Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g90 7/8 maq. 18-20
  • Nka Sebelisa Makeup ka Nepo Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Sebelisa Makeup ka Nepo Joang?
  • Tsoha!—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Litataiso tse Tsoang Lentsoeng la Molimo
  • Pele u Sebelisa Makeup
  • Ho Hlahloba Litlhoko tsa Hao
  • Litemoso ka Makeup
  • Batsoali ba ka ba tla Ntumella Neng ho Tlotsa “Makeup”?
    Tsoha!—1990
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Na Molimo oa U Utloisisa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2018
  • Na Basali ba Lokela ho Pata Botle ba Bona?
    Tsoha!—2005
Bala Tse Ling
Tsoha!—1990
g90 7/8 maq. 18-20

Bacha Baa Botsa . . .

Nka Sebelisa Makeup ka Nepo Joang?

“NA U batla ho itlotsa hanyenyane ka makeup?” Nina o ile a makatsoa ke ho utloa ’mè oa hae a botsa potso eo. Lilemo tse peli pelenyana, o ne a ile a haneloa ho itlotsa ka makeup. Empa ketsahalong ena e khethehileng ea mokete oa lenyalo oo ba neng ba lokela ho ea ho ’ona, ’mè oa hae o ile a rera hore e ne e le nako ea hore Nina a ka ithuta mokhabo oa basali oa ho sebelisa makeup. Nina oa hopola, “Ke ne ke tšohile. Ke ne ke sa tsebe ho e tlotsa hantle. Kahoo ’Mè a ntlotsa hanyenyane ka lipstick le ka blusher.”

Mohlomong ka ho tšoanang batsoali ba hao ba ikutloa hore e ka ba ho loketseng hore u itlotse ka makeup.a Ha e sebelisoa ka ho loketseng—ka paballo—makeup e ka ntlafatsa ponahalo ea motho. Leha ho le joalo, ha e sebelisoa ka nepo e ka ba le phello e fapaneng. “Banana ba bang ba tlotsa makeup ’me ba shebahala hantle. Empa banana ba bang ba itlotsa haholo ka eona ’me e ba etsa hore ba shebahale hampe,” ke kamoo ho boletseng moshanyana e mong ea lilemo tse ka tlaase ho tse 20.

Ngoanana e mong ea lilemo tse ka tlaase ho 20 oa eketsa: “Ha ba itlotsa ka e ’mala o khanyang haholo, e khanya ka ho fetisisa, empa e ba etsa hore ba tšoane le sesoasi!” U ka sebelisa makeup joang ka tsela eo e tla ntlafatsa ponahalo ea hao—eseng e e senye?

Litataiso tse Tsoang Lentsoeng la Molimo

Litlolo ha li ncha. Har’a masupi a Baiseraele ho fumanoe lijana tse sebelelitseng morero o tšoanang kajeno. Tsena “li ne li sebelisoa ho tsoaka mebala bakeng sa lifahleho” tsa basali ba Baiseraele. Ho ea ka The Biblical Archaeologist, ea February 1955, “tšebeliso ea . . . litlolo e ne e atile haholo” mehleng ea Bibele.—Ezekiele 23:40.

Kajeno, feme e etsang litlolo e sebelisa liranta tse limillione tse makholo a mahlano ka selemo bakeng sa phatlalatso United States feela. E sebelisa lisampole tse khahlang, e hōlisa “ponahalo” ea morao-rao, ho tloha ho ea “tlhaho” ho ea ho e hlaha. Ba bolela hore u ka ba le “ponahalo” ena, haeba u reka sete ea litlolo. Leha ho le joalo ke banana ba ’maloa feela ba ileng ba atleha ho boheha joaloka limotlelara tsa feshene. Esita leha ba atleha, “ponahalo” e ncha e ka fetoha e tsoileng fesheneng pele botloloana ea pele ea lipstick e fela.

Bibele e u thusa ho qoba ho ba ea laoloang ke moea oa feshene. E re: “Le se ke la ipapisa le lefatše lena, le mpe le fetohe ka nchafalo ea kelello ea lōna, le tle le lemohe ho ratoang ke Molimo, hore na ke hofe, ho molemo, ho khahlehang, ho phethehileng.” (Ba-Roma 12:2) Mehleng ea Bibele, basali ba bang ba Bakreste e ka ’na eaba ba ne ba tloaetse ho apara liaparo tse khethehileng le mekhoa ea ho lokisa moriri e neng e tloaelehile nakong eo. Empa moapostola Pauluse o ile a eletsa: “Basali le bona ba apare seaparo se lokelang, ba itlhophe ka boitlhompho le ka tšabo, e seng ka moriri o foriloeng, le ka gauda, leha e le perela, leha e le meaparo e khabisitsoeng.”—1 Timothea 2:9.

Keletso ea Pauluse ha e thibele ponahalo ea hao e khahlehang. E mpa e bolela feela hore ponahalo ea hao e lokela ho ba e ‘hlophehileng hantle,’ kapa e loketseng, eseng e hlahelletseng; e leka-lekaneng eseng e hlaha kapa ea feshene. Lentsoe la Segerike bakeng sa “boikokobetso” le na le khopolo ea ho ba le ‘tlhompho bakeng sa maikutlo a ba bang,’ ’me haholo-holo u tlameha ho ba le tlhompho bakeng sa maikutlo a batsoali ba hao. Kahoo a re boneng kamoo sena se amanang le ho tlotsa makeup.

Pele u Sebelisa Makeup

Kaha makeup e lokela ho ntlafatsa ponahalo ea hao, eseng ho bōpa lesira kapa ho ikhakanya, hoa utloahala hore pele u lokela ho hlokomela ponahalo ea hao ea tlhaho le bophelo ka kakaretso. Ho ja lijo tse leka-lekaneng le ho phomola ka ho lekaneng le tlhakiso ea ’mele ea ka mehla li etsa ho hongata ho eketsa khahleho ea hao ho feta makeup leha e le efe.

Setsebi sa botle Jane Parks-McKay se tsoela pele ho khothalletsa baroetsana “ho qala ka lintho tsa motheo—e leng tlhokomelo ea ka mehla ea letlalo. . . . Batho ba bangata ba atisa ho hlokomoloha letlalo la bona . . . [’me ebe joale] ba koahela matlalo a bona a sa khahleheng ka litlolo ka tšepo ea hore li tla etsa hore ba shebahale hantle.”

Makeup e sebetsa hamolemo letlalong le hlokometsoeng hantle. Buka A Lifetime of Beauty ea hlalosa: “Ho hloekisa letlalo ho tšoana le ho lokisetsa lebota bakeng sa ferefe e ncha: ho sa tsotellehe hore na ’mala o motle hakae, ferefe e tla shebahala hampe haeba e na le litšila le matheba a mahoashe ka tlas’a eona. Letlalo le sa hloekisoang hantle le tla shebahala le fifetse hape le le mafafatsane.”

Setsebi sa makeup se ile sa bolella Tsoha!: “Hoseng, ngoanana a ka hlatsoa sefahleho sa hae ka metsoako e molemo ea ho hloekisa sefahleho. Ka mor’a mona a ka itlotsa ka motsoako o fang letlalo ’mala le sekolobisa-letlalo se molemo.”

Ho Hlahloba Litlhoko tsa Hao

Joale, talima letlalo la hao ka hloko ’me u hlahlobe lintho tse molemo tseo u nang le tsona le tseo u se nang tsona. Na u na le mahlo a matle, ’mala o hlakileng hantle kapa u phela hantle ’meleng? Kahoo mohlomong u hloka makeup e nyenyane kapa ha u e hloke ho hang. Ka lehlakoreng le leng, mohlomong letlalo la hao le mafura haholo (e leng ho tloaelehileng lilemong tsa bocha) ’me le na le lihloba. Kapa u ka ’na ua ba le tšobotsi e itseng ea sefahleho (joaloka marama) mohlomong u ka rata ho e ntlafatsa. Ho sebelisa makeup ka bohlale ho ka u thusa.

Mehleng ea Bibele basali ba bang ba ne ba itlotsa ka ferefe e ntšo ho ba etsa joalokaha eka ba na le ‘mahlo a maholo.’ (Jeremia 4:30, NW) Kajeno eye shadow, lipotloloto tsa eyeliner, le li-eyeliner tsa mokeli-keli li sebelisetsoa morero o tšoanang. Litlolo li ka felisa matheba. Blusher e ka khantša marama a hao.

Ho thoe’ng haeba u hloka thuso ea ho khetha makeup le ho e sebelisa? Ho na le libuka laebraring ea sechaba tse ka thusang. U ka boetse ua botsa ’mè oa hao kapa motsoalle oa hao ea hōlileng. Ngoanana ea lilemo tse ka tlaase ho 20 ea bitsoang Tina oa hopola: “’Mè o ile a nkisa lebenkeleng ’me ra tlohella setsebi sa li-makeup hore e be sona se rerang hore na ke mebala efe eo ke lokelang ho itlotsa ka eona.” Litsebi tsa botle mabenkeleng a tsebahalang li ka fana ka keletso ea mebala e molemo bakeng sa letlalo la hao le kamoo makeup e ka sebelisoang hamolemo kateng. Empa kaha mosebetsi oa bona ke ho u rekisetsa lintho tsena, hlokomela hore u se reke lintho tseo u sa li hlokeng. Hape ka baka la litlhoko tse khethehileng tsa mokhoa oa hao oa bophelo ba Bokreste, u tla rata ho tiiseha hore ha u reke mebala e ka ’nang ea sebetsa hamolemo linakong tsa boithabiso empa e sa lokela bakeng sa sekolo kapa mesebetsi ea Bokreste.

Litemoso ka Makeup

Mekhoa ea makeup e fapana ho ea ka libaka. Empa ho ka boleloa melao e akaretsang e ’maloa:

Hlokomela Mofuta oa Letlalo la Hao. Kaha bacha ba bangata ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba na le letlalo le mafura, u tla rata ho khomarela li-makeup tse metsi, tse se nang mafura. Tsena li ’mala o hlakileng, kahoo ho ke ke ha bonahala hore u itlotsitse. Ba bangata ba boetse ba ikutloa hore li-makeup tse mafura li baka lihloba.

Bala Li-label. Bapisa li-makeup tsa theko e tlaase le tsa theko e boima. Mohlomong phapang ea sebele feela ke theko le sephutheloana. Ho bala li-label ho bohlokoa haholo haeba li-makeup tse ling li sa lumellane le letlalo la hao.

Sebelisa Khanya e Hlakileng. Haeba khanya e fokola, u ka tlotsa makeup haholo. Kaha makeup e tlotsitsoeng khanyeng e fokolang ea fluorescent e ka bonahala e le mpe khanyeng ea letsatsi, leka ho sebelisa makeup haufi le fensetere hore u tle u bone kamoo e shebahalang kateng khanyeng ea tlhaho.

Sebelisa Makeup ka Paballo. Ntho e ngata esita leha e le molemo e ka ba kotsi. (Bapisa Liproverbia 24:13; 25:27.) Haeba nako le nako sefahleho sa hao se batla “makeup!” tseba hore u tlotsitse e ngata haholo kapa u tlotsitse mebala e matla haholo. Makeup e sebelisitsoeng haholo e theola ponahalo ea hao e ka ba ea fana ka maikutlo a fosahetseng ka boitšoaro ba hao. (Bapisa Ezekiele 23:36-42.) Kahoo khomarela mebala e metle, e sa khanyeng haholo, e fifetseng. Tseba hantle mekhoa ea ho sebelisa makeup hore blusher e se shebahale joaloka moreto o ferefiloeng har’a sefahleho sa hao kapa eye shadow ea u etsa hore u shebahale joaloka raccoon ea Amerika.

Hloekisa Sefahleho sa Hao ka ho Phethahetseng. Buka A Lifetime of Beauty e re: “U se ke ua robala u sa tlosa mesaletsa eohle ea makeup . . . Ka tloaelo ho robala ka letlalo le litšila, tšila le lisele tse shoeleng tsa letlalo, tse khomaretseng sefahlehong sa hao li tla siea ’mala oa letlalo o fifetse.” Hape setsebi se seng sa letlalo se bolela hore “u ipeha kotsing ea ho tšoaetsoa le ho utloisa letlalo bohloko haeba u hlōleha ho hlatsoa makeup eohle bosiu bo bong le bo bong pele o il’o robala.” Sebelisa seqhibilihisi se kang cold cream, ho hloekisa sefahleho sa hao.

“Botle ke bosaoana,” ho bolela Liproverbia 31:30, hape esita le makeup e sebelisitsoeng ka bohlale e ke ke ea pata tšobotsi e sa nepahalang kapa kelello e feela. Bibele ea re hopotsa: “Botle ba lōna bo se ke ba tsoa ponahalong ea ka ntle . . . Ho e-na le hoo, e lokela ho ba ea botho bo ka hare, botle bo sa senyeheng ba moea o mosa le o bonolo, e leng ba bohlokoa bo boholo mahlong a Molimo.”—1 Petrose 3:3, 4, New International Version.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona sehlooho “Batsoali ba ka ba tla Ntumella Neng ho Tlotsa Makeup?” tokollong ea June 8, 1990 ea Tsoha!

[Lebokose le leqepheng la 20]

Likotsi tsa Makeup

’Muelli oa lithekiso Elaine Brumberg oa tlaleha: “Lik’hemik’hale tse ngata le metsoako ea litlolo e tseba ho kenella letlalong ’me e kene ’meleng.” Lintho tse sebelisoang haholo li belaelloa hore li baka kankere.

Metsoako e meng (hangata e monko o monate le e thibelang ho bola bola) e tsebahala e hlohlontša le ho thimolisa. Ke ’nete, lihlahisoa tse ling li boleloa li na le tšoaetso e fokolang kapa “li hlahlobiloe hore ha li na tšoaetso.” Empa tsela eo sehlahisoa se tla u tšoara ka eona e ka tiisoa feela ke phihlelo le ho hlahloba li-label ka hloko.

Kotsi e ’ngoe e atileng ke tšoaetso ea likokoana-hloko. Mascara e ka fetoha sebaka sa ho qhotsisetsa likokoana-hloko ho tloha lintšing kapa menoaneng ka sesebelisoa sa mascara. Sena se ka baka tšoaetso ea leihlo haeba thutsoana ea mascara e ka ngoapa leihlo. Ka ho khethehileng tšoaetso ke bothata lisampoleng tsa lebenkele tseo ho tsona batho ba bangata ba kentseng menoana ea bona ho tsona. Ka baka leo litsebi tse ling li buella hore u qobe ho sebelisa lisampole tsa lebenkele sefahlehong sa hao.

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

’Mè oa hao a ka tseba ho u ruta ho sebelisa makeup

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela