Le Tlale Thabo
“Barutuoa ba ile ba ’na ba tlala thabo le moea o halalelang.”—Liketso 13:52, “NW.”
1. (a) Thabo ke tholoana ea mofuta ofe? (b) Molimo o lokela ho tlotlisoa ka lebaka la tokisetso efe e thabisang?
THABO! Tšoaneleho ena ea Bokreste ke eona e latelang lerato lethathamong la Pauluse leo ho lona a hlalosang litholoana tsa moea. (Ba-Galata 5:22-25) ’Me thabo eo e tlisoa ke eng? Ke litaba tse molemo tseo lengeloi la Molimo le ileng la li phatlalatsa ho balisa ba ikokobelitseng lilemong tse ka holimo ho 1 900 tse fetileng: “Bonang! Ke le bolella litaba tse molemo tsa thabo e khōlō eo batho bohle ba tla ba le eona, hobane kajeno le tsoaletsoe ’Moloki, e leng Kreste Morena, motseng oa Davida.” Joale lebotho la mangeloi le ile la hlaha ’me la kopanela le lengeloi leo ho roriseng Molimo ka thabo ’me la re: “Khanya e be ho Molimo maholimong a holimo, le lefatšeng e be khotso har’a batho ba hauhetsoeng.”—Luka 2:10-14, NW.
2, 3. (a) Ke hobane’ng ha e ne e le ho loketseng hore Molimo o romele Mora oa oona oa letsibolo hore e tl’o ba Molopolli oa batho? (b) Jesu o ile a phetha merero ea Molimo ka litsela life tse eketsehileng ha a ntse a le lefatšeng?
2 Mohau oa Jehova ho batho o bontšitsoe ka hore o fane ka poloko ka Kreste Morena. Mora enoa oa letsibolo oa Molimo ke mothofatso oa bohlale ba ’nete ’me nakong ea pōpo o hlalosoa a re ka Ntate oa hae: “Joale ke ne ke le mosebetsi ea tiileng le ea tšepahalang pel’a hae, joale ke ne ke tletse thabo letsatsi le letsatsi, ke nyakalletse pel’a hae ketsahalong e ’ngoe le e ’ngoe; ke nyakalletse naheng e behang ea lefatše la hae, e, ke ne ke thabela bara ba batho ka ho felletseng.”—Liproverbia 8:30, 31, Rotherham.
3 Ka hona, e ne e le ho loketseng hore Jehova a romele Mora enoa, ea neng a thabela bara ba batho hakana, hore e be Molopolli oa batho. Empa see se ne se tla tlotlisa Molimo joang? Se ne se tla o bulela tsela ea ho phethahatsa morero oa oona o moholo oa ho tlatsa lefatše batho ba lokileng le ba ratang khotso. (Genese 1:28) Ho feta moo, ha Mora enoa, Jesu, a sa ntsane a le lefatšeng o ne a tla bontša ka tlas’a teko e boima ka ho fetisisa hore motho ea phethahetseng a ka utloa Jehova e le Morena ’Musi oa hae ka botšepehi, ’me ka tsela eo o ne a tla tlosa qoso bobusing ba Ntate oa hae bo loketseng holim’a pōpo ea Hae. (Ba-Heberu 4:15; 5:8, 9) Tsela ea Jesu ea ho boloka botšepehi e ile ea boela ea behela Bakreste bohle ba ’nete mohlala e le hore ba latele mehato ea hae haufi-ufi.—1 Petrose 2:21, NW.
4. Tiisetso ea Jesu e tlisa thabo efe e khōlō, ’me see se lokela ho re khothatsa joang?
4 Jesu o ile a fumana thabo e khōlō ka ho fetisisa ho etseng thato ea Ntate oa hae ka tsela eo, ’me o ile a etsa hoo a lebelletse thabo e khōlō ho feta eo, joalokaha ho Ba-Heberu 12:1, 2 (NW) moapostola Pauluse a bontša: “A re matheng ka tiisetso peisong eo re e lokiselitsoeng, re ntse re talimile ka tieo ho Lenģosa le Leholo le Mophethahatsi oa tumelo ea rōna, Jesu. O ile a tiisetsa thupa ea tlhokofatso ka lebaka la thabo eo a neng a e lokiselitsoe, a sa natse lihlong, ’me o lutse ka letsohong le letona la terone ea Molimo.” Thabo ee ke efe? Hase feela thabo eo Jesu a e fumanang ka ho halaletsa lebitso la Ntate oa hae le ho lopolla batho lefung empa hape ke thabo ea ho busa e le Morena ebile e le Moprista ea Phahameng ha a tsosolosetsa batho ba utloang bophelong bo sa feleng lefatšeng la paradeise.—Mattheu 6:9, BPN; 20:28; Ba-Heberu 7:23-26.
5. “Baena” ba Jesu ke bo-mang, ’me ba kopanela thabong efe e ikhethang?
5 E, ka mehla Mor’a Molimo o ’nile a thabela ho sebeletsa batho. Hape o ile a thabela ho sebeletsa hammoho le Ntate oa hae ho khetheng sehlopha sa batho ba bolokang botšepehi bao a ba bitsang “baena” ba hae ba tsosetsoang leholimong ha ba e-shoa. Batho bana ba kena thabong e ikhethang hammoho le Jesu. Ba bitsoa ‘ba thabileng le ba halalelang,’ ’me “e tla ba baprista ba Molimo le ba Kreste, ’me ba tla busa joaloka marena hammoho le eena ka lilemo tse sekete.”—Ba-Heberu 2:11, NW; Tšenolo 14:1, 4; 20:6, NW.
6. (a) Morena o fa “linku tse ling” tsa hae memo efe? (b) Ba bangata ba linku tsena tse ling ba thabela litokelo life kajeno?
6 Ho feta moo, bongata bo boholo ba “linku tse ling,” tseo Morena ea busang a li khethelang ka letsohong la hae le letona la bao a ba amohelang, li amohela memo ena: “Tloong, lōna ba hlohonolofalitsoeng ke Ntate, le je lefa la ’muso oo le o lokiselitsoeng ho tloha ho thehoeng ha lefatše.” (Johanne 10:16; Mattheu 25:34, NW) Eo ke tokelo e thabisang hakaakang! Esita le hona joale ba bangata har’a bana ba tlang ho ja lefa la lefatše tlas’a puso ea ’Muso oo, ba se ba ntse ba amohela likabelo tsa boikarabelo ba sebetsa hammoho le batlotsuoa, feela joalokaha Jehova a ile a bolela esale pele: “Balichaba ba tla ba teng, ba alose mehlape ea lōna; bana ba basele ba tla le lemela, ba le hlomele merara. Empa lōna, le tla bitsoa baprista ba Jehova, le bahlanka ba Molimo oa rōna.” Bana bohle ba kopanela le moprofeta oa Molimo phatlalatsong e reng: “Ke tla ithabela ho Jehova, moea [“sephefumolohi,” NW] oa ka o nyakalle ho Molimo oa ka, hobane o nkapesitse ka liaparo tsa poloko.”—Esaia 61:5, 6, 10.
7. Ke hobane’ng ha “letsatsi” lee le qalileng ka 1914 e le le khethehileng haholo?
7 Hona joale re phela letsatsing le khethehileng haholo. Ho tloha ka 1914 ho ile ha qaleha letsatsi la ho busa ha Kreste e le Morena oa leholimo, le hlalositsoeng Pesalemeng ea 118:24, 25 (NW): “Lena ke letsatsi le entsoeng ke Jehova; re tla thaba ’me re nyakalle ho lona. Joale, Jehova, ka kōpo boloka! Joale, Jehova, ka kōpo fana ka katleho!” Ke letsatsi le tla fihla tlhorong ha Jehova a timetsa bolumeli ba Babylona ’me a kopanya monyaluoa oa Kreste ea entsoeng ka baena ba 144 000 le Morena oa bona oa leholimo. Batho ba Molimo kaofela ba tla ‘thaba ’me ba nyakallele’ sena. Ba tla thaba hape ha Morena oa bona Messia a loana Harmagedone bakeng sa ho boloka sechaba sa hae se tšepahalang hore se kene lefatšeng la hae le lecha la ho loka. (Tšenolo 19:1-7, 11-16) Na Jehova o fa batho ba hae katleho ha ba ntse ba phatlalatsa tšepo ee e thabisang? Tlaleho e latelang e tla hlalosa.
Katoloso Lefatšeng Lohle
8. (a) Thabo ea moea o halalelang e bonahala joang tlalehong e maqepheng a 18 ho ea ho 21 a makasine oo? (b) Lintlha tse ling tse khōlō tsa tlaleho ee ke life?
8 Lipaki tsa Jehova tsa mehleng ea kajeno li “tletse tšepo ka matla a moea o halalelang.” (Ba-Roma 15:13, NW) Sena se bonahala chateng e maqepheng a 18 ho ea ho 21 a makasine ona, moo ho bontšitsoeng ka ho hlaka tlaleho ea tšebeletso ea ’Muso lefatšeng lohle bakeng sa 1990. Re thaba hakaakang ha re bona tlhoro e ncha ea basebeletsi ba 4 017 213 ba sebetsang ka mafolo-folo tšimong! Sena se bontša hore ho bile le keketseho ea karolo ea 77 lekholong lilemong tse leshome tse fetileng, ha ho bokelloa ha linku ho ntse ho eketseha ka potlako linaheng tse 212 lefatšeng ka bophara. Ka mor’a lilemo tse 15, lenane la ba ileng ba kolobetsoa le ile la boela la fihla tlhorong e phahameng ka ho fetisisa—ea ba 301 518! Ho bile le manane a phahameng ka mokhoa o sa tloaelehang likopanong tse ngata, ka ho khetheha likopanong tseo Lipaki tsa Europe Bochabela li neng li ile ho tsona. Ho ne ho e-na le bacha ba bangata har’a batho bana, e leng ho ileng ha shanofatsa polelo ea batho ba tšehetsang puso eo ho eona moruo oohle o laoloang ke ’muso e neng e re bolumeli bo tla shoa le batho ba hōlileng.
9. (a) Koetliso ea botsoali e qalang bonyenyaneng e tlisa phello efe e thabisang? (b) Ke liphihlelo life tsa sebaka sa heno kapa tsa libaka tse ling tse bontšang see?
9 Matšoele a bacha a arabela mohoo o Pesalemeng ea 32:11: “Ithabiseng ka Jehova, le nyakalle ho eena, lōna ba lokileng; ’me le bine, lōna bohle ba pelo tse lokileng!” Hoa bonahala hore batsoali ba bangata ba sebelisa keletso ea ho koetlisa bana ba bona “ho tloha boseeng.” (2 Timothea 3:15, NW) Libuka le litheipi tse lokiselitsoeng bana ba banyenyane li sebelisoa hamolemo. Ha bana bana ba qala ho kena sekolo, ka potlako ba se ba qala ho fana ka bopaki, joalokaha ho bontšoa ke mohlala oa ngoanana oa Lejapane ea lilemo li robeli ea ileng a tlaleha: “Ka mor’a matsatsi a phomolo ea lehlabula, ke ile ka atamela tichere ea ka ’me ka e botsa: ‘Na u ile ua ea lebitleng la ntate oa hao nakong ea matsatsi a phomolo?’ E ile ea arabela: ‘E, ntate o ne a le mosa haholo, ’me ke etela lebitla la hae selemo se seng le se seng.’ Ke ile ka re: ‘Haeba u ka ithuta Bibele ’me ua latela lithuto tsa Molimo, u tla khona ho bona ntate oa hao ea lerato paradeiseng ea lefatšeng.’ Eaba ke e fa Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele. Hona joale tichere ea rōna e balla sehlopha kaofela khaolo e le ’ngoe ea buka ena nakong ea lijo tsa motšehare beke e ’ngoe le e ’ngoe.”
10. Buka Bacha Baa Botsa e phethile morero ofe o motle, ’me mehlala e meng ke efe?
10 Bacha ba pakeng tsa lilemo tse 13 le tse 19 ba ’nile ba sebelisa hamolemo buka Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang, bakeng sa thuto ea botho le ho pakeleng bacha ba bang. Batsoali le bona ba ’nile ba ananela buka ena. Khaitseli e mong oa Switzerland, ea neng a ngoliselitse ho ba pula-maliboho ea thusang, o ile a etsa qeto ea ho etela batsoali ba bana ba kenang sekolo le ngoan’a hae. Sena se ile sa ipaka e le qaleho ea lipuisano tse ntle tseo a ileng a ba le tsona le batsoali ba bangata, ’me ba ile ba sieloa libuka tse 20 (boholo ba tsona e le tsa Bacha Baa Botsa) le limakasine tse 27. Ha ngoanana e mong ea ntseng a kena sekolo oa Trinidad a tsamaisetsa tichere ea hae buka ena sekolong, ’mè oa hae o ile a sala thahasello morao, a tsamaisa likopi tse 25 har’a basebetsi ba sekolo seo ba 36. Khoeling e latelang o ile a tsoela pele ho lebisa tlhokomelo ka ho khethehileng ho batsoali bao a neng a ba tseba ka ho toba, a tsamaisa libuka tse ling tse 92 ’me a qala lithuto tsa mahae tsa Bibele tse ncha. Korea tichere e ’ngoe ea sekolo se mahareng e ile ea sebelisa buka Bacha Baa Botsa ha e fana ka linehelano tse khutšoanyane litabeng tse kang “Nka Ntlafatsa Lintlha tsa ka tsa Lithuto tsa Sekolo Joang?” le “Nka Sebelisana Joang le Tichere ea ka” eaba e nehelana ka buka eo. Ka mor’a hore liithuti li amohele libuka tse 39, batsoali ba bang ba ile ba qala ho tletleba. Empa mookameli oa sekolo o ile a hlahloba buka eo, a bolela hore ke e “babatsehang,” eaba o odara e ’ngoe bakeng sa morali oa hae.
Thuto e Ntle ka ho Fetisisa
11, 12. Bopaki bo bong bo pakang ’nete ea hore likhatiso tsa Mokhatlo oa Watch Tower li fana ka thuto e ntle ka ho fetisisa ke bofe?
11 Ba bangata ba boetse ba ananela molemo oa ho ruta oo limakasine tsa rōna li nang le oona, joalokaha hoo ho bontšoa ke mohlala oa sekolo se seng sa U.S. se ileng sa odara likopi se 1 200 tsa Awake! ea July 22, 1990, (Tsoha! ea August 8, 1990, e ileng ea pepesa bokhoba ba crack) bakeng sa ho e sebelisa lihlopheng tsa sona. Ho feta moo, boitšoaro ba bana ba Lipaki tsa Jehova bo behang mohlala o motle likolong bo tsoela pele ho khahla batho. Ka phaposing e ’ngoe e lerata ea thupelo Thailand, tichere e ile ea bitsa Racha ea lilemo li 11 hore a fetele ka pel’a sehlopha ’me ea mo babatsa ka boitšoaro ba hae, ea re: “Ke hobane’ng ha lōna kaofela le sa mo talime e le mohlala? O sebetsa ka thata lithutong tsa hae ’me o itšoere hantle.” Joale e ile ea phaella: “Ke nahana hore le ne le tla lokela ho fetoha Lipaki tsa Jehova joaloka Racha hore le ntlafatse boitšoaro ba lōna.”—Bapisa le Liproverbia 1:8; 23:22, 23.
12 Khaitseli e mong e monyenyane oa Dominican Republic oa ngola: “Ha ke le lilemo li ’nè feela, ke ne ke se ke le haufi le ho qeta sekolong sa bolumeli sa bana ba banyenyane, moo ke neng ke ithutile ho bala le ho ngola. Ke ile ka fa moitlami eo e neng e le tichere ea ka buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng e le mpho hammoho le molaetsa o reng: ‘Ke leboha haholo hore e be u nthutile ho bala le ho ngola. Ke lakatsa hape hore u utloisise tumelo ea ka ’me u be le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng lena ha le se le fetotsoe paradeise.’ Ke ile ka lelekoa sekolong seo ka lebaka la sena. Lilemo tse robeli hamorao ke ile ka kopana le tichere ena. E ile ea mphetela kamoo e ileng ea khona ho bala buka eo ka teng, ho sa tsotellehe khanyetso e matla ea moprista. E ile ea fallela motse-moholo, moo e ileng ea tsoela pele ho ithuta Bibele le Paki e ’ngoe. E ile ea kolobetsoa hammoho le ’na Kopanong ea Setereke ea ‘Puo e Hloekileng.’” Joalokaha ho profetiloe, bohlale bo ka hlaha esita le ‘ka melomo ea bana ba anyang’!—Mattheu 21:16; Pesaleme ea 8:1, 2.
13. Bacha ba bangata ba arabela joang keletsong ea Salomone, ’me see se bonahala joang tlalehong ea lefatše ka bophara?
13 Salomone o ile a fana ka keletso e khothatsang: “Mohlankana, thabela bocha ba hao, ’me pelo ea hao e ke e u nyakalatse matsatsing a bocha ba hao, u tsamaee ka lithato tsa pelo ea hao.” (Moeklesia 11:9) Kajeno hoa thabisa ho bona bana ba bangata hakana ba Lipaki tsa Jehova ba sebelisa mantsoe ana, ba sebelisa lilemo tsa bona tsa bocha ho lokisetsa bophelo ba tšebeletso ea nako e tletseng ho Jehova le ho kena mosebetsing ona o babatsehang ho feta mesebetsi eohle ha ba qeta sekolong. Manane a bo-pula-maliboho a tsoela pele ho eketseha ka potlako, ’me ba 821 108 ba ile ba tlaleha bohareng ba selemo. Ha ba kopana le baena le bo-khaitseli ba 11 092 ba sebeletsang Bethele, ba etsa karolo ea 21 lekholong ea bahoeletsi bohle!
14. Bo-khaitseli ba rōna ba fana ka tlatsetso efe, ’me ba lokeloa ke pabatso efe?
14 Hoa thahasellisa hore linaheng tse ngata, tse kang United States, hoo e ka bang karolo ea 75 lekholong ea bahoeletsi bohle ba bulang maliboho ke bo-khaitseli, e leng ho hatisang mantsoe a Pesaleme ea 68:11 (NW): “Jehova ka boeena oa bua; basali ba bolelang litaba tse molemo ke lebotho le leholo.” Bo-khaitseli ba rōna ba lokela ho babatsoa ka hore ba etsa karolo e khōlō ea mosebetsi oa tšimo. Ho ruta ha bona ho hloahloa lithutong tsa mahae tsa Bibele ho tlisa ba bangata ’neteng, ’me bo-khaitseli ba nyetsoeng bao ka botšepehi ba tšehetsang banna ba bona ba nang le mesebetsi e mengata ka phuthehong le bona ba lokela ho babatsoa ka mofuthu.—Liproverbia 31:10-12; Ba-Efese 5:21-25, 33.
Thuto ea Bibele e Atleha Haholo
15. (a) Linaha tse ling tse thathamisitsoeng tlalehong ea lefatše ka bophara li bontšitse mosebetsi o phahameng haholo oa lithuto tsa Bibele tsa mahae joang? (b) U ka pheta liphihlelo life, tse bontšang kamoo lithuto tsa Bibele e ka bang tse behang litholoana ka teng?
15 Mosebetsi oa thuto ea Bibele o atleha haholo, ’me ka karolelano ho khannoa lithuto libakeng tse 3 624 091 lefatšeng ka bophara khoeli e ’ngoe le e ’ngoe. ’Nete ea Bibele e ka fetola botho ba batho, joalokaha tlaleho e tsoang New Zealand e bontša. Mathoasong a January 1987, monna e mong o ile a tlosoa Australia eaba o isoa New Zealand ka mor’a hore a qete kahlolo ea likhoeli tse 25 teronkong ka lebaka la bosholu ba likhoka le ho etsa litokomane tsa bolotsana. O ile a qeta nako e fetang lilemo tse 17 a lemalletse lithethefatsi a bile a li rekisa. Selemong se latelang mosali oa hae o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, ’me ha tsebo ea hae e ntse e eketseha, monna oa hae o ile a hlokomela phetoho e tsotehang boitšoarong ba hae. O ile a fetoha mosali le ’mè ea molemonyana. Ka lebaka la ho qophelloa ke mosali oa hae, o ile a ea kopanong ea potoloho ka June 1989. Joale o ile a amohela thuto ea lehae ea Bibele, ’me liphetoho tse khōlō li ile tsa qala ho bonahala ponahalong ea hae le mokhoeng oa hae oa bophelo. Litho tse supileng kaofela tsa lelapa leo li ile tsa qala ho ea libokeng. O ile a kolobetsoa ka January 1990 e le e mong ea ileng a latela keletso ea Pauluse e babatsehang e ho Ba-Efese 4:17-24. (NW)
16. (a) Ke joang litlaleho tsa Sehopotso tsa 1990 e leng mohloli oa thabo? (b) Ke ho potlaka hofe ha linako ho lokelang ho eloa hloko, ’me re lokela ho etsa boiteko bofe ba ho thusa?
16 Tšobotsi e hlahelletseng ea tlaleho ea selemo sena ke lenane le ikhethang la ba 9 950 058 ba ileng ba e-ba teng moketeng oa Sehopotso, o neng o tšoeroe ka Labobeli, la 10 April, 1990. Linaha tse fetang 70 har’a tse 212 li tlalehile manane a ba neng ba le teng Sehopotsong a menang tlhoro ea tsona ea bahoeletsi ka makhetlo a ka holimo ho a mararo! Ka mohlala, ho sa tsotellehe lithibelo, linaha tse supileng tsa Afrika tse nang le tlhoro e kopaneng ea bahoeletsi ba 62 712 li ile tsa tlaleha lenane la ba 204 356 ba neng ba le teng Sehopotsong. Bahoeletsi ba 1 914 ba Liberia e tsekollotsoeng ke ntoa ba ile ba thabela ho ba le ba 7 811 Sehopotsong. Haiti, e nang le tlhoro ea bahoeletsi ba 6 427, e tlalehile lenane la ba 36 551. Bahoeletsi ba 886 ba lihleke-hlekeng tse qalikaneng tsa Micronesia ba bile le lenane la ba 3 958. Bahoeletsi ba 1 298 ba Sri Lanka ba ile ba tlaleha lenane la ba 4 521, ’me Zambia, e nang le bahoeletsi ba 73 729, e ile ea ba le ba 326 991 Sehopotsong, e leng karolelano ea motho a le mong bakeng sa batho ba 25 ho baahi ba Zambia. Tlaleho ea lefatše lohle e boetse e senola hore ho na le limillione tsa batho ba tiileng ba emetseng ho bokelleloa ka lesakeng la linku. Empa ho tiea feela ha hoa lekana. Na re ka eketsa le ho ntlafatsa boleng ba mosebetsi oa rōna oa lithuto tsa mahae tsa Bibele, e le hore re thuse batho ba eketsehileng ba neng ba le teng Sehopotsong hore ba be le tumelo e matla? Re batla hore ba fetohe metsoalle ea rōna e mafolo-folo, ba rorise Jehova. Hoo ho tla bolela bophelo ho bona!—Pesaleme ea 148:12, 13; Johanne 17:3; 1 Johanne 2:15-17.
Thabo e Felletseng
17. Ke mehlala efe ea lekholong la pele la lilemo e lokelang ho re thusa ho matlafatsa boikemisetso ba rōna ba ho boloka thabo ea rōna ka tieo?
17 Ho sa tsotellehe liteko tseo re thulanang le tsona, a re ikemisetseng ho boloka thabo ea rōna ka tieo. Mohlomong re ke ke ra lokela ho feta phihlelong e thata joaloka ea Setefane, empa mohlala oa hae o ka re matlafatsa. Ha a qosoa, o ile a khona ho ipoloka a thabile. Lira tsa hae li ile tsa “bona sefahleho sa hae se le joale ka sefahleho sa lengeloi.” Molimo o ile oa ema le eena nakong ea kahlolo ea hae e bohloko. O ile a paka ka sebete, a “tletse moea o halalelang” ho fihlela lefung la hae la boshoela-tumelo. Ha Pauluse le Barnabase ba retelehela ho lichaba boboleling ba bona, batho bana ba lichaba le bona ba ile ba “qala ho thaba le ho tlotlisa lentsoe la Jehova.” Mahloriso a ile a boela a hlaha. Empa ha aa ka a nyahamisa ba lumetseng. “Barutuoa ba ile ba ’na ba tlala thabo le moea o halalelang.” (Liketso 6:15; 7:55, NW; 13:48-52, NW) Ho sa tsotellehe seo lira tsa rōna li ka re etsang sona, ho sa tsotellehe liteko tseo re thulanang le tsona bophelong letsatsi le letsatsi, re tlameha hore le ka mohla re se lumelle hore thabo ea rōna ea moea o halalelang e senngoe. Pauluse oa eletsa: “Thabelang tšepong, le mamelle matšoenyehong, le tiee thapelong.”—Ba-Roma 12:12.
18. (a) Jerusalema e Mocha ke eng, hona ke hobane’ng ha batho ba Molimo ba lokela ho thaba le eena? (b) “Maholimo a macha le lefatše le lecha” a tla hlohonolofatsa batho joang?
18 Tšepo eo ke e tsotehang hakaakang! Jehova o bolella batho ba hae kaofela: “Hobane bonang, ke ea bōpa maholimo a macha le lefatše le lecha; tse fetileng ha li sa tla hlola li hopoloa, li ke ke tsa khutlela mehopolong.” Morena Kreste hammoho le “Jerusalema e Mocha” (eo hona joale e seng e le motse-moholo oa mokhatlo o hlophisitsoeng oa leholimo oa Molimo, “Jerusalema oa holimo”) le mokhatlo oa lefatše le lecha ba tla tlisetsa batho thabo e khaphatsehang. (Ba-Galata 4:26) Tsoho ea bafu, ho tsosolosetsoa ha batho bohle ba utloang bophelong bo sa feleng phethehong ea botho, bokamoso bo sa feleng ba bophelo bo putsang, bo mahlaha-hlaha lefatšeng la paradeise—ena ke tšepo e hlollang le lebaka le leholo hakaakang la ho nyakalla! Joalokaha Jehova ka boeena a ‘thabisoa ke Jerusalema ’me a nyakalatsoa ke batho ba hae,’ ka ho tšoanang moprofeta oa hae o ntša mohoo o mong o eang ho batho ba Molimo: “Lōna bohle ba ratang Jerusalema, thabang le nyakalle ’moho le eona; lōna bohle ba e llelang, thabang haholo ’moho le eona.” (Esaia 65:17-19; 66:10, BPN; Tšenolo 14:1; 20:12, 13; 21:2-4) E se eka ka mehla re ka tlala thabo le moea o halalelang ha re ntse re ela hloko keletso ea moapostola Pauluse: “Ithabeleng Moreneng ka mehla; ke boela ke rialo, ke re: Ithabeleng.”—Ba-Filippi 4:4.
Ho Akaretsa Thabo ea Rōna:
◻ Jesu o re sietse mohlala ofe oa ho tiisetsa ka thabo?
◻ Lihlopha tse peli tsa batho ba inehetseng li na le mabaka afe a ho thaba?
◻ Ba bacha le ba hōlileng ba nyakalla ’neteng joang kajeno?
◻ Ha re hlahloba tlaleho ea 1990, hona joale ho fanoa ka karabelo efe thapelong e reng, “Jehova, ka kōpo fana ka katleho”?
◻ Thabo e felletseng e tla finyelloa neng hona joang?
[Chate e leqepheng la 18-21]
TLALEHO EA SELEMO SA TŠEBELETSO SA 1990 EA LIPAKI TSA JEHOVA LEFATŠENG LOHLE
(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Lengeloi la Jehova le ile la tsebahatsa hore tsoalo ea Kreste Morena ke “litaba tse molemo tsa thabo e khōlō”