Bacha—Na Le Tsoela Pele Moeeng?
“Hlokomela taba tseo, ’me u be ho tsona; ho tsoela pele ha hao ho ’ne ho lemohuoe ke bohle.”—1 TIMOTHEA 4:15.
1, 2. Ho tsoela pele moeeng ho bolela eng, ha ho bolele eng?
HO TSOELA pele moeeng ho bolela eng? Ho bolela ho tšoana le Jesu le Timothea ba banyenyane, ba neng ba beile lithahasello tsa moea pele bophelong ba bona. Haeba u tsoela pele moeeng, u tla tseba seo u batlang ho se etsa ka bophelo ba hao. U ke ke ua re: ‘Ke tla qala ho nahana ka botebo ka ho sebeletsa Jehova ha ke se ke le moholo.’ Che, u tla mo sebeletsa hona joale!
2 Ka lehlakoreng le leng, ho ba ea tsoelang pele moeeng ha ho bolele ho ba joaloka moitlami oa monna, ho ba le boikhohomoso ba bolumeli, kapa hona ho manama libuka ka linako tsohle; leha e le hore ho bolela ho ba ea soabileng, ea hlokofetseng, ho se mohla motho a thabang le ba bang. (Johanne 2:1-10) Jehova ke Molimo o thabileng, ’me o batla hore bana ba hae ba lefatšeng ba thabe. Kahoo ho kopanela lipapaling le mefuteng e meng ea boikhathollo ka ho itekanetseng ho amoheloa ke Molimo.—1 Timothea 1:11, NW; 4:8.
Kolobetso ke Bopaki
3. Timothea e ka ’na eaba o kolobelitsoe neng?
3 Ho lokisetsa kolobetso le ho kolobetsoa ke bopaki ba hore mocha o tsoela pele moeeng. Kamoo ho boletsoeng kateng, haeba Timothea e ne e ntse e le mocha ha a fetoha moromuoa ea sebetsang ’moho le Pauluse, mohlomong Timothea o kolobelitsoe ha a le qalong kapa bohareng ba lilemo tsa bocha. O ile a rutoa Mangolo ho tloha boseeng, ’me hang ha a hlomelletsoe ka tsebo e lekaneng le kananelo, ha a ka a tsila-tsila ho kolobetsoa.—2 Timothea 3:15.
4. Filippi o ile a botsoa potso efe, ’me le hoja ea neng a botsa a ne a sa tsoa ithuta ka Kreste, ke hobane’ng ha Filippi a ile a lumela kōpo ea hae?
4 Ho thoe’ng ka lōna bacha ba rupetsoeng ka Mangolo? Na le kile la nahana ka potso ee: “Ho ka hana eng hore ke se ke ka kolobetsoa na?” Lekholong la pele la lilemo potso eo e ile ea botsoa ke monna e mong ea neng a tloaelane le Mangolo haholo empa a sa tsoa ithuta hore na Kreste ke mang. Ke ’nete hore monna eo o ne a sa tsebe sohle seo a lokelang ho se tseba ka merero ea Molimo, empa o ile a susumetsoa ke kananelo e tebileng ea seo a eng a se tseba! Ka hona, morutuoa Filippi o ne a se na lebaka le utloahalang la ho se mo kolobetse.—Liketso 8:26-39.
5. Ke eng se hlokahalang hore u kolobetsoe?
5 Ho hana eng hore u kolobetsoe? Koana, hore u tšoanelehe, u lokela ho utloisisa se amehang. U lokela hore kannete u batle ho sebeletsa Jehova hobane u mo rata. U boetse u lokela ho etsa boineelo ba botho ho eena ka thapelo. Ho feta moo, u lokela ho khomarela litlhokahalong tsa boitšoaro tsa Molimo hape u be le tsebo e lekaneng ea ho bolella ba bang ka tumelo ea hao. Kahoo ha u tšoaneleha, ke habohlokoa hore u tsoele pele ho isa qetellong ’me u kolobetsoe.—Mattheu 28:19, 20; Liketso 2:38.
6. Kolobetso e ka ’na ea bapisoa le eng, ’me e tlameha ho lateloa ke eng?
6 Le hoja ho kolobetsoa e le bopaki ba hore u tsoela pele moeeng, hopola hore kolobetso ke bohato bo qalang feela. Ka ho ineela ho Jehova, u fetoha mojaki lefatšeng lena la khale le busoang ke Satane. Kahoo boineelo bo ka ’na ba bapisoa le ho etsa kōpo bakeng sa bophelo bo sa feleng tsamaisong e ncha ea Molimo ’me tšebeletso ea molao ea kolobetso ke pontšo ea sebele pel’a lipaki e tiisang ’nete ena. (Johanne 12:31; Ba-Heberu 11:13) Kamorao ho moo u lokela hore ka botšepehi u phelele boineelo ba hao e le hore u ka fumana mpho ea Molimo ea bophelo bo sa feleng.—Ba-Roma 6:23.
Ho Pakoa ke Boitšoaro
7. Boikutlo ba hao ka lintho tsa lefatše bo amana joang le tsoelopele ea hao ea moea?
7 Hore na u tsoela pele moeeng kapa che ho tla boetse ho pakoa ke boitšoaro ba hao mabapi le lintho tsa lefatše. Lintho life? Li akarelletsa bophelo ba ho iketsetsa borata, lithethefatsi, bolokolohi boitšoarong ba ho kopanela liphate, libaesekopo tsa boitšoaro bo bobe, ’mino o tsosang litakatso tse mpe, puo e lihlong, motjeko o chachehisang, boikhantšo ba bochaba le ba morabe, le tse ling. (1 Johanne 2:16; Ba-Efese 5:3-5) Ka ho khethehileng, bacha ho hlokahala hore ba itebele. Hopola, tsela eo u itšoarang ka eona mabapi le lintho tse joalo e tla senola boemo ba bophelo ba hao ba moea.—Liproverbia 20:11.
8. Ke hobane’ng ha bacha ba bang ba tsila-tsila ho kolobetsoa?
8 Satane o etsa hore litsela tsa lefatše tsa boitšoaro bo bobe li hlahe e le tse khahlehang haholo. Ha e le hantle, mocha ea lilemo li 15 o itse: “Ha re bona likamano tsa botona le botšehali le lithethefatsi haholoanyane thelevishineng, li bonahala e le lintho tse tloaelehileng haholoanyane sechabeng.” Bacha ba sa kopaneleng litseleng tsa lefatše ba etsoa hore ba ikutloe e le mekhelo le hore ba fetoa ke menyaka. Na ho na le mohla u keng u ikutloe joalo? Ba bang ba kopanelang le phutheho ba ikutloa joalo, ’me ba sitoa ho etsa liqeto. Ha a botsoa ka hore na o tla kolobetsoa neng, mocha e mong o itse: ‘Ha ke batle ho kolobetsoa hona joale hobane nka ’na ka etsa ntho e ’ngoe eo ke tla khaoloa ka baka la eona.’ Empa u ke ke ua palama terata kapa ua tenyetsehela likhopolong tse peli tse sa tšoaneng. Moprofeta oa Molimo o kile a re: “Ha Jehova e le Molimo, mo lateleng; ha eba ke Baale, mo lateleng.”—1 Marena 18:21.
9. Ke tšireletso efe e fumanoang ka ho ba ea tsoelang pele moeeng?
9 Ka sebele, ka ho qoba litsela tsa lefatše tsa boitšoaro bo bobe, se u fetang ke likhathatso tse ngata. Mosali e mong o ile a lumela: “Ke sithabetsoa ke boikutlo ba ho nyaroha le letsoalo le molato ka baka la bophelo boo ke bo phetseng. Ke ne ke ikentse sekatana ’me ke iqhekeletse ke bile ke qhekeletse le ngoana eo ke mo entseng.” E, majaba-jaba a lefatše la Satane le khanya ea lona hase tsa sebele, ke tse thetsang. Ha li na letho la bohlokoa. Ho latela litsela tsa lefatše ho isa ho emareleng matšehong, malapa a qhalaneng, mafu a tšoaetsanoang ka ho kopanela liphate, ho ferekana le mesarelo e ke keng ea boleloa. Kahoo mamela keletso, tsoela pele moeeng. ‘Furalla bobe ’me u etse botle.’—1 Petrose 3:11, TLP.
10. Ke temoso efe ’me ke mehlala ea bo-mang eo mocha ea tsoelang pele moeeng a tla e utloa?
10 Mocha ea tsoelang pele moeeng o tla utloa keletso ea moapostola Pauluse: “Le be masea ka ’nģeng ea bobe; empa le be ba hōlileng matleng a kutloisiso.” (1 Ba-Korinthe 14:20, NW) Timothea e monyenyane o hlile a sebelisa keletso ena. Na u ka nahana ka eena a batla botsoalle ba bacha ba lefatše, ba tsoileng tseleng ba mehleng ea hae? Le hanyenyane! Metsoalle ea hae e ne e le bahlanka ba bang ba Molimo. (Liproverbia 13:20) Etsisa mohlala oa hae. Ha u lebane le ho kopanela mokhoeng o mong o belaetsang, ipotse: Na Timothea kapa Jesu ba ne ba tla etsa tjee?
Ho Pakoa ka Thuto ea Bibele
11. Ke pono efe eo bacha ba lefatše ba e hlokang, hona e fumanoa joang le ho bolokoa joang?
11 Taba e tsoang Italy e phatlalalitsoeng ho World Press Review e itse: “Ho thetseha ha bacha le ho tsieleha ha bona ho eketseha letsatsi ka leng, ’me ha ho motho ea ka ba fang bokamoso bo khothatsang.” Mahlo a foufalitsoeng a ba lefatšeng la Satane ha a bone lefatše le lecha le tšepisitsoeng la Molimo le bokamoso bo khanyang bo letetseng ba tšoanelehang ho fumana bophelo teng. (2 Ba-Korinthe 4:4; Liproverbia 29:18; 2 Petrose 3:13) Empa bacha ba tsoelang pele moeeng ba na le pono e joalo e bolokoang e khanya e bile e hlakile ka ho ithuta Bibele kamehla.
12. (a) Re tlameha ho etsa joang ho fumana tsebo ea Molimo? (b) Ke hobane’ng ha u ke ke ua belaella boiteko boo u bo entseng ho e fumana?
12 Na lefatše le lecha la Molimo ke la sebele ho uena? Ho ka ba joalo, empa ho le fumana ho hloka boiteko ba sebele ka lehlakoreng la hao. U lokela ho hlaolela takatso e matla ea kutloisiso ea Bibele e le hore u ka ’na ua “e batla joale ka silevera, ua e rafa joale ka matlotlo a patiloeng mobung.” (Liproverbia 2:1-6) Ke eng se bolokang setsomi sa matlotlo se batla ’me se cheka, mohlomong ka lilemo? Se lakatsa ka matla maruo ao letlotlo le tla se tlisetsa ’ona. Empa tsebo e bohlokoa haholo ho feta letlotlo le bonahalang. Jesu o itse: “’Me bophelo bo sa feleng ke hore ba u tsebe, uena Molimo o ’notši oa ’nete, le Jesu Kreste eo u mo romileng.” (Johanne 17:3) Haeba kannete u lumela seo Jesu a se boletseng moo, u tla phehella ho ithuta Bibele ka cheseho e leng ho tla u putsa ka se bohlokoa ho feta mahakoe a theko e boima.—Liproverbia 3:13-18.
13. Ke litlhahiso life tsa ho ithuta tseo bacha ba tsoelang pele moeeng ba tla li latela?
13 U tla fumana hore ha u ithuta haholoanyane, takatso ea hao ea lijo tsa moea e matlafala haholoanyane. Hlaolela mekhoa e metle ea ho ithuta. U se ke ua thalla likarabelo feela, empa u shebe litemana tsa Bibele tse bontšitsoeng, ’me joale e be u batla litemana tse amehang ka ho sebelisa Bibele e nang le litšupiso. U ka boetse ua etsa lipatlisiso tse eketsehileng ka ho sebelisa liindex, tse kang Watch Tower Publications Index 1930-1985. Hlokomela kamoo boitsebiso bo sebetsang le kamoo bo ka sebelisoang kateng. Bua le ba bang ka seo u ithutang sona. Hona ho tla tebisa lintlha ka kelellong ea hao ’me hape ho tla khothaletsa ba bang hore le bona ba etse lipatlisiso. Ka hore u ikitlaetse e le kannete, u tla be u mamela keletso e filoeng Timothea e monyenyane: “Hlokomela taba tseo, ’me u be ho tsona; ho tsoela pele ha hao ho ’ne ho lemohuoe ke bohle.”—1 Timothea 4:15; 2 Timothea 2:15.
Ho Bontšoa Libokeng le Tšimong
14. Ke eng se thusang ho etsa hore liboka tsa Bokreste e be tse thabisang haholoanyane, ’me ke ka litsela life u ka khothatsang ba bang ha u ntse u kopanela?
14 Ha u thabela thuto ea Bibele ’me u lokiselitse hantle, liboka tsa Bokreste li fetoha tse thabisang haholoanyane. (Pesaleme ea 122:1; Ba-Heberu 2:12) Joale u lebella haholoanyane ho kopanela likarolong tseo bamameli ba kopanelang ho tsona le ho nehelaneng ka lipuo Sekolong sa Boboleli sa Puso ea Molimo. Empa ha re le libokeng, ho na le litsela tse ling tsa ho phethahatsa taelo ea ‘ho khothatsana’ le ‘ho isana ka cheseho leratong le mesebetsing e metle.’ (Ba-Heberu 10:24, 25) Ka mohlala, na u nka bohato ba ho bua le ba bang pele? Hore, “Lumela, Ke thabela ho u bona!” ka botsoalle kapa potso e tsoang botebong ba pelo ea hore, “U ikutloa joang?” e ba ho khothatsang haholo, haholo-holo ha ho tsoa ho mocha.
15. Ke joang u ka itlhahisang bakeng sa ho etsa mesebetsi e meng e hlokahalang, ’me ke hobane’ng ha e le hantle ho hopola mohlala oa Kreste?
15 Ho na le mosebetsi o mongata o amehang ha ho tsamaisoa phutheho. Na u ka kopanela? Ke ho utloahalang hore Timothea e monyenyane o ne a phetha mesebetsi e mengata e nang le thuso ho Pauluse—a rongoa, a lata lintho tseo ba li hlokang, a tsamaisa melaetsa, le tse ling. Haeba ha u e-s’o etse joalo, ke hobane’ng ha u sa bolelle baholo hore u ithaopela ho thusa. Mohlomong u tla kōptjoa ho fana ka likabelo tsa liboka, ho boloka holo e hloekile, kapa ho etsa mosebetsi o mong o hlokahalang. Hopola, Kreste o ile a hlatsoa maoto a barutuoa ba hae, kahoo ha ho mosebetsi oo motho ea tsoelang pele moeeng a ka reng o ka tlaase ho boemo ba hae.—Johanne 13:4, 5.
16. Ke mosebetsi ofe oo koranta ea K’hatholike e tsoang ka linako tse itseng e ileng ea o hlokomela e le boikarabelo ba Bakreste?
16 Ha re talima malumeling a mang, ka sebele re ka ananela koetliso eo re e fumanang libokeng tsa rōna bakeng sa mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa oa boboleli. Ha a ngola ho U.S. Catholic ka Loetse selemong se fetileng, Kenneth Guentert o itse: “Ke hōtse mehleng eo ho eona Mak’hatholike a neng a sa lokela ho bala Bibele hobane a ne a tla ba le likhopolo tse makatsang—tse kang ho nahana hore Bakreste ba lokela ho tsamaea ba ntse ba kokota matlung ho leka ho sokolla batho. Eaba ho kena Lekhotla la Bobeli la Vatican, ’me ka qala ho bala Bibele. Kamoo u ka lebellang; joale ke nahana hore Bakreste ba lokela ho tsamaea ba ntse ba kokota matlung ho leka ho sokolla batho.” A phaella: “Hase hore ke khotsofaletse khopolo eo ka ho feletseng; empa ha u bala Testamente e Ncha, ho batla ho le thata haholo ho qoba qeto ena.”—Mattheu 10:11-13; Luka 10:1-6; Liketso 20:20, 21.
17. Ke joang tšebeletso e ka bang e thabisang haholoanyane ho uena?
17 E, Bakreste ba pele ba ne ba le mafolofolo boboleling ba ntlo le ntlo, ’me ka ho totobetseng bacha ba kang Timothea ba ne ba le hona moo tšebeletsong ’moho le ba baholo. Empa, ho ka lumeloa hore mosebetsi ona hase o thabisang ka ho fetisisa ho ba bang kajeno. Hobane’ng? Ho ba setsebi ke lebaka le leng. Ka mohlala, haeba u atleha papaling, na ha u e thabele le ho feta? Hoa tšoana le ka tšebeletso. Ha u atleha haholoanyane ho sebeliseng Bibele le ho hlaloseng lihlooho tsa Bibele, tšebeletso e tla ba mohloli oa thabo, haholo-holo ha u fumana motho e mong eo u ka arolelanang tsebo e tlisang bophelo le eena. Kahoo tsoela pele moeeng! Itloaetse linehelano tsa ntlo le ntlo. Fumana litlhahiso tse tsoang ho ba bang. Kōpa thuso ea Jehova.—Luka 11:13.
Ka Likamano le ba Hōlileng
18. Jesu le Timothea ba ile ba thabela likamano tsa mofuta ofe le ba hōlileng?
18 Ha esale mocha ea lilemo li 12 feela, Jesu o ne a thabela ho sebelisa nako le ba hōlileng, ba buisana ka lintho tsa moea. Batsoali ba hae ba kile “ba mo fumana tempeleng, a lutse har’a baruti, a ba mamela, a ba botsa.” (Luka 2:46) Ho ne ho tšoana ka Timothea. Ha moapostola Pauluse le metsoalle ea hae ba etela Lystra, ho totobetse hore Timothea o ne a thabela botsoalle ba bona ’me a ela hloko haholo lithuto tsa bona. O ne a lumellana le baena ba sebaka seo ba neng ba mo rorisa haholo.—Liketso 16:1-3.
19. Ke hobane’ng ha ka ho khethehileng Pauluse a ile a khetha Timothea hore e be motsoalle ea tsamaeang le eena, ’me Timothea e bile thuso joang?
19 Le hoja Timothea a ile a ithaopela ho sebeletsa batho ba bang, Pauluse o ile a mo khetha e le mosebetsi-’moho ea tsamaeang haholo-holo ka baka la neo ea hae ea ho sebeletsa batho litlhokahalong tsa moea. Ka baka la seo, ha sehlopha sa mahoo-hoo se qobella Pauluse ho tloha Thessalonika, a romela Timothea e monyenyane ho ea tšelisa le ho matlafatsa barutuoa ba bacha. kahoo Timothea o ne a sa chesehele feela ho ithuta ho ba hōlileng le ho thabela botsoalle ba bona; empa e ne e boetse e le thuso ea sebele ho bona moeeng.—Liketso 17:1-10; 1 Ba-Thessalonika 3:1-3.
20. Ke eng seo u tla se etsa ka bohlale, ’me ke mesebetsi efe eo u tla e etsa molemong oa ba hōlileng?
20 U tla be u le bohlale ha u etsisa Jesu le Timothea ’me u tla chesehela ho fumana molemo phihlelong le tsebong ea ba hōlileng. Batla setsoalle sa bona ’me u ba botse lipotso. Empa hape u bontše tsoelopele ea hao ea moea ka ho ba thusa. Na ho na le ba hōlileng kapa ba kulang ba neng ba ka ananela hore u ba ele mabenkeleng kapa u ba etsetse mesebetsi e meng e hlokahalang? Mohlomong u ka ’na ua ba chakela feela, ua ba balla, le ho arolelana le bona liphihlelo tseo u li thabetseng tšebeletsong.
Karolo ea Batsoali le Ba bang
21. Karolo ea batsoali ke ea bohlokoa hakae, ’me ke eng e bohlokoa ka tsela e ke keng ea lekanngoa?
21 Bophelo ba moea ba bacha bo itšetlehile haholo ka ho lauoa le ho beeloa mohlala ke batsoali ba bona. (Liproverbia 22:6) Ka sebele Jesu o ile a fumana molemo tataisong eo a e neiloeng ke batsoali ba hae ba lefatšeng ba tšabang Molimo. (Luka 2:51, 52) Hape, ka sebele Timothea e ka be e sa ka ea e-ba mohlankana ea tsoelang pele moeeng hoja e se ka ho koetlisoa ke ’m’ae le nkhono’ae. (2 Timothea 1:5; 3:15) Bohlokoa ba taeo ea kamehla ea Bibele bo boholo hoo bo ke keng ba lekanyetsoa! Joaloka batsoali, na le fana ka eona? Kapa e hlokomolohiloe?
22. (a) Ha batsoali ba nka thuto ea Bibele ea lelapa e le ea bohlokoa, bana ba ameha joang? (b) Batsoali ba lokela ho tataisa bana ba bona joang?
22 Mohlankana e mong ntlo-kholo ea Lipaki tsa Jehova o hlalosa hore ho theosa le lilemo ha a ntse a hōla, tšobotsi e neng e sa fetohe ea bophelo ba lelapa labo e ne e le thuto ea Bibele ea beke le beke le bana. “Ka linako tse ling Ntate o ne a ee a be a khathetse hoo a neng a thatafalloa le ke ho lula a sa thibasele, empa ho ntse ho le joalo thuto e ne e tšoaroa, ’me hona ho re thusitse ho ananela botebo ba eona.” Batsoali, ha ho bonolo hore bana ba lōna ba nke litaba tsa moea e le tsa bohlokoa ntle le hore lōna le etse joalo. Kahoo beang ka pel’a bona lipakane tsa bopula-maliboho le boromuoa le tšebeletso ea Bethele. Ba thuseng ho ananela hore tšebeletso ke mosebetsi o nang le bokamoso le hore ha ho na bokamoso ba sebele mesebetsing ea lefatše.—Bapisa 1 Samuele 1:26-28.
23. Ke joang ba bang ka phuthehong ba ka thusang bacha ho ba ba tsoelang pele moeeng?
23 Ba bang le bona, ba ka thusa bacha ho tsoela pele moeeng. U ka etsa bonnete ba hore u qoqa le bona libokeng. Hape, leka ho ba kopanyelletsa linthong tse ling tseo u li etsang. Ka tumello ea batsoali, moholo a ka ’na a lokisetsa ho tsamaea le mocha ha a ea kabelong ea ho ea fana ka puo kapa ho mo kopanyelletsa ha a intša. (Jobo 31:16-18) Ntho e ka ’nang ea bonahala e le nyenyane e ka bolela ho hoholo. Ha a hlokomela hore moshemane ea neng a mametse puo ea hae o ne a se na Bibele, molebeli ea tsamaeang o ile a mo fa e ’ngoe e le mpho kamorao ho moo. Mohlankanyana eo o ile hlolloa e seng feela ka baka la mpho empa hape le ka baka la thahasello eo a e bontšitsoeng. Lilemo tse kaholimo ho 30 hamorao, moshemane eo, joale le eena e le moholo, o ntse a hopola ka lerato ketso ea moena eo ea lerato.
24. Ke eng e hlollang ho e hlokomela, ’me re lokela ho ikemisetsa ho etsa eng?
24 Na hase ho hlasimollang ho hlokomela hore ho na le “bahlankana ba joaloka marotholi a phoka” ba likete tse makholo ba phatlalatsang molaetsa oa ’Muso o khathollang le hore bonyane ho na le palo e lekanang ea basali ba bacha ba etsang ‘lebotho le leholo le bolelang litaba tse molemo’? E se eka bohle ba ka ikitlaeletsa ho ba ba tsoelang pele moeeng, ’me e se eka kaofela re ka ba thusa ho fihlela sepheo seo.—Pesaleme ea 110:3, NW; 68:11.
Lipotso tsa Hlahlobo
◻ Ke eng se ka thusang mocha ho etsa qeto ea hore na ke neng a ka kolobetsoang?
◻ Boitšoaro ba mocha bo ka lekanyetsa tsoelo-pele ea hae ea moea joang?
◻ Ke eng se ka thusang bacha ho thabela liboka le tšebeletso ea tšimo?
◻ Bacha ba lokela ho hlaolela kamano efe le ba hōlileng?
◻ Batsoali le ba hōlileng ba ka thusa bacha joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Ho hana eng hore u kolobetsoe?