Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w91 9/1 maq. 5-6
  • Pono ea Bibele ka Khotso le Tšireletseho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Pono ea Bibele ka Khotso le Tšireletseho
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Khotso le Tšireletseho—Ke Selelekela sa Eng? 
  • Lipontšo Lia Senoloa
  • ‘Ho Sututsana’ ha Mebuso ea Lefatše
  • Ho Talima ka ’Nģane ho “Khotso le Tšireletseho” tse Tlisitsoeng ke Motho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Khotso e Tsoang ho Molimo Neng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Khotso ea ’Nete le Tšireletseho li Haufi!
    Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
  • Tšokelo ea Nyutlelie—E Tloselitsoe Ruri!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
w91 9/1 maq. 5-6

Pono ea Bibele ka Khotso le Tšireletseho

Batho ba bangata ba kholisehile ka mehato eo ho bonahalang eka e isa bonngoeng bo boholoanyane ba lefatše le khotsong le tšireletsehong tseo bonngoe bona bo ka ’nang ba li tlisa. Ba tšepa hore khato e joalo e tla lebisa lefatšeng le molemonyana. Empa Bibele e bontša hore ho ameha ho eketsehileng ho feta hoo ba ho bonang.

TABA ea khotso le tšireletseho ke e thahasellisang ka ho khethehileng ho Bakreste ka baka la seo moapostola Pauluse a ileng a se ngolla phutheho ea Bokreste tlas’a pululelo lekholong la pele la lilemo. Mantsoe a hae a tlalehiloe ka Bibeleng ho 1 Ba-Thessalonika 5:3, (NW): “Neng le neng ha ba re: ‘Khotso le tšireletseho!’ ke moo timetso ea tšohanyetso e tla ba oela holimo hang-hang joaloka mahlaba a hlahelang mosali oa moimana; ’me ho hang ba ke ke ba phonyoha.” Lengolo lena le phahamisa lipotso tsa bohlokoa.

Khotso le Tšireletseho—Ke Selelekela sa Eng? 

Ha u bala taba e potolohileng mantsoe a Pauluse a qotsitsoeng ka holimo, u tla bona hore ba reng “khotso le tšireletseho” hase Bakreste ba falimehileng, empa, ho fapana le hoo, ke batho ba sa falimehelang se hlileng se etsahalang. Ba boemong bo kotsi empa ha ba hlokomele hobane ba nahana hore lintho lia ntlafala. Leha ho le joalo, mabapi le Bakreste, Pauluse o itse: “Ha e le tsa mehla le tsa linako, banab’eso, ha le tšoanele ho li ngolloa.” (1 Ba-Thessalonika 5:1) E, re lokela ho ela hloko kemiso ea Molimo ea nako bakeng sa liketsahalo. Hobane’ng? Hobane Pauluse o boletse hore nako ea timetso ea tšohanyetso, e bitsoang “letsatsi la Jehova,” e tla “hantle feela joaloka lesholu bosiu.”—1 Ba-Thessalonika 5:2, NW.

Puo e boletsoeng esale pele ea khotso le tšireletseho e akarelletsa eng? Ka ho hlakileng, e ke ke ea ba puo feela tjee. Batho ba ’nile ba bua ka khotso ho tloha hoo e ka bang ha ba qala ho loana lintoa. E tlameha e be mantsoe a Pauluse a supa nakong ea ha lichaba li bonahala li finyella khotso le tšireletseho ka tsela e ikhethang. Empa ke moritaoke feela. Ka ho hlakileng, ho bonahalang eka ke khotso le tšireletseho e isang timetsong ea tšohanyetso hase khotso ea sebele leha e le eona tšireletseho ea ’nete.

Le Jesu o ile a bua ka timetso ena ea tšohanyetso. O ile a e bitsa ‘mahlomola a maholo, ha e sa le le tšimolohong ea lefatše, ho fihlela joale, tsietsi e kalo ha e e-so ho ka e e-ba teng, ’me ha e ka ke ea boela ea e-ba teng le ka mohla o le mong.’ Makholong a ’maloa a lilemo pele ho Jesu, moprofeta Daniele le eena o ile a bua ka eona, ’me o ile a e hlalosa e le ‘matsatsi a tsieleho, ao a joalo a e-song ho be teng e sa le lichaba li hlaha, ho tla fihla nakong eo.’—Mattheu 24:21; Daniele 12:1.

Ebang e bitsoa mahlomola a maholo kapa e bitsoa nako ea tsieleho—ka tsela leha e le efe, ho latela boprofeta, e tla felisa mosaletsa o mong le o mong oa tsamaiso ea Satane ea lefatšeng. Ho e-na le hore e be pontšo ea kamohelo ea Molimo, puo e profetiloeng ea khotso le tšireletseho e lebisa ho se fapaneng ka ho felletseng le khotso le tšireletseho!—Bapisa le Sofonia 3:8.

Lipontšo Lia Senoloa

Na mehato e sa tsoa nkuoa e bonahalang e le e lebisang bonngoeng bo boholoanyane ba lefatše le tšepo e tlisoang ke eona ea khotso le tšireletseho ke phethahatso ea temoso ea Pauluse ea boprofeta? Joalokaha makasine ona o ’nile oa bontša khafetsa, ho tloha ka 1914 re ’nile ra bona phethahatso ea boprofeta bo bongata ba Bibele bo amanang le ho ba teng ha Jesu leholimong matleng a ’Muso. (Mattheu, likhaolo 24, 25; 2 Timothea 3:1-5; Tšenolo 6:1-8) Jesu o ile a bontša hore letsatsi la Jehova, ha timetso ea tšohanyetso e tlela ba khopo, le tla tla litho tsa moloko oa batho o boneng qaleho ea nako ena li sa ntse li phela.—Luka 21:29-33.

Moapostola Pauluse o ile a boela a fana ka pontšo. O itse: “Ha ba sa ntsane ba bua ka khotso le tšireletseho, hang-hang tlokotsi e tla ba oela holimo.” Phetolelo ena ea mantsoe a Pauluse e hlahang ho The New English Bible e bontša ka ho hlakileng hore mahlomola a maholo a etsahala “ha ba sa ntsane ba bua.” Joaloka lesholu bosiu—le sa bonoeng—timetso e tla hlaha nakong eo ka eona e sa lebelloang ho hang, ha tlhokomelo ea batho ba bangata e le khotsong le tšireletsehong eo ba e lebelletseng. Kahoo, le hoja hajoale re ke ke ra bolela ka tieo hore na boemo ba hona joale ba khotso le tšireletseho bo phethahatsa mantsoe a Pauluse—kapa hore na ho bua ka khotso le tšireletseho ho sa ntsane ho tla ea bohōleng bofe—’nete ke hore puo e joalo e utluoang hona joale ka hohle e hlokomelisa Bakreste ka tlhokahalo ea hore ba lule ba falimehile ka linako tsohle.

‘Ho Sututsana’ ha Mebuso ea Lefatše

Ha moprofeta Daniele a ne a bua ka nako ea tsieleho, o ile a boela a fana ka pontšo. O ile a bontša hore nako ea tlokotsi e ne e tla etsahala qetellong ea bora bo nkileng nako e telele pakeng tsa lihlopha tse peli tsa mebuso, se seng se bitsoa “morena oa leboea” ’me se seng se bitsoa “morena oa boroa.” (Daniele 11:5-43) Ho tloha bofelong ba Ntoa ea II ea Lefatše, lihlopha tsena tse peli tsa mebuso li ’nile tsa emeloa ke “morena oa boroa” eo pusong ea hae moruo o seng tlas’a taolo ea ’muso le “morena oa boroa” eo pusong ea hae moruo oohle o leng tlas’a taolo ea ’muso.

Daniele o ile a bolela esale pele hore bora bo mabifi bo pakeng tsa lihlopha tsena tse peli tsa mebuso, joalokaha bo bonahetse lilemong tse fetileng tse 45, bo ne bo tla tšoana le “ho sututsana,” ho tšoanang le ha batho ba babeli ba loantšanang ba loanelang ho hlōla. Morao tjena, ho sututsana ho bonahala eka ho emisitse. Ka mohlala, ka May selemong se fetileng, letona la litaba tsa ka ntle la Soviet le ile la bolela hore Qhoebeshano ea Mebuso e Meholo ea Lefatše e felile. Ka June, makasine oa Time o ile oa bua ka seboka sa lihlooho tsa mebuso se neng se le pakeng tsa United States le Soviet Union ’me oa re: “Tse ling tsa litumellano tse mabapi le ho laoloa ha libetsa le liteko tsa ho sebelisa libetsa tsa nuclear li ne li ka ’na tsa bonahala e le ntho e makatsang lilemong tse ’maloa tse fetileng. Hona joale, leha re ka kopanya litumellano tseo tsohle, li bonahala li se li se bohlokoa hakaalo.”

Ho tla bonahala ha nako e ntse e-ea hore na botsoalle bo bonahalang bo le teng pakeng tsa mebuso e ’meli e meholo ke ntho ea nakoana kapa ke ntho e tla nka nako e telele. Leha ho le joalo, ntho e le ’ngoe e hlakile. Nako eo Jesu a buileng ka eona e se e le haufi. ’Me lintho tse etsahalang lefatšeng li bontša hore re haufi le liketsahalo tse ileng tsa boleloa esale pele ke moapostola Pauluse le moprofeta Daniele. Le hoja ho isa bohōleng bo itseng likhatelo-pele tsa morao tjena tsa lipolotiki li bile teng ka tšusumetso ea likereke tsa Bokreste-’mōtoana, li ke ke tsa lebisa khotsong e tšoarellang. Bopaki ke hore li tla lebisa ho se fapaneng ka ho felletseng le seo bakeng sa lichaba tsa lefatše lena.

[Litšoantšo tse leqepheng la 6]

Ho tla bonahala ha nako e ntse e-ea hore na botsoalle bo bonahalang bo le teng pakeng tsa mebuso e ’meli e meholo bo tla tšoarella halelele hakae

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

USSR Mission to the UN

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela