Thuto 33
Ho ba Masene Empa U Tiile
Ke eng seo u lokelang ho se etsa?
E le hore u qobe ho khopisa ba bang ho sa hlokahale, bontša temoho ka seo u se buang esita le ka tsela eo u se buang ka eona le ka nako eo u se buang ka eona.
Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa?
Haeba u le masene, batho ba ka ’na ba rata ho mamela litaba tse molemo ka likelello tse seng leeme. Hape masene a tla u thusa ho boloka likamano tse ntle le Bakreste-’moho le uena.
MASENE ke bokhoni ba ho sebelisana le batho ba bang ntle le ho ba khopisa ho sa hlokahale. A akarelletsa ho tseba hore na u lokela ho bua joang le hona neng. Sena hase bolele ho sekisetsa se nepahetseng kapa ho sotha linnete. Masene ha aa lokela ho ferekanngoa le ho tšaba batho.—Liprov. 29:25.
Litholoana tsa moea li fana ka motheo o motle haholo oa ho ba masene. Kahoo, motho ea susumetsoang ke lerato ha a batle ho halefisa batho ba bang; o batla ho ba thusa. Motho ea mosa le ea nang le maikutlo a bonolo o bontša mosa mokhoeng oa hae oa ho etsa lintho. Motho ea ratang khotso o batla litsela tsa ho ntšetsa pele likamano tse ntle le ba bang. Esita leha batho ba e-na le mekhoa e mabifi, motho ea nang le tiisetso oa itšoara.—Bagal. 5:22, 23.
Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na molaetsa oa Bibele o fanoa ka tsela efe, o tla khopisa batho ba bang. Ka lebaka la boemo bo khopo ba lipelo tsa Bajuda ba bangata ba lekholong la pele la lilemo, Jesu Kreste o ile a fetoha “lejoe le khopang le lefika la tšitiso” ho bona. (1 Pet. 2:7, 8) Mabapi le mosebetsi oa hae oa ho bolela ka ’Muso, Jesu o itse: “Ke tletse ho qala mollo lefatšeng.” (Luka 12:49) ’Me molaetsa oa ’Muso oa Jehova, o akarelletsang tlhokahalo ea hore batho ba amohele bobusi ba ’Mōpi oa bona, e ntse e le taba e potlakileng eo moloko oa batho o talimaneng le eona. Batho ba bangata ba khopisoa ke molaetsa o reng haufinyane ’Muso oa Molimo o tla tlosa tsamaiso ea hona joale e khopo ea lintho. Leha ho le joalo, kahobane re mamela Molimo, re tsoela pele re bolela. Leha ho le joalo, ha re ntse re etsa joalo, re hopola keletso ea Bibele e reng: “Haeba ho khoneha, ho fihlela moo ho itšetlehileng ka lōna, le be le khotso le batho bohle.”—Bar. 12:18.
Ho ba Masene ha re Paka. Ho na le maemo a mangata ao re buang le ba bang ka tumelo ea rōna ho ’ona. Ho hlakile hore re etsa joalo ha re le tšebeletsong ea tšimo, empa hape re batla menyetla e loketseng ha re e-na le beng ka rōna, basebetsi-’moho le rōna le bao re kenang sekolo le bona. Maemong ana kaofela, ho hlokahala masene.
Haeba re nehelana ka molaetsa oa ’Muso ka mokhoa o etsang hore ba bang ba ikutloe eka rea ba nyatsa, ba ka ’na ba o hana. Haeba ba sa kōpa thuso ’me mohlomong ba bona e sa hlokahale, ba ka ’na ba khopisoa ke tlhahiso leha e le efe ea hore ba lokela ho lokisa ntho e itseng. Re ka qoba ho fana ka maikutlo a fosahetseng joang? Ho ithuta tsebo ea ho ba le moqoqo o tletseng botsoalle ho ka thusa.
Leka ho qala moqoqo ka ho hlahisa taba eo motho e mong a e thahasellang. Haeba motho eo e le mong ka uena, mosebetsi-’moho, kapa u kena sekolo le eena, mohlomong u se u tseba hore na o thahasella eng. Esita le haeba u qala ho kopana le motho eo, u ka ’na ua hlahisa taba e itseng eo u e utloileng litabeng kapa eo u e balileng koranteng. Hangata litaba tse joalo li senola se leng ka likelellong tsa batho ba bangata. Ha u sebetsa ka ntlo le ntlo, e-ba seli. Mekhabiso e ka tlung, lintho tsa ho bapala ka jareteng, lintho tsa bolumeli le listikara tsa koloi e emisitsoeng tselaneng e ka ’na ea e-ba matšoao a eketsehileng a bontšang hore na mong’a ntlo o thahasella eng. Ha mong’a ntlo a hlaha monyako, mo mamele ha a ntse a bua. Seo a se buang se ka ’na sa tiisa kapa sa lokisa sephetho seo u neng u se entse ka lintho tseo a li thahasellang kapa maikutlo a hae ’me se tla u fa matšoao a eketsehileng a bontšang seo u lokelang ho se nahanela e le hore u fane ka bopaki.
Ha moqoqo o ntse o tsoela pele, bua ka lintlha tse tsoang ka Bibeleng le tse tsoang ho lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng tse buang ka taba eo. Empa u se ke ua bua u le mong. (Moek. 3:7) Akarelletsa mong’a ntlo puisanong haeba a rata ho kopanela ho eona. Thahasella ho tseba pono ea hae le maikutlo a hae. Lintho tsena li ka u neha boitsebiso boo u bo hlokang hore u be masene.
Pele u bua ntho leha e le efe, nahana ka hore na e tla utloahala joang ho motho e mong. Liproverbia 12:8 e babatsa ‘molomo o masene.’ Polelo ea Seheberu e sebelisitsoeng mona e amahanngoa le mehopolo e kang temohisiso le ho ba seli. Kahoo, temoho e akarelletsa ho itšoara pele u bua ka lebaka la ho nahanisisa taba e le hore u etse ka bohlale. Temana ea 18 ea khaolo eona eo ea Liproverbia e lemosa ka “ea buang a sa nahane joalokaha eka ke ka ho hlaba ha sabole.” Hoa khoneha ho emela ’nete ea Bibele kantle le ho khopisa ba bang.
Ho bontša temoho khethong ea hao ea mantsoe ho ka u thusa ho qoba ho baka tšitiso ho sa hlokahale. Haeba ho sebelisa lentsoe “Bibele” ho koala kelello ea motho, u ka ’na ua sebelisa lipolelo tse kang “mangolo a halalelang” kapa “buka eo hona joale e hatisoang ka lipuo tse fetang 2 000.” Haeba u bua ka Bibele, u ka ’na ua botsa motho eo hore na o ikutloa joang ka eona ’me u nahanele litlhaloso tsa hae ha puisano ea lōna e ntse e tsoela pele.
Hangata ho ba masene ho akarelletsa ho tseba nako e loketseng ea ho bua. (Liprov. 25:11) Ho ka etsahala hore u se ke ua lumellana le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo motho e mong a e buang, empa ha ho hlokahale hore u hanyetse maikutlo a mang le a mang ao e seng a Mangolo ao a fanang ka ’ona. U se ke ua leka ho bolella mong’a ntlo ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka nako e le ’ngoe. Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae a re: “Ke na le lintho tse ngata tseo ke sa ntseng ke tla le bolella tsona, empa ha le khone ho li jara hona joale.”—Joh. 16:12.
Ha ho khoneha, ka botšepehi babatsa batho bao u buang le bona. Esita leha mong’a ntlo a pheha khang, u ka ’na ua khona ho mo babatsa ka maikutlo a hae. Moapostola Pauluse o ile a etsa sena ha a ne a bua le bo-rafilosofi ba Areopago Athene. Bo-rafilosofi ba ne ba “tsekisana le eena.” O ne a ka bua taba ea hae joang kantle le ho ba khopisa? Pejana o ile a hlokomela lialetare tse ngata tseo ba neng ba li etselitse melimo ea bona. Ho e-na le ho nyatsa Baathene ka borapeli ba bona ba litšoantšo, ka masene o ile a ba babatsa ka maikutlo a bona a matla a bolumeli. O ile a re: “Kea bona hore linthong tsohle le bonahala le ineheletse tšabo ea melimo ho feta kamoo ba bang ba ineheletseng eona kateng.” Katamelo ena e ile ea mo bulela tsela ea ho nehelana ka molaetsa oa hae o mabapi le Molimo oa ’nete. Ka lebaka leo, ba bang ba ile ba fetoha balumeli.—Lik. 17:18, 22, 34.
U se ke ua phahamisa maikutlo ha likhanyetso li hlaha. Khoba matšoafo. Li talime joaloka menyetla ea ho tseba ho itseng ka seo motho eo a se nahanang. U ka ’na ua mo leboha ka ho ntša maikutlo a hae. Empa ho thoe’ng haeba ka tšohanyetso a ka re: “Ke na le bolumeli ba ka”? Ka masene u ka ’na ua botsa: “Na u bile molumeli bophelo bohle ba hao?” Joale, ha a se a arabile, eketsa ka ho re: “Na u nahana hore moloko oohle oa batho o tla ke o kopane bolumeling bo le bong?” Sena se ka ’na sa bula tsela bakeng sa moqoqo o tsoelang pele.
Ho ba le pono e nepahetseng ka seo re leng sona ho ka re thusa ho ba masene. Re kholisehile ka tieo hore litsela tsa Jehova li nepahetse le hore Lentsoe la hae ke ’nete. Re bua lintho tsena ka kholiseho. Empa ha ho lebaka la hore re itokafatse. (Moek. 7:15, 16) Re motlotlo ka ho tseba ’nete le ho thabela tlhohonolofatso ea Jehova, empa re tseba hantle hore ho amoheloa ha rōna ho tlile ka lebaka la mosa oa hae o sa tšoanelang le ka tumelo ea rōna ho Kreste, eseng kahobane re lokile. (Baef. 2:8, 9) Re hlokomela bohlokoa ba hore re ‘’ne re inonye hore na re tumelong, re ’ne re leke seo re leng sona.’ (2 Bakor. 13:5) Kahoo ha re bua le batho ka bohlokoa ba ho iphaphatha le litlhokahalo tsa Molimo, ka boikokobetso re etsa hore keletso ea Bibele e sebetse le ho rōna. Ha re na tokelo ea ho ahlola batho ba bang. Jehova “o file Mora ho ahlola hohle” ’me re lokela ho ikarabella ka pel’a setulo sa hae sa kahlolo ka seo re se etsang.—Joh. 5:22; 2 Bakor. 5:10.
Ka Lelapeng le ho Bakreste-’moho. Ho sebelisa ha rōna masene ha ho felle tšebeletsong ea tšimo feela. Kaha masene ke pontšo ea litholoana tsa moea oa Molimo, re lokela ho bontša masene le ka lelapeng ha re sebelisana le litho tsa lelapa. Lerato le tla re susumelletsa ho ameha ka maikutlo a ba bang. Monna oa Mofumahali Esthere e ne e se morapeli oa Jehova, empa Esthere o ile a bontša tlhompho le temoho e khōlō ho eena ha a ne a mo bolella litaba tse neng li ama bahlanka ba Jehova. (Esthere, likhao. 3-8) Maemong a mang, ho ba masene ha re sebetsana le litho tsa lelapa tseo e seng Lipaki ho ka ’na ha hloka hore, ho e-na le ho li hlalosetsa litumelo tsa rōna, re lumelle boitšoaro ba rōna hore bo buelle tsela ea ’nete ho tsona.—1 Pet. 3:1, 2.
Ka ho tšoanang, hore ebe re tseba litho tsa phutheho haholo ha ho bolele hore re lokela ho ba bohale kapa ho se be mosa ho tsona. Ha rea lokela ho nahana hore kahobane li hōlile tsebong, li lokela ho mamella hoo. Kapa ha rea lokela ho ikemela ka ho re: “Ke kamoo ke leng kateng.” Haeba re hlokomela hore tsela eo re buang ka eona e khopisa ba bang, re lokela ho ikemisetsa ho fetoha. ‘Ho bontšana ha rōna lerato le matla haholo’ ho lokela ho re susumelletsa hore re ‘sebetse se molemo . . . ho ba amanang le rōna tumelong.’—1 Pet. 4:8, 15; Bagal. 6:10.
Ha U Bua le Bamameli. Ba buang ba le sethaleng le bona ba lokela ho ba masene. Har’a bamameli ho na le batho ba tsoang limelong tse sa tšoaneng le maemong a sa tšoaneng. Ba maemong a sa tšoaneng a ho hōla moeeng. Mohlomong ba bang ba qala ho tla Holong ea ’Muso. Ho ka ’na ha etsahala hore ebe ba bang ba feta nakong e sithabetsang haholo eo sebui se sa tsebeng ka eona. Ke eng e ka thusang sebui hore se se ke sa khopisa bamameli ba sona?
Tumellanong le keletso ea moapostola Pauluse ho Tite, ikemisetse ‘ho se bue motho hampe, . . . ho ba le kahlolo e molemo, ho bontša bonolo bohle ho batho bohle.’ (Tite 3:2) Qoba ho etsisa lefatše ka ho sebelisa mantsoe a nyenyefatsang batho ba morabe o mong, ba puo e ’ngoe kapa ba bochaba bo bong. (Tšen. 7:9, 10) Bua ka bolokolohi ka litlhokahalo tsa Jehova ’me u bontše bohlale ba ho li sebelisa; empa u qobe ho bua ka mokhoa o nyelisang ka ba e-song ho tsamaee tseleng ea Jehova ka ho feletseng. Ho e-na le hoo, khothalletsa bohle ho lemoha thato ea Molimo le ho etsa se mo khahlisang. Nolofatsa mantsoe a keletso ka pabatso e mofuthu le e tsoang pelong. Ka tsela eo u buang ka eona le ka molumo oa lentsoe la hao, bonahatsa boikutlo bo mofuthu ba bara ba motho boo kaofela ha rōna re lokelang ho bo bontšana.—1 Bathes. 4:1-12; 1 Pet. 3:8.
KAMOO U KA HO ETSANG KATENG
Qoqa le batho ho e-na le ho ba nyatsa.
Nahana ka hloko hore na seo u tla se bua se tla utloahala joang ho motho e mong.
Pele u bua, nahana hore na ebe ena ke nako e loketseng ea ho bua ka taba eo kapa che.
Ha ho khoneha, babatsa ho tsoa pelong.
U se ke ua phahamisa maikutlo ha likhanyetso li hlaha.
Qoba moea oa ho itokafatsa; u se ke ua ahlola ba bang.
BOITLHAKISO: Bala ka hloko litlaleho tse latelang tsa Bibele: 2 Samuele 12:1-9; Liketso 4:18-20. Tlalehong ka ’ngoe, hlokomela (1) lintho tse bontšang ho ba masene le (2) mantsoe a bontšang ho emela litsela tse lokileng tsa Jehova ka tieo.