong’a ntlo a phahamisa potso eo u sitoang ho e arabela? Joale etsa patlisiso e itseng likhatisong tsa Mokhatlo oa Watch Tower ho fumana tsela e molemohali ea ho arolelana litaba tse molemo le motho eo lekhetlong le latelang ha u mo etela.
Mohlala Bakeng sa Baromuoa
18. Baromuoa le ba bang ba ka ithuta eng ho Pauluse?
18 Ba bang ba etsang lintho tsohle ka lebaka la litaba tse molemo ke baromuoa ba koetlisitsoeng Sekolong sa Bibele sa Watchtower sa Gileade. Ba ka ithuta ho Pauluse, ea neng a e-na le moea o motle oa boromuoa. Ka mohlala, o ne a sa batle ho ba molato bakeng sa litšitiso tse neng li ka ’na tsa thibela Bajode le Balichaba ho amohela ’nete. Ka hona, moapostola o ne a le seli ka seo a se jang ’me o ile a eletsa Bakreste ba Korinthe hore ba hlokomele hore ho sebelisa tokelo ea bona ea ho ja lijo tse itseng ho se khopise ba bang. (1 Ba-Korinthe 8:8, 9) Ho New Century Bible, Moprofesa F. F. Bruce o itse: “Linthong tsohle tse fapaneng (tse kang lijo, e leng tsona tseo ho neng ho buisanoa ka tsona ho 1 Ba-Korinthe khaolo ea 8), [Pauluse] o lumellana le meetlo ea bao a nang le bona ka nako eo, e le hore a se behe khopiso tseleng ea ho ba ‘rua’ bakeng sa molaetsa o molemo.” (Ba-Roma 14:21) Ka ho tšoanang, baromuoa ba teng har’a Lipaki tsa Jehova ha ba leke ho fetola meetlo ea batho ba likabelong tsa bona, le hoja batho ba bacha ba fuoa thuso ea moea ho ba thusa ho etsa liphetoho tse hlokahalang hore ba khahlise Molimo.—Ba-Roma 12:1, 2.
19. Ha re etsa barutuoa, ho ka ’na ha hlokahala liphetoho life bakeng sa (a) ba leng mosebetsing oa boromuoa? (b) bahoeletsi bohle ba ’Muso?
19 Ba qalang ho ba kabelong ea boromuoa ba hloka ho ithuta litsela le meetlo ea batho. Ena ke phihlelo e entšang ’me e ka thusa baromuoa ho atleha haholoanyane mosebetsing oa bona oa ho bolela. Ha e le hantle, ho qoba ho khopisa ba bang, ho ka ’na ha hlokahala hore ba etse liphetoho litabeng tse kang moaparo le boitlhopho. Ka mohlala, ha khaitseli e mong oa moromuoa a qala ho fihla Afrika Bophirimela, o ile a fumana hore tsela eo a neng a sebelisa litlolo ka eona e ne e ka mo khetholla habobebe le basali ba boitšoaro bo bobe tikolohong eo. Ka hona, e le hore ba bang ba tle ba se ke ba belaella merero ea hae, ka potlako o ile a fetola tsela eo a sebelisang litlolo ka eona. Ho totobetse hore Lipaki tsa Jehova kaofela li lokela ho sebelisa boahloli bo botle moaparong le boitlhophong e le hore li ka thusa ba bang moeeng. Bakreste, ba eletsoang hore ‘ba se behe khopiso pel’a ngoan’abo bona’ le hore ba phehelle lintho tseo e mong a ka hahang e mong ka tsona, ruri ha ba batle ho khopisa ofe kapa ofe.—Ba-Roma 14:13, 19.
20. (a) Ka kakaretso, ke eng e tla re thusa ho “etsa lintho tsohle ka lebaka la litaba tse molemo”? (b) Ke lipotso life tse saletseng ho arabeloa?
20 Ho atleha joaloka baboleli ba ’Muso ho itšetlehile haholo-holo ka tlhohonolofatso ea Jehova. (1 Ba-Korinthe 3:6, 7) Empa ho boetse ho hlokahala hore re etse boiteko. Kahoo ela lintho hloko, joalokaha Pauluse a ne a li ela hloko tšebeletsong ea hae. Sebelisa temoho, e-ba ea nahanelang, etsa hore beng ba matlo ba phutholohe, ’me u sebelise lipotso tse ntle ho boloka puisano le bona. Fetohela meetlong e ka ’nang ea bonahala e makatsa empa e se khahlanong le Mangolo. E, a re ‘etseng lintho tsohle ka lebaka la litaba tse molemo, e le hore re ka kopanela ho tsona le ba bang.’ (1 Ba-Korinthe 9:23, NW) Empa ho etsahala’ng ha ba bang e se e ntse e le karolo ea mokhatlo oa rōna oa baena oa Bokreste? E be re ba tšoara joang?
U ne u Tla Arabela Joang?
◻ Pauluse o ile a etsa eng ho thusa Bajode ho fetoha Bakreste?
◻ Pauluse o ne a batla ho rua Balichaba joang?
◻ Litsela tse ling tsa ho ntlafatsa bohlale ba rōna ba ho bolela ke life?
◻ Pauluse o behetse baromuoa le baboleli ba bang ba ’Muso mohlala ofe?