Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w16 February maq. 3-8
  • Jehova o Ile a mo Bitsa Motsoalle oa Hae

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova o Ile a mo Bitsa Motsoalle oa Hae
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HO TLILE JOANG HORE ABRAHAMA E BE MOTSOALLE OA JEHOVA?
  • ABRAHAMA O ILE A ETSA’NG HORE A LULE E LE MOTSOALLE OA MOLIMO?
  • HO BA MOTSOALLE OA JEHOVA HOA PUTSA
  • Abrahama e ne e le Mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Molimo o Leka Tumelo ea Abrahama
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Abrahama o ne a E-na le Tumelo e Matla
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Abrahama—O ne a le Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
w16 February maq. 3-8
Abrahama le Isaka ba hloa thaba

Jehova o Ile a mo Bitsa Motsoalle oa Hae

“Uena Iseraele, u mohlanka oa ka, Uena Jakobo, eo ke mo khethileng, peō ea Abrahama motsoalle oa ka.”—ESAIA 41:8.

LIPINA: 91, 22

U KA ARABA JOANG?

  • Lintho tseo Abrahama a neng a li tseba le tse ileng tsa mo hlahela li ile tsa matlafatsa tumelo ea hae joang?

  • Abrahama o ile a etsa’ng ho matlafatsa kamano ea hae le Molimo?

  • U ka etsisa Abrahama joang, e le hore u matlafatse kamano ea hao le Jehova?

1, 2. (a) Re tseba joang hore batho e ka ba metsoalle ea Molimo? (b) Re tlil’o tšohla eng sehloohong see?

KAOFELA ha rōna re hloka ho ikutloa re ratoa. Re hloka ho ba le metsoalle le batho ba re ratang. Empa ka holimo ho tsohle, re hloka ho ratoa ke Jehova. Batho ba bangata ha ba lumele hore ba ka ba le setsoalle se haufi le Molimo, kaha ha a bonahale ebile o matla ’ohle. Empa re tseba ’nete!

2 Bibele e re bolella ka batho bao e neng e le metsoalle ea Molimo. Re lokela ho ithuta mohlaleng oa bona. Hobane’ng? Hobane ho ba le kamano e ntle le Molimo ho lokela ho tla pele bophelong ba rōna. Ka hona, a re ke re tšohleng mohlala oa Abrahama. (Bala Jakobo 2:23.) Ho tlile joang hore e be motsoalle oa Molimo? O ne a e-na le tumelo e matla ho Molimo, ’me a bitsoa “ntat’a bohle ba nang le tumelo.” (Baroma 4:11) Ha re ntse re tšohla mohlala oa hae, ipotse, ‘Nka etsisa tumelo ea Abrahama joang ’me ka matlafatsa setsoalle sa ka le Jehova?’

HO TLILE JOANG HORE ABRAHAMA E BE MOTSOALLE OA JEHOVA?

3, 4. (a) E ka ’na eaba Abrahama o ile a tobana le teko efe e matla ka ho fetisisa ea tumelo? (b) Ke hobane’ng ha Abrahama a ne a ikemiselitse ho etsa Isaka sehlabelo?

3 Ak’u nahane Abrahama ea lilemo li 125 a nyoloha thaba a tsamaea butle.[1] (Sheba ntlha e qetellong ea sehlooho.) A setsoe morao ke mora oa hae Isaka, ea lilemo li ka bang 25. Isaka a nkile patsi, ’me Abrahama a nkile thipa le lintho tseo a tla besa mollo ka tsona. Mohlomong leeto lena e bile le boima ka ho fetisisa bophelong ba Abrahama. Eseng hobane a ne a tsofetse. O ne a ntse a e-na le matla. Leeto leo le ne le le boima hobane Jehova o ne a mo laetse hore a etse sehlabelo ka mora oa hae!—Genese 22:1-8.

Abrahama ha aa ka a mamela Molimo feela tjee, a sa nahane

4 E ka ’na eaba ena e bile teko e matla ka ho fetisisa ea tumelo ho Abrahama. Batho ba bang ba re Molimo o ne a le khopo ha a laela Abrahama hore a etse sehlabelo ka mora oa hae. Ba bang ba re Abrahama o ne a ikemiselitse ho etsa seo hobane a sa rate mora oa hae. Batho ba buang joalo ha ba na tumelo, ebile ha ba tsebe hore na ho ba le tumelo ho bolela’ng le hore na e sebetsa joang. (1 Bakorinthe 2:14-16) Empa Abrahama ha aa ka a mamela Molimo feela tjee, a sa nahane. O ile a mamela hobane a e-na le tumelo ea ’nete. O ne a tseba hore Jehova a ke ke a mo laela hore a etse ntho e tla mo utloisa bohloko ’me e ke ke ea etsolloa. Abrahama o ne a tseba hore haeba a mamela, Jehova o tla mo hlohonolofatsa hammoho le mora oa hae eo a mo ratang. Ke’ng e ileng ea nolofalletsa Abrahama hore a be le tumelo e matla joalo? Ke lintho tseo a neng a li tseba le tse ileng tsa mo hlahela bophelong.

5. E ka ’na eaba ho tlile joang hore Abrahama a tsebe Jehova, hona phello e ile ea e-ba efe?

5 Lintho tseo a neng a li tseba. Abrahama o hōletse motseng oa Ure. Batho ba moo hammoho le ntate oa hae, ba ne ba rapela melimo ea bohata. (Joshua 24:2) Kahoo, ho tlile joang hore Abrahama a tsebe Jehova? Bibele e re Abrahama o ne a amana le mora oa Noe ea bitsoang Sema. ’Me Sema o phetse ho fihlela Abrahama a le lilemo li ka bang 150. Sema o ne a e-na le tumelo e matla, ’me e ka ’na eaba o ’nile a bolella beng ka eena ka Jehova. Le hoja re ke ke ra tiisa taba ena, empa e ka ’na eaba ke eena ea boleletseng Abrahama ka Jehova. Seo Abrahama a ileng a se utloa ka Jehova, se ile sa etsa hore a mo rate ’me kahoo, a ba le tumelo.

6, 7. Lintho tse ileng tsa hlahela Abrahama li ile tsa matlafatsa tumelo ea hae joang?

6 Lintho tse ileng tsa mo hlahela. Ke’ng e ileng ea etsa hore Abrahama a be le tumelo e matla ho Jehova? Batho ba bang ba re lintho tseo re li nahanang li susumetsa tsela eo re ikutloang ka eona, ’me li re susumelletsa ho nka khato. Abrahama o ile a angoa ka ho teba ke seo a ithutileng sona ka Molimo, ’me seo sa etsa hore a be le tlhompho e tebileng ho “Jehova Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa, Moetsi oa leholimo le lefatše.” (Genese 14:22) Bibele e re tlhompho eo ke ‘tšabo ea bomolimo.’ (Baheberu 5:7) Re lokela ho ba le tšabo ea bomolimo e le hore re be metsoalle ea hae. (Pesaleme ea 25:14) Ke sona se ileng sa etsa hore Abrahama a mamele Jehova.

7 Molimo o ile a laela Abrahama le Sara hore ba tlohe Ure, ’me ba ee naheng esele. Ba ne ba se ba hōlile, ’me ba lokela ho lula litenteng bophelo bohle ba bona. Le hoja Abrahama a ne a tseba hore o tla tobana le maemo a mangata a kotsi, o ne a ikemiselitse ho mamela Jehova. Molimo o ile a mo hlohonolofatsa le ho mo sireletsa ka lebaka la ho mamela. Ka mohlala, Jehova o ile a sireletsa Abrahama le Sara ka mohlolo ha Abrahama a ne a le kotsing ea ho bolaoa, hobane marena a mang a ne a batla ho nka Sara. (Genese 12:10-20; 20:2-7, 10-12, 17, 18) Liketsahalo tseo li ile tsa matlafatsa tumelo ea Abrahama.

8. Re lokela ho etsa’ng e le hore re tiise setsoalle sa rōna le Jehova?

8 Na re ka ba metsoalle e haufi ea Jehova? Ka sebele re ka ba eona! Joaloka Abrahama, re lokela ho ithuta ka Jehova. ’Me ke seo le rōna re ka se finyellang. Hona joale, re na le boitsebiso bo bongata ho feta boo Abrahama a neng a e-na le bona. (Daniele 12:4; Baroma 11:33) Bibele e fupere boitsebiso bo bongata ka “Moetsi oa leholimo le lefatše.” Seo re ithutang sona ka Jehova se etsa hore re mo rate le hore re mo hlomphe ka ho tebileng. Ha re rata Molimo re bile re mo hlompha, re tla susumelletseha ho mo mamela. Joale ha re mo mamela, o tla re sireletsa a be a re hlohonolofatse, ’me seo se tla matlafatsa tumelo ea rōna. Ho sebeletsa Jehova ka ho feletseng, ho tla etsa hore re khotsofale, re be le khotso re be re thabe. (Pesaleme ea 34:8; Liproverbia 10:22) Ha re tsoela pele ho ithuta ka Jehova ’me re bona kamoo a re hlohonolofatsang kateng, setsoalle sa rōna le eena se tla tiea le ho feta.

ABRAHAMA O ILE A ETSA’NG HORE A LULE E LE MOTSOALLE OA MOLIMO?

9, 10. (a) Ho hlokahala eng e le hore setsoalle se tiee? (b) Ke’ng e bontšang hore Abrahama o ne a ananela setsoalle sa hae le Jehova a bile a ikemiselitse ho se matlafatsa?

9 Motsoalle ea haufi o tšoana le letlotlo la bohlokoa. (Bala Liproverbia 17:17.) Ha a tšoane le bolompoto feela bo khabisitseng. Setsoalle se tšoana le palesa e ntle e hlokang ho nosetsoa le ho hlokomeloa. Abrahama o ne a ananela setsoalle sa hae le Jehova a bile a se hlokomela. O ile a etsa seo joang?

Setsoalle se tšoana le palesa e ntle e hlokang ho nosetsoa le ho hlokomeloa

10 Abrahama o ile a tsoela pele a tšaba Molimo a bile a mo mamela. Ka mohlala, ha a ne a ea Kanana le lelapa la hae le bahlanka ba hae, o ile a batla tataiso ea Jehova ha a etsa liqeto tse khōlō le tse nyenyane. Selemo pele Isaka a tsoaloa, ha Abrahama a le lilemo li 99, Jehova o ile a mo laela hore a bolotse bohle ba batona ba ntlo ea hae. Na Abrahama o ile a tsilatsila kapa a leka ho ipehela mabaka e le hore a se ke a etsa seo Jehova a se laetseng? Che, o ile a tšepa Jehova ’me ‘hona letsatsing leo,’ a etsa seo a se laetsoeng.—Genese 17:10-14, 23.

11. Ke hobane’ng ha Abrahama a ne a tšoenyehile ka Sodoma le Gomora, hona Jehova o ile a mo thusa joang?

11 Kaha Abrahama o ile a mamela Jehova linthong tsohle esita le linthong tse nyenyane, setsoalle sa bona se ile sa tiea le ho feta. O ne a nolofalloa ho bua le Jehova ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe, a bile a mo botsa lipotso ha a sa utloisise. Ka mohlala, o ne a tšoenyehile ha Jehova a re o tl’o felisa motse oa Sodoma le oa Gomora. Hobane’ng? O ne a amehile ka hore ha Jehova a timetsa batho ba babe, o tla timetsa le ba lokileng. Mohlomong o ne a tšoenyehile ka mong ka eena Lota le ba lelapa la hae, ba neng ba lula Sodoma. Kaha Abrahama o ne a tšepa Jehova, “Moahloli oa lefatše lohle,” ka boikokobetso o ile a mo bolella se mo tšoenyang. Jehova ha aa ka a fella motsoalle eo oa hae pelo, ho e-na le hoo, a bontša hore o mohau. Jehova o ile a mo hlalosetsa hore ha a liha kahlolo, o sireletsa ba lokileng.—Genese 18:22-33.

12, 13. (a) Lintho tseo Abrahama a neng a li tseba ka Jehova le tse mo hlahetseng bophelong li ile tsa mo thusa joang hamorao? (b) Ke’ng e bontšang hore Abrahama o ne a tšepa Jehova?

12 Hoa hlaka hore lintho tseo Abrahama a neng a li tseba ka Jehova le tse mo hlahetseng bophelong, li ile tsa tiisa setsoalle sa bona. Hamorao ha Jehova a mo laela hore a etse sehlabelo ka mora oa hae, o ne a tseba hore Jehova ha a fele pelo, o mohau, o oa tšepahala ebile o oa sireletsa. Abrahama o ne a kholisehile hore Jehova ha a khopo ebile ha a sehlōhō! Ke hobane’ng ha re bua joalo?

13 Pele Abrahama a siea bahlanka ba hae, o ile a re: “Salang mona le esele, empa ’na le moshanyana re batla ho ea mane ho ea rapela ’me re tla khutlela ho lōna.” (Genese 22:5) Abrahama o ne a bolela’ng? Na o ne a ba thetsa ha a re o tla khutla le Isaka, empa a tseba hore o il’o etsa sehlabelo ka eena? Che. Bibele e re Abrahama o ne a tseba hore Jehova a ka khona ho tsosa Isaka bafung. (Bala Baheberu 11:19.) Abrahama o ne a tseba hore Jehova o mo file matla a hore a be le ngoana, le hoja eena le Sara ba ne ba se ba tsofetse. (Baheberu 11:11, 12, 18) Kahoo, o ile a hlokomela hore ha ho letho le ka hlōlang Jehova. Abrahama o ne a sa tsebe hore na ho tla etsahala’ng letsatsing leo. Empa o ne a lumela hore haeba ho hlokahala, Jehova o tla tsosa mora oa hae, e le hore litšepiso tsohle tsa Molimo li ka phethahala. Ke ka lebaka leo Abrahama a bitsoang “ntat’a bohle ba nang le tumelo.”

Abrahama o ne a lumela hore haeba ho hlokahala, Jehova o tla tsosa mora oa hae, e le hore litšepiso tsohle tsa Molimo li ka phethahala

14. Ke’ng e u thatafallang ha u ntse u sebeletsa Jehova, hona mohlala oa Abrahama o ka u thusa joang?

14 Kajeno, Jehova ha a re laele hore re etse sehlabelo ka bana ba rōna, empa o batla hore re mamele litaelo tsa hae. Ka linako tse ling re ka ’na ra se ke ra utloisisa litaelo tseo, kapa tsa re thatafalla. Na u ee u ikutloe ka tsela eo? Ba bang ba thatafalloa ho etsa mosebetsi oa boboleli. Mohlomong ke batho ba lihlong kapa ba thatafalloa ho bua le batho bao ba sa ba tsebeng. Ba bang ba tšaba ho ba mekhelo mosebetsing kapa sekolong. (Exoda 23:2; 1 Bathesalonika 2:2) Haeba u fuoa kabelo e u thatafallang, nahana ka mohlala oa Abrahama o motle oa ho ba le tumelo le sebete. Ha re thuisa ka mehlala ea banna le basali ba ileng ba tšepahala, seo se tla re susumelletsa hore re ba etsise, ’me re tla atamela haufi le Motsoalle oa rōna, Jehova.—Baheberu 12:1, 2.

Abrahama le Sara ba etsa sehlabelo; Abrahama o tšoere thipa ’me o mothating oa ho etsa Isaka sehlabelo; Abrahama o ruta lelapa la hae

SETSOALLE SA ABRAHAMA LE JEHOVA

HA A SA LE URE

  • Abrahama le Sara ba ithuta ka Jehova ’me e ba barapeli ba hae

  • Abrahama o mamela Molimo ’me o tloha Ure

HA A LE LEETONG LA HO EA KANANA

  • Jehova o sireletsa Abrahama le Sara ha ba le leetong

HA A LE KANANA

  • Abrahama o mamela Jehova ’me o bolotsa bohle ba batona ba ntlo ea hae

  • Jehova o mamela seo Abrahama a tšoenyehileng ka sona ka motse oa Sodoma a sa mo felle pelo

  • Jehova o etsa hore Abrahama le Sara ba be le mora

  • Abrahama o bontša tumelo ’me o ikemisetsa ho etsa sehlabelo ka Isaka

  • Abrahama o shoa “a tsofetse ’me a khotsofetse”

HO BA MOTSOALLE OA JEHOVA HOA PUTSA

15. Ke hobane’ng ha re ka tiisa hore Abrahama ha aa ka a ikoahlaea hore ebe o mametse litaelo tsa Jehova?

15 Na Abrahama o ile a ikoahlaea hore ebe o mametse litaelo tsa Jehova? Bibele e re Abrahama o ile ‘a shoa a tsofetse, ’me a khotsofetse.’ (Genese 25:8) Le ha a se a le lilemo 175, Abrahama o ne a ikutloa a khotsofetse ha a nahana ka lintho tse ngata tse mo etsahaletseng bophelong. Hobane’ng? Hobane o ne a nka ho ba motsoalle oa Jehova e le habohlokoa ka ho fetisisa bophelong. Leha ho le joalo, ha Bibele e re Abrahama o shoele “a tsofetse ’me a khotsofetse,” seo ha se bolele hore o ne a sa labalabele ho phela nakong e tlang.

16. Abrahama o tla thabela lintho life Paradeiseng?

16 Bibele e re Abrahama “o ne a letetse motse o nang le metheo ea sebele, motse oo sehahi le moetsi oa oona e leng Molimo.” (Baheberu 11:10) Abrahama o ne a lumela hore ka letsatsi le leng o tla bona motse oo, ka mantsoe a mang, o tla bona ha ’Muso oa Molimo o se o busa lefatšeng. O tla feela a o bone! U ka inahanela hore na Abrahama o tla thaba hakaakang ha a se a phela paradeiseng, ’me a tsoela pele ho matlafatsa setsoalle sa hae le Molimo. O tla thaba ha a utloa hore mohlala oa hae oa ho ba le tumelo, o thusitse bahlanka ba Molimo ka lilemo tse likete! O tla lemoha hore sehlabelo seo a neng a lokela ho se etsa Thabeng ea Moria, se ne se tšoantšetsa ho hong. (Baheberu 11:19) O tla boela a hlokomele hore bohloko boo a ileng a bo utloa ha a lokisetsa ho etsa mora oa hae Isaka sehlabelo, bo thusitse bahlanka ba Jehova ba tšepahalang hore ba utloisise bohloko boo Jehova a ileng a bo utloa, ha a fana ka Mora oa hae Jesu Kreste e le thekollo. (Johanne 3:16) Mohlala oa Abrahama o re thusa ho ananela thekollo le ho feta, e leng ketso e lerato ka ho fetisisa eo re e etselitsoeng!

17. U ikemiselitse ho etsa’ng, hona re tlil’o tšohla eng sehloohong se latelang?

17 E se eka kaofela ha rōna re ka ikemisetsa ho etsisa tumelo ea Abrahama. Re lokela ho ithuta ka Jehova re be re lemohe seo a re etselitseng sona bophelong. Ha re tsoela pele ho ithuta ka Jehova le ho mo mamela, o tla re hlohonolofatsa a be a re sireletse. (Bala Baheberu 6:10-12.) E se eka Jehova e ka ba Motsoalle oa rōna ka ho sa feleng! Sehloohong se latelang, re tlil’o tšohla mohlala oa batho ba bang ba bararo ba tšepahalang, bao e ileng ea e-ba metsoalle ea Molimo.

^ [1] (serapeng sa 3) Qalong Abrahama o ne a bitsoa Abrame ’me Sara a bitsoa Sarai. Empa sehloohong sena re tla sebelisa mabitso ao Jehova a ileng a ba fa ’ona hamorao, e leng Abrahama le Sara.

TLHALOSO EA MANTSOE

  • E le hore re be metsoalle ea Molimo, re lokela ho mo tseba hantle. Ha re tsoela pele ho ithuta ka eena, re tla mo rata le ho mo hlompha ka ho tebileng. Sena se tla re susumelletsa ho mo tšepa le ho mo mamela. Haeba re tsoela pele ho matlafatsa setsoalle sa rōna le Jehova, se tla tšoarella ho ea ho ile

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela