Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w91 2/15 maq. 4-7
  • Topollo—Thuto e Lahlehileng ea Bokreste-’mōtoana

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Topollo—Thuto e Lahlehileng ea Bokreste-’mōtoana
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipotso tse sa Arabeloang
  • Lefu la Topollo
  • Phetoho ea Bolumeli le Topollo
  • Lebaka Leo ka Lona Baeta-pele ba Bolumeli ba Hlōlehileng
  • ’Muelli oa Topollo
  • Topollo e Lekanang le se Lahlehileng Bakeng sa Bohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Jehova o Fana ka “Tefo Bakeng sa ho Lopolla Batho ba Bangata”
    Atamela ho Jehova
  • Thekollo ke Mpho ea Bohlokoa e Tsoang ho Molimo
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Tsoela Pele U Ananela Thekollo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
w91 2/15 maq. 4-7

Topollo—Thuto e Lahlehileng ea Bokreste-’mōtoana

TOPOLLO, tumelo ea hore Jesu o ile a shoa ho lopolla batho ba baetsalibe, ke thuto ea motheo ea Bokreste ba ’nete. Empa, ka nako e telele litsebi tsa thuto ea bolumeli tsa Bokreste-’mōtoana li ’nile tsa nyatsa le ho soma thuto ena.

Ke hobane’ng ha ho le joalo? Na ho Mareka 10:45 Jesu ka boeena ha a ka a re: “Mor’a motho ha a ka a tlela ho sebeletsoa, empa e le ho sebeletsa, le ho neela bophelo ba hae ho ba topollo ea ba bangata”?

Ba bang ba ’nile ba bolela hore ha ho mohla Jesu a kileng a bua mantsoe ao, ba bolela hore ka mor’a lefu la hae mantsoe ana a ile a iqapeloa tlas’a tšusumetso ea moapostola Pauluse. Ba bang ba pheha khang ea hore “topollo” mona ke mokhabo-puo kapa hore thuto eo e hlaha litšōmong tsa Bagerike! Kahoo topollo e nyametse ka ho felletseng lithutong tsa kereke.

Leha ho le joalo, ka ho loketseng u ka ’na ua ipotsa hore na Bakreste ba pele ba ne ba utloisisa lefu la Jesu joang. Ho 2 Ba-Korinthe 5:14, 15 Pauluse oa re bolella: “Lerato la Kreste le re tlamile; re tsoe re lumetse hoba, e mong ha a shoetse bohle . . . hore ba phelang ba se hlole ba iphelela, ba mpe ba phelele ea shoeleng, a ba a tsoha bakeng sa bona.” Thuto ena e ne e hlakile e bile e le bonolo hakaakang—ho hang e sa angoa ke liphetoho tse rarahaneng tseo hamorao e neng e tla feta ho tsona matsohong a litsebi tsa thuto ea bolumeli tsa kereke.

Na ho ka etsahala hore e be Pauluse o ile a iqapela thuto ee? Che, hobane ho 1 Ba-Korinthe 15:3 oa hlalosa: “Hobane pele ho ntho tsohle, ke le neile seo le ’na ke se amohetseng, ke ho re, Kreste o shoele ka baka la libe tsa rōna, kamoo Mangolo a bolelang.” Ka ho hlakileng, nako e telele pele Pauluse a ngola mangolo a hae, Bakreste ba ne ba se ba ntse ba utloisisa hore lefu la Jesu ke la sehlabelo, theko ea sebele e lefelletsoeng ho lopolla batho ba baetsalibe, topollo. Ho feta moo, joalokaha Pauluse a bontša, ba ne ba utloisisa hore lefu la Kreste le tla phethahatsa “Mangolo,” ke hore, boprofeta bo kang ba Pesaleme ea 22 le Esaia 53 bo Mangolong a Seheberu, kapa “Testamente ea Khale.”

Lipotso tse sa Arabeloang

Haeba u khetha ho batlisisa linnete ka bouena, u tla fumana hore lithuto tsa bokoenehi li ile tsa kenella Bokresteng morao koana haufi le nako ea baapostola. (Liketso 20:29, 30; 2 Timothea 4:3, 4) Empa, ho lumela sehlabelong sa topollo sa Kreste ho ile ha ’na ha tsoela pele, joalokaha mangolo a Bo-ntate ba pele ba Kereke a bontša. Leha ho le joalo, eitse ha litsebi tse ling tsa morao tsa thuto ea bolumeli li hlahlobisisa thuto ea topollo, li ile tsa khahlana le lipotso tse thata, tse kang, Topollo e ile ea lefshoa ho mang? ’Me ke hobane’ng ha tefo e joalo e ne e hlokahala?

Lekholong la bone la lilemo C.E., Gregory oa Nyssa le ba bang ba ile ba hlalosa khopolo ea hore topollo e lefshoe ho Satane Diabolose! Ba ile ba pheha khang ea hore, Satane o ne a na le taolo holim’a motho, ’me topollo e lefshoe ho eena ho lokolla batho. Leha ho le joalo, motho e mong oa mehleng eona eo ea bitsoang Gregory oa Nazianzus o ile a bona lekhalo le teng khopolong ena. E ne e fana ka maikutlo a hore Molimo o ne o le tlas’a Diabolose—e leng hoo ka sebele ho sa utloahaleng! Leha ho le joalo, khopolo ea hore topollo e lefshoe ho Diabolose e ile ea tsebahala ’me ea tsoela pele butle-butle ka makholo a lilemo.

Na topollo e ne e ka lefshoa ho Molimo ka booona? Gregory oa Nazianzus o ile a ikutloa hore le eena o bone mathata a tlisoang ke khopolo ena. Kaha ‘re ne re se botlamuoeng ho [Molimo],’ ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore topollo e lefshoe ho oona? Ho feta moo, ‘na Ntate o ne a ka thabela lefu la Mor’a hae’ ka ho batla topollo? Ho bonahala tsena e le lipotso tse thata tse hlahisang pelaelo ka topollo ka boeona.

Lefu la Topollo

Ho batlisisa ha hao taba ena ho ka ’na ha u fihlisa mathoasong a lekholo la bo12 la lilemo. Anselm, Mobishopo e Moholo oa Canterbury, o ile a leka ho arabela lipotso tsena bukeng ea hae Cur Deus Homo (Lebaka Leo ka Lona Molimo o Ileng oa Fetoha Motho). Buka ena e ile ea ruta hore lefu la Kreste le sebelelitse e le tsela ea ho khotsofatsa toka ea bomolimo, le hoja e ne e se topollo. Anselm o ne a lumela hore ho tšoarela sebe ka topollo ka ntle le ho khotsofatsa toka ho ne ho tla tšoana le ho tlohela sebe se sa lokisoa. Anselm o itse: “Empa ka ho nepahetseng Molimo o ke ke oa tlohela letho le sa lokisoa ’Musong oa Oona.” Joale, Molimo o ile oa lokisa litaba joang?

Ha a pheha khang ea hore ‘sebe se hlompholla Molimo,’ Anselm o ile a bolela hore e ne e ke ke ea e-ba ho lekaneng “ho khutlisetsa feela se nkiloeng” ke sebe sa Adama. Kaha Molimo o ne o rohakiloe, topollo—esita le sehlabelo sa motho ea phethahetseng—se ne se ke ke sa lekana. Moruti e mong o ile a beha mabaka ka hore: “Ka baka la thohako e entsoeng, ho tlameha hore ho khutlisetsoe ho fetang ho nkiloeng.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Anselm o ile a pheha khang ea hore sena se ne se hloka lefu la eo e neng e le “Molimo e bile e le motho”!

Ho sa tsotellehe hore na karabelo ea hao lithutong tsa Anselm ke efe, li ile tsa hapa batho ba mehleng ea hae ’me li ntse li e-na le tšusumetso mehleng ea rōna. Ketsahalong e ’ngoe, Anselm o ile a tšehetsa thuto ea Boraro-bo-bong ’me a hlasela topollo hampe, bonyane Bokreste-’mōtoaneng! “Khotsofalo” e ile ea fetoha lepetjo la litsebi tsa thuto ea bolumeli, lentsoe “topollo” la ’na la nyamela butle-butle. Leha ho le joalo, likhopolo tsa Anselm li ne li batla li theiloe ka ho felletseng monahanong o mpang feela o bonahala eka ke ’nete, eseng Bibeleng. ’Me ka mor’a nako, liithuti tse kang Thomas Aquinas li ile tsa qala ho ikhula khopolong ea Anselm ea “khotsofalo” ka monahano oa tsona o bohlale. Ho iqapela ha batho likhopolo tsa bona ho ile ha ata. Likhopolo tse hlalosang topollo li ile tsa eketseha, ’me phehisano e ile ea tsoela pele ho tloha Lengolong ’me ea kenella ka ho tebileng menahanong ea batho, filosofing, le tumelong ea hore tsebo ea bolumeli e ka fumanoa ka mokhoa oa mohlolo.

Phetoho ea Bolumeli le Topollo

Leha ho le joalo, a re ke re atameleng haufinyane nakong ea rōna. Ha sefefo sa Phetoho ea Bolumeli ea Boprostanta se ne se qhoma lekholong la bo16 la lilemo, sehlopha sa bofetoheli se bitsoang Masocinus (Socinians) se ile sa hlaha.a Se ne se latola hore lefu la Jesu “le re fumantšitse poloko” ka tsela leha e le efe, se re tumelo e joalo ke “e thetsang, e fosahetseng, le e khopo haholo . . . , e nyonyehang Mangolong le monahanong.” (The Racovian Catechisme) Kaha Molimo o tšoarela ka bolokolohi, ho ne ho sa hlokahale hore toka e khotsofatsoe. Se ne se bolela hore, lefu la Kreste le fane ka topollo ka hore le ile la susumelletsa batho ho etsisa mohlala oa hae o phethahetseng.

E hlasetsoe ke lithuto tsena le bokoenehi bo bong, Kereke e K’hatholike e ile ea tlisa tlhaselo ea ho thibela bokoenehi boo, ea bitsa Lekhotla la Trent (ho tloha ka 1545 ho ea ho 1563 C.E.). Le hoja lekhotla lena le ile la fana ka pono ea lona litabeng tse ngata tsa thuto, ha lea ka la fana ka pono e hlakileng kapa hona ho itlama mabapi le topollo. Le ile la bua ka ‘molemo oa Jesu Kreste’ ’me la sebelisa lentsoe “khotsofalo” empa ka masene la qoba lentsoe “topollo.” Ka baka leo, ho hang kereke ha ea ka ea itlama ka ho fana ka pono leha e le efe e hlakileng ea Mangolo. Monyako oa hore batho ba iqapele likhopolo tsa bona o ile oa lula o ntse o butsoe.

Lebaka Leo ka Lona Baeta-pele ba Bolumeli ba Hlōlehileng

Haesale ho tloha nakong ea Lekhotla la Trent, litsebi tsa thuto ea bolumeli—tsa K’hatholike le tsa Prostanta ka ho tšoanang—li qapile likhopolo tse ngata haholo tse hlalosang topollo. (Bona lebokose leqepheng la 7.) Empa, ha ho bonahale eka ho tla ba le tumellano mabapi le se boleloang ke lefu la Kreste. Litsebi tsa thuto ea bolumeli li lumellana feela ho nyeliseng ha tsona lentsoe la Mangolo “topollo,” li khetha ho le hlokomoloha, ho le nyenyefatsa, kapa ho le qhelela ka thōko ka litlhaloso tsa tsona. Se boleloang ke lefu la Kreste se hlalosoa ka puo e sa utloahaleng ea litsebi, ho sothoa ho rarahaneng ha monahano o thetsang, mantsoe a thata a kang “tšusumetso ea boitšoaro” le “ho emelang khotsofalo ea sebele.” Ho e-na le ho haha tumelo lefung la Kreste, baruti ba Bokreste-’mōtoana ba entse thupa ea hae ea tlhokofatso khopiso e ferekanyang.

Lebaka la motheo la ho hlōleha hona ho hoholo ke lefe? Setsebi sa thuto ea bolumeli sa K’hatholike Boniface A. Willems se le hlalosa e le le tlisoang ke ’nete ea hore litsebi tsa thuto ea bolumeli li “rutiloe sebakeng se ka thōko se sirelelitsoeng ka hloko”—se hōle haholo le litlhoko tsa sebele tsa batho.b Na ha u ikutloe u lumellana le khopolo eo? Leha ho le joalo, Jeremia 8:9 e tsoela pele ho bontša motso oa sebele oa bothata bona: “Bonang, ba khelositse lentsoe la Jehova, ba na le bohlale bofe?”

Bonneteng, thuto ea topollo e ka ’na ea phahamisa lipotso tse ling tse thata. (2 Petrose 3:16) Empa ho fapana le ho batlisisa likarabo ka Mangolong, litsebi tsa thuto ea bolumeli li sebelisitse bohlale le monahano oa batho. (1 Ba-Korinthe 1:19, 20; 2:13) Li khethile ho hana likarolo leha e le life tsa Bibele tse sa lumellaneng le menahano ea tsona—kapa likhopolo tsa tsona. (2 Timothea 3:16) Li tšehelitse lithuto tseo e seng tsa Mangolo, tse kang thuto ea Boraro-bo-bong. (Johanne 14:28) ’Me ho hlōleha ha tsona ho hoholo ka ho fetisisa ke hore li fetotse ho bolokeha ha motho ntho e khōlō, li hlokomolohile litaba tsa bohlokoa tse amanang le lebitso la Molimo le ’Muso.—Mattheu 6:9, 10.

’Muelli oa Topollo

Ka kōpo, joale hlahloba nako e qetellang ea lilemo tsa bo-1800. Monna e mong ea tšabang Molimo ea bitsoang Charles Taze Russell o ile a ikarola thutong ea malumeli a maholo ’me a qala ho hatisa makasine oona ona—Molula-Qhooa. Russell oa hopola: “Ho tloha ka lekhetlo la pele, e ’nile ea e-ba ’muelli ea khethehileng oa Topollo.”

Molula-Qhooa o sa ntsane o sebeletsa joalo ho fihlela mehleng ena. Ka lilemo tse fetang lekholo, o ’nile oa hlahisa mabaka a utloahalang a Mangolo a ho lumela topollo, ’me o ’nile oa fana ka likarabelo tse utloahalang, tsa Mangolo liphephetsong tsa batho ba o tšoaea-tšoaeang liphoso. Ka baka leo, joale re u mema hore u hlahlobe ka ho eketsehileng seo Bibele e se bolelang mabapi le lefu la Jesu le seo le se bolelang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona “The Socinians—Why Did They Reject the Trinity?” (Masocinus—Ke Hobane’ng ha a Ile a Hana Thuto ea Boraro-bo-bong?) makasineng oa rōna o tsamaeang le ona, oa Awake! oa November 22, 1988.

b Leha ho le joalo, hlokomela khopolo ea Willems ka boeena lebokoseng le ka holimo.

[Lebokose le leqepheng la 7]

MOHLALA OA LIKHOPOLO TSE HLALOSANG TOPOLLO

◻ KHOPOLO EA BORENA BA MOLIMO, KAPA EA ’MUSO: Setsebi sa thuto ea bolumeli sa Ledache Hugo Grotius se ile sa qapa khopolo ena lekholong la bo17 la lilemo ho hanyetsa likhopolo tsa Masocinus. Grotius o ne a nka lefu la Kreste “e le mofuta oa tharollo ea molao, Molimo o phetha karolo ea Morena kapa ’Musi, ’me motho a phetha karolo ea motlōli oa molao.”—Encyclopædia of Religion and Ethics ea Hastings.

◻ KHOPOLO EA BOHLOKOA EA PHEKOLO EA LIBE: Ena e ile ea hlahisoa ka 1946 ke setsebi sa thuto ea bolumeli sa Prostanta Clarence H. Hewitt. Se ne se sa nke mosebetsi oa Kreste e le ho lefella kotlo e itseng ea molao, empa e le ‘ho re lokolla pusong ea molao oa sebe le lefu le ho susumelletsa pako le ho soaba ha bomolimo, kahoo o re tlisa boemong ba ho ba ba ka tšoareloang pel’a Molimo.’

◻ TOPOLLO KA BOTSOALLE BA BOKRESTE: Setsebi sa thuto ea bolumeli sa Roma e K’hatholike Boniface A. Willems (1970) se re “topollo” e lekana le “ho furalla boikhohomoso ba rōna le ho phetlelana lipelo.” Sea phaella: “Khopolo ea Bokreste ea ho nkela motho e mong sebaka kapa ho hlokofatsoa lebitsong la motho e mong ke hore motho oa tseba hore o tlamahane ka tieo le moloko oa batho o sentsoeng ke sebe. . . . Joale Kereke ke motsoalle oa ba ikemiselitseng ho phela tšebeletsong e khethehileng ka baka la ba bang.”

◻ KHOPOLO EA HO JARA MELATO: Setsebi sa thuto ea bolumeli sa K’hatholike Raymund Schwager se ile sa hlahisa khopolo ena ka 1978. Se ile sa hana khopolo ea hore Molimo o ne o ka “batla hore leihlo le phetetsoe ka leihlo.” O nka sehlabelo sa Kreste e le mofuta o mong oa tlhoekiso o lumellang mokhatlo oa batho ho senola mekhoa ea oona ea tlhaho e mabifi—’me ka tsela eo o itokolla ho eona.

◻ TOPOLLO EA BATHO LE EA LIPOLOTIKI: Ka 1985 setsebi sa thuto ea bolumeli sa Baptist Thorwald Lorenzen se ile sa ngola: “Molimo ha o batle feela tšoarelo ea bolumeli bakeng sa moetsalibe empa hape o batla tokoloho ea lipolotiki bakeng sa bafutsana le ba hatelletsoeng. . . . Ka baka leo, lefu la Jesu le senola Molimo o amehileng ka ho phekoloa ha likarolo tsohle tsa bophelo ba batho.”

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Litsebi tsa thuto ea bolumeli tsa Prostanta le K’hatholike li qapile likhopolo tse ngata mabapi le topollo, empa ke eng seo Bibele e se rutang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela