Thuto 34
E-ba ea Hahang le ea Khothatsang
Ke eng seo u lokelang ho se etsa?
Ho e-na le ho bua haholo ka litaba tse sa khothatseng, bua ka lintho tse ntlafatsang boemo kapa tse fanang ka tšepo.
Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa?
Batho ba khathalitsoe ke lefatše le hlokang lerato. Ba bangata ba na le mathata a tebileng. Ha molaetsa oa Bibele o fanoa ka tsela e loketseng, o siea batho ba lipelo li tšepahalang ba e-na le pono e khanyang haholoanyane.
MOLAETSA oo re laetsoeng ho o bolela ke litaba tse molemo. Jesu o itse: “Litaba tse molemo li lokela ho boleloa lichabeng tsohle pele.” (Mar. 13:10) Jesu ka boeena o ile a beha mohlala ka ho nehelana ka “litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo.” (Luka 4:43) Seo baapostola ba neng ba se bolela se hlalosoa hape e le “litaba tse molemo tsa Molimo” le “litaba tse molemo tse mabapi le Kreste.” (1 Bathes. 2:2; 2 Bakor. 2:12) Molaetsa o joalo oa haha ebile oa khothatsa.
Tumellanong le phatlalatso ea “litaba tse molemo tse sa feleng” ea ‘lengeloi le fofang sebakeng,’ re phehella batho re re: “Tšabang Molimo ’me le mo tlotlise.” (Tšen. 14:6, 7) Re bolella batho hohle ka Molimo oa ’nete, lebitso la hae, litšoaneleho tsa hae tse tsotehang, mesebetsi ea hae e hlollang, morero oa hae o lerato, ho ikarabella ha rōna ho eena le seo a se hlokang ho rōna. Litaba tse molemo li akarelletsa hore Jehova Molimo o tla timetsa ba khopo, ba mo hlomphollang le ba sulafaletsang batho ba bang bophelo. Empa hase boikarabelo ba rōna ho ahlola batho bao re ba pakelang. Re lakatsa ka tieo hore ba bangata kamoo ho ka khonehang kateng ba arabele hantle molaetseng oa Bibele e le hore o ka ipaka e le litaba tse molemo ka sebele ho bona.—Liprov. 2:20-22; Joh. 5:22.
Fokotsa Boitsebiso bo sa Khothatseng. Ke ’nete hore ho na le lintho tse sa thabiseng bophelong. Re ke ke ra iphoufaletsa tsona. Bakeng sa ho qalisa moqoqo, u ka ’na ua hlahisa bothata bo leng likelellong tsa batho ba leng tšimong ea lōna ’me u bo tšohle hakhutšoanyane. Empa hangata molemo oa ho bua ka bothata boo haholo oa fokola. Batho ba utloa litaba tse nyahamisang kamehla, kahoo ho bua ka lintho tse bohloko ho ka etsa hore ba se ke ba re amohela kapa ba se ke ba re mamela. Qalong ea puisano ea lōna, leka ho lebisa tlhokomelo linneteng tse khathollang tse fuperoeng ke Lentsoe la Molimo. (Tšen. 22:17) Joale, esita leha motho eo a sa batle ho tsoela pele ka moqoqo, u tla be u mo sietse ho hong ho matlafatsang hoo a ka nahanang ka hona. Sena se ka ’na sa etsa hore a ikemisetse haholoanyane ho mamela ka nako e ’ngoe.
Ka mokhoa o tšoanang, haeba u kōpiloe hore u fane ka puo, u se ke ua imetsa bamameli ka boitsebiso bo sa khothatseng hobane feela bo fumaneha ka bongata. Haeba sebui se bua haholo ka ho hlōleha ha babusi ba batho, litlaleho tsa tlōlo ea molao le pefo le ka ho ata ho tšosang ha boitšoaro bo bobe, seo se ka ba le liphello tse nyahamisang. Kenyelletsa likarolo tse sa khothatseng tsa taba hafeela li phetha morero o molemo. Karolo e nyenyane feela ea boitsebiso bo joalo e ka hatisa hore puo ea hao e nakong. Hape e ka khetholla mabaka a ka sehloohong a tlatselitseng boemong bo itseng, kahoo e ka sebelisoa ho bontša hore na ke hobane’ng ha tharollo e fanoeng ka Bibeleng e sebetsa. Haeba ho khoneha, toba taba ntle le ho bua haholo ka mathata.
Hangata ha ho khonehe ebile ha ho hotle ho tlosa boitsebiso bohle bo sa khothatseng puong. Phephetso ke ho fana ka boitsebiso bo khothatsang le bo sa khothatseng ka tsela e tla etsa hore liphello tsohle e be tse khothatsang. E le hore u finyelle sena, u lokela ho rera hore na u tla akarelletsa eng, u siee eng le hore na u tla hatisa eng. Thutong ea Thabeng, Jesu o ile a lemosa bamameli ba hae hore ba qobe litsela tsa boikhabi tsa bangoli le Bafarisi, eaba o fana ka mehlala e seng mekae ho hlakisa taba eo. (Mat. 6:1, 2, 5, 16) Leha ho le joalo, ho e-na le ho bua haholo ka mehlala e seng metle ea baeta-pele bao ba bolumeli, Jesu o ile a hatisa taba ea ho utloisisa litsela tsa ’nete tsa Molimo le ho phela ka tsona. (Mat. 6:3, 4, 6-15, 17-34) Seo se ile sa hlahisa liphello tse khothatsang ka tsela e hlollang.
Boloka Nehelano e le e Khothatsang. Haeba u abetsoe ho fana ka puo e buang ka litšobotsi tse itseng tsa tšebeletso ea Bokreste phuthehong ea lōna, leka ho ba ea hahang ho e-na le ho tšoaea liphoso. Tiisa hore u etsa seo u khothalletsang ba bang hore ba se etse. (Bar. 2:21, 22; Baheb. 13:7) Lerato e ke e be lona le susumetsang seo u se buang, eseng khalefo. (2 Bakor. 2:4) Haeba u kholisehile hore balumeli-’moho le uena ba batla ho khahlisa Jehova, seo u se buang se tla bontša kholiseho eo ’me sena se tla ba le liphello tse molemo. Hlokomela kamoo moapostola Pauluse a boletseng kholiseho e joalo kateng, joalokaha ho tlalehiloe ho 1 Bathesalonika 4:1-12; 2 Bathesalonika 3:4, 5; le Filemone 4, 8-14, 21.
Ka linako tse ling ho hlokahala hore baholo ba lemose ka boitšoaro bo seng botle. Empa boikokobetso bo tla ba thusa hore ba sebetsane le barab’abo bona ka moea o bonolo. (Bagal. 6:1) Tsela eo lintho li buuoang ka eona e lokela ho bontša hore ba leng teng ka phuthehong ba talingoa ka tlhompho. (1 Pet. 5:2, 3) Bibele e eletsa banna ba bacha hore ba ele sena hloko haholo. (1 Tim. 4:12; 5:1, 2; 1 Pet. 5:5) Haeba ho hlokahala hore ho fanoe ka khalemelo, taeo, ho otlolloe lintho, sena se lokela ho etsoa motheong oa seo Bibele ka boeona e se bolelang. (2 Tim. 3:16) Tsela eo Mangolo a sebelisoang ka eona ha ea lokela ho qobelloa kapa e sothoe bakeng sa ho tšehetsa khopolo e itseng eo sebui se nang le maikutlo a matla ka eona. Esita leha ho hlokahala hore ho fanoe ka keletso e lokisang ho itseng, boikutlo boo puo e fanoang ka bona bo ka bolokoa e ntse e le bo khothatsang haeba ho ka hatisoa haholo kamoo ho ka qojoang ho ameha phosong kateng, kamoo ho ka rarolloang mathata kateng, kamoo ho ka hlōloang mathata kateng, kamoo ho ka lokisoang tsela e fosahetseng kateng le kamoo litlhokahalo tsa Jehova li re sireletsang kateng.—Pes. 119:1, 9-16.
Ha u lokisetsa puo ea hao, nahana ka ho khethehileng ka hore na u tla phetha ntlha ka ’ngoe e khōlō hammoho le puo kaofela joang. Hangata mantsoe a hao a ho qetela ke ’ona a tla hopoloa ka nako e telele. Na e tla ba a khothatsang?
Ha U Qoqa le Balumeli-’moho. Bahlanka ba Jehova ba ananela menyetla ea ho ba le botsoalle libokeng tsa Bokreste. Tsena ke linako tsa khatholoho ea moea. Bibele e re phehella hore re hopole ho “khothatsana” ha re bokana libakeng tsa rōna tsa borapeli. (Baheb. 10:25) Sena ha se etsoe feela ka lipuo le ka ho fana ka litlhaloso libokeng empa hape se etsoa le ka ho qoqa pele ho liboka le ka mor’a tsona.
Le hoja ho tloaelehile hore moqoqo o akarelletse litaba tsa bophelo ba rōna ba letsatsi le letsatsi, khothatso e khōlō ka ho fetisisa e tlisoa ke ho buisana ka litaba tsa moea. Litaba tsena li akarelletsa liphihlelo tseo re bang le tsona tšebeletsong e halalelang. Ho bontšana thahasello e molemo le hona hoa matlafatsa.
Ka lebaka la tšusumetso ea lefatše le re potolohileng, re lokela ho ba seli. Ha a ngolla Bakreste ba Efese, Pauluse o itse: “Kaha joale le lahlile leshano, e mong le e mong oa lōna a bue ’nete le moahelani oa hae.” (Baef. 4:25) Ho bua ’nete ho e-na le leshano ho akarelletsa ho se tlotlise lintho le batho bao lefatše le ba entseng melingoana. Ka ho tšoanang, Jesu o ile a lemosa ka “matla a thetsang a maruo.” (Mat. 13:22) Kahoo ha re buisana, re lokela ho hlokomela hore re se ke ra ntšetsa pele thetso eo ka ho buella taba ea ho ba le lintho tse bonahalang.—1 Tim. 6:9, 10.
Ha a lemosa ka bohlokoa ba ho haha ba bang, moapostola Pauluse o re phehella hore re se ke ra ahlola kapa ra khesa mor’abo rōna ea ka ’nang a itima lintho tse itseng ka lebaka la “mefokolo tumelong ea hae,” ke hore, kahobane a sa utloisise tekanyo e feletseng ea bolokolohi ba Bokreste. Ha e le hantle, hore moqoqo oa rōna o hahe ba bang, re lokela ho nahanela semelo sa bona le tekanyo eo ba hōtseng moeeng ka eona. E ne e ka ba ho soabisang hakaakang ho ‘beha khopiso kapa sesosa sa ho khoptjoa ka pel’a mor’abo rōna [kapa morali’abo rōna]’!—Bar. 14:1-4, 13, 19.
Ba loantšanang le mathata a tebileng a botho—ka mohlala, ho kula ho sa foleng—ba thabela moqoqo o hahang. E ka ’na eaba motho eo o etsa boiteko bo boholo hore a tle libokeng. Ba tsebang ka boemo ba hae ba ka ’na ba botsa: “U ikutloa joang?” Ha ho pelaelo hore o tla thabela kameho ea bona. Leha ho le joalo, mohlomong taba ea bophelo ba hae hase ntho eo a fumanang ho khothatsa haholo ho bua ka eona. Mantsoe a kananelo le a pabatso a ka mo thoba pelo haholo. Na u bona bopaki ba lerato la hae le sa khaotseng ho Jehova le ho mamella ha hae boemo bo thata? Na litlhaloso tseo a fanang ka tsona lia u khothatsa? Na mohlomong ho ka mo matlafatsa ha u ka mo hlokomelisa ka litšoaneleho tsa hae tse ntle le tlatsetso eo a fanang ka eona ka phuthehong ho e-na le ho bua ka mefokolo ea hae?—1 Bathes. 5:11.
Hore moqoqo oa rōna e be o hahang, ke habohlokoa haholo hore re nahane ka hore na Jehova o talima seo re se buang joang. Iseraeleng ea boholo-holo, ba ileng ba bua khahlanong le baemeli ba Jehova le ba ileng ba tletleba ka manna ba ile ba thulana le bohale bo matla ba Molimo. (Num. 12:1-16; 21:5, 6) Re fana ka bopaki ba hore re ruile molemo mehlaleng eo ha re hlompha baholo le ho ananela lijo tsa moea tse fanoang ka sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene.—1 Tim. 5:17.
Hase bothata ho fumana lintho tse molemo tseo re ka buang ka tsona ha re e-na le barab’abo rōna ba Bakreste. Leha ho le joalo, haeba mantsoe a e mong a tšoaea liphoso ka ho feteletseng, nka bohato ba ho lebisa moqoqo linthong tse hahang.
Ho sa tsotellehe hore na re pakela ba bang, re bua re le sethaleng, kapa re bua le balumeli-’moho, e se eka re ka bontša temoho e le hore letlotlong la lipelo tsa rōna ho ka ‘tsoa polelo efe kapa efe e molemo bakeng sa ho haha kamoo tlhokahalo e ka bang kateng, e le hore e ka fana ka se molemo ho ba e utloang.’—Baef. 4:29.
KAMOO U KA HO ETSANG KATENG
Hopola hore kabelo ea rōna ke ho bolela litaba tse molemo.
E-ba ea hahang ho e-na le ho tšoaea liphoso.
E-ba le boikutlo bo botle ka bao u buang le bona.
Moqoqong, nahana kamoo litlhaloso tsa hao li ka amang motho e mong kateng.
BOITLHAKISO: E-ea ho motho ea holofetseng kapa ea sa khoneng ho tsoa ka tlung ea hae. Qalisa moqoqo o hahang. Bontša kutloelo-bohloko, empa u boloke litlhaloso tsa hao e le tse khothatsang. Lokisetsa esale pele e le hore u atlehe.