Khaolo ea Botšelela
Tseko eo Kaofela re Lokelang ho Talimana le Eona
1, 2. (a) Satane o ile a phahamisa tseko efe Edene? (b) Seo a se buileng se fana ka maikutlo a hore ho tla ba le tseko eo joang?
U AMEHA tsekong ea bohlokoahali ho feta tsohle tseo moloko oa batho o kileng oa talimana le tsona. Hore na u eme hokae ke hona ho tla rera bokamoso ba hao ba ka ho sa feleng. Tseko ena e ile ea phahamisoa ha ho hlaha borabele Edene. Nakong eo Satane o ile a botsa Eva: “Na ehlile Molimo o itse le se ke la ja tsa sefate se seng le se seng se serapeng?” Eva a arabela ka hore ke ka sefate se le seng feela Molimo a ileng a re: “Le se ke la ja tsa sona . . . hore le se ke la shoa.” Ka ho rialo Satane o ile a qosa Jehova ka hore o leshano, a bolela hore bophelo ba Eva kapa bona ba Adama ha boa itšetleha ka ho mamela Molimo. Satane a bolela hore Molimo o hanela libōpuoa tsa hae ka ntho e ’ngoe e molemo—matla a ho ipehela litekanyetso bophelong. Satane a tiisa hore: “Molimo oa tseba hore letsatsing leo ka lona le jang tsa sona mahlo a lōna a tla tutuboloha ’me le tla ba joaloka Molimo, le tsebe botle le bobe.”—Genese 3:1-5.
2 Ha e le hantle, Satane o ne a bolela hore ho ne ho ka ba molemo ha batho ba ka iketsetsa liqeto ho e-na le ho mamela melao ea Molimo. Kahoo a qholotsa tsela ea Molimo ea ho busa. Sena se ile sa hlahisa tseko ea bohlokoahali ea bobusi ba bokahohleng ba Molimo, ke hore, tokelo ea hae ea ho busa. Ho ile ha phahamisoa potso: Ke eng se molemo ho batho, tsela eo Jehova a busang ka eona kapa ho ipusa kantle ho eena? Jehova a ka be a ile a timetsa Adama le Eva hang-hang, empa seo se ne se ke ke sa rarolla tseko ea bobusi ka tsela e khotsofatsang. Ka ho lumella batho hore ba be teng ka nako e itseng, Molimo o ne a ka bontša hantle hore na ho ipusa kantle ho eena le melao ea hae ho ne ho tla hlahisa eng.
3. Satane o ile a phahamisa tseko efe ea bobeli?
3 Ho hlasela ha Satane tokelo ea Jehova ea ho busa ha hoa ka ha fella ka se etsahetseng Edene. O ile a belaella ho tšepahala ha ba bang ho Jehova. Ena e ile ea fetoha tseko ea bobeli e amanang haufi le ea pele. Phephetso ea hae e ile ea akarelletsa bana ba Adama le Eva le bara bohle ba Molimo ba moea, esita le eena Mora oa letsibolo oa Jehova ea ratoang haholo. Ka mohlala mehleng ea Jobo, Satane o ile a pheha khang ea hore ba sebeletsang Jehova, ha ba ho etse ka lebaka la ho rata Molimo le tsela eo a busang ka eona, empa ba ho etsa feela ka mabaka a boithati. A pheha khang ea hore, ha ba tlohelloa mathateng, kaofela ha bona ba ne ba tla inehela litakatsong tsa boithati.—Jobo 2:1-6; Tšenolo 12:10.
Se Pakiloeng ke Histori
4, 5. Histori e pakile eng ka hore motho a tsamaise mehato ea hae?
4 Ntlha ea bohlokoa tsekong ea bobusi ke ena: Molimo ha aa ka a bōpela batho hore ba ipuse kantle ho eena ’me ba atlehe. E le molemong oa bona, o ile a ba etsa hore ba itšetlehe ka melao ea hae e lokileng. Moprofeta Jeremia o ile a lumela: “Ke tseba hantle, Jehova, hore tsela ea motho oa lefatše ha e matleng a hae. Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae. Leha ho le joalo Jehova, u nkhalemele.” (Jeremia 10:23, 24) Kahoo Lentsoe la Molimo lea phehella: “Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao.” (Liproverbia 3:5) Feela joalokaha Molimo a entse hore moloko oa batho o laoloe ke melao ea tlhaho hore o lule o phela, o boetse o entse melao ea boitšoaro, eo haeba e ne e mameloa e neng e tla hlahisa batho ba utloanang.
5 Ka ho hlakileng, Molimo o ne a tseba hore lelapa la motho le ne le ke ke la atleha ho itaola kantle ho puso ea hae. Boitekong ba bona bo hlōlehileng ba ho ipusa kantle ho Molimo, batho ba hlahisitse litsamaiso tse sa tšoaneng tsa bopolotiki, moruo le bolumeli. Ho se tšoane hona ho entse hore batho ba qhoebeshane ba sa khaotse, e leng ho feletseng ka pefo, ntoa le lefu. ‘Motho o busitse motho ho mo ntša kotsi.’ (Moeklesia 8:9) Seo ke sona se etsahetseng ho theosa le histori ea motho. Joalokaha ho boletsoe esale pele Lentsoeng la Molimo, batho ba khopo le baikhakanyi ba tsoetse pele “ho tloha bobeng ho ea bobeng bo fetisisang.” (2 Timothea 3:13) ’Me lekholo la bo20 la lilemo, leo ho lona batho ba tsoetseng pele haholo litabeng tsa saense le indasteri, le bile le likoluoa tse fetang tse kileng tsa e-ba teng pele ho moo. Mantsoe a Jeremia 10:23 a pakiloe haholo—hore batho ba ne ba sa bōpeloa ho tsamaisa mehato ea bona.
6. Haufinyane Molimo o tla rarolla ho ipusa ha batho joang?
6 Liphello tse bohloko le tsa nako e telele tsa ho ipusa kantle ho Molimo li bontšitse ka ho feletseng hore puso ea batho ha ho mohla e tla atleha. Bobusi ba Molimo ke eona feela tsela e isang thabong, bonngoeng, ho pheleng hantle ’meleng le bophelong. ’Me Lentsoe la Molimo le bontša hore ho mamella ha Jehova ho ipusa ha batho ho haufi le ho fela. (Matheu 24:3-14; 2 Timothea 3:1-5) Haufinyane, o tla kenella litabeng tsa batho ho tiisa bobusi ba hae holim’a lefatše. Boprofeta ba Bibele bo re: “Matsatsing a marena ao [bobusi ba batho bo teng hona joale] Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso [leholimong] o ke keng oa senngoa le ka mohla. ’Muso oo o ke ke oa fetisetsoa ho batho leha e le bafe ba bang [batho ba ke ke ba hlola ba busa lefatše]. O tla silakanya o felise mebuso ena [ea kajeno] kaofela, ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.”—Daniele 2:44.
Ho Pholohela Lefatšeng le Lecha la Molimo
7. Ha puso ea Molimo e felisa puso ea motho, ke bo-mang ba tla pholoha?
7 Ha puso ea Molimo e felisa puso ea motho, ke mang ea tla pholoha? Bibele ea araba: “Ba lokileng [ba tšehetsang tokelo ea Molimo ea ho busa] ke bona ba tla lula lefatšeng, ’me ba sa tšoauoeng phoso ke bona ba tla sala ho lona. Ha e le ba khopo [ba sa tšehetseng tokelo ea Molimo ea ho busa], ba tla felisoa lefatšeng.” (Liproverbia 2:21, 22) Ka tsela e tšoanang, mopesaleme o ile a re: “Ho setse nakoana e seng kae, ’me ea khopo ha a sa tla hlola a e-ba teng . . . Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:10, 29.
8. Molimo o tla tlosa qoso ka ho feletseng joang bobusing ba hae?
8 Ka mor’a hore tsamaiso ea Satane e felisoe, Molimo o tla tlisa lefatše la hae le lecha, le tlang ho felisa ka ho feletseng pefo e senyang, lintoa, bofutsana, ho sotleha, ho kula le lefu tse kentseng batho bokhobeng ba tsona ka lilemo tse likete. Bibele e hlalosa hantle litlhohonolofatso tse letetseng moloko oa batho o utloang: “[Molimo] o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.” (Tšenolo 21:3, 4) Ka puso ea ’Muso oa hae oa leholimo tlas’a Kreste, Molimo o tla tlosa qoso (a lokafatse, kapa a pake) ka ho feletseng hore O na le tokelo ea ho ba ’Musi, ke hore ’Musi oa rōna.—Baroma 16:20; 2 Petrose 3:10-13; Tšenolo 20:1-6.
Kamoo ba Ileng ba Arabela Kateng Tsekong Ena
9. (a) Ba ’nileng ba tšepahala ho Jehova ba ile ba talima lentsoe la hae joang? (b) Noe o ile a paka botšepehi ba hae joang, hona re ka rua molemo joang mohlaleng oa hae?
9 Ho theosa le histori, ho ’nile ha e-ba le banna le basali ba tumelo ba ipakileng ba tšepahala ho Jehova e le ’Musi. Ba ne ba tseba hore bophelo ba bona bo itšetlehile ka ho mo mamela le ho mo utloa. Noe e ne e le motho ea joalo. Kahoo Molimo o ile a re ho Noe: “Bofelo ba nama eohle bo fihlile ka pel’a ka . . . Iketsetse areka.” Noe o ile a ikokobelletsa tataiso ea Jehova. Le hoja ba ile ba lemosoa, batho ba bang ba mehleng eo ba ile ba ’na ba itsoella pele ka bophelo joalokaha eka ha ho letho le tlang ho etsahala. Empa Noe o ile a haha areka e khōlōhali ’me a ’na a tsoela pele ho bolella ba bang ka litsela tse lokileng tsa Jehova. Tlaleho e tsoela pele ho re: “Eaba Noe o etsa ho ea ka sohle seo Molimo a mo laetseng sona. A fela a etsa joalo.”—Genese 6:13-22; Baheberu 11:7; 2 Petrose 2:5.
10. (a) Abrahama le Sara ba ile ba tšehetsa bobusi ba Jehova joang? (b) Re ka rua molemo mehlaleng ea Abrahama le Sara ka tsela efe?
10 Abrahama le Sara le bona e bile mehlala e metle ea ho tšehetsa bobusi ba Jehova, ba ile ba etsa sohle seo a neng a ba laela sona. Ba ne ba lula Ure ea Bakalde, eo e neng e le motse o atlehileng. Empa ha Jehova a bolella Abrahama hore a ee naheng esele, eo a sa e tloaelang, Abrahama o ile “a tsamaea feela joalokaha Jehova a buile le eena.” Ha ho pelaelo hore Sara o ne a phela hamonate—a e-na le lehae, metsoalle le beng ka eena. Leha ho le joalo, o ile a ikokobelletsa Jehova le monna oa hae ’me a ea naheng ea Kanana, le hoja a ne a sa tsebe hore na o letetsoe ke maemo a mofuta ofe moo.—Genese 11:31–12:4; Liketso 7:2-4.
11. (a) Moshe o ile a tšehetsa bobusi ba Jehova tlas’a maemo afe? (b) Mohlala oa Moshe o ka re tsoela molemo joang?
11 Moshe ke e mong oa ba ileng ba tšehetsa bobusi ba Jehova. ’Me o ile a etsa joalo tlas’a maemo a thata haholo—a ho tobana le Faro oa Egepeta. Hase hore Moshe o ne a itšepa. Ho fapana le hoo, o ne a belaella hore o tseba ho bua hantle. Empa o ile a mamela Jehova. A tšehelitsoe ke Jehova a bile a thusoa ke mor’abo, Arone, Moshe o ile a bolella Faro ea hlooho e thata lentsoe la Jehova ka makhetlo. Esita le ba bang ba bara ba Iseraele ba ne ba nyatsa Moshe ka matla. Leha ho le joalo, ka botšepehi Moshe o ile a etsa sohle seo Jehova a neng a mo laetse sona, ’me ka eena, Iseraele ea lokolloa Egepeta.—Exoda 7:6; 12:50, 51; Baheberu 11:24-27.
12. (a) Ke eng e bontšang hore ho tšepahala ho Jehova ho akarelletsa ho fetang ho etsa seo Molimo a se ngotseng ka ho toba? (b) Ho utloisisa mofuta oo oa botšepehi ho ka re thusa joang ho sebelisa 1 Johanne 2:15?
12 Ba neng ba tšepahala ho Jehova ha baa ka ba beha mabaka a hore sohle se neng se hlokahala ke ho mamela seo Molimo a se ngotseng. Ha mosali oa Potifaro a ne a leka ho eka Josefa hore a febe le eena, ho ne ho se na taelo e ngotsoeng e tsoang ho Molimo e thibelang bofebe. Leha ho le joalo, Josefa o ne a tseba ka tokisetso ea lenyalo eo Jehova a e thehileng Edene. O ne a tseba hore ho kopanela liphate le mosali oa monna e mong ho ne ho ke ke ha thabisa Molimo. Josefa o ne a sa thahaselle ho leka ho fumana hore na Molimo a ka mo lumella hore a tšoane le Baegepeta ho fihlela hokae. O ile a boloka litsela tsa Jehova ka ho thuisa ka litšebelisano tsa Molimo le moloko oa batho eaba o latela letsoalo la hae ho sebeliseng seo a lemohileng hore ke thato ea Molimo.—Genese 39:7-12; Pesaleme ea 77:11, 12.
13. Diabolose o pakiloe a le leshano joang mabapi le (a) Jobo? (b) Baheberu ba bararo?
13 Esita le haeba ba ka lekoa haholo, ba hlileng ba tsebang Jehova ha ba mo furalle. Satane o ile a etsa qoso ea hore haeba Jobo a ka lahleheloa ke maruo a hae a mangata kapa a kula, le eena—le hoja Jehova a ne a boletse hore oa mo amohela—o ne a tla lahla Molimo. Empa Jobo o ile a paka Diabolose a le leshano, le hoja Jobo ka boeena a ne a sa tsebe hore na ke hobane’ng ha a aparetsoe ke litlokotsi. (Jobo 2:9, 10) Makholo a lilemo hamorao, a ntse a leka ho tiisa taba ea hae, Satane o ile a etsa hore morena ea halefileng oa Babylona a sokele bacha ba bararo ba Baheberu ka lefu ka sebōping sa mollo haeba ba sa khumamele setšoantšo seo morena a se emisitseng. Ha ba ne ba qobelloa ho khetha pakeng tsa ho mamela taelo ea morena le ho mamela molao oa Jehova o khahlanong le borapeli ba litšoantšo, ka tieo ba ile ba tsebahatsa hore ba sebeletsa Jehova le hore ke eena ’Musi oa bona ea Phahameng. Ho bona ho tšepahala ho Molimo e ne e le habohlokoa ho feta bophelo ba bona nakong eo!—Daniele 3:14-18.
14. Ho ka etsahala joang hore rōna joaloka batho ba sa phethahalang re pake hore kannete rea tšepahala ho Jehova?
14 Na ka mehlala ee re lokela ho fihlela qeto ea hore e le hore motho a tšepahale ho Jehova, o lokela ho ba ea phethahetseng kapa hore ea etsang phoso o hlōlehile ka ho feletseng? Le hanyenyane! Bibele e re bolella hore ka linako tse ling Moshe o ne a haelloa. Le hoja Jehova a ne a sa thaba, ha aa ka a mo lahla. Baapostola ba Jesu Kreste le bona ba ne ba e-na le mefokolo ea bona. Ka ho nahanela ho se phethahale hoo re ho futsitseng, Jehova oa thaba haeba re sa hlokomolohe thato ea hae ka boomo ka tsela leha e le efe. Haeba ka lebaka la bofokoli re ameha ho etseng phoso, ke habohlokoa hore re bake ’me re se ke ra itloaetsa ho etsa phoso. Ka tsela ena re bontša hore kannete re rata seo Jehova a bolelang hore se setle le hore re hloile seo a bontšang hore se sebe. Motheong oa tumelo ea rōna thekong ea sehlabelo sa Jesu se koahelang libe, re ka thabela ho ba le boemo bo hloekileng ka pel’a Molimo.—Amose 5:15; Liketso 3:19; Baheberu 9:14.
15. (a) Ke mang ea ileng a boloka botšepehi ho Molimo ka ho phethahetseng har’a batho bohle, ’me see se pakile eng? (b) Re thusoa joang ke seo Jesu a se entseng?
15 Leha ho le joalo, na ebe mohlomong ho mamela Jehova ka ho phethahetseng ke ntho eo batho ba ke keng ba e khona le ha ba ka rata? Ka lilemo tse ka bang 4 000 karabo tabeng ena e ne eka “sephiri se halalelang.” (1 Timothea 3:16) Le hoja Adama a ne a bōpiloe a phethahetse, ha aa ka a beha mohlala o phethahetseng oa boinehelo ba bomolimo. Joale ke mang ea neng a ka beha mohlala o joalo? Ha ho le ea mong ho bana ba hae ba sa phethahalang ea neng a ka ho etsa. Jesu Kreste ke eena feela motho ea neng a ka etsa joalo. (Baheberu 4:15) Seo Jesu a se finyeletseng se pakile hore Adama, ea neng a le boemong bo botle haholo, a ka be a tšepahetse ka ho phethahetseng ha a ne a ratile. Phoso e ne e se mosebetsing oa Molimo oa pōpo. Ka lebaka leo Jesu Kreste ke mohlala oo re batlang ho o etsisa, eseng feela ha re bontša hore re mamela molao oa Molimo empa hape le ha re bontša hore ka borōna re inehetse ho Jehova, ’Musi oa Bokahohle.—Deuteronoma 32:4, 5.
Karabo ea Rōna ke Efe?
16. Ke hobane’ng ha re lokela ho falimeha kamehla boikutlong ba rōna ka bobusi ba Jehova?
16 E mong le e mong ho rōna kajeno o lokela ho talimana le tseko ea bobusi ba bokahohle. Haeba re boletse pepenene hore re ka lehlakoreng la Jehova, Satane oa re hlasela. O hlahisa khatello ka mahlakoreng ’ohle ’me o tla ’ne a etse joalo ho isa qetellong ea tsamaiso ea hae e khopo ea lintho. Re lokela ho lula re falimehile. (1 Petrose 5:8) Boitšoaro ba rōna bo bontša hore na re eme hokae tsekong ena e phahameng ea bobusi ba Jehova le tsekong ea bobeli ea botšepehi ho Molimo tlas’a teko. Re ke ke ra iphapanyetsa boitšoaro ba ho se tšepahale hobane feela bo tloaelehile lefatšeng. Ho boloka botšepehi ho hloka hore re ikemisetse ho sebelisa litsela tse lokileng tsa Jehova tabeng e ’ngoe le e ’ngoe bophelong.
17. Ke eng seo re se tsebang tseleng eo leshano le bosholu li qalileng ka eona e lokelang ho etsa hore re li qobe?
17 Ka mohlala, re ke ke ra etsisa Satane, eo e leng “ntate oa leshano.” (Johanne 8:44) Re tlameha ho tšepahala litšebelisanong tsohle tsa rōna. Tsamaisong ea Satane, hangata bacha ha ba tšepahale ho batsoali ba bona. Empa bacha ba Bakreste ba qoba sena, kahoo ba paka qoso ea Satane ea hore batho ba Molimo ba tla lahla botšepehi ba bona ha ba le tlas’a teko e se ’nete. (Jobo 1:9-11; Liproverbia 6:16-19) Ho na le mekhoa ea khoebo e ka ’nang ea khetholla motho e le ea ka lehlakoreng la “ntate oa leshano” ho e-na le Molimo oa ’nete. Mekhoa e joalo rea e qoba. (Mikea 6:11, 12) Hape, ha ho na mohla bosholu bo lokafatsoang, esita le haeba motho a hloka kapa ea utsoelitsoeng e le morui. (Liproverbia 6:30, 31; 1 Petrose 4:15) Esita le haeba ho tloaelehile moo re lulang teng kapa se nkiloeng se le senyenyane, ho utsoa ho ntse ho le khahlanong le melao ea Molimo.—Luka 16:10; Baroma 12:2; Baefese 4:28.
18. (a) Qetellong ea Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete, moloko oohle oa batho o tla tleloa ke teko efe? (b) Re lokela ho hlaolela tloaelo efe hona joale?
18 Pusong ea Kreste ea Lilemo tse Sekete, Satane le bademona ba hae ba tla be ba le sekoting, ba sitoa ho susumetsa batho. Hoo e tla ba ho khathollang hakaakang! Empa ka mor’a lilemo tse sekete, ba tla lokolloa ka nakoana. Satane le balateli ba hae ba tla hatella batho ba tsosolositsoeng ba bolokang botšepehi ho Molimo. (Tšenolo 20:7-10) Haeba re e-na le tokelo ea ho phela ka nako eo, re tla itšoara joang mabapi le tseko ea bobusi ba bokahohle? Kaha batho bohle ba tla be ba phethahetse ka nako eo, ketso efe kapa efe ea ho se tšepahale e tla ba ea ka boomo ’me e tla fella ka timetso ea ka ho sa feleng. Ke habohlokoa hakaakang hore hona joale re hlaolele ho latela tataiso e ’ngoe le e ’ngoe eo Jehova a re fang eona, ebang ke ka Lentsoe la hae kapa ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng! Ka ho etsa joalo, re bontša boinehelo ba rōna ba ’nete ho eena joaloka ’Musi oa Bokahohle.
Tlhahlobo
• Tseko e khōlō eo bohle re tlamehang ho tobana le eona ke efe? Re keneletse joang?
• Ke eng e ikhethang ka litsela tseo ka tsona banna le basali ba mehleng ea boholo-holo ba pakileng botšepehi ba bona ho Jehova?
• Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore letsatsi le leng le le leng re tlotlise Jehova ka boitšoaro ba rōna?