Lipotso tse Tsoang ho Babali
◼ Na moapostola Pauluse o ne a bontša leeme la morabe ha a lumellana le ho nyatsuoa ha batho ba Bakreta ka kakaretso?
Che, Pauluse ha a ka a inehela ho itloaetsa ho etsa lipolelo tse mpe ka batho ba morabe o mong kapa ba semelo sa sechaba se seng.
Potso ena e hlaha litlhalosong tse lengolong la Pauluse le eang ho morutuoa Tite. Pauluse o ne a mo siile sehleke-hlekeng se seholo sa Mediterranean sa Kreta “ho lokisa tse e-song ho lokisoe, ’me [a] bee baholo metseng eohle.” Pauluse o ile a thathamisa litšoaneleho tse ling bakeng sa baholo ba phutheho empa a eletsa Tite: “Hobane ba bangata ba teng, haholo har’a ba lebollo, ba hanang ho utloa, ba bolelang mafeela, ba thetsang ba bang, bao e ka khonang ho thijoe melomo ea bona. Ba liha matlo kammoho.”—Tite 1:5, 10, 11.
Pauluse o ile a tsoela pele temaneng ea 12 (TLP): “Bakrete ke mahata kamehla, ke libatana tse khopo, ke menyollo e botsoa.” Temaneng ea 13, o ile a phaella: “Bopaki boo ke ba ’nete; ka baka leo, u ba khalemele ka thata, tumelo ea bona e tle e hloke sekoli.”
Bafetoleli ba bangata ba Bibele ba tlohella tlhaloso ena ea Pauluse “bopaki boo ke ba ’nete” hore e tsoele pele hang ka mor’a seo a se qotsitseng ho moprofeta oa Kreta. Ba bang ba qala serapa se secha ka temana ea 13.a Ho sa tsotellehe hore na taba ke efe, Pauluse o ne a bontša ho lumellana le eng?
Ho hang o ne a sa lumellane le polelo efe kapa efe e mpe ea morabe e khahlanong le Bakreta. Re ka tiisa hoo, hobane Pauluse o ne a tseba hore Kreta ho na le Bakreste ba molemo bao Molimo o ba amohetseng le ho ba tlotsa ka moea oa Oona o halalelang. (Liketso 2:5, 11, 33) Ho ne ho e-na le Bakreste ba inehetseng ba lekaneng ho etsa liphutheho “metseng eohle.” Le hoja Bakreste ba joalo e ne e se batho ba phethahetseng, re ka tiisa hore e ne e se mahata le menyollo e botsoa; ho seng joalo ba ne ba ke ke ba tsoela pele ba amoheloa ke Jehova. (Ba-Filippi 3:18, 19; Tšenolo 21:8) ’Me joalokaha re fumana lichabeng tsohle kajeno, e ka ’na eaba ho ne ho e-na le batho ba lipelo li tšepahalang Kreta ba neng ba soabisitsoe ke litekanyetso tsa boitšoaro tse hlephileng ho ba pota-pota ’me ba ne ba itokiselitse ho arabela molaetsa oa Bokreste.—Ezekiele 9:4; Bapisa Liketso 13:48.
Ka lehlakoreng le leng, ho ne ho e-na le batho Kreta ba neng ba se na litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro. Pauluse o ile a fumana ho loketse ho qotsa mantsoe ao ho bonahalang a qaliloe ke Epimenides, seroki sa Kreta (moprofeta kapa seboholi) lekholong la botšelela la lilemo B.C.E. Empa Pauluse o ne a lumellana le tlhaloso eo e sebelisitsoeng karolong e ikhethang ea baahi ba Kreta.
Bana e ne e le “ba bolelang mafeela, ba thetsang ba bang” ba neng ba kopana le Bakreste ba tšepahalang ’me ba ne ba leka ‘ho liha ntlo kaofela.’ Ka ’nete bathetsi ba joalo ba lihang ba tšoaneloa ke tlhaloso ea hore ke ‘mahata, libatana tse khopo,’ hoo e ne e le ’nete le ka batho ba neng ba le joalo kae-kae. (2 Timothea 3:6, 13) Ho feta moo, mang kapa mang ea neng a se a ntse a le ka phuthehong ea neng a thetsitsoe hore a nke mekhoa e joalo ho ne ho hlokahala hore a ‘khalemeloe ka thata.’ Kahoo ba ruang molemo ka khalemelo eo ba ne ba ka ’na ba thusoa hore ba bee mohlala mabapi le mesebetsi e metle le ka ‘puo e pholosang e se nang ho nyatseha.’—Tite 2:6-8.
Kaofela ha rōna re lokela ho fumana temoso ho sena. Leeme la morabe kapa la bochaba le ka ’na la tota ho re pota-pota. (Bapisa Johanne 7:47-52.) Re ka ’na ra utloa baahelani, bao re kenang sekolo le bona, kapa basebetsi ’moho ba etsa lipolelo tse nyelisang ka batho ba bang, tse kang, ‘Oho, bao ba leboea kaofela ba soele ebile ha ba na kutloelo-bohloko’; ‘Koana, oa tseba hore na bao ba boroa ba ikhohomosa hakae’; kapa, ‘Ke ho ipea kotsing ho tšepa batho bano ba ka mose ho moeli.’
Re tlameha ho loanela ho qoba ho inehela maikutlong a pharaletseng ao mohlomong a se nang motheo kapa a fetelelitsoeng haholo. Ba bang e ka ’na ea e-ba ba nang le botsoalle le ba khahlang, ba bang e le ba itšehlileng kapa ba sa phuthuloheleng motho eo ba sa mo tsebeng habonolo. Empa, re lokela ho hopola hore ba bang ba bana babo rōna ba Bakreste ha ho pelaelo hore ba tla fumanoa har’a batho ba lihlopha tseo tsa morabe kapa bochaba, hammoho le ba bang ba bangata bao e e-song ho be Bakreste ba ’nete empa ba e-na le litšobotsi tse bohehang le ba lapelang ho loka.
Moapostola Petrose o ile a hatisa ’nete ea hore “Molimo ha o ee ka tšobotsi ea batho. Empa har’a lichaba tsohle, ea o tšabang, le ea etsang ho lokileng, ke eena ea o khahlisang.” (Liketso 10:34, 35) Re ka tiisa ka ho feletseng hore Pauluse o ile a lumellana le hoo, ha re nahana ka taba e tšoanang mangolong a hae le lipuong tsa hae. Le rōna re lokela ho ba joalo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona The New Berkeley Version hammoho le liphetolelo tsa R. F. Weymouth, F. A. Spencer, K. S. Wuest le Abner Kneeland.