Bibele Buka eo ho Seng e Tšoanang le Eona
E ’nile ea bitsoa buka e rekoang ka ho fetisisa lefatšeng, ’me ka sebele ho fela ho le joalo. Bibele ea baloa hape e nkoa e le ea bohlokoa ho feta buka leha e le efe e ’ngoe. Ho fihlela joale, ho ajoa ha eona (e feletse kapa e sa fella) ho hakanyetsoa likoping tse likete tse ’nè tsa limilione, ka lipuo tse fetang 2000.
Leha ho le joalo, ho thahasellisang haholoanyane ho feta ho rekoa ha Bibele ke ho ipolela ha eona hore e ngotsoe ke Molimo. Moapostola oa Mokreste Pauluse o ile a ngola: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo.” (2 Timothea 3:16) See se bolela’ng? Ha e le hantle, poleloana “bululetsoe ke Molimo,” (the·oʹpneu·stos ka Segerike) e bolela “e hemetsoeng ke Molimo.” Lentsoe la Segerike le tsamaisanang le leo, pneuʹma, le bolela “moea.” Kahoo, se boleloang ke hore moea o halalelang oa Molimo o ile oa susumetsa bangoli, oa ba hemela, e le hore ka ho nepahetseng sehlahisoa se ka bitsoa Lentsoe la Molimo, eseng la motho. Ka sebele, ba bangata ba ithutileng Bibele ba tsota ho lumellana ha eona kaofela, ho nepahala ha eona litabeng tsa saense, ho tšepahala le ho toba taba ha bangoli ba eona, ’me habohlokoa ka ho fetisisa, ho phethahala ha boprofeta ba eona—lintho tseo kaofela li kholisitseng babali ba limilione ba nahanang hantle hore buka ena e tsoa mohloling o phahametseng motho.a
Empa Molimo o ile a tataisa ho ngoloa ha Bibele haufi-ufi hakae? Ba bang ba bolela hore o ile a bolella bangoli lentsoe le leng le le leng le ka Bibeleng. Ba bang ba re o ile a bululela feela mehopolo e fumanoang ka Bibeleng, eseng mantsoe. Ha e le hantle, pululelo e ke ke ea tsepamisoa mokhoeng o le mong, kaha Molimo o buile “ka litsela tse ngata le baholo-holo ba rōna ka baprofeta.” (Baheberu 1:1; bapisa le 1 Bakorinthe 12:6.) Sehloohong se latelang, re tla hlahloba litsela tseo ka tsona Molimo a ileng a bua le batho ba 40 ba ngotseng Bibele.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, bona leqephe la 53-4, le la 98-161 bukeng ea Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.