Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 5/1 leq. 7
  • ’Nete ea Bibele e “Matla”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ’Nete ea Bibele e “Matla”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bopaki bo Beha Litholoana Hae le Sekolong
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Matla a Fetolang a Lentsoe la Molimo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • “Lentsoe la Molimo . . . le Fana ka Matla”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 5/1 leq. 7

Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha

’Nete ea Bibele e “Matla”

LEFATŠE lena le sebelisa nako e ngata le chelete le leka ho laola liketso tsa batho ba babe. Ho hlonngoe melao e khahlanong le litlōlo tsa molao tse kang tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, bosholu, le bokebekoa; empa melao ena e sitoa ho fetola batho ba babe ba molemo. Ka ’nģa e ’ngoe, Lentsoe la Molimo, Bibele, le na le matla a fetolang, ’me batho ba sebelisang melao le melao-motheo ea lona e ba batho ba lokileng, ba tšepahalang, le ba bonolo.—Ba-Roma 12:2.

◻ Ka mohlala, Lipaki tse peli Australia li ile tsa boela tsa etela bahlankana ba ’maloa, ba neng ba sa sebetse. Ha li kena ka tlung eo bahlankana bana ba neng ba le ho eona, tsa kena ka kamoreng e lefifi, e tletseng mosi. Holim’a tafole ho ne ho na le lintho tseo ba li sebelisang tsa matekoane le liphatlalatso tse khōlō tse nang le litšoantšo tsa ’mino oa rock tse manehiloeng maboteng. Ka leboteng le leng la kamore ho ne ho e-na le liholisa mantsoe tse khōlō tsa katara ea motlakase. E ne e le kamore eo sehlopha sa ’mino oa rock se ikoetlisetsang ho eona. Li ile tsa khona ho qalisa thuto ea Bibele le ba bararo ho banna bana bao e neng e le bana ba motho. Lilemo pejana, ’mè oa bona o ne a ile a ithuta Bibele le Lipaki, ’me ka thuso ea buka ea U Ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, o ne a rutile bashanyana bana ka tšepiso ea Molimo ea paradeise e tlang. Eaba joale lelapa lea falla, ’me thuto ea khaotsa. Hona joale, ha lerato la bona bakeng sa ’nete le tsosolosoa, kapele thutong ea bona ha kopanela metsoalle e ’meli.

Ka likhoeli tse tharo feela, e mong oa bona o ne a paka, ’me khoeli hamorao ba babeli ba ile ba tsamaea le eena. Ba nyahlatsa sehlopha sa ’mino, ’me ka likhoeli tse ’nè, boraro ba bona ba ne ba kopanela mosebetsing oa boboleli. Ka nako e tšoanang, ’mè oa bona, moena oa bona, le khaitseli ea bona e khōlō e nyetsoeng ba qala ho ithuta Bibele. Kapele kamor’a moo motsoalle e mong a kōpa ho ba le thuto ea Bibele. E bile thabo e kaakang ho ba bona bohlano ba bona ba kolobetsoa ka letsatsi le le leng kopanong ea potoloho! Ba babeli ba ntse ba sebeletsa ho kolobetsoa, ha ’mè le morali ba ntse ba tsoela pele hantle. Ka sebele, Lentsoe la Molimo le matla.

◻ Monna e mong Argentina o ne a e-na le mohiruoa ea botsoa le ea bolotsana ’me o ne a mo kolota chelete e ngata. Ka letsatsi le leng mosebeletsi enoa a nyamela. Lilemo tsa feta. Lilemo hamorao, seterateng se haufi le ha hae, monna eo a kopana le eo e kileng ea e-ba mohiruoa oa hae. Eo e kileng ea e-ba mohiruoa a mo lumelisa, ka hore: “Ke ne ke hlile ke ea ha hau ho ea u lefa chelete eo ke u kolotang eona. Chelete ea hau ke ena. Ke u leboha haholo, ’me ke kōpa u ntšoarele ha ke liehile ho e khutlisa.” A maketse, monna eo a ’motsa hore na ke hobaneng ha a entse sena. A araba: “Hona joale ke ithuta Bibele, ’me ke e mong oa Lipaki tsa Jehova. Bibele e re re se ke ra kolota mang kapa mang ntho leha e le efe ha e se lerato. Ke ka hona ke khutlisitseng seo e leng sa hau.” Monna a botsa: “Bibele e na le matla afe hore e hlahise phetoho e kaalo ho motho?” Thuto ea Bibele e ile ea qalisoa le eena, ’me hona joale le eena o ithuta ’nete, o etsa sena sohle ka baka la phetoho e khōlō eo ’nete ea Bibele e e entseng ho eo e kileng ea e-ba mohiruoa.

Batho ba bangata ba lipelo li tšepahalang Argentina ba amohela ’nete e fetolang ea Bibele ’me ba fetola tsela ea bona ea bophelo, joalokaha phihlelo e latelang e bontša.

◻ Paki ea bolela: “Ka letsatsi le leng ha re kokota monyako ha re ntse re le tšebeletsong, ra utloa seboko ka tlung. A arabela ho kokota ha rōna, monna a tsoa—a tuka ke bohale. Ra qala ho hlalosa morero oa leeto la rōna, empa a re tšosa ka ho re leleka setšeng sa hae. Ra tsoela pele ho bua ka boikokobetso le ka bonolo. Hanyane ka hanyane, a ’na a kokobela. Ha re hlokomela sena, ra mo hlalosetsa haholoanyane ka morero o hlollang oa Jehova bakeng sa batho. A anngoe ke sena, monna eo a re makatsa ka hore: ‘Molimo o le rometse koano.’ Eaba joale o re memela ka tlung. Hukung ea ntlo ho ne ho khobokane ‘mosali’ le bana ba bokolla. Eaba o re: ‘Ha le e-tla, ke ne ke le mothating oa ho bolaea lelapa la ka ’me ke ipolaee le ’na. Ke tsielehile! Ke lahlehetsoe ke mosebetsi, ’me joale ba tlil’o re ntša ntlong ea rōna, ’me hape ke na le likoloto tse ngata tseo ke lokelang ho li lefa.’”

Phihlelo ena e bile le qetello e thabisang. Khaitseli o ile a fumanela monna eo mosebetsi, ’me a fumana le ntlo e ’ngoe. Eena le “mosali” oa hae ba qala ho ithuta Bibele ’me ba tiisa lenyalo kamor’a hore ba phele ’moho ka lilemo tse 15.

Joalokaha liphihlelo tsena li bontša ’nete ea Bibele e “matla,” ’me e ka fetola mang le mang ea pelo e nolo ea tla ithuta Bibele le ho e sebelisa.

Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 7]

“Lentsoe la Molimo ke lentsoe le phelang, le matla.”—BA-HEBERU 4:12.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela