Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • be thuto 32 leq. 194-leq. 196 ser. 4
  • E Fanoe ka Kholiseho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • E Fanoe ka Kholiseho
  • Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Bolela Litaba Tse Molemo ka Kholiseho e Matla
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • Ho Bua ka Kholiseho
    Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
  • Emang le Feletse ka Kholiseho e Tiileng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Batsoali​—⁠Thusang Bana ba Lona ho ba “Hlalefisetsa Poloko”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
Bala Tse Ling
Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
be thuto 32 leq. 194-leq. 196 ser. 4

Thuto 32

E Fanoe ka Kholiseho

Ke eng seo u lokelang ho se etsa?

Bua ka mokhoa o bontšang hore u kholisehile ka botlalo ka ho nepahala ha seo u se buang le ka bohlokoa ba sona.

Ke Hobane’ng ha e le ea Bohlokoa?

Kholiseho ea hao e tla khothalletsa ba bang ho nahana ka ho teba ka seo u se buang le ho nka khato ka sona.

HA MOTHO a bua ka kholiseho, ba bang baa bona hore o lumela seo a se buang ka tieo. Kholiseho e joalo e ile ea bonahala tšebeletsong ea moapostola Pauluse. O ile a ngolla ba ileng ba fetoha balumeli Thesalonika, a re: “Litaba tse molemo tseo re li bolelang ha lia ka tsa hlaha har’a lōna ka puo feela empa le ka . . . kholiseho e matla.” (1 Bathes. 1:5) Kholiseho eo e ile ea bonahala mokhoeng oo a neng a bua ka oona le tseleng eo a neng a phela ka eona. Kholiseho e matla e lokela ho bonahala le tseleng eo re buang linnete tsa Bibele ka eona.

Ho bontša kholiseho ha ho tšoane le ho ikhopola ho tlōla, ho ba ea tsitlellang maikutlo a itseng kapa ho ba manganga. Ho e-na le hoo, ha motho ea bontšang kholiseho a bua ka lintho tse fuperoeng ke Lentsoe la Molimo, o etsa joalo ka mokhoa o bontšang ho ba le tumelo e matla.—Baheb. 11:1.

Menyetla ea ho Bontša Kholiseho. Ke habohlokoa hore u bue ka kholiseho ha u le tšebeletsong ea tšimo. Hangata batho ba ela hloko mokhoa oo u buang ka oona, feela joalokaha ba ela hloko molaetsa oa hao. Ba bona kamoo u hlileng u ikutloang kateng ka seo u se buang. Ho ba le kholiseho ha hao ho ka bontša ka tsela e matla ho feta kamoo mantsoe a le mang a ka etsang kateng, hore u na le ntho e ’ngoe ea bohlokoa haholo eo u batlang ho ba abela eona.

Hape ho hlokahala hore u bontše kholiseho ha u bua le balumeli-’moho le uena ba u mametseng. Moapostola Petrose o ile a ngola lengolo la hae la pele le bululetsoeng bakeng sa “ho fana ka khothatso le bopaki bo tiileng hore ona ke mosa o sa tšoanelang oa ’nete oa Molimo.” Ho sena, o ile a phehella barab’abo a re: “Emang le tiile.” (1 Pet. 5:12) Ha a ngolla phutheho e Roma, moapostola Pauluse o ile a bolela ka kholiseho e ileng ea ba tsoela molemo. O ile a ngola: “Ke kholisehile hore leha e le lefu kapa bophelo kapa mangeloi kapa mebuso kapa lintho tse teng hona joale kapa lintho tse tlang ho tla kapa matla kapa bophahamo kapa botebo kapa pōpo leha e le efe e ’ngoe li ke ke tsa khona ho re arohanya le lerato la Molimo le leng ho Kreste Jesu Morena oa rōna.” (Bar. 8:38, 39) Pauluse o ile a boela a ngola ka ho phehella mabapi le bohlokoa ba ho pakela ba bang ’me ho cheseha ha hae mosebetsing oo ho ile ha fana ka bopaki bo hlakileng ba hore eena ka boeena o ne a kholisehile ka bohlokoa ba oona. (Lik. 20:18-21; Bar. 10:9, 13-15) Kholiseho e tšoanang e lokela ho bonahala ho baholo ba Bakreste kajeno ha ba ntse ba ruta se tsoang Lentsoeng la Molimo.

Ka linako tsa ho ithuta le ka linako tse ling, batsoali ba lokela ho bua ka kholiseho ha ba buisana le bana ba bona ka litaba tsa moea. Sena se hloka hore batsoali ba hlaolele lerato bakeng sa Molimo le litsela tsa hae ka lipelong tsa bona. Ke hona ba ka buang le bana ba bona ka kholiseho e tsoang pelong, ‘etsoe molomo o bua se tletseng ka pelong.’ (Luka 6:45; Deut. 6:5-7) Hape ho ba le kholiseho e joalo ho tla susumetsa batsoali ho beha mohlala oa ‘tumelo e se nang boikaketsi.’—2 Tim. 1:5.

Ke habohlokoa haholo hore u bue ka kholiseho ha tumelo ea hao e phephetsoa. Motho eo u kenang sekolo le eena, tichere kapa mosebetsi-’moho a ka ’na a makala ha u sa kopanele moketeng o itseng. Karabelo e tiileng, le e nahannoeng hantle e ka mo thusa ho hlompha boemo ba hao bo thehiloeng Bibeleng. Ho thoe’ng haeba motho a leka ho u ekela boitšoarong bo sa lokang—ho se tšepahaleng, tšebelisong e sa lokang ea lithethefatsi kapa boitšoarong bo bobe ba ho kopanela liphate? Ke habohlokoa hore u bontše ka ho hlaka hore u ke ke ua kopanela boitšoarong bo joalo ho hang le hore ha ho boiteko leha e le bofe bo phehellang bo ka etsang hore u fetole maikutlo a hao. Sena se hloka hore u bue ka kholiseho ha u hana tlhahiso eo. Ha Josefa a hanyetsa maqheka a boitšoaro bo bobe a mosali oa Potifaro, o ile a re ka tieo: “Nka etsa bobe bona bo boholo joang ’me ka siteloa Molimo?” Ha mosali oa Potifaro a phehella, Josefa o ile a baleha a tsoa ka tlung eo.—Gen. 39:9, 12.

Kamoo Kholiseho e Bonahatsoang Kateng. Mantsoe ao u a sebelisang a ka etsa ho hoholo ho bontša kholiseho ea hao. Ka makhetlo a mangata Jesu o ile a kenyelletsa lipolelo tsa bohlokoa ka ho re: “Kannete-nete ke re ho uena.” (Joh. 3:3, 5, 11; 5:19, 24, 25) Kholiseho ea Pauluse e ile ea bonahala lipolelong tse kang “Ke kholisehile hore,” “Kea tseba ’me ke kholisehile ho Morena Jesu,” le hore “Ke bolela ’nete, ha ke bue leshano.” (Bar. 8:38; 14:14; 1 Tim. 2:7) Mabapi le ho phethahala ha lentsoe la hae, ka linako tse ling Jehova o ile a susumelletsa baprofeta ba hae ho bua lipolelo tse matla, tse kang, “Ruri e tla phethahala.” (Hab. 2:3) Ha u bua ka boprofeta bona, le uena u ka ’na ua sebelisa puo e tšoanang. Haeba u sa itšepa empa u tšepile Jehova ’me u bua le ba bang ka tlhompho, litlhaloso tse bontšang kholiseho e tšoanang li tla bontša hore u na le tumelo e matla.

Hape kholiseho e ka bonahatsoa ke ho tiea le matla a seo u se buang. Ponahalo ea hao ea sefahleho le boitšisinyo ba hao kaofela li tlatsetsa ho sena, le hoja li ka ’na tsa batla li fapana ho ea ka batho. Esita leha u le motho ea lihlong kapa ea lentsoe le bonolo ka tlhaho, ha u kholisehile ka botlalo hore seo u se buang ke ’nete le hore ba bang ba lokela ho se utloa, kholiseho ea hao e tla bonahala.

Ho hlakile hore lipolelo leha e le life tse bontšang kholiseho tseo re li buang e lokela ho ba tsa sebele. Haeba batho ba ka hlokomela hore rea iketsisa ho e-na le ho bua ho tsoa pelong, ba ka ’na ba phetha ka hore molaetsa oa rōna hase oa bohlokoa. Ka hona, ka holim’a tsohle, e-ba ka tsela ea tlhaho. Ho itšetlehile ka hore na bamameli ba hao ba bangata hakae, ho ka ’na ha hlokahala hore u phahamise lentsoe ho feta ka tsela e tloaelehileng ha u bua ’me u bue ka matla. Empa sepheo sa hao e lokela hore e be ho itlhalosa ka tsela ea sebele le ea tlhaho.

Lithuso Tsa ho Bontša Kholiseho. Kaha ho kholiseha ha hao ho akarelletsa tsela eo u ikutloang ka eona ka boitsebiso ba hao, ho lokisetsa hantle ke habohlokoa. Ha hoa lekana hore feela u kopitse boitsebiso khatisong e itseng ebe ua bo pheta. U lokela ho utloisisa boitsebiso boo ka ho hlaka ’me u khone ho bo hlalosa ka mantsoe a hao. U lokela ho kholiseha ka botlalo hore ke ’nete le hore seo u se buang ke sa bohlokoa ho bamameli ba hao. Sena se bolela hore ha u lokisetsa nehelano ea hao, u nahanele maemo a bona hammoho le seo ba seng ba se tseba ka taba eo kapa kamoo e ka ’nang eaba ba ikutloa kateng ka eona.

Ho bonolo haholoanyane hore batho ba bang ba hlokomele ho kholiseha ha rōna haeba re nehela puo ka mokhoa o phollatsi. Ka hona, ho phaella ho lokisetseng boitsebiso bo molemo, sebetsa ka thata tabeng ea ho nehela puo ea hao. Lebisa tlhokomelo e khethehileng likarolong tsa boitsebiso ba hao tse hlokang hore u chesehe haholoanyane e le hore u ka nehelana ka tsona u sa khomarela haholo seo u se ngotseng. Hape, u hopole ho rapella hore Jehova a hlohonolofatse boiteko ba hao. Ka tsela ena u tla ‘iteta sefuba ka Molimo oa rōna’ hore u bue ka mokhoa o bontšang hore u kholisehile ka ho nepahala ha molaetsa oa hao le ka bohlokoa ba oona.—1 Bathes. 2:2.

KAMOO U KA HO ETSANG KATENG

Bua ka boikutlo bo tšoanelang taba ea hao.

Sebelisa puo e bonahatsang ho kholiseha ha hao.

Ithute boitsebiso ba hao ho fihlela u bo utloisisa ka ho hlaka ’me u khona ho bo pheta ka mantsoe a hao. U lokela ho kholiseha ka botlalo ka ho nepahala ha bona le ka molemo oa bona ho bamameli ba hao.

BOITLHAKISO: Ithute litlaleho tse latelang tsa Bibele: Exoda 14:10-4; 2 Marena 5:1-3; Daniele 3:13-18; Liketso 2:22-36. Maemong a boletsoeng, bahlanka ba Molimo ba ile ba bontša kholiseho ea bona joang? Motheo oa kholiseho ea bona e ne e le ofe? U ka bontša kholiseho e tšoanang joang kajeno?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela