‘Ho Nkeloa ho ea Kopana le Morena’—Joang?
NAKO e setseng pele tsamaiso ea hona joale e khopo e fela e tsoela pele ho qepha ho se letho le e sitisang. Ho feta ha hora e ’ngoe le e ’ngoe, motsotso o mong le o mong, motsotsoana o mong le o mong, ho re atametsa liketsahalong tse hlollang tse profetiloeng khale haholo. Na ho nkeloa leholimong ka ’mele oa nama ke e ’ngoe ea tsona? Haeba ho joalo, ho tla etsahala neng hona joang?
Poleloana “ho nkeloa leholimong ka ’mele oa nama” ha e hlahe ka Bibeleng. Empa batho ba lumelang ho eona ba qotsa mantsoe a moapostola Pauluse ho 1 Ba-Thessalonika 4:17 e le motheo oa tumelo ea bona. A re hlahlobeng lengolo lena ho latela taba e le potolohileng. Pauluse o ngotse:
“Baena, ha re rate hore le hloke tsebo tabeng ea ba robetseng lefung le tle le se ke la hlomoha joaloka ba se nang tšepo. Hobane haeba re lumela hore Jesu o kile a shoa a ba a tsoha, ka ho tšoanang, le ba robetseng lefung ka Jesu Molimo o tla ba tsosa le eena. Hobane sena ke seo re le bolellang sona ho latela lentsoe la Jehova, hore rōna ba ntseng ba phela ba pholohang ho fihlela nakong ea ho ba teng ha Morena ho hang re ke ke ra raka ba robetseng lefung; hobane Morena ka boeena o tla theoha leholimong ka lentsoe le hapang tlhokomelo, ka molumo oa arekangeloi le ka terompeta ea Molimo, ’me ba shoetseng ho Kreste ba tla tsoha pele. Hamorao rōna ba ntseng ba phela ba pholohang, re tla nkeloa marung hammoho le bona, ho ea kopana le Morena sebakeng; kahoo re tla ba le Morena ka mehla. Ka baka leo le ’ne le tšelisane ka mantsoe ana.”—1 Ba-Thessalonika 4:13-18, NW.
Phutheho ea Thessalonika e ne e batla e le ncha ha Pauluse a lebisa lengolo la hae la pele ho Bakreste moo ka hoo e ka bang ka 50 C.E. Litho tsa phutheho li ne li tšoenyehile hobane ba bang ba bona ba ne ba ‘robetse lefung.’ Leha ho joalo, seo Pauluse a se ngotseng se ile sa tšelisa Bathessalonika ka tšepo ea tsoho.
“Ho ba Teng” ha Kreste
Ha a tiisa taba ea hore Bakreste ba tšepahalang ba neng ba se ba shoele ka nako eo ba tla tsoha, Pauluse a boela a re: ‘Ba ntseng ba phela ba pholohang ho fihlela nakong ea ho ba teng ha Morena ho hang ba ke ke ba raka ba seng ba robetse lefung.’ (Temana 15) Ka sebele, ke habohlokoa hore re hlokomele polelo ea moapostola mabapi le “ho ba teng” ha Morena. Mona temana ena ka puo eo e neng e ngotsoe ka eona pele e sebelisa lentsoe la Segerike pa·rou·siʹan, leo ha e le hantle le bolelang “ho bapa le.”
Ha hlooho ea Naha ea molata e etela naha e ’ngoe, ke ho tloaelehileng hore matsatsi a ho ba teng ha eona naheng eo a tsebisoe. Sena e bile ’nete ka ho ba teng ha Morena Jesu Kreste. Molula-Qhooa o fane ka bopaki ka tsela e lumellanang ho liithuti tsa boprofeta ba Bibele tse tšepahalang ba hore ho ba teng ha Jesu matleng a ’Muso oa leholimo ho qalile ka 1914. Liketsahalo tse etsahetseng ho tloha ka selemo seo li paka ho ba teng ho sa bonahaleng ha Jesu. (Mattheu 24:3-14) Kahoo ka ho bolela hore Bakreste ba itseng ba phelang nakong ea ho ba teng ha Morena ba tla “nkeloa marung ho ea kopana le Morena sebakeng,” Pauluse o ne a bolela hore bapholohi bao ba tla kopana le Kreste, eseng tikolohong ea lefatšeng, empa sebakeng se sa bonahaleng sa leholimo moo Jesu a lutseng teng ka letsohong le letona la Molimo. (Ba-Heberu 1:1-3) Empa ke bo-mang?
“Iseraele oa Molimo”
Mangolo a bolela ho hongata ka Iseraele oa nama ’me a bile a bua ka ‘Iseraele oa Molimo’ oa moea. Balumeli ba Bajode le ba Balichaba ba ne ba lokela ho etsa lenane le feletseng la sehlopha sena se tlotsitsoeng ka moea o halalelang oa Molimo, kapa matla a sebetsang. (Ba-Galata 6:16; Ba-Roma 11:25, 26; 1 Johanne 2:20, 27) Buka ea Tšenolo e bontša hore lenane le feletseng la Iseraele oa moea ke 144- 000, bao kaofela ha bona ba hlalosoang ba na le Konyana, Jesu Kreste, Thabeng ea Sione ea leholimo. E tla ba marena le baprista leholimong hammoho le Kreste. (Tšenolo 7:1-8; 14:1-4; 20:6) Har’a bona ho tla ba le batho ka bomong ba ’nileng ba kopanela le liphutheho tsa Thessalonika le tsa libaka tse ling, ho sa tsotellehe semelo sa morabe oa bona kapa sa bochaba.—Liketso 10:34, 35.
Pele litho leha e le life tsa Iseraele oa moea li ka amohela moputso oa leholimo, li lokela ho kopanela phihlelong e itseng. Hantle feela joalokaha lefu la Jesu thupeng ea tlhokofatso le ile la etella pele ho tsohela ha hae leholimong, kahoo Bakreste ba nang le tšepo ea leholimo ba tlameha ho shoa pele ba fumana moputso oa bona. (1 Ba-Korinthe 15:35, 36) Sena e bile ’nete ka litho tsa Iseraele oa moea tse neng li phela lekholong la pele la lilemo C.E. le tse phelang kajeno.
Ka mor’a ho bua ka “ho ba teng ha Morena,” Pauluse o ile a bua ka nako eo ka eona Baiseraele ba moea ba tšepahalang ba neng ba shoele ba neng ba tla amohela moputso oa bona oa leholimo. O ile a ngola: “Morena ka sebele o tla theoha leholimong ka mohoo, ka lentsoe la arekangeloi, le ka terompeta ea Molimo, ’me ba shoetseng ho Kreste ba tla tsoha pele.” (Temana 16) Kahoo, hang ha ho ba teng ha Jesu joaloka Morena ho ne ho qala, re ne re ka lebella hore tsoho ea leholimo e qale ka litho tsa Iseraele oa moea tse shoeleng li ntse li tšepahala. (1 Ba-Korinthe 15:23) Hona joale ba sebeletsa hammoho le Jesu leholimong. Empa ho thoe’ng ka Bakreste ba tlotsitsoeng bao ha ho bapisoa palo ea bona e fokolang ba ntseng ba phela lefatšeng? Na ba emetse ho nkeloa leholimong ka ’mele ea nama?
“Ho Nkoa”—Joang?
Ka mor’a ho bua ka Bakreste ba tlotsitsoeng ba neng ba se ba shoele, Pauluse a phaella: “Hamorao rōna ba ntseng ba phela ba pholohang, re tla nkeloa marung hammoho le bona ho ea kopana le Morena sebakeng; kahoo re tla ba le Morena ka mehla.” (Temana 17, NW) “Ba ntseng ba phela” e tla ba ba ntseng ba phela nakong ea ho ba teng ha Kreste. Ba tla “nkoa” hore ba e’o kopana le Morena Jesu. Joaloka tabeng ea Bakreste ba pele ba tšepahalang, ho hlokahala hore ba shoe e le batho e le hore ba ka kopana le Kreste leholimong.—Ba-Roma 8:17, 35-39.
Ha a ngolla Bakreste ba Korinthe, Pauluse o itse: “Seo ke mpang ke se bolela, banab’eso, ke hoba nama le mali li ke ke tsa e-ja lefa la ’muso oa Molimo, ’me ho bola ho ke ke ha e-ja lefa la ho sa boleng. Bonang, ke le bolella sephiri: ha re ka ke ra robala bohle, empa re tla fetoha bohle, hang, ka ho panya ha leihlo, ka terompeta ea morao; hobane terompeta e tla lla, ’me bafu ba tla tsoha, ba se ke ba boela ba bola, ’me le rōna re tla fetoha.” (1 Ba-Korinthe 15:50-52) Ha ba e-shoa ba tšepahetse nakong ea ho ba teng ha Kreste, e mong le e mong oa masala a Iseraele oa moea ka ho panya ha leihlo o fumana moputso oa hae oa leholimo. “Ka ho panya ha leihlo,” o tsosoa e le sebōpuoa sa moea ’me o “nkoa” hore a e’o kopana le Jesu le ho sebeletsa joaloka ’musi-’moho le eena ’Musong oa maholimo. Empa ho thoe’ng ka ba bang bohle ba rapelang Jehova? Ha bofelo ba tsamaiso e khopo ena bo ntse bo atamela, na le bona ba tla nkeloa leholimong?
Ho Pholoha—Empa Eseng ka ho Nkeloa Leholimong ka ’Mele oa Nama
Hantle feela joalokaha ho ba teng ha Jesu matleng a borena ho qalile ka 1914, hona joale re kenelletse hare-hare “nakong ea bofelo” ba lefatše lena. (Daniele 12:4) Pauluse o ile a lemosa: “Ha e le tsa mehla le tsa linako, banab’eso, ha le tšoanele ho li ngolloa. Le tsoe le tseba hantle-ntle le lōna hoba letsatsi la Morena le tla hlaha joale ka lesholu la bosiu. Hobane mohla ba tla re: ho khotso, ho iketliloe! ke moo tšenyeho e tla ba oela holimo ka sehlōhō, joale ka pelehi ha e hlahela moimana, ’me ba ke ke ba phonyoha.” (1 Ba-Thessalonika 5:1-3) Empa Bakreste ba falimehileng ba tla pholoha. Joang?
Mohoo oa ‘khotso le tšireletseho!’ ke selelekela sa nako eo Jesu a e bitsitseng “mahlomola a maholo.” Ha buka ea Tšenolo e hlalosa “bongata bo boholo” ba batho ba tšepahalang ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng paradeiseng lefatšeng, e re: “Ke ba tsoang mahlomoleng a maholo; ba hlatsoitse liaparo tse telele tsa bona, ba li soeufalitse maling a Konyana.” (Tšenolo 7:9, 14; Luka 23:43) Che, tebello ea bona hase ea ho nkeloa leholimong ka ’mele oa nama. Ho e-na le hoo, ba na le tšepo ea ho pholohela hona mona lefatšeng. Bakeng sa ho lokisetsa sena, ba tlameha ho lula ba falimehile moeeng. U ka etsa sena joang ’me ua pholoha bofelo ba tsamaiso ee?
Ho hlokahala hore ‘le falimehe le be le tšireletso ea sefuba ea tumelo le lerato le heleme ea tšepo ea poloko.’ (1 Ba-Thessalonika 5:6-8) Hona joale ke nako ea ho ela hloko Lentsoe la Molimo la boprofeta, Bibele. Ha nako e ntse e feta ho fihlela bofelo ba tsamaiso ena, ela hloko keletso ea Pauluse: “Le se ke la nyelisa boprofeta. Tiisehang ka lintho tsohle; khomarelang se molemo.” (1 Ba-Thessalonika 5:20, 21, NW) Ka hona, Lipaki tsa Jehova lia u amohela Holong ea tsona ea ’Muso, moo u ka kopanelang le tsona thutong ea boprofeta ba Bibele le litšobotsing tse ling tsa Lentsoe la Molimo le bululetsoeng.
Ha u ntse u hōla tsebong e nepahetseng le tumelong, u tla hlokomela ho phethahala ha morero oa Jehova Molimo oa ho felisa lira tsa hae tse leng bokahohleng le ho tsosolosetsa lefatše boemong ba paradeise. Ka ho ba le tumelo, le uena u ka ba har’a baphonyohi ba mahlomola a maholo, ba nang le tokelo ea ho amohela limillione tse tla tsohela bophelong lefatšeng. ’Me e tla ba thabo e kaakang ho phela tlas’a ’Muso oa Molimo o leng matsohong a Jesu Kreste le babusi-’moho le eena, ba tla beng ba ‘nkiloe hore ba e’o kopana le Morena’ ka ho tsosetsoa bophelong leholimong!
Bakeng sa batho ba ikokobelitseng ka kakaretso, joale, tšepo ea ’nete ea Mangolo ke efe? Hase ho nkeloa leholimong ka ’mele oa nama. Ho e-na le hoo, ke bophelo bo sa feleng lefatšeng tlas’a puso ea ’Muso oa Molimo.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Baphonyohi ba mahlomola a maholo ba tla amohela ba tsoselitsoeng bophelong lefatšeng la paradeise tlas’a puso ea Jesu le ba ‘nketsoeng’ leholimong