Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 2/15 maq. 17-22
  • Ho Hlaolela Botho bo Bocha Lenyalong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hlaolela Botho bo Bocha Lenyalong
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Tobana le Likhatello Tsa Lenyalo
  • Tiisa Matla ao
  • Mehlala e sa Tšoaneng ea Boitšoaro
  • Tiisa Tlamo ea Lenyalo
  • Lenyalo le ka Atleha Mehleng ea Kajeno
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Etsang Hore Lenyalo le Lule e le “Thapo e Meloho e Meraro”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Etsa Hore Lenyalo la Hao e be Kopano e Tšoarellang
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lenyalo—Mpho e Tsoang ho Molimo ea Lerato
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 2/15 maq. 17-22

Ho Hlaolela Botho bo Bocha Lenyalong

“Le lokela ho nchafatsoa ka matla a susumetsang likelello tsa lōna, ’me le lokela ho apara botho bo bocha.”—BA-EFESE 4:23, 24, NW.

1. Ke hobane’ng ha re sa tlameha ho nka lenyalo habobebe?

LENYALO ke o mong oa mehato e tebileng ka ho fetisisa oo motho a o nkang bophelong, kahoo ha lea tlameha ho nkoa habobebe. Hobane’ng? Hobane le bolela ho itlama bophelo bohle ho motho e mong. Le bolela ho arolelana bophelo bohle ba hao le motho eo. Ho hlokahala kahlolo e bontšang khōlō haeba tlamo e joalo e tla ba e tiileng. Le boetse le hloka tšusumetso e ntle e ‘susumetsang kelello ka hona e haha botho bo bocha.’—Ba-Efese 4:23, 24, NW; bapisa le Genese 24:10-58; Mattheu 19:5, 6.

2, 3. (a) Ke eng se hlokahalang hore ho khethoe molekane oa lenyalo ka bohlale? (b) Lenyalo le ama eng?

2 Ho na le lebaka le utloahalang la hore motho a se ke a mathela lenyalo, a nkeha ke takatso e matla ea nama. Ho hlokahala nako bakeng sa hore motho a be le botho le litšoaneleho tse bontšang khōlo. Nako e boetse e fana ka phihlelo le tsebo tseo e ka bang motheo oa ho etsa kahlolo e molemo. Ha ho finyeletsoe tsena ho khetha molekane ea tšoanelehang ho ka atleha haholoanyane. Ka ho hlakileng maele a Sepanishe a re: “Ho molemo ho lula u le lesoha ho e-na le ho kena lenyalong le bosula.”—Liproverbia 21:9; Moeklesia 5:2.

3 Ka ho totobetseng ho khetha molekane ea loketseng ho tlatsetsa lenyalong le atlehileng. Hore sena se etsahale Mokreste o tlameha ho latela tataiso ea Bibele, a se ke a tataisoa feela ke khoheli ea ’mele le likhatello tse sa lokelang tsa maikutlo le lerato. Lenyalo ke ho fetang feela ho kopanya ’mele e ’meli. Ke ho kopanya botho ba batho ba babeli, limelo tse peli tsa lelapa le tsa thuto, mohlomong le mekhoa e ’meli ea bophelo le lipuo tse peli. Ka sebele ho kopanya batho ba babeli lenyalong ho hloka hore ho sebelisoe leleme ka ho nepahetseng; ka matla a puo, rea heletsa kapa rea haha. Ho sena sohle, re boetse re bona bohlale ba keletso ea Pauluse ea ‘ho nyala feela Moreneng,’ ke hore, molumeli-’moho.—1 Ba-Korinthe 7:39; Genese 24:1-4; Liproverbia 12:18; 16:24.

Ho Tobana le Likhatello Tsa Lenyalo

4. Ke hobane’ng ha ka linako tse ling ho hlaha likhohlano le khatello lenyalong?

4 Esita leha ho entsoe motheo o motle, ho tla ba le linako tsa likhohlano, khatello, le tsitsipano. Tsena li tloaelehile ho motho e mong le e mong, ho sa tsotellehe hore na o lenyalong kapa che. Mathata a moruo le a bophelo a ka baka khatello kamanong leha e le efe. Ho feto-fetoha ha boikutlo ho ka lebisa likhohlanong manyalong a thabileng. Tšusumetso e ’ngoe ke hore ha ho motho ea ka laolang leleme ka ho feletseng, joalokaha Jakobo a boletse: “Hobane bohle re khopjoa nthong tse ngata. Ekare ha e mong a sa khopjoe lipuong, eo ke monna ea phethehileng, ea ka tsebang ho busa le ’mele kaofela. . . . Le lona leleme, leha e le sethoana se senyenyane, le ithorisa ka tse kholo. Bonang, molloana o monyenyane o ka chesa moru o mokakang!”—Jakobo 3:2, 5.

5, 6. (a) Ho hlokahala eng ha ho hlaha ho se utloisisane? (b) Ho ka hlokahala khato efe ho koala lekhalo?

5 Ha ho hlaha likhatello lenyalong, re ka laola boemo joang? Re ka qoba joang hore ho se utloisisane ho se hlahise khang ’me khang ea etsa hore kamano e senyehe? Ke hona moo matla a susumetsang kelello a sebetsang tabeng ena. Moea ona o fanang ka tšusumetso o ka ba motle kapa oa ba mobe, oa haha ’me oa sekamela linthong tsa moea kapa oa senya, oa laoloa ke litšekamelo tsa nama. Haeba o haha, motho o tla nka khato ho koala lekhalo, ho boloka lenyalo la hae le le tseleng e loketseng. Khang kapa ho se lumellane ha lia lokela ho felisa lenyalo. Boemo bo ka lokisoa ’me tlhomphano le kutloisisano li ka ba teng ka ho sebelisa keletso ea Bibele.—Ba-Roma 14:19; Ba-Efese 4:23, 26, 27.

6 Tlas’a maemo ana mantsoe a Pauluse a loketse haholo: “Le apare ke hona, ka ha le le bakhethoa ba Molimo, ba halalelang, ba ratoang, maikutlo a mohau, a molemo, a boikokobetso, a bonolo, a mamello. Le mamellane, le rekolohelane, ’me ekare ha e mong a e-na le komang le e mong joale ka ha Kreste a le hauhetse, etsang joalo le lōna. Ka holim’a tseo tsohle le apare lerato, e leng tlamo ea phetheho.”—Ba-Kolosse 3:12-14.

7. Ba bang ba ka ba le bothata bofe lenyalong?

7 Ho bobebe ho bala temana ena, empa tlas’a khatello ea bophelo ba kajeno, hase ka mehla ho leng bonolo ho e sebelisa. Ebe bothata ba motheo e ka ba bofe? Ka linako tse ling, ho ka etsahala hore Mokreste a sa hlokomele a phele ka mefuta e ’meli e sa tšoaneng ea litekanyetso. Ha a le Holong ea ’Muso, o har’a baena, o nka khato ka mosa le ka ho nahanela. Joale ha a le hae, kemisong e tloaelehileng ea lelapa, a ka ’na a lebala kamano ea hae ea moea. Mona ke monna le mosali feela, “uena” le “eena.” Ha monna (kapa mosali) a le tlas’a khatello a ka ’na a qetella a buile lintho tse sa bontšeng mosa tseo le ka mohla a ke keng a li bua Holong ea ’Muso. Ho se ho etsahetse eng? Ka nakoana, botho ba hae ba Bokreste bo nyametse. Mohlanka oa Molimo o lebetse hore e ntse e le moena (kapa khaitseli) oa Mokreste le hae. Matla a susumetsang kelello a fetohile a mabe ho e-na le a matle.—Jakobo 1:22-25.

8. Phello e ka ba efe haeba matla a susumetsang kelello a le mabe?

8 Phello ke efe? Monna a ka ’na a khaotsa ho ‘phela le mosali oa hae ka tsebo, ho mo hlompha joaloka pitsa e fokolang, motho e motšehali.’ Mosali a ka ’na a se hlole a hlompha monna oa hae; a lahlehetsoe ke “moea o mosa, o bonolo.” Matla a susumetsang kelello a fetohile a nama ho e-na le a moea. Ho kene “pōpeho ea nama ea kelello.” Kahoo, ho ka etsoa joang ho boloka matla ao a susumetsang e le a moea a bile a le matle? Re tlameha ho matlafatsa bomoea ba rōna.—1 Petrose 3:1-4, 7, NW; Ba-Kolosse 2:18, NW.

Tiisa Matla ao

9. Bophelong ba letsatsi le letsatsi ho hlokahala hore re etse khetho linthong life?

9 Matla a fanang ka tšusumetso ke tšekamelo ea kelello e sebetsang ha re tlameha ho etsa liqeto le ho etsa likhetho tse itseng. Bophelo bo fana ka letoto la lintho tseo batho ba ka khethang ho tsona—tse ntle kapa tse mpe, tsa boithati kapa tseo eseng tsa boithati, tsa boitšoaro bo botle kapa bo bobe. Re tla thusoa ke eng ho etsa liqeto tse nepahetseng? Ke matla a susumetsang kelello haeba a itšetlehile ka ho etsa thato ea Jehova. Mopesaleme o ile a rapela: “Jehova, u nthute tsela ea likomelo tsa hao, ke tle ke tsamaee ka eona ho isa qetellong!”—Pesaleme ea 119:33; Ezekiele 18:31; Ba-Roma 12:2.

10. Re ka tiisa matla a susumetsang kelello joang ka tsela e ntle?

10 Kamano e haufi le Jehova e tla re thusa hore re mo thabise ’me re furalle se sebe, ho kopanyeletsa le ho se tšepahale lenyalong. Iseraele e ile ea khothaletsoa hore e etse “se molemo, se lokileng pel’a Jehova, Molimo oa [bona].” Empa Molimo o boetse a fana ka keletso: “Lōna ba ratang Jehova, hloeang bobe!” Motheong oa molao oa bosupa Melaong e Leshome: “U se ke ua feba,” Baiseraele ba ne ba tlameha ho hloea bofebe. Molao ona o ne o bontša pono ea Molimo e tiileng ka ho tšepahala lenyalong.—Deuteronoma 12:28; Pesaleme ea 97:10; Exoda 20:14; Levitike 20:10.

11. Ke joang re ka tiisang matla a susumetsang likelello tsa rōna ka ho eketsehileng?

11 Re ka boela ra tiisa matla a susumetsang kelello joang? Ka ho ananela mesebetsi le lintho tsa bohlokoa tsa moea. Sena se bolela hore re tlameha ho khotsofatsa tlhoko ea hore re ithute ho buisana hammoho ka Lentsoe la Molimo ka mehla ’me re ithute ho thabela mehopolo le taeo ea Jehova. Lipolelo tsa rōna tse tsoang pelong li lokela ho tšoana le tsa mopesaleme: “Ke u batla ka pelo ea ka eohle; u etse hore ke se ke ka kheloha litaelo tsa hao. Ke boloka lentsoe la hao ka pelong ea ka, hore ke se ke ka u siteloa. Jehova, u nthute tsela ea likomelo tsa hao, ke tle ke tsamaee ka eona ho isa qetellong! Mphe kutloisiso, ke tle ke boloke molao oa hao, ke etse ka oona ka pelo ea ka eohle.”—Pesaleme ea 119:10, 11, 33, 34.

12. Ke lintho life tse ka re momahanyang e le ho bonahatsa khopolo ea Kreste?

12 Ho ba le kananelo ea mofuta ona bakeng sa litekanyetso tsa Jehova tse lokileng ho bolokoa eseng feela ka ho ithuta Bibele empa le ka ho kopanela ka mehla libokeng tsa Bokreste le ho kopanela hammoho tšebeletsong ea Bokreste. Ka linako tsohle litšusumetso tsena tse peli tse matla li ka tiisa matla a susumetsang likelello tsa rōna e le hore ka mehla tsela ea rōna e hlokang boithati e ka bonahatsa kelello ea Kreste.—Ba-Roma 15:5; 1 Ba-Korinthe 2:16.

13. (a) Ke hobane’ng ha thapelo e le tšusumetso e hlokahalang bakeng sa ho tiisa matla a susumetsang kelello? (b) Jesu o ile a beha mohlala ofe tabeng ee?

13 Lebaka le leng ke leo Pauluse a le totobatsang lengolong la hae ho Baefese: “Le rapele ka moea ka mehla, ka merapelo eohle, le falimehele teng.” (Ba-Efese 6:18) Ho hlokahala hore banna le basali ba rapele hammoho. Hangata lithapelo tse joalo li bula lipelo ’me li etsa hore ho be le puisano e lokolohileng e koalang lekhalo leha e le lefe. Linakong tsa teko, ho hlokahala hore re lebe ho Molimo ka thapelo, re kōpe thuso ea hae, bakeng sa matla a moea a ho etsa se leng tumellanong le kelello ea Kreste. Esita le Jesu ea phethahetseng o ile a leba ho Ntate oa hae ka thapelo ka makhetlo a mangata, a kōpa matla. Lithapelo tsa hae li ne li tsoa pelong ’me li tiile. Ka ho tšoanang kajeno, linakong tsa teko, re ka fumana matla a ho etsa qeto e nepahetseng ka ho ipiletsa ho Jehova hore a re thuse hore re hanele takatso ea ho inehella nameng le ho senya kano ea lenyalo.—Pesaleme ea 119:101, 102.

Mehlala e sa Tšoaneng ea Boitšoaro

14, 15. (a) Josefa o ile a arabela joang tekong? (b) Josefa o ile a thusoa ke eng hore a hanele teko?

14 Re ka tobana le teko joang? Tabeng ena re na le phapang e hlakileng pakeng tsa tsela e ileng ea nkoa ke Josefa le Davida. Ha mosali oa Potifaro a ne a leka ho hohela Josefa e motle, eo kamoo ho bonahalang ka teng e neng e sa le lesoha ka nako eo, qetellong o ile a mo araba ka ho re: “Ha ho e moholo ho ’na ka tlung ena, ’me [monna oa hao] ha a nkhanele le letho ha e se le uena, kahobane u le mosali oa hae; nka etsa joang bobe bo boholo hakalo, ka siteloa Molimo na?”—Genese 39:6-9.

15 Josefa o ile a thusoa ke eng hore a nke tsela e nepahetseng ha ho ne ho ka ba bobebe ho inehela? O ne a na le matla a maholo a neng a susumetsa kelello ea hae. O ne a amehile haholo ka kamano ea hae le Jehova. O ne a tseba hore ho etsa bohlola le mosali enoa ea nkehileng maikutlo ka sebele e ke ke ea ba sebe feela ho monna oa hae empa, habohlokoa ka ho fetisisa, le ho Molimo.—Genese 39:12.

16. Davida o ile a arabela joang tekong?

16 Ho fapana le sena, ho ile ha etsahala joang ka Davida? E ne e le monna ea nyetseng, a na le basali ba bangata kamoo a neng a lumelloa ke Molao. Mantsiboea a mang ha a le ntlong ea hae ea borena o ile a sheba mosali ea tolang. E ne e le Bathe-sheba e motle, mosali oa Uria. Ka ho hlakileng Davida o ne a na le khetho ea seo a ka se etsang—ho tsoela pele a shebile ha takatso e ntse e hola pelong ea hae kapa ho sheba hosele le ho hanela teko. O ile a khetha ho etsa joang? O ile a etsa hore a tlisoe ntlong ea hae ea borena, ’me a etsa bofebe le eena. Ho hobe le ho feta hoo, o ile a etsa hore monna oa hae a bolaoe.—2 Samuele 11:2-4, 12-27.

17. Re ka re’ng ka boemo ba Davida ba moea?

17 Bothata ba Davida e ne e le bofe? Re ka fumana lintlha tse ling boipolelong ba hae bo bontšang pako bo ho Pesaleme ea 51. O itse: “U bōpe ka ho ’na pelo e hloekileng, Uena Molimo, ’me u kenye ka hare ho ’na moea o mocha, o tiileng.” Ho totobetse hore ha a ne a lekoa, o ne a se na moea o hloekileng le o tiileng. Mohlomong o ne a hlokomolohile ho bala Molao oa Jehova, ’me ka baka leo, bomoea ba hae bo ile ba fokola. Kapa mohlomong o ile a lumella hore boemo ba hae le matla e le morena li senye monahano oa hae hore a fetohe mohlaseluoa oa takatso ea hae ea likamano tsa botona le botšehali. Ka sebele, matla a neng a susumetsa kelello ea hae ka nako eo e ne e le a boithati le a sebe. Ka hona, o ile a hlokomela hore o hloka “moea o mocha, o tiileng.”—Pesaleme ea 51:10, NW; Deuteromona 17:18-20.

18. Jesu o fane ka keletso efe mabapi le bofebe?

18 Manyalo a mang a Bakreste a ’nile a senngoa ke hore molekane e mong kapa ka bobeli ba lumelle hore ba fokole moeeng joaloka Morena Davida. Mohlala oa hae o lokela ho re lemosa khahlanong le ho lula re shebile mosali e mong, kapa monna, ka takatso, hobane ho ka qetella ka bofebe. Jesu o ile a bontša hore o utloisisa maikutlo a batho tabeng ena, hobane o itse: “Le utloile hoba ho boleletsoe baholo, ha thoe: U se ke ua feba. Empa ’na, ke re ho lōna: Motho, leha e ka ba mang le mang, ea talimang mosali ho mo lakatsa o se a mo febile pelong ea hae.” Boemong bo joalo, matla a susumetsang kelello kea boithati le a nama, eseng a moea. Joale, Bakreste ba ka etsa joang ho qoba bofebe le ho boloka manyalo a bona a thabile a bile a khotsofatsa?—Mattheu 5:27, 28.

Tiisa Tlamo ea Lenyalo

19. Lenyalo le ka tiisoa joang?

19 Morena Salomone o ile a ngola: “Leha e mong a ka tla tsohela ea ’notši matla, ha ba le babeli, ba ka mo hlōla; le lona leqhoele le meloho e meraro ha le phakise ho khaoha.” Ka sebele, batho ba babeli lenyalong leo ho nang le tšebelisano-’moho ba ka ema khahlanong le sera ho feta a le mong. Empa haeba tlamo ea bona e ka leqhoele le meloho e meraro ka ho kenyeletsa Molimo tlamong eo, lenyalo le tla tiea. Molimo a ka ba lenyalong joang? Ka hore banyalani ba sebelise litekanyetso tsa hae le taeo bakeng sa lenyalo.—Moeklesia 4:12.

20. Ke keletso efe ea Bibele e ka thusang monna?

20 Ka sebele, haeba monna a sebelisa keletso e fumanoang litemaneng tsena, lenyalo la hae le tla ba le motheo o molemonyana oa ho atleha:

“Lōna banna, tsoelang pele ho phela le bona ka mokhoa o tšoanang ho latela tsebo, le ba fe tlhompho joaloka lijana tse fokolang, motho e motšehali, kaha le boetse le le majalefa hammoho le bona mohaung o sa tšoanelang oa bophelo, e le hore lithapelo tsa lōna li tle li se ke tsa sitisoa.”—1 Petrose 3:7, NW.

“Banna, ratang basali ba lōna, joale ka ha Kreste le eena a ratile [phutheho], ’me a iteletse lefu ka baka la eona. Ke ka mokhoa o joalo le bona banna ba tšoanetseng ho rata basali ba bona joale ka ’mele oa bona. Ea ratang mosali oa hae eba oa ithata.”—Ba-Efese 5:25, 28.

“Monna oa hae le eena oa mo rorisa, o re: Barali ba bangata ba bile khabane, empa uena, u ba feta bohle.”—Liproverbia 31:28, 29.

“Hleka motho a ka hata mashala a hlenneng, maoto a hae a sa tlabohe na? Ho lutse joalo le ea eang ho mosali oa habo; ea mo amang, leha e le mang le mang, a ke ke a hloka molato. Ea febang le mosali . . . o itimetsa [“sephefumolohi sa hae,” NW] ka sebele.”—Liproverbia 6:28, 29, 32.

21. Ke keletso efe ea Bibele e ka thusang mosali?

21 Haeba mosali a ela hloko litekanyetso tse latelang tsa Bibele, o tla tlatsetsa ho tieeng ha lenyalo la hae:

“Lōna basali, le utloe banna bao e leng ba lōna joalo, hore leha ba bang ba ka ba teng ba sa lumeleng lentsoe, ba mpe ba hapuoe, leha e ke ke ea e-ba ka lentsoe, e be ka metsamao ea basali ba bona, ha ba lemoha metsamao ea lōna e hloekileng, e nang le hlompho.”—1 Petrose 3:1-4.

“Monna a nee mosali seo e leng tšoanelo [likamano tsa botona le botšehali], le mosali a etse joalo ho monna oa hae. . . . Le se ke la timana, ha e se ka tumellano, ka nako e itseng.”— Ba-Korinthe 7:3-5.

22. (a) Ke lintho life tse ling tse ka bang le phello e ntle lenyalong? (b) Jehova o talima tlhalo joang?

22 Bibele e boetse e bontša hore lerato, mosa, kutloelo-bohloko, mamello, kutloisiso, khothatso, le thoriso ke litšobotsi tse ling tse hlokahalang lehakoeng la lenyalo. Lenyalo le hlokang litšobotsi tsena le tšoana le semela se hlokang mahlaseli a letsatsi le metsi—hase ka mehla se thunyang. Ka hona, etsa hore matla a susumetsang likelello tsa rōna a re khannele hore re khothatsane ’me re khathollane lenyalong la rōna. Hopola hore Jehova ‘o hloile tlhalo.’ Haeba ho sebelisoa lerato la Bokreste, ho ke ke ha ba teng bofebe le ho heleha ha lenyalo. Hobaneng? Hobane “lerato ha le ka ke la timela [“hlōleha,” NW] le ka mohla o le mong.”—Malakia 2:16; 1 Ba-Korinthe 13:4-8; Ba-Efese 5:3-5.

Na U ka Hlalosa?

◻ Ke eng se tlatsetsang haholo lenyalong le thabileng?

◻ Matla a susumetsang kelello a ka ama lenyalo joang?

◻ Re ka etsa eng ho tiisa matla a susumetsang likelello tsa rōna?

◻ Josefa le Davida ba ile ba arabela ka mokhoa o sa tšoaneng joang ha ba le tlas’a teko?

◻ Ke keletso efe ea Bibele e tla thusa banna le basali ho tiisa tlamo ea lenyalo?

[Litšoantšo tse leqepheng la 18]

Na re phela ka mekhoa e ’meli—ho ba mosa phuthehong le ho bua ka bohale ha re le lapeng?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela