Thuto ea Bomolimo Khahlanong le Lithuto tsa Bademona
“Ba bang ba tla koenehela tumelo, ba khomarele meea e thetsang le lithuto tsa batemona.”—1 TIMOTHEA 4:1.
1. Bakreste ba bohareng ba ntoa efe?
AK’U nahane u qeta bophelo bohle ba hao u le sebakeng sa ntoa. Ho ka ba joang ho robala u ntse u utloa molumo oa lithunya ’me u tsoha u ntse u utloa molumo oa liqhomane? Ho soabisang ke hore likarolong tse ling tsa lefatše, ke ka oona mokhoa oo batho ba phelang ka oona. Leha ho le joalo, ka kutloisiso ea moea, Bakreste bohle ba phela ka tsela ena. Ba bohareng ba ntoa e khōlō e ’nileng ea kupa ka lilemo tse ka bang 6 000 ’me e iphile matla nakong ea rōna. Ntoa ee e nkileng nako e telele ke efe? Ke ntoa ea ’nete khahlanong le mashano, ntoa ea thuto ea bomolimo khahlanong le lithuto tsa bademona. Hase ho feteletsa lintho ha re e bitsa—bonyane re itšetlehile ka le leng la mahlakore a eona a loanang—khohlano e se nang mohau le e bolaeang ka ho fetisisa historing ea moloko oa batho.
2. (a) Ho latela Pauluse, ke mahlakore afe a mabeli a loantšanang? (b) Pauluse o ne a bolela eng ka “tumelo”?
2 Moapostola Pauluse o ile a bolela mahlakore a mabeli a khohlano ena ha a ngolla Timothea: “Moea o ometse hore, mehleng ea morao, ba bang ba tla koenehela tumelo, ba khomarele meea e thetsang le lithuto tsa batemona.” (1 Timothea 4:1) Hlokomela hore lithuto tsa bademona li ne li tla ba le tšusumetso e matla ka ho khetheha “mehleng ea morao.” Ha re talima lintho ho tsoa mehleng ea Pauluse, re phela nakong e joalo. Hlokomela hape se khahlanong le lithuto tsa bademona, e leng “tumelo.” Mona, “tumelo” e emela thuto ea bomolimo, e thehiloeng lipolelong tsa bomolimo tse bululetsoeng ke Molimo tse ka Bibeleng. Tumelo e joalo e fana ka bophelo. E ruta Mokreste hore a etse thato ea Molimo. Ke ’nete e isang bophelong bo sa feleng.—Johanne 3:16; 6:40.
3. (a) Ho etsahala eng ho mahlatsipa ntoeng e pakeng tsa ’nete le mashano? (b) Ke mang ea susumetsang lithuto tsa bademona?
3 Leha e le bafe ba khelohang tumelong ba lahleheloa ke bophelo bo sa feleng. Ke mahlatsipa. Ke phello e bohloko hakaakang ea ho itlohella hore u khelosoe ke lithuto tsa bademona! (Mattheu 24:24) Re le batho ka bomong re ka qoba joang ho ba mahlatsipa? Ka ho hana ka ho feletseng lithuto tsena tse thetsang, tse sebeletsang feela morero oa “morena oa batemona,” Satane Diabolose. (Mattheu 12:24) Kamoo ho lebeletsoeng, lithuto tsa Satane ke mashano, kaha Satane ke “ntate oa ea leshano.” (Johanne 8:44) Hlokomela kamoo a sebelisitseng mashano ka bohlale kateng ho khelosa batsoali ba rōna ba pele.
Lithuto tsa Bademona li Senotsoe
4, 5. Satane o ile a bolella Eva leshano lefe, hona ke hobane’ng ha seo e ne e le bokhopo?
4 Liketsahalo li tlalehiloe ka Bibeleng ho Genese 3:1-5. A sebelisa noha, Satane o ile a atamela mosali Eva ’me a mo botsa: “A efela Molimo o itse: Le se ke la ja lifate tsohle tsa tšimo na?” Potso ena e bonahala e se na kotsi, empa ak’u e talime hape. “A efela?” Ho utloahala Satane a maketse, joalokaha eka o re, ‘Ke hobane’ng ha Molimo a ne a ka bua ntho e joalo?’
5 A sa belaelle letho, Eva o ile a bontša hore ho joalo. O ne a tseba thuto ea bomolimo tabeng ena, hore Molimo o ile a bolella Adama hore ba ne ba tla shoa haeba ba ka ja tsa sefate sa ho tseba botle le bobe. (Genese 2:16, 17) Potso ea Satane ka ho totobetseng e ile ea tsosa thahasello ea hae, kahoo o ile a mamela ha a hlile a kena tabeng: “Noha ea fetola mosali, ea re: Ha e le ho shoa, le ke ke la shoa.” Ho rialo ke ho bua ntho e khopo hakaakang! Satane o ile a nģosa Jehova, Molimo oa ’nete, Molimo oa lerato, ’Mōpi, hore o buile leshano ho bana ba Hae ba batho!—Pesaleme ea 31:5; 1 Johanne 4:16; Tšenolo 4:11.
6. Satane o ile a phephetsa molemo le bobusi ba Jehova joang?
6 Empa Satane o ile a bolela se fetang sena. O ile a tsoela pele: “Molimo o mpa o tseba hobane, mohla le li jang, mahlo a lōna a tla tutuboloha, ’me le tla ba joalo ka melimo, le tsebe botle le bobe.” Ho latela Satane, Jehova Molimo—ea neng a fane ka lintho tse ngata hakana ho batsoali ba rōna ba pele—o ne a batla ho ba amoha ntho e ’ngoe e babatsehang. O ne a batla ho ba thibela ho tšoana le melimo. Ka hona, Satane o ile a phephetsa molemo oa Molimo. O boetse a buella ho ikhotsofatsa le ho hlokomoloha melao ea Molimo ka boomo, a bolela hore ho etsa sena ho molemo. Ha e le hantle, Satane o ile a phephetsa bobusi ba Molimo pōpong ea Hae, a tiisa hore Molimo ha a na tokelo ea ho behela motho meeli ho seo a se etsang.
7. Lithuto tsa bademona li ile tsa utluoa neng ka lekhetlo la pele, hona ke joang li ntseng li tšoana le kajeno?
7 Ka mantsoe ao a Satane, lithuto tsa bademona li ile tsa qala ho utluoa. Lithuto tsena tse khopo li ntse li buella melao-motheo e tšoanang eo eseng ea bomolimo. Joalokaha a ile a etsa tšimong ea Edene, Satane, hona joale a e-na le libōpuoa tsa moea tsa bafetoheli tse ikopantseng le eena, o ntse a phephetsa tokelo ea Molimo ea ho beha litekanyetso tsa ho nka khato. O ntse a phephetsa bobusi ba Jehova ’me o leka ho susumeletsa batho hore ba se bontše kutlo ho Ntate oa bona oa leholimo.—1 Johanne 3:8, 10.
8. Adama le Eva ba ile ba lahleheloa ke eng Edene, empa Jehova o ile a pakoa a na le ’nete joang?
8 Qhoebeshanong ena ea ntoa pakeng tsa thuto ea bomolimo le lithuto tsa bademona, Adama le Eva ba ile ba etsa qeto e fosahetseng ’me ba lahleheloa ke tšepo ea bophelo bo sa feleng. (Genese 3:19) Ha lilemo li ntse li feta ’me ’mele ea bona e qala ho fokola, ba ile ba tiisetsoa ka ho lekaneng mabapi le hore na ke ofe ea buileng leshano le ea buileng ’nete Edene. Leha ho le joalo, lilemo tse makholo pele ba e-shoa ka kutloisiso ea nama, ba ile ba fetoha batho ba pele ba bolaetsoeng ntoeng ea ’nete khahlanong le mashano ha ba ahlōloa ka hore ha ba tšoaneloe ke bophelo ke ’Mōpi oa bona, Mohloli oa bophelo. Sena se etsahetse ha ba e-shoa ka kutloisiso ea moea.—Pesaleme ea 36:9; bapisa le Ba-Efese 2:1.
Lithuto tsa Bademona Kajeno
9. Lithuto tsa bademona li atlehile hakae ho theosa le makholo a lilemo?
9 Joalokaha ho tlalehiloe bukeng ea Tšenolo, moapostola Johanne o ile a isoa ka pululelo ‘letsatsing la Morena,’ le qalileng ka 1914. (Tšenolo 1:10) Ka nako eo Satane le bademona ba hae ba ile ba ntšoa leholimong ba lahleloa lefatšeng—e leng ketso eo ho hang e sa kang ea thabisa mohanyetsi enoa oa ’Mōpi oa rōna e Moholo. Lentsoe la hae ha lea ka la hlola le utloahala leholimong ka linako tsohle a nģosa bahlanka ba Jehova. (Tšenolo 12:10) Leha ho le joalo, lithuto tsa bademona li bile le khatelo-pele efe lefatšeng ho tloha Edeneng? Tlaleho e re: “’Me drakone e kholo, e leng noha ea khale, e bitsoang Diabolose le Satane, e thetsang lefatše kaofela, ea liheloa.” (Tšenolo 12:9) Lefatše lohle le ne le amohetse mashano a Satane! Ha ho makatse hore ebe Satane o bitsoa “morena oa lefatše lena”!—Johanne 12:31; 16:11.
10, 11. Satane le bademona ba hae ba mafolo-folo ka litsela life kajeno?
10 Na Satane o ile a amohela tlhōlo ka mor’a hore a lelekoe leholimong? Ho hang! O ile a ikemisetsa ho lula a loana khahlanong le thuto ea bomolimo le ba e khomaretseng. Ka mor’a hore a lelekoe leholimong, Satane o ile a tsoela pele ka ntoa ea hae: “’Me drakone [Satane] ea halefela mosali, ’me ea tloha ho ea loantša masala a leloko la hae, e leng ba bolokileng litaelo tsa Molimo, ba nang le bopaki ba Jesu.”—Tšenolo 12:17.
11 Ho phaella ho loantšeng bahlanka ba Molimo, Satane o tlatsa lefatše ka mashano a hae, a loanela ho etsa hore moloko oa batho o laeloe ke eena. Ho e ’ngoe ea lipono tsa Tšenolo tsa letsatsi la Morena, moapostola Johanne o ile a bona libata tse tharo tseo ka tšoantšetso li neng li emela Satane, mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng oa lefatšeng oa lipolotiki, le ’muso o busang oa lefatše nakong ea rōna. Melomong ea libatana tsena tse tharo, ho ile ha tsoa lihohoana. Li ne li emela eng? Johanne oa ngola: “Eo ke meea ea batemona, e etsang mehlolo, e eang ho marena a lefatše le a linaha tsohle tseo ho ahiloeng ho tsona, ho a memela ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle.” (Tšenolo 16:14) Ka ho hlakileng, lithuto tsa bademona li sebetsa ka matla lefatšeng. Satane le bademona ba hae ba ntse ba loana khahlanong le thuto ea bomolimo, ’me ba tla tsoela pele ho etsa joalo ho fihlela Jesu Kreste, Morena oa Bomessia a ba qobella ho khaotsa.—Tšenolo 20:2.
Ho Khetholla Lithuto tsa Bademona
12. (a) Ke hobane’ng ha ho khoneha hore re hanele lithuto tsa bademona? (b) Satane o leka joang ho finyella lipakane tsa hae ka bahlanka ba Molimo?
12 Na batho ba tšabang Molimo ba ka hanela lithuto tsa bademona? Ka sebele ba ka li hanela ka mabaka a mabeli. La pele, hobane thuto ea bomolimo e matla haholoanyane; la bobeli, hobane Jehova o pepesitse maqiti a Satane e le hore re ka a hanela. Joalokaha moapostola Pauluse a boletse, “ha re ba hlokang tsebo ea merero ea hae.” (2 Ba-Korinthe 2:11, NW) Rea tseba hore Satane o sebelisa mahloriso e le o mong oa mekhoa ea hae ea ho finyella lipakane tsa hae. (2 Timothea 3:12) Leha ho le joalo, ka tsela e poteletseng haholoanyane, o leka ho susumetsa likelello le lipelo tsa ba sebeletsang Molimo. O ile a khelosa Eva ’me a kenya litakatso tse fosahetseng pelong ea hae. O leka ho etsa se tšoanang le kajeno. Pauluse o ile a ngolla Bakorinthe: “Empa ke tšohile, e se re mohlomong, joalo ka ha noha e ne e thetse Eva ka mano a eona, le ea lōna mehopolo e ka senyeha, ea timelloa ke ’nete e ho Kreste.” (2 Ba-Korinthe 11:3) Hlokomela kamoo a sentseng mehopolo ea batho ka kakaretso.
13. Satane o ’nile a bolella moloko oa batho mashano afe ho tloha Edene?
13 Ho Eva, Satane o ile a nģosa Jehova ka hore o buile leshano ’me a bolela hore batho ba ka tšoana le melimo haeba ba sa utloe ’Mōpi oa bona. Boemo ba boetsalibe ba moloko oa batho kajeno bo paka hore Satane, eseng Jehova, ke eena ea neng a bua leshano. Kajeno batho hase melimo! Leha ho le joalo, Satane o ile a salisa leshano la pele morao ka mashano a mang. O ile a hlahisa khopolo ea hore sephefumolohi sa motho se lokolohile lefung, se ke ke sa shoa. Ka hona o ile a khankhetsa moloko oa batho monyetla oa ho tšoana le melimo ka tsela e ’ngoe. Joale, a itšetlehile ka thuto eo ea bohata ea bolumeli, o ile a buella lithuto tsa mollo oa lihele, pelekatori, tšebelisano le meea, le ho rapela baholo-holo ba shoeleng. Mashano ana a ntse a kentse batho ba limilione tse makholo bokhobeng.—Deuteronoma 18:9-13.
14, 15. ’Nete ke efe ka lefu le tšepo ea motho bakeng sa bokamoso?
14 Ho hlakile hore seo Jehova a ileng a se bolella Adama e ne e le ’nete. Adama o ile a fela a shoa ha a etsa sebe khahlanong le Molimo. (Genese 5:5) Ha Adama le litloholo tsa hae ba e-shoa, ba ile ba fetoha liphefumolohi tse shoeleng, tse sa utloeng letho ’me li sa etse mosebetsi leha e le ofe. (Genese 2:7; Moeklesia 9:5, 10; Ezekiele 18:4) Ka lebaka la ho futsa sebe ho Adama, liphefumolohi tsohle tsa batho lia shoa. (Ba-Roma 5:12) Leha ho le joalo, morao koana Edene, Jehova o ile a tšepisa ho tla ha peō e neng e tla felisa mesebetsi ea Diabolose. (Genese 3:15) Peō eo ke Jesu Kreste, Mora oa Molimo ea tsoetsoeng a ’notši. Jesu o shoele a sa etsa sebe, ’me bophelo ba hae bo entsoeng sehlabelo bo ile ba fetoha thekollo e rekang moloko oa batho boemong ba bona ba ho shoa. Bao ka kutlo ba ileng ba bontša tumelo ho Jesu ba na le monyetla oa ho amohela bophelo bo sa feleng boo Adama a bo lahlileng.—Johanne 3:36; Ba-Roma 6:23; 1 Timothea 2:5, 6.
15 Thekollo, eseng khopolo e itseng e sa utloahaleng ea hore sephefumolohi se pholoha lefu, ke tšepo ea sebele ea moloko oa batho. Ena ke thuto ea bomolimo. Ke ’nete. Hape ke pontšo e tsotehang ea lerato la Jehova le bohlale. (Johanne 3:16) Re lokela ho leboha hakaakang hore ebe re ithutile ’nete ee ’me re lokolotsoe lithutong tsa bademona litabeng tsee!—Johanne 8:32.
16. Liphello tsa nako e telele ea ha batho ba latela bohlale ba bona ke life?
16 Ka mashano a hae tšimong ea Edene, Satane o ile a khothaletsa Adama le Eva hore ba laba-labele ho lokoloha ho Molimo le ho tšepa bohlale ba bona. Kajeno, re bona liphello tsa nako e telele tsa sena tlōlong ea molao, mathateng a moruo, lintoeng, le tabeng ea ho se lekane ho hlakileng ho teng lefatšeng kajeno. Ha ho makatse ha Bibele e re: “Bohlale ba lefatše lena ke bohlanya pel’a Molimo”! (1 Ba-Korinthe 3:19) Ho sa tsotellehe sena, ka booatla batho ba bangata ba ikhethela ho utloa bohloko ho e-na le ho mamela lithuto tsa Jehova. (Pesaleme ea 14:1-3; 107:17) Bakreste, ba amohetseng thuto ea bomolimo, ba qoba ho oela lerabeng lena.
17. “Tsebo e bitsoang joalo ka bohata” e buelloang ke Satane ke eng, hona litholoana tsa eona ke life?
17 Pauluse o ile a ngolla Timothea: “Oho Timothea, boloka hle se beiloeng kalosong ea hao, u tšabe lipolelo tsa lefeela, tsa bonyefoli, le liphapang tsa tsebo e bitsoang joalo ka leshano; eo ba bang, ka ho e lumela, ba khelohileng tumelo ke hona.” (1 Timothea 6:20, 21) “Tsebo” eo e boetse e emela lithuto tsa bademona. Mehleng ea Pauluse, mohlomong e ne e emela likhopolo tsa bokoenehi tseo ba bang liphuthehong ba neng ba li buella. (2 Timothea 2:16-18) Hamorao, seo ka bohata se bitsoang tsebo, joaloka Bognostic le filosofi ea Segerike, se ile sa senya phutheho. Lefatšeng kajeno, ho se lumele hore Molimo o teng, ho nka hore Molimo haa tsejoe ebile a ke ke a tsejoa, likhopolo tsa ho iphetola ha lintho, le ho hlahlobisisa Bibele ke mehlala ea seo ka bohata se bitsoang tsebo, joaloka likhopolo tseo eseng tsa mangolo tse buelloang ke bakoenehi ba kajeno. Litholoana tsa sena sohle seo ka bohata se bitsoang tsebo li bonoa ho hlepheng ha boitšoaro, ho ateng ha ho se hlomphe bolaoli, ho hloka botšepehi, le boithati tse bontšang sebōpeho sa tsamaiso ea lintho ea Satane.
Ho Khomarela Thuto ea Bomolimo
18. Kajeno ke bo-mang ba batlang thuto ea bomolimo?
18 Esita le hoja Satane a ’nile a tlatsa lefatše ka lithuto tsa bademona ho tloha Edeneng, ho ’nile ha ba le batho ba ileng ba batla thuto ea bomolimo. Kajeno ba joalo ba baloa ka limilione. Ba kopanyeletsa Bakreste ba tlotsitsoeng ba nang le tšepo e tiileng ea ho busa le Jesu ’Musong oa hae oa leholimo le bongata bo boholo bo ntseng bo eketseha ba “linku tse ling” boo tšepo ea bona e leng ho ja lefa la karolo ea lefatšeng ea ’Muso ona. (Mattheu 25:34; Johanne 10:16; Tšenolo 7:3, 9) Kajeno, bana ba bokeletsoe ’moho mokhatlong o le mong o hlophisitsoeng oa lefatšeng ka bophara oo mantsoe ana a Esaia a sebetsang ho oona: “Bana ba hao bohle ba tla rutoa ke Morena; khotso ea bana ba hao e tla ba kholo.”—Esaia 54:13.
19. Ho rutoa ke Jehova ho kopanyeletsa eng?
19 Ho rutoa ke Jehova ho bolela ho fetang feela ho tseba thuto ea ’nete ea bolumeli—le hoja ho le bohlokoa. Jehova o re ruta kamoo re lokelang ho phela kateng, kamoo re ka sebelisang thuto ea bomolimo bophelong ba rōna ba botho. Ka mohlala, re hanela boithati, boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali, le moea oa ho itaola tse atileng haholo lefatšeng le re pota-potileng. Re hlokomela ho hahamalla ka ho se nang kutloelo-bohloko maruo a lefatše lena hore na ke eng—se lebisang lefung. (Jakobo 5:1-3) Le ka mohla ha re lebale thuto ea bomolimo e boletsoeng mantsoeng a moapostola Johanne: “Se rateng lefatše, leha e le tse lefatšeng; ekare ha motho a rata lefatše, lerato la Ntate ha le eo ho eena.”—1 Johanne 2:15.
20, 21. (a) Satane o sebelisa eng boitekong ba hae ba ho foufatsa batho? (b) Ke litlhohonolofatso life tse tlelang ba khomarelang thuto ea bomolimo?
20 Phello ea lithuto tsa bademona ho bahlaseluoa ba tsona e bonoa mantsoeng a Pauluse ho Bakorinthe: “E leng bao [Satane a] ba foufalitseng likelello, ke ho re, ba sa lumelang, ba tle ba se ke ba chabeloa ke leseli la Evangeli ea khanya ea Kreste, eo e leng setšoantšo sa Molimo.” (2 Ba-Korinthe 4:4) Satane o rata ho foufatsa le Bakreste ba ’nete ka tsela ena. Morao koana Edene, o ile a sebelisa noha ho khelosa e mong oa bahlanka ba Molimo. Kajeno, o sebelisa lifilimi tse bontšang pefo kapa tsa boitšoaro bo bobe le mananeo a thelevishene. O sebelisa seea-le-moea, lingoliloeng, le ’mino hampe. Sebetsa se matla seo a se sebelisang ke setsoalle se fosahetseng. (Liproverbia 4:14; 28:7; 29:3) Ka linako tsohle hlokomela seo lintho tsena li hlileng li leng sona—merero e bolotsana le lithuto tsa bademona.
21 Hopola, mantsoe a Satane Edene e ne e le mashano; mantsoe a Jehova a ile a ipaka e le ’nete. Ho tloha mehleng eo ea pele, ho ’nile ha etsahala se tšoanang. Ka linako tsohle Satane o ipakile a le leshano, ’me thuto ea bomolimo e bile ea ’nete ka ho sa foseng. (Ba-Roma 3:4) Haeba re khomarela Lentsoeng la Molimo, ka linako tsohle re tla ba ka lehlakoreng le hlōlang la ntoa pakeng tsa ’nete le mashano. (2 Ba-Korinthe 10:4, 5) Kahoo, e se eka re ka ikemisetsa ho hana lithuto tsohle tsa bademona. Ka tsela eo re tla mamella ho fihlela nakong ea ha ntoa pakeng tsa ’nete le leshano e felile. ’Nete e tla be e hlōtse. Satane o tla be a le sieo, ’me ke thuto ea bomolimo feela e tla utluoa lefatšeng.—Esaia 11:9.
Na U ka Hlalosa?
◻ Lithuto tsa bodemona li utluoe ka lekhetlo la pele neng?
◻ A mang a mashano a buelloang ke Satane le bademona ba hae ke afe?
◻ Satane o mafolo-folo ka ho feteletseng ka litsela life kajeno?
◻ Satane o sebelisa eng ho buella lithuto tsa bademona?
◻ Ke litlhohonolofatso life tse tlelang ba khomarelang thuto ea bomolimo?
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Thuto ea bodemona e ile ea utluoa ka lekhetlo la pele tšimong ea Edene
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Thuto ea bomolimo mabapi le thekollo le ’Muso e fana ka tšepo feela ho moloko oa batho