Lipotso tse Tsoang ho Babali
Ho Ba-Heberu 11:26, na ho buuoa ka Moshe e le “Kreste,” kapa ho e-na le hoo e le mofuta oa Jesu Kreste?
Ha moapostola Pauluse a bua ka tumelo ea Moshe, o ile a ngola hore Moshe o ne “a kholoa hoba sekhobo sa Kreste ke monono o fetisang matlotlo a Egepeta; hobane o na a talimile moputso.” (Ba-Heberu 11:26) Ho bonahala eka Pauluse o ne a bua ka Moshe e le “Kreste,” kapa motlotsuoa, ka kutloisiso e itseng.
Bonneteng, ka litsela tse fapaneng Moshe o ile a fana ka mohlala bakeng sa Messia ea tlang. Le hoja Moshe e ne e le moprofeta ka boeena, o ile a bolela esale pele ka moprofeta e moholoanyane ea tlang ea ‘kang eena.’ Bajode ba bangata ba ile ba hlokomela hore Jesu e ne e le “moprofeta,” e leng hoo balateli ba hae ba ileng ba ho tiisa. (Deuteronoma 18:15-19; Johanne 1:21; 5:46; 6:14; 7:40; Liketso 3:22, 23; 7:37) Moshe e ne e boetse e le ’muelli oa Molao oa selekane, empa Jesu o ile a amohela “tšebeletso e fetisang, . . . e le ’muelli oa selekane se fetisang,” selekane se babatsehang se secha. (Ba-Heberu 8:6; 9:15; 12:24; Ba-Galata 3:19; 1 Timothea 2:5) Kahoo ka litsela tse ling ho ne ho ka thoe Moshe e ne e le mofuta oa Messia ea tlang.
Leha ho le joalo, ha ho bonahale eka oo ke oona moelelo oa sehlooho oa Ba-Heberu 11:26. Ha ho na se supang hore Moshe o ne a tseba lintlha tsohle ka Messia, a hopola hantle seo a bileng har’a sona Egepeta e le lebitsong la Messia kapa e le moemeli oa Hae.
Ba bang ba entse tlhahiso ea hore mantsoe a Pauluse ho Ba-Heberu 11:26 a ne a e-na le moelelo o tšoanang le oa polelo ea hae ea hore Bakreste ba mameletse “mahlomola a Kreste.” (2 Ba-Korinthe 1:5) Bakreste ba tlotsitsoeng ba ne ba tseba hore Jesu Kreste o ne a utloile bohloko le hore haeba ba ne ba ‘utloa bohloko le eena ba ne ba tla neoa khanya le eena’ leholimong. Empa Moshe o ne a sa tsebe bohloko boo Messia ea tlang a neng a tla bo utloa, leha e le hore Moshe o ne a e-na le tšepo ea leholimo.—Ba-Roma 8:17; Ba-Kolosse 1:24.
Ho na le kutloisiso e bobebenyana ea hore na ke joang Moshe a ileng “a kholoa hoba sekhobo sa Kreste ke monono.”
Ha Pauluse a ne a ngola “Kreste” ho Ba-Heberu 11:26, o ile a sebelisa lentsoe la Segerike Khri·stouʹ, le nang le moelelo o tšoanang le oa lentsoe la Seheberu Ma·shiʹach, kapa Messia. Ka bobeli mantsoe “Messia” le “Kreste” a bolela “motlotsuoa.” Kahoo Pauluse o ne a ngola hore Moshe o ne a ‘kholoa sekhobo sa motlotsuoa.’ Na Moshe ka boeena o ne a ka bitsoa “motlotsuoa”?
E. Mehleng ea Bibele motho o ne a ka hlomamisetsoa mosebetsing o khethehileng ka hore ho tšeloe oli hlohong ea hae. “Eaba Samuele o nka lenaka la oli, a le tšollela hlohong ea hae [Saule].” “Eaba Samuele o nka lenaka la oli, a mo [Davida] tlotsa har’a banab’abo, ’me moea oa Jehova oa tšoara Davida.” (1 Samuele 10:1; 16:13; bapisa le Exoda 30:25, 30; Levitike 8:12; 2 Samuele 22:51; Pesaleme ea 133:2.) Leha ho le joalo, ba bang, ba kang moprofeta Elisha le Hazaele morena oa Syria, ho buuoa ka bona e le “batlotsuoa” le hoja ho se na bopaki ba hore ba ile ba tšeloa ka oli ea sebele. (1 Marena 19:15, 16; Pesaleme ea 105:14, 15; Esaia 45:1) Ka hona, motho e ne e ka ba “motlotsuoa” ka hore a khethoe kapa a fuoe thomo e khethehileng.
Ka kutloisiso eo Moshe ka boeena e ne e le motlotsuoa oa Molimo, ’me Libibele tse ling li fana ka liphetolelo tse kang “Motlotsuoa oa Molimo” kapa “Motlotsuoa” ho Baheberu 11:26. Moshe o ne a romiloe ho ba moemeli oa Jehova le ho ba ea ntšang Baiseraele Egepeta. (Exoda 3:2-12, 15-17) Le hoja Moshe a ne a hōliselitsoe har’a maruo le khanya tsa Egepeta, o ile a nka thomo ea hae, eo a ileng a e amohela a ba a e phetha, e le ea bohlokoa haholoanyane. Ka baka leo, Pauluse o ne a ka ngola hore Moshe o ne “a kholoa hoba sekhobo sa Kreste ke monono o fetisang matlotlo a Egepeta.”