Buka ea Bibele ea 53—2 Ba-Thessalonika
Mongoli: Pauluse
Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Korinthe
Ho Ngoloa ho Phethiloe: hoo e ka bang ka 51 C.E.
1. Ke eng se bontšang nako le sebaka sa ho ngola, ’me ke eng e ileng ea susumelletsa ho ngoloa ha lengolo la bobeli le eang ho Bathessalonika?
LENGOLO la bobeli la moapostola Pauluse le eang ho Bathessalonika le ile la latela lengolo la pele ka potlako. Rea tseba hore le ile la ngoloa hang ka mor’a lengolo la pele, le hore le lona le ngolletsoe motseng o tšoanang oa Korinthe, hobane baena ba tšoanang, Silvane le Timothea, ba boetse ba lumelisa phutheho ea Thessalonika ba e-na le Pauluse. Kaofela e ne e le bahlanka ba tsamaeang ba phutheho ea pele ea Bokreste, ’me ha ho tlaleho ea hore ba kile ba boela ba kopana hammoho ba le bararo joalo ka mor’a kopano ena ea bona Korinthe. (2 Ba-Thess. 1:1; Lik. 18:5, 18) ’Moko-taba le sebōpeho tsa lengolo lena li bontša hore Pauluse o ile a utloa ho hlokahala ka ho potlakileng hore a khalemele phutheho hang-hang mabapi le phoso eo e neng e oetse ho eona.
2. Ke eng se pakang bonnete ba Ba-Thessalonika ba Bobeli?
2 Bonnete ba lengolo lena bo pakoa hantle joaloka bonnete ba Ba-Thessalonika ba Pele. Le boetse le qotsoa ke Irenaeus (oa lekholong la bobeli la lilemo C.E.) haesitana le bangoli ba bang ba pele, ba akarelletsang Justin Martyr (eo le eena e leng oa lekholong la bobeli la lilemo), eo ho bonahalang eka o supa 2 Ba-Thessalonika 2:3 ha a ngola ka “motho ea hlokang molao [sebe].” Le hlaha mathathamong a libuka tsa pele joaloka Ba-Thessalonika ba Pele. Le hoja hona joale le le sieo ho Chester Beatty Papyrus No. 2 (P46), ho batla ho se pelaelo hore le ne le le teng maqepheng a mabeli a qalang har’a a supileng a seng a le sieo a tlang ka mor’a Ba-Thessalonika ba Pele.
3, 4. (a) Ke bothata bofe bo neng bo hlahile phuthehong ea Thessalonika? (b) Lengolo lee le ngolletsoe hokae hona neng, ’me Pauluse o ne a batla ho finyella eng ka lona?
3 Morero oa lengolo lee e ne e le ofe? Ho tsoa keletsong eo Pauluse a ileng a e fa Bathessalonika, re ithuta hore ba bang ka phuthehong ba ne ba pheha khang ka hore ho ba teng ha Morena ho ne ho le haufi, hore batho bana ba iketsetsang likhakanyo tsa bona ba ne ba ruta thuto ena ea bona ka mafolo-folo, le hore ba ne ba baka pherekano e khōlō ka phuthehong. Ho bonahala eka ba bang ba ne ba bile ba sebelisa sena e le boikemelo ba hore ba se ke ba sebetsa bakeng sa ho iphelisa. (2 Ba-Thess. 3:11) Lengolong la Pauluse la pele, o ne a ile a bua ka ho ba teng ha Morena, ’me ntle ho pelaelo ha batho bana ba iketsetsang likhakanyo tsa bona ba utloa ha lengolo leo le baloa, ba ile ba potlakela ho sotha mantsoe a Pauluse le ho a hlalosa ka moelelo oo ho hang a neng a sa o rereloa. Hape e ka ’na eaba lengolo le leng leo ka phoso ho neng ho thoe le tsoa ho Pauluse le ile la hlalosoa e le le bolelang hore “letsatsi la Jehova le fihlile.”—2:1, 2, NW.
4 Ho bonahala eka Pauluse o ne a ile a amohela tlaleho e buang ka boemo bona, mohlomong ho motho ea neng a isitse lengolo la hae la pele phuthehong, ka hona o ne a tla ameha haholo ka ho lokisa monahano oa baena ba hae bao a neng a ba rata haholo. Ka hona selemong sa 51 C.E., Pauluse, a e-na le metsoalle ea hae e ’meli, o ile a romela lengolo phuthehong ea Thessalonika a le Korinthe. Ho ekelletsa ho lokiseng pono e fosahetseng ka ho ba teng ha Kreste, Pauluse o fana ka khothatso e mofuthu ea hore ba eme ba tiile ’neteng.
LITABA TSE KA HARE TSA BA-THESSALONIKA BA BOBELI
5. Pauluse le metsoalle ea hae ba leboha Molimo ka eng, ba fana ka khothatso efe e tiileng, ’me ba rapella eng?
5 Tšenolo ea Morena Jesu (1:1-12). Pauluse le metsoalle ea hae ba leboha Molimo ka lebaka la khōlo e ntle ea tumelo ea Bathessalonika le ho ratana ha bona. Tiisetso ea bona le tumelo ea bona tlas’a mahloriso ke bopaki ba kahlolo e lokileng ea Molimo ea hore ba talingoa ba tšoaneleha bakeng sa ’Muso. Molimo o tla busetsa matšoenyeho ho ba tšoenyang phutheho, ’me o tla fana ka topollo ho ba hlokofatsoang. Sena se tla etsahala “mohla Morena Jesu a bonahalang [“senolehang,” NW] a e-tsoa leholimong, le mangeloi a matla a hae . . . ha a e-tla ho tlotlisoa mohlang oo bahalaleling ba hae.” (1:7, 10) Pauluse le metsoalle ea hae ba rapella Bathessalonika ka mehla, hore Molimo o ba talime e le ba tšoaneloang ke pitso ea Oona le hore lebitso la Morena Jesu le tlotlisoe ho bona le bona ba tlotlisoe bonngoeng le eena.
6. Ke eng se lokelang ho tla pele ho letsatsi la Jehova, hona joang?
6 Bokoenehi bo lokela ho tla pele ho ho ba teng ha Jesu (2:1-12). Baena ha baa lokela ho ferekanngoa ke molaetsa leha e le ofe oa hore letsatsi la Jehova le fihlile. “Ha le na ho tla ntle le hore bokoenehi bo tle pele ’me motho ea hlokang molao a senoloe, mor’a timelo.” Joale ba tseba “ntho e sebetsang e le thibelo,” empa sephiri sa ho hloka molao hona se se se ntse se sebetsa. Ha thibelo ena e tlositsoe, “joale, ka sebele motho ea hlokang molao o tla senoloa, eo Morena Jesu a tla mo felisa ka moea oa molomo oa hae ’me a mo timetse ka ponahalo ea ho ba teng ha hae.” Ho ba teng ha motho ea hlokang molao ho tla ka tšebetso ea Satane ka mesebetsi e matla le ka thetso, ’me Molimo o lumella ho sebetsa ha thuto e fosahetseng hore ho ee ho ba sa kang ba amohela lerato la ’nete e le hore ba ka lumela leshano.—2:3, 6, 8, NW.
7. Baena ba ka ema ba tiile ’me ba fumana tšireletso ho ea khopo joang?
7 Emang le tiile tumelong (2:13–3:18). Pauluse o tsoela pele: “Empa ha e le rōna, re tšoanetse ho boka Molimo ka mehla ka baka la lōna, banab’eso, baratuoa ba Morena, kahobane Molimo o le khethile e sa le ho qaleng, hore le tle le bolokehe ke ho halaletsoa ke Moea, le ke ho lumela ’nete.” Ba bolelletsoe litaba tse molemo ka sona sepheo sena. Ka baka leo baena ba lokela ho ema ba tiile ’me ba tsoele pele ho khomarela lineano tseo ba li rutiloeng, hore Jesu Kreste le Ntate, bao ka lerato ba faneng ka matšeliso le tšepo, ba ba “tiise lipolelong tsohle le mesebetsing eohle e molemo!” (2:13, 17) Pauluse o kōpa hore ba ba rapelle, “hore lentsoe la Jehova le ka tsamaea ka potlako ’me la tlotlisoa.” (3:1, NW) Morena, ea tšepahalang, o tla ba tiisa ’me a ba sireletse ho ea khopo, ’me seo Pauluse a se rapellang ke hore Morena a ’ne a lebise lipelo tsa bona ka katleho leratong la Molimo le ho tiisetseng bakeng sa Kreste.
8. Ho fanoa ka taeo efe e matla, ’me Pauluse le sehlopha sa hae ba behile mohlala ho eng?
8 Ho latela taeo e matla: “Baena, joale re le fa litaelo, ka lebitso la Morena Jesu Kreste, hore le ikhule ho moena e mong le e mong ea sa tsamaeeng ka taolo le ka ho latela neano eo le e amohetseng ho rōna.” (3:6, NW) Moapostola o ba hopotsa mohlala oo sehlopha sa hae sa baromuoa se faneng ka oona, ka ho sebetsa ka thata bosiu le motšehare e le hore se se ke sa fetoha moroalo ho bona, hoo se ileng sa khona ho fana ka taelo: “Ekare ha e mong a hana ho sebetsa, a se ke a ja le hona.” Empa joale ba utloa hore ba bang ba itseng ba sa laoleheng ha ba sebetse ’me ba itšunya litabeng tsa ba bang. Bana ba lokela ho itšebeletsa hore ba fumane lijo.—2 Ba-Thess. 3:10; 1 Ba-Thess. 4:11.
9. Pauluse o re’ng ka ho etsa hantle le ho hlabisa batho ba sa mameleng lihlong, ’me o qetella lengolo la hae joang?
9 Baena ba lokela hore ba se khathale ke ho etsa hantle. Empa haeba e mong oa bona a sa mamele lengolo la Pauluse, phutheho e lokela ho mo hlabisa lihlong ka hore e mo khethe ’me e se ke ea hlola e ikopanya le eena, ka nako e tšoanang e mo laee joaloka moena. Pauluse o rapella hore Morena oa khotso a ke a ba fe “khotso ka mehla le ka mekhoa eohle,” ’me o phetha lengolo la hae ka litumeliso tseo a li ngotseng ka letsoho la hae.—2 Ba-Thess. 3:16.
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
10. Tse ling tsa lithuto tsa motheo le melao-motheo e akarellelitsoeng ho Ba-Thessalonika ba Bobeli ke life?
10 Lengolo lena le bululetsoeng le lekhutšoanyane le eang ho Bathessalonika le ama pokello e khōlō ea ’nete ea Bokreste, eo kaofela ha eona ho leng molemo hore re nahanisise ka eona. Nahana ka lithuto tsa motheo le melao-motheo e latelang e akarelletsoang: Jehova ke Molimo oa poloko, ’me o halaletsa ka moea le ka tumelo ’neteng (2:13); Mokreste o lokela ho mamella matšoenyeho e le hore a ka talingoa a tšoaneleha bakeng sa ’Muso oa Molimo (1:4, 5); Bakreste ba lokela ho bokelleloa ho Morena Jesu Kreste nakong ea ho ba teng ha hae (2:1, NW); Jehova o tla tlisa kahlolo e lokileng ho ba sa mameleng litaba tse molemo (1:5-8); ba bitsitsoeng ba tla tlotlisoa bonngoeng le Kreste Jesu, ho latela mosa o sa tšoanelang oa Molimo (1:12, NW); ba bitsoa ka ho boleloa ha litaba tse molemo (2:14, NW); tumelo ke tlhokahalo ea bohlokoahali (1:3, 4, 10, 11; 2:13; 3:2); motho o lokela ho sebetsa e le hore a khone ho iphelisa tšebeletsong; haeba motho a sa sebetse, a ka ’na a ba botsoa ’me a qala ho itšunya litabeng tse sa mo ameng (3:8-12); lerato la Molimo le tsamaea le tiisetso (3:5, NW). Ke letlotlo le lekaakang la boitsebiso bo matlafatsang le ka fumanoang lengolong le le leng le lekhutšoanyane le bululetsoeng!
11. Ho fanoa ka boitsebiso bofe ba bohlokoa le khothatso e tiileng mabapi le ’Muso?
11 Lengolong lena Pauluse o ile a bontša kameho e tebileng ka boiketlo ba moea ba baena ba hae ba Thessalonika le ka bonngoe le katleho ea phutheho. O ile a ba hlomella hantle ka tsela ea ho hlokomela nako ea letsatsi la Jehova, a bontša hore “motho ea hlokang molao” o tlameha ho hlaha pele, a lule ka “tempeleng ea Molimo, a iponahatse e le molimo pontšeng.” Leha ho le joalo, ba “lokelang ’Muso oa Molimo” ba ka ba le kholiseho e felletseng ea hore ka nako e loketseng Morena Jesu o tla senoloa a e-tsoa leholimong, a iphetetse ka mollo o tukang “ka Letsatsi leo a tla tla ka lona ho tlotlisoa ke bahalaleli ba hae, le ho babatsoa ke bohle ba lumetseng.”—2:3, 4, NW; 1:5, 10, BPN.