Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 9/1 maq. 28-31
  • Lumella “Polelo” ea Jehova Hore e U Sireletse

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lumella “Polelo” ea Jehova Hore e U Sireletse
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sechaba se Sirelelitsoeng ka Bohlale ba Molimo
  • Batho ba Sirelelitsoeng ka Melao-motheo
  • Lumella “Polelo” ea Jehova Hore e Sireletse Pelo ea Hao
  • Lentsoe la Molimo le Sireletsa Phutheho
  • Ho Sireletsoa ke “Monko o Monate”
  • Jehova o Sireletsa ba mo Tšepileng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • “U Sireletse Pelo ea Hao”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Na “Bohlale bo Tsoang Leholimong” bo Tataisa Bophelo ba Hao?
    Atamela ho Jehova
  • ‘Ho Loana le Makhotla a Moea a Khopo’
    Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 9/1 maq. 28-31

Lumella “Polelo” ea Jehova Hore e U Sireletse

KA 490 B.C.E. ho ile ha hlanakoa ntoa ea bohlokoa ea Marathon, ha Baathene ba ka bang likete tse 10 ho ea ho tse 20 ba ne ba loana le lebotho la masole a Persia le leholo haholo. Leqheka le ileng la thusa Bagerike ntoeng eo e ne e le phalanx—e leng lebotho la masole a teteaneng a bapisitseng lithebe joalokaha eka ke lebota leo ho seng letho le neng le ka le phunyelletsa. Masole ana a ne a hlomela ka marumo. Leqheka leo le ile la thusa Baathene hore ba ikhapele setumo ka ho hlōla mabotho a maholohali a Bapersia.

Bakreste ba ’nete ba loana ntoa ea moea. Ba loana le lira tse matla ka ho fetisisa—e leng babusi ba sa bonahaleng ba tsamaiso ea kajeno e khopo bao Bibele e ba hlalosang e le “babusi ba lefatše ba lefifi lena, . . . makhotla a moea a khopo a leng libakeng tsa leholimo.” (Baefese 6:12; 1 Johanne 5:19) Batho ba Molimo ba hlōla mocha-o-chele—empa ha ba hlōle ka matla a bona. Ke Jehova ea ba fileng matla a ho hlōla, kaha ke eena ea ba sireletsang le ho ba fa litaelo, joalokaha Pesaleme ea 18:30 e re: “Polelo ea Jehova e hloekile. Ke thebe ho bohle ba tšabelang ho eena.”

Re ke ke ra latola hore Jehova o sireletsa bahlanka ba hae ba tšepahalang likotsing tsa moea ka “polelo” ea hae e hloekileng e ka Mangolong a Halalelang. (Pesaleme ea 19:7-11; 119:93) Ha Solomone a ne a bua ka bohlale bo bonahalang ka Lentsoeng la Molimo, o ile a ngola tjena: “U se ke ua bo tlohela, ’me bo tla u boloka. Bo rate, ’me bo tla u sireletsa.” (Liproverbia 4:6; Moeklesia 7:12) Bohlale ba Molimo bo re sireletsa joang kotsing? Nahana ka mohlala oa Baiseraele ba mehleng ea khale.

Sechaba se Sirelelitsoeng ka Bohlale ba Molimo

Molao oa Jehova o ne o sireletsa le ho tataisa Baiseraele likarolong tsohle tsa bophelo ba bona. Ka mohlala, melao e neng e bua ka phepo, bohloeki le ho ntša motho har’a motse ka lebaka la lefu le tšoaetsanoang e ile ea thibela mafu a mangata a neng a tletse lichabeng tse ling. Ke feela ka mor’a hore lekholong la bo19 la lilemo bo-ramahlale ba sibolle hore ho na le likokoana-hloko ba ileng ba qala ho ipapisa le Molao oa Molimo. Melao ea ho ba le tšimo, ea ho rekolla, ea ho hlakola likoloto le ea ho batla tsoala e ile ea tsoela Baiseraele molemo o moholo hobane e ne e etsa hore ho be le khutso sechabeng ’me litaba tsa moruo li tsamaisoe ka toka. (Deuteronoma 7:12, 15; 15:4, 5) Molao oa Jehova o ne o boetse o thusa Baiseraele hore ba baballe mobu! (Exoda 23:10, 11) Litaelo tse neng li hanela borapeli ba bohata li ne li sireletsa sechaba moeeng, e le hore se se ke sa hatelloa ke bademona, se se ke sa etsa mahlabelo ka bana hape se se ke sa etsa lintho tse ling tse mpe, re se re sa re letho ka mekhoa ea batho e hlabisang lihlong ea ho khumamela litšoantšo tse sa pheleng.—Exoda 20:3-5; Pesaleme ea 115:4-8.

Ho hlakile hore “polelo” ea Jehova ha ea ka ea e-ba “lentsoe la lefeela” ho Baiseraele; ho fapana le moo, e ne e bolela bophelo ho bohle ba neng ba e mamela ebile e ne e ka lelefatsa matsatsi a bona. (Deuteronoma 32:47) Le hoja Bakreste ba se tlas’a selekane sa Molao, ho ka boela ha buuoa joalo ka ba mamelang lipolelo tsa Jehova tse bohlale kajeno. (Bagalata 3:24, 25; Baheberu 8:8) Ha e le hantle, Bakreste ha ba sebelise letoto le lelelele la melao, empa ba na le melao-motheo e batsi ea Bibele e ba tataisang le ho ba sireletsa.

Batho ba Sirelelitsoeng ka Melao-motheo

Melao e ka ’na ea se sebetse litabeng tse itseng kapa ea e-ba ea nakoana feela. Leha ho le joalo, melao-motheo ea Bibele eo hangata e leng linnete tsa motheo, e atisa ho sebetsa maemong a mangata ebile e sebetsa ka nako e telele. Ka mohlala, ak’u nahane ka molao-motheo o ngotsoeng ho Jakobo 3:17, oo ha re qotsa karolo e ’ngoe ea oona e reng: “Bohlale bo tsoang holimo pele ho tsohle bo hloekile, hape bo na le khotso.” ’Nete ee ea motheo e ka sireletsa batho ba Molimo joang kajeno?

Ho hloeka ho bolela ho itšoara hantle. Kahoo, ba nkang bohloeki e le ba bohlokoa, ha ba qobe boitšoaro bo litšila feela, empa ba boetse ba qoba le lintho tse lebisang boitšoarong bo litšila tse akareletsang ho nahana ka ho kopanela liphate le ho shebella litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro. (Matheu 5:28) Ka ho tšoanang, baratani ba utloisisang molao-motheo o ho Jakobo 3:17 hantle, ba tla qoba ho tloaelana ka tsela e ka etsang hore ba hlōlehe ho itšoara. Kaha ba tataisoa ke molao-motheo, ha ba hoheloe ke ho se hloeke, mohlomong ba be le monahano oa hore hafeela ba e-s’o tlōle molao oa Molimo, Jehova o ntse a amohela boitšoaro ba bona. Baa tseba hore Jehova “o bona seo pelo e leng sona” ebe o nka khato e loketseng. (1 Samuele 16:7; 2 Likronike 16:9) Baratani ba bohlale joalo ba sireletsa ’mele ea bona mafung a mangata a tšoaetsanoang ka ho kopanela liphate ao e leng kobo-anela kajeno ebile ba sireletsa menahano le maikutlo a bona.

Jakobo 3:17 e re bohlale bo tsoang ho Molimo bo boetse “bo na le khotso.” Rea tseba hore Satane o leka ho re arohanya le Jehova ka ho kenya moea oa pefo ka lipelong tsa rōna. ’Me lintho tse ling tseo a li sebelisang ke lingoliloeng tse sa hlompheheng, libaesekopo, ’mino le lipapali tse bapalloang k’homphieutheng, ’me ho tse ling ho bontšoa libapali tse khothalletsang bokhopo le lipolao tse sehlōhō ka tsela e tšabehang! (Pesaleme ea 11:5) Ho bontša hore Satane oa atleha tabeng ena ho bonahala ka tlōlo ea molao e sehlōhō e ntseng e hloa mekoalaba. Ha koranta e ’ngoe ea Australia e bitsoang The Sydney Morning Herald e bua ka tlōlo ena ea molao e ile ea qotsa Robert Ressler, ea ileng a qapa lentsoe la Senyesemane “serial killer” le bolelang ’molai oa batho ba bangata. Ressler o re babolai bao a ileng a buisana le bona ka bo-1970 ba ne ba susumelitsoe ke litšoantšo le libuka tse bontšang manyala tse hlephisang boitšoaro “tseo ha bo bapisoa le tsa kajeno, li neng li se mpe hakaalo.” Kahoo, Ressler o ile a hlalosa hore ho “bonahala eka naha e sa ntse e tla ja boea, etsoe babolai ba bolaeang batho ba bangata ba ntse ba tla eketseha.”

Eitse ka mor’a hore ho hlahe mantsoe ao litabeng, ho ile ha feta likhoeli li se kae feela, eaba rasethunya e mong o bolaea masea a 16 le mosuoetsana oa ’ona kerecheng e ’ngoe ea Dunblane, Scotland, eaba oa ipolaea. Khoeling e latelang rasethunya e mong ea befileng o ile a bolaea batho ba 32 toropong e se nang merusu ea Port Arthur, e profensing ea Tasmania, Australia. Lilemong tsa morao-rao tjena, batho ba United States ba ’nile ba haroha matsoalo ha ba utloa ka lipolao tsa larita tse etsahalang likolong tse ngata, hoo ba ipotsang hore na ke hobane’ng ha ho etsahala lintho tse joalo. Ka June 2001, naha ea Japane e ile ea hlahella litabeng tsa lefatše, ha monna e mong ea neng a loloma ke bohale a kena sekolong se seng ’me a bolaea bana ba robeli ba sehlopha sa pele le sa bobeli ka thipa a ba a hlaba batho ba bang ba 15 ka eona. Bonneteng ho na le mabaka a mangata a susumelitseng liketso tse joalo tsa bokhopo, empa ho bonahala pefo e bontšoang ke mecha ea litaba e le eona e nang le seabo se seholo ho tsena tsohle. Mongoli e mong oa likoranta oa Australia ea bitsoang Phillip Adams, o re: “Haeba papatso e nkang metsotsoana e 60 e ka susumetsa batho hore ba reke ka bongata hakana, joale ha ho potang hore baesekopo e nkang lihora tse peli e kenyang chelete e baloang ka limilione tse ngata e tla susumetsa tsela eo batho ba talimang lintho ka eona.” Kahoo, ha ho makatse hore ebe moo rasethunya eloa oa Port Arthur a neng a lula teng, mapolesa a ile a hapa livideo tse 2 000 tse bontšang batho ba mabifi le tse nang le litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro.

Ba khomarelang melao-motheo ea Bibele ba sireletsa menahano le lipelo tsa bona mefuteng eohle ea boithabiso e ka ba susumelletsang hore ba rate liketso tse mabifi. Kahoo, ha ba lumelle “moea oa lefatše” hore o ame tsela eo ba nahanang ka eona le lintho tseo ba li lakatsang. Ho fapana le moo, ba ‘rutoa ka moea oa Molimo,’ ’me ba loanela ho rata litholoana tsa moea oo tse akarelletsang khotso. (1 Bakorinthe 2:12, 13; Bagalata 5:22, 23) Ba etsa sena ka ho bala Bibele kamehla, ka ho rapela le ka ho thuisa hamolemo. Hape ba qoba ho tloaelana le batho ba mabifi, ebe ba khetha ho tloaelana le bao joaloka bona ba laba-labelang lefatše le lecha la khotso la Jehova. (Pesaleme ea 1:1-3; Liproverbia 16:29) Ruri bohlale bo tsoang ho Molimo boa sireletsa!

Lumella “Polelo” ea Jehova Hore e Sireletse Pelo ea Hao

Ha Jesu a ne a lekoa lefeelleng, o ile a hanyetsa Satane ka ho qotsa Lentsoe la Molimo ka nepo. (Luka 4:1-13) Leha ho le joalo, ha aa ka a qothisana lehlokoa le Diabolose ka hore na ea bohlale ke mang. Jesu o ile a sebelisa Mangolo hore a mo sireletse, ebile o ne a bua se tsoang botebong ba pelo ea hae ’me ke ka lona lebaka leo leqheka la Diabolose le ileng la atleha Edene, le sa kang la atleha ho Jesu. Le ho rōna maqiti a Satane a ke ke a atleha haeba re tlatsa lipelo tsa rōna ka lipolelo tsa Jehova. Ha ho letho la bohlokoa ho feta ho tlatsa lipelo tsa rōna ka lipolelo tsa Jehova, “kaha mehloli ea bophelo e tsoa [pelong].”—Liproverbia 4:23.

Ho feta moo, re tlameha ho lebela lipelo tsa rōna re sa phetse, ho hang re se ke ra khaotsa ho li lebela. Ka mor’a ho hlōleha ho leka Jesu lefelleng, Satane ha aa ka a tela. (Luka 4:13) Le rōna o tla re qophella, a leke maqiti a mangata e le hore a etse hore re se tšepahale. (Tšenolo 12:17) Kahoo a re etsiseng Jesu ka ho rata Lentsoe la Molimo ka ho tebileng, re ntse re rapela re sa phetse hore re fuoe moea o halalelang le bohlale. (1 Bathesalonika 5:17; Baheberu 5:7) Jehova o tšepisitse bohle ba tšabelang ho eena hore ba ke ke ba lemala moeeng.—Pesaleme ea 91:1-10; Liproverbia 1:33.

Lentsoe la Molimo le Sireletsa Phutheho

Satane a ke ke a thibela “bongata bo boholo” ho pholoha matšoenyeho a maholo. (Tšenolo 7:9, 14) Leha ho le joalo, o ntse a leka ka matla ho silafatsa Bakreste e le hore joang kapa joang ba bang ba se ratehe ho Jehova. Leano leo le ile la atleha ho Baiseraele ba mehleng ea boholo-holo ’me ka lebaka la lona ho ile ha e-shoa batho ba 24 000 hang feela pele ba kena Naheng e Tšepisitsoeng. (Numere 25:1-9) Ke ’nete hore ha Bakreste ba entse sebe ’me ba baka e le kannete ba thusoa ka tsela e lerato e le ho ba tsosolosa moeeng. Empa baetsalibe ba sa bakeng ba kang Zimri oa mehleng ea boholo-holo, ba hlephisa boitšoaro ba batho ba bang ebile ba ba lematsa moeeng. (Numere 25:14) Baetsalibe bana ha ba ipepesetse kotsi ba le bang, empa ba e pepesetsa le ba bang. ’Me sena se tšoana le haeba masole a Bagerike a ne a ka lahla lithebe tsa ’ona.

Ke ka lebaka leo Bibele e re laelang tjena: “Le khaotse ho itsoakanya hammoho le mang kapa mang ea bitsoang mor’abo rōna eo e leng sehlola kapa motho ea meharo kapa morapeli oa litšoantšo kapa ea litlhapa kapa letahoa kapa mohanyapetsi, esita le ho ja le se ke la ja le motho ea joalo. . . . Tlosang motho eo ea khopo har’a lōna.” (1 Bakorinthe 5:11, 13) Ruri “polelo” ena e bohlale e thusa hore phutheho ea Bokreste e lule e sireletsehile boitšoarong le ho hloeka moeeng, na ha ho joalo?

Bakoenehi le likereke tsa Bokreste-’mōtoana ba fapane le phutheho ea Bokreste haholo, hobane ba nka e le ho sa utloahaleng hore ebe likarolo tseo tsa Bibele li hanyetsa tsela ea batho ba kajeno ba lumellang boitšoaro ba mofuta o mong le o mong. Kahoo ba lumella mefuta eohle ea libe tse tebileng, tse bileng li etsoang ke baruti ka bobona. (2 Timothea 4:3, 4) Leha ho le joalo, hlokomela hore Liproverbia 30:5, e boetseng e bua ka “polelo” ea Jehova e le joaloka thebe, e lateloa ke taelo e temaneng ea 6 e reng: “U se ke ua eketsa letho mantsoeng a [Molimo], e le hore a se ke a u khalemela, le hore u se ke ua pakoa u le leshano.” Bonneteng ba kena-kenanang le Bibele, ehlile ke bo-raleshano ba moea—e leng bo-raleshano ba molato ka ho fetisisa! (Matheu 15:6-9) Kahoo, a re leboheng hore ebe re litho tsa mokhatlo o hlomphang Lentsoe la Molimo ka botebo.

Ho Sireletsoa ke “Monko o Monate”

Kaha batho ba Molimo ba khomarela Bibele ka ho feletseng ebile ba bua le ba bang ka molaetsa oa eona, ba ntša “monko o monate” o phelisang o kang libano o thabisang Jehova. Empa ho ea ka Bibele ea Sesotho, ho batho ba sa lokang, batsamaisi ba molaetsa ona ba ntša “monko oa lefu, o bolaeang.” Ha e le hantle, ka tsela ea tšoantšetso, tsamaiso ea lintho ea Satane e entse hore ba khopo ba se ke ba fofonela hoo ba tšohang esita le hona ho halefa ha ba le har’a batho ba ntšang “monko o monate oa Kreste.” Ka lehlakoreng le leng, ba chesehelang ho bolela litaba tse molemo e ba “monko o monate oa Kreste har’a ba ntseng ba pholosoa le har’a ba timelang.” (2 Bakorinthe 2:14-16) Hangata batho ba lipelo li tšepahalang joalo ba nyonya boikaketsi le mashano a bolumeli a tletseng bolumeling ba bohata. Kahoo ha re ba phetlela Lentsoe la Molimo ’me re ba bolella molaetsa oa ’Muso, ba ikutloa ba huletsoe ho Kreste ’me ba batla ho ithuta ho eketsehileng.—Johanne 6:44.

Kahoo u se nyahame ha batho ba bang ba sa amohele molaetsa oa ’Muso. Ho fapana le moo, u nke “monko o monate oa Kreste” e le tsela e ’ngoe ea ho sireletsa naha ea moea ea batho ba Molimo e le hore batho ba kotsi ba se ke ba kena ho eona, ha ka nako e tšoanang monko oo o ntse o hohela ba lipelo li ntle.—Esaia 35:8, 9.

Kaha masole a Bagerike a neng a le Ntoeng ea Marathon a ile a loana a teteane a bile a tšoere lithebe tsa ’ona ka thata, a ile a hlōla ntoa eo ho sa tsotellehe hore a ba lireng a ne a le mangata ho a feta. Ka ho tšoanang, Lipaki Tsa Jehova tse tšepahalang li tiisetsoa hore li tla hlōla ka ho feletseng ntoeng ea tsona ea moea, etsoe leo ke “lefa” la tsona. (Esaia 54:17) Kahoo, e mong le e mong oa rōna a ke a tšabele ho Jehova ka hore a lule a “tšoere ka thata lentsoe la bophelo.”—Bafilipi 2:16.

[Litšoantšo tse leqepheng la 31]

‘Bohlale bo tsoang holimo pele ho tsohle bo hloekile, bo bile bo na le khotso’

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela