Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Ha e bua ka Mor’a Molimo, Bakolose 1:16 e re: “Lintho tse ling tsohle li bōpiloe ka eena le bakeng sa hae.” Ke ka kutloisiso efe lintho tsohle li bōpiloeng “bakeng sa” Mor’a Molimo, Jesu?
Jehova o ile a sebelisa Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši e le mosebeletsi oa hae ea hloahloa ha a bōpa lintho tse ling kaofela, hoo ke hore, lintho tsohle ntle le Jesu ka boeena. (Liproverbia 8:27-30; Johanne 1:3) Ka ho loketseng, Mora o thabisoa ke mesebetsi ena, ke ka lebaka leo e leng “bakeng sa” hae.
Rea tseba hore hangata batsoali ba lebella ho thabisoa ke se hlahang ho bona—e leng bara le barali ba bona, ’me hangata ho fela ho ba joalo. Ke kahoo, maele a Bibele a buang ka “mora ea khahlisang [ntat’ae].” (Liproverbia 3:12; 29:17) Ka mokhoa o tšoanang, Jehova Molimo o ne a thaba ha sechaba sa hae sa Iseraele se ne se tšepahala. (Pesaleme ea 44:3; 119:108; 147:11) Ka tsela e tšoanang, ho fihlela mehleng ena ea rōna o ntse a thabisoa ke botšepehi ba batho ba hae.—Liproverbia 12:22; Baheberu 10:38.
Ka tsela ena, ho ne ho loketse hore Molimo a etse hore mosebetsi-’moho le eena, Jesu, a thabisoe ke mesebetsi ea hae. Ha e le hantle, Liproverbia 8:31 e re Mora o ne a ‘nyakaletse ka lebaka la naha e behang ea lefatše la hae, ’me lintho tseo a neng a li rata li ne li le ho bara ba batho.’ Ke ka kutloisiso ena Bakolose 1:16 e reng: “Lintho tse ling tsohle li bōpiloe ka eena le bakeng sa hae.”